Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 1/11 leq. 14
  • Tsa Mona le Mane

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsa Mona le Mane
  • Tsoha!—2011
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Likokoana-hloko li Fokola Haholo?
  • Ha ba na Mekhoa e Metle Mosebetsing
  • Ho Tseka Sebaka “Hoa Rarolleha”
  • Ho Iphetetsa ha Likokoana-hloko
    Tsoha!—1996
  • Lekhalo Pakeng Tsa Barui le Bafutsana Lea Eketseha
    Tsoha!—2000
  • Khoebo ea Libetsa—Kamoo e u Amang
    Tsoha!—1989
  • Maloetse a Tšoaetsanoang—A Kotsi Empa a ka Thibeloa
    Tsoha!—2001
Bala Tse Ling
Tsoha!—2011
g 1/11 leq. 14

Tsa Mona le Mane

Ka karolelano, ngaka e le ’ngoe ea Tanzania e bona batho ba 64 000.—THE CITIZEN EA TANZANIA.

‘Bonyane ho na le batho ba bilione ba futsanehileng ba haelloang ke phepo e nepahetseng, ’me Machaba a Kopaneng a ke ke a finyella Sepheo sa ’ona sa Ntlafatso Lilemong tsena Tse Sekete ka hore a fokotse palo ea batho ba lapang lefatšeng ka 2015.’—SCIENCE EA U.S.A.

“Lik’hamphani tse 100 tse khōlō ka ho fetisisa lefatšeng tse hlahisang libetsa” li tlalehile hore li entse phaello ea liranta tse libilione tse 2 826 thepeng eo li e rekisitseng ka 2008, e leng keketseho ea liranta tse libilione tse 287 ho feta ka 2007.—STOCKHOLM INTERNATIONAL PEACE RESEARCH INSTITUTE EA SWEDEN.

Na Likokoana-hloko li Fokola Haholo?

Thomas McDade, eo e leng moprofesa ea boemong bo bohareng Univesithing ea Northwestern, Illinois, U.S.A., o re: “Phuputso eo re e entseng e bontša hore ha motho a lula tikolohong e hloekileng haholo le e se nang likokoana-hloko ha a sa le monyenyane, seo se eketsa monyetla oa hore a be le bothata ba ho ruruha ha e se e le motho e moholo, e leng se eketsang monyetla oa hore a tšoaroe ke maloetse a mangata.” Phuputsong eo ho neng ho bapisoa bana ba Philippines le ba Amerika, ho ile ha fumanoa hore ba Philippines ba kula khafetsa ha ba sa le banyenyane. Empa ho fapana le se neng se lebeletsoe, bacha ba Philippines ba ne ba e-na le protheine e fokolang maling, eo ’mele o e hlahisang ka bongata ha motho a ruruhile. Re ithuta’ng phuputsong eo? Haeba motho a pepesehela libaktheria tse tloaelehileng ha a sa le monyenyane seo se ka ’na sa mo sireletsa mafung a bolaeang ha e se e le motho e moholo.

Ha ba na Mekhoa e Metle Mosebetsing

Bahiri ba bangata ba Finland ba makatsoa ke batho ba batlang mosebetsi bao ho bonahalang ba sa tsebe letho ka lintho tseo ho hlokahalang hore motho a li tsebe e le hore a tšoarelle mosebetsing. Ha Anne Mikkola ea nang le reschorente a ne a buisana le k’hamphani ea khaso ea sechaba ea Finland, o ile a re: “Basebetsi bana ba bacha ba nka hore ba ka feto-fetola lihora tsa mosebetsi ’me ba nahana hore ba ka iphihlela mosebetsing le ho itsamaela neng kapa neng ha ba batla.” Bothata bo bong hape ke tsela eo ba itšoarang ka eona le eo ba aparang ka eona. Haholo-holo moo basebetsi ba fanang ka litšebeletso sechabeng, hangata bahiri ba lokela ho ba bontša hore na ke liaparo tsa mofuta ofe tse sa lokelang. Ntho e ’ngoe e bontšang hore basebetsi bao ha ba utloisise phapang pakeng tsa litaba tsa botho le tsa mosebetsi ke hore metsoalle ea bona e ba etela leha e le neng feela mosebetsing.

Ho Tseka Sebaka “Hoa Rarolleha”

Ho tseka sehlekehleke se senyenyane se Koung ea Bengal ho nkileng nako e telele pakeng tsa Bangladesh le India ho ile ha rarolloa ke ho phahama ha metsi a leoatle. Sehlekehleke seo se se nang baahi, seo batho ba India ba se bitsang Sehlekehleke sa New Moore ’me ba Bangladesh ba se bitsang Sehlekehleke sa Talpatti Boroa, ha ho mohla se kileng sa phahamela metsi a leoatle ka limithara tse fetang tse peli. Leha ho le joalo, litšoantšo tsa sathelaete li bontša hore morao tjena sehlekehleke seo se koahetsoe ke metsi. Moprofesa Sugata Hazra, oa Univesithi ea Jadavpur e Calcutta ea lithuto tse amanang le maoatle, o re: “Seo lichaba tsena tse peli li hlōlehileng ho se finyella ka lipuisano tse nkileng lilemo, se rarolotsoe ke ho futhumala ha lefatše.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela