Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 3/10 leq. 7
  • Lintho Tsa Tlhaho li Bile Teng Pele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lintho Tsa Tlhaho li Bile Teng Pele
  • Tsoha!—2010
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Litho Tsa Rōna Tsa Kutlo—Limpho Tse Babatsehang
    Tsoha!—1989
  • Lera la Leihlo le Thulamisang Setšoantšo
    Tsoha!—2011
  • Ananela Limpho Tse Ikhethang Tseo U li Fuoeng
    Tsoha!—2011
  • Boko—“Bo Feta Computer”
    Tsoha!—1988
Bala Tse Ling
Tsoha!—2010
g 3/10 leq. 7

Lintho Tsa Tlhaho li Bile Teng Pele

“Tsebe e utloang le leihlo le bonang​—Jehova o li entse ka bobeli ba tsona.”​—Liproverbia 20:12.

MAHLO a hao a tšoana le lik’hamera tse nyenyane tsa thelevishene. A fetola litšoantšo ebe a li tsamaisa ka mothapo oa pono ho li isa karolong e ka morao ea boko, e leng hona moo re bonang teng.

Leihlo le lenyenyane empa lea tsoteha. Le hoja le le bophara ba limilimithara tse 24 ’me le le boima ba ligrama tse supileng le halofo, le entsoe ka tsela e hlollang. Ka mohlala, le na le mekhoa e sa tšoaneng ea ho sebetsana le khanya e fokolang le e matla haholo, hoo metsotso e 30 ka mor’a hore motho a kene ka kamoreng e lefifi, mahlo a hae a bonang khanya le ho feta ka makhetlo a ka ’nang a ba 10 000.

Ha u le khanyeng e tloaelehileng, ke’ng se etsang hore u bone lintho ka ho hlaka? Leihlo la hao le na le lisele tse lekanyetsang khanya tse fetang tsa lik’hamera tse ngata tsa video ka makhetlo a fetang 100. Ho phaella moo, boholo ba lisele tseo bo bokellane lethebeng le bohareng ba mothapo oa pono le bitsoang fovea, e leng lona le etsang hore leihlo le bone hantle. Kaha u sheba lintho tse ’maloa ka motsotsoana, u ka ’na ua nahana hore u khona ho bona lintho tse mahlakoreng ’ohle hantle. Ho hlollang ke hore fovea ea leihlo e batla e lekana le khutlo e qetellong ea polelo ena.

Litšoantšo tse tsoang liseleng tse lekanyetsang khanya li feta seleng e ’ngoe ea kutlo li ea ho e ’ngoe, li leba mothapong oa pono. Empa lisele tseo ha li fetise litšoantšo feela. Lia li ntlafatsa, li hōlisa boitsebiso ba bohlokoa le ho fokotsa bo sa hlokahaleng.

Karolo ea boko eo u bonang ka eona e tšoana le mochine o tsoetseng pele o rekotang video. E hlakisa litšoantšo ka ho li ntlafatsa ’me e bapisa melaetsa e hlahang liseleng tse sebetsanang le mebala e ka sehloohong, e le hore u khone ho khetholla mebala e limilione. Boko bo boetse bo bapisa lintho tse nyenyane tse sa tšoaneng tseo mahlo a hao a li bonang, e le hore u lemohe hore na lintho li hōle hakae.

Nahana kamoo mahlo a khonang ho bona lifahleho tsa batho ba letšoeleng le hōle kateng ebe a romela boitsebiso boo bokong, ’me bona bo hlahisa litšoantšo tse hlakileng. Hape ak’u nahane kamoo lifahleho tseo li bonahalang li tšoana kateng le tsa batho bao u ba tsebang, empa hang-hang u lemoha motsoalle oa hao. Na see ha se hlolle?

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Tsela eo leihlo le hlophisang boitsebiso ka eona e tiisa hore le entsoe ka bohlale

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela