Buka eo U ka e Tšepang—Karolo ea 3
Babylona Historing ea Bibele
Sehlooho sena ke sa boraro letotong la tse supileng tse hlahang makasineng ea “Tsoha!” tse tšohlang mebuso e supileng e matla ea lefatše eo ho buuoang ka eona historing ea Bibele. Sepheo sa sona ke ho bontša hore Bibele e ka tšeptjoa le hore e bululetsoe ke Molimo ’me molaetsa oa eona o fana ka tšepo ea hore mahlomola a bakiloeng ke puso e mpe ea batho a tla fela.
MOTSE oa Babylona ea boholo-boholo o neng o le sebakeng se manoni, lik’hilomithara tse ka bang 80 ka boroa ho Baghdad ea kajeno, e ne e le motse o motle e le kannete. Kaha Babylona e ne e e-na le marako a mabeli a maholohali ebile e pota-potiloe ke foro e tletseng metsi, ho ne ho bonahala eka e ke ke ea hlaseloa. Motse oo o ne o tumme ka litempele tsa oona tse khōlōhali, lirapa tse mothipoloheng le litora tsa oona tsa litempele. Babylona eo e neng e le o mong oa metse e meholohali mehleng ea boholo-holo, morao tjena e ’nile ea bitsoa motse o hlollang.
Ka Bibeleng, e ne e bitsoa “mofumahali oa mebuso” ’me e ne e le motse-moholo oa ’muso oa boraro o matla oa lefatše historing ea Bibele. (Esaia 47:5, Bibele ea Sesotho) Joaloka ’muso oa Egepeta le oa Assyria e bileng teng pele ho oona, ’Muso oa Babylona o ile oa phetha karolo ea bohlokoa historing ea Bibele, ’me seo se re nolofalletsa ho bapisa seo Bibele e se buang ka oona le seo libuka tsa lefatše li se buang.
Histori e ka Tšeptjoang
Buka ea Bibele ea Daniele e re bolella hore monna e mong ea bitsoang Belshatsare o kile a busa e le morena Babylona. (Daniele 5:1) Leha ho le joalo, nakong e fetileng libuka tse ling tsa lefatše li ’nile tsa bolela hore le hoja Belshatsare a ne a hlaheletse, ha e e-s’o ka e e-ba morena. Na Bibele e ne e fositse? Baepolli ba lintho tsa khale ba ile ba sibolla meqomo e ’maloa ea letsopa lithakong tsa Ure, Mesopotamia. Mongolo oa cuneiform o moqomong o mong o ne o e-na le mantsoe a thapelo ea Morena Nabonidase oa Babylona ha a ne a rapella “Bel-sar-ussur mora oa ka e moholo.” New Bible Dictionary e bolela hore boitsebiso bo ileng ba sibolloa hamorao bo ile ba tiisa hore Belshatsare “o ile a tšoara molepo e le ’musisi pusong ea ntate oa hae ka nako e telele, ’me o ne a le boemong bo kang ba morena.”
Histori e boetse e bontša hore Babylona ea boholo-holo e ne e le motse o chesehelang bolumeli, ’me bolepi ba linaleli le bonohe bo atile. Ka mohlala, Ezekiele 21:21 e re bolella hore morena oa Babylona o ile a ea ho linohe ho ea li botsa hore na a hlasele Jerusalema kapa che. Bibele e re morena ‘o ile a talima ka har’a sebete.’ Ke hobane’ng ha a ile a talima ka har’a sebete? Ke hobane Bababylona ba ne ba sebelisa setho sena ha ba ne ba batla pontšo ea lintho tse tlang ho etsahala. Buka ea Mesopotamian Astrology e re bolella hore sebakeng se seng sa Babylona ea boholo-holo, baepolli ba lintho tsa khale ba ile ba fumana “libete tse 32 [tsa letsopa], tseo kaofela li neng li ngotsoe” lintho tse tlang ho etsahala nakong e tlang.
Moepolli e mong ea tsebahalang oa lintho tsa khale ea bitsoang Nelson Glueck, o kile a re: “Ke qetile lilemo tse mashome a mararo ke epa ke tšoere Bibele ka letsohong le leng, ka ho le leng ke tšoere torofolo ’me ha ho mohla nkileng ka fumana Bibele e fositse ha ho tluoa litabeng tsa histori.”
Boprofeta bo ka Tšeptjoang
U ne u tla re’ng haeba motho a ne a ka u bolella hore motse-moholo—o kang Beijing, Moscow, kapa Washington, D.C.—e tla ba lithako tse se nang baahi? Ka nepo, u ne u tla belaella seo. Empa seo ke sona se ileng sa etsahalla Babylona ea boholo-holo. Lilemo tse ka bang 200 esale pele, hoo e ka bang ka selemo sa 732 B.C.E., Jehova Molimo o ile a bululela moprofeta oa Moheberu, Esaia, hore a ngole boprofeta bo mabapi le ho felisoa ha Babylona e matla. O ile a ngola, a re: “Babylona, mokhabiso oa mebuso, . . . e tla ba joalokaha Molimo a ne a liha Sodoma le Gomora. E ke ke ea hlola e e-ba le baahi, kapa e be teng molokong o mong ka mor’a o mong.”—Esaia 13:19, 20.
Empa ke hobane’ng ha Molimo a ile a bolela esale hore Babylona e tla timetsoa? Ka 607 B.C.E., mabotho a Babylona a ile a timetsa Jerusalema ’me a isa baphonyohi Babylona, moo ba ileng ba tšoaroa ka sehlōhō. (Pesaleme ea 137:8, 9) Molimo o ile a bolela esale pele hore batho ba hae ba ne ba tla mamella tšoaro eo e mpe ka lilemo tse 70 ka lebaka la bokhopo ba bona. Ka mor’a moo, Molimo o ne a tla ba lopolla ’me a ba khutlisetse naheng ea habo bona.—Jeremia 25:11; 29:10.
Tumellanong le Lentsoe la Molimo la boprofeta, ka 539 B.C.E.—ha Bajuda ba le haufi le ho qeta lilemo tse 70 ba le botlamuoeng—motse oa Babylona oo ho neng ho bonahala eka o ke ke oa hlōloa, o ile oa lihuoa ke mabotho a Medo-Persia. Ka mor’a nako, motse oo o ile oa fetoha qubu ea lithako—joalokaha ho ne ho boletsoe esale pele. Ha ho motho ea neng a ka bolela esale pele ketsahalo e hlollang joalo. Ntle ho pelaelo, ho profeta kapa ho bolela liketsahalo esale pele, ho khetholla Mongoli oa Bibele—e leng Jehova, Molimo oa ’nete—ho melimo e meng kaofela.—Esaia 46:9, 10.
Tšepiso eo U ka e Tšepang
Empa ho na le boprofeta bo bong bo phethahalang ka tsela e hlollang mehleng ena ea rōna. Boprofeta boo bo amana le Morena Nebukadnezare oa Babylona le toro eo a ileng a ba le eona ea setšoantšo sa setonanahali. ’Mele oa sona o ne o arotsoe likarolo tse hlano—e leng hlooho, sefuba le matsoho, mpa le lirope, meomo le maoto—tse entsoeng ka lirafshoa tse sa tšoaneng. (Daniele 2:31-33) Likarolo tsena li emela tatellano ea mebuso, ho qala ka oa Babylona ho ea fihla ho ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika, e leng oa bosupa historing ea Bibele.—Daniele 2:36-41.
Daniele o senola hore maoto le menoana ea setšoantšo seo e ne e entsoe ka thepa e fapaneng hōle le e likarolong tse ling. Joang? Tšepe e ile ea nkeloa sebaka ke tšepe e tsoakaneng le letsopa le mongobo. Daniele o ile a hlalosetsa Nebukadnezare a re: “Erekaha u bone tšepe e tsoakane le letsopa le mongobo, ba tla tsoakana le bana ba moloko oa batho; empa ba ke ke ba khomarelana, enoa ho eane, feela joalokaha tšepe e sa tsoakane le letsopa le bōpiloeng.” (Daniele 2:43) Ka sebele, ho kopanya tšepe le letsopa ho fella ka motsoako o sa tieang; ha li ‘khomarelane.’ See se hlalosa ka ho loketseng hakaakang boemo ba lipolotiki lefatšeng lee le arohaneng leo re phelang ho lona kajeno!
Daniele o boetse o senola ketsahalo e ’ngoe ea bohlokoa. Torong ea hae, Morena Nebukadnezare o ile a bona lejoe le khephoha thabeng e khōlō. Lejoe leo le ile la phahamisoa ’me la “otla setšoantšo seo maotong a sona a tšepe le letsopa le bōpiloeng ’me la a silakanya.” (Daniele 2:34) See se bolela’ng? Daniele o re: “Matsatsing a marena ao [nakong ea ’muso oa ho qetela o matla oa lefatše] Molimo oa leholimo o tla emisa ’muso o ke keng oa senngoa le ka mohla. ’Muso oo o ke ke oa fetisetsoa ho batho leha e le bafe ba bang. O tla silakanya o felise mebuso ena kaofela, ’me o tla ema ho isa linakong tse sa lekanyetsoang.” (Daniele 2:44) Boprofeta boo bo ne bo bua ka ’Muso o fapaneng hōle le mebuso e meng eohle eo batho ba e tsebang. Morena oa oona ke Jesu Kreste, e leng Mesia. Joalokaha ho boletsoe lihloohong tse fetileng letotong lena, Jesu o tla silakanya Satane le balateli bohle ba hae, ba batho le ba moea, kahoo a tlise khotso le kutloano bokahohleng.—1 Bakorinthe 15:25.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 11]
“Ke qetile lilemo tse mashome a mararo ke epa . . . ’me ha ho mohla nkileng ka fumana Bibele e fositse ha ho tluoa litabeng tsa histori.”—Nelson Glueck
[Lebokose le leqepheng la 12]
O ILE A BOLELOA KA LEBITSO ESALE PELE
Ntho e ’ngoe e ikhethang ka boprofeta bo buang ka ho oa ha Babylona ke taba e mabapi le mohlōli oa eona, e leng Morena Cyruse oa Persia. Hoo e ka bang lilemo tse makholo a mabeli pele Cyruse e e-ba morena, Jehova Molimo o ile a mo bolela ka lebitso ’me a bolela esale pele hore o ne a tla hlōla Babylona.
Ha a bua ka ho hlōla ha Cyruse, Esaia o ile a bululeloa hore a ngole a re: “Sena ke seo Jehova a se buileng ho motlotsuoa oa hae, ho Cyruse, eo ke tšoereng letsoho la hae le letona, hore ke hlōle lichaba ka pel’a hae, . . . hore ke bule ka pel’a hae menyako e nang le mamati a mabeli, hoo le liheke li ke keng tsa koaloa.” Molimo o ile a boela a bolela esale pele hore Nōka ea Eufrate e ne e tla psha.—Esaia 45:1-3; Jeremia 50:38.
Bo-rahistori ba Bagerike, e leng Herodotus le Xenophon ba tiisa hore boprofeta bona bo hlollang bo ile ba phethahala. Ba bolela hore Cyruse o ile a khelosa Nōka ea Eufrate e le hore a fokotse metsi a eona. Kahoo mabotho a Cyruse a ile a kena lihekeng tsa motse, tse neng li siiloe li butsoe. Joalokaha ho ne ho boletsoe esale pele, Babylona e matla e ile ea oa “ka tšohanyetso,” ka bosiu bo le bong.—Jeremia 51:8.
[Lebokose/Litšoantšo tse maqepheng a 12, 13]
BABYLONA E MOHOLO
Buka ea Bibele ea Tšenolo e bua ka seotsoa sa tšoantšetso e leng “Babylona e Moholo.” (Tšenolo 17:5) Seotsoa see sa tšoantšetso se emela’ng? Bopaki bo bontša hore ke mokhatlo oa bolumeli.
Babylona ea boholo-holo e ne e le motse o chesehelang bolumeli ka ho feteletseng, ’me o e-na le litempele tse fetang 50 tse nehetsoeng melimo e sa tšoaneng. Bababylona ba ne ba lumela ho melimo ea boraro-bo-bong le hore lefung moea ha o shoe empa o theohela sebakeng se lefifi sa bafu. Funk & Wagnalls New Encyclopedia e re moo, “bophelo ba batho ka mor’a lefu ke masoabi feela le pontšo ea bophelo bo bosula boo ba bileng le bona lefatšeng.”
Ha nako e ntse e ea, lithuto tseo li ile tsa tlala hohle lefatšeng. Kajeno lithuto tseo kapa tse fetotsoeng tsa tsona, li rutoa malumeling a Bokreste-’mōtoana. Ha a kopana, malumeli ana a etsa karolo e khōlō ea mokhatlo oa lefatše oa bolumeli, e leng Babylona e Moholo!
[Litšoantšo]
Bababylona ba ne ba rapela melimo ea boraro-bo-bong. Mona ho bontšitsoe matšoao a molimo o mong oa boraro-bo-bong—e leng Sin, Shamash le Ishtar
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Both images: Photograph taken by courtesy of the British Museum
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Setšoantšo se toroiloeng sa motse oa Babylona ea boholo-holo
[Setšoantšo se leqepheng la 11]
Moqomo oa letsopa o nang le lebitso Belshatsare
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Photograph taken by courtesy of the British Museum
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 10]
Time line: Egyptian wall relief and bust of Nero: Photograph taken by courtesy of the British Museum; Persian wall relief: Musée du Louvre, Paris