Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 2/11 maq. 13-15
  • Se ka Etsoang ho Sireletsa Batho ba Hōlileng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Se ka Etsoang ho Sireletsa Batho ba Hōlileng
  • Tsoha!—2011
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lula U Phetse Hantle ’Meleng U Bile U le Matla
  • Etsa Hore Lehae la Hao e be le Sireletsehileng Haholoanyane
  • Seo ba Bang ba ka se Etsang
  • Jehova o Hlokomela Bahlanka ba Hae ba Hōlileng ka Mosa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lula u Thabile Botsofaling ba Hao
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Bakreste ba ’Nete ba Hlompha ba Hōlileng!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Na U Ikoetlisa ka ho Lekaneng?
    Tsoha!—2005
Bala Tse Ling
Tsoha!—2011
g 2/11 maq. 13-15

Se ka Etsoang ho Sireletsa Batho ba Hōlileng

NGOANANA e mong o ntse a thellisa leqhoeng. Ka tšohanyetso oa thella ’me o ratlana fatše. Ka mor’a metsotsoana e seng mekae oa ema, ke feela hore o ikutloa a hlabiloe ke lihlong. Nkhono e mong o khoptjoa a le lapeng ebile oa oa, ’me o robeha qholo. Oa buuoa ’me o qeta likhoeli a le sebakeng sa phekolo. Kaha joale o se a tšaba hore o tla oa hape, o qoba ho etsa mosebetsi o batlang hore a be mahlahahlaha ’me seo se mo fokolisa le ho feta.

Naheng e ’ngoe ea Bophirimela, selemo le selemo batho ba fetang karolo ea ’ngoe borarong ba lilemo li 65 le ho feta, baa oa. Ho feta moo, ho batho ba lilemong tseo, ho oa ke hona ho itlhommeng pele linthong tse ba ntšang likotsi tse bolaeang. Ke ka ho utloahalang Bibele e reng ka ba hōlileng: “Ba tšohile feela se phahameng, ’me ho na le tšabo tseleng.”—Moeklesia 12:5.

Le hoja hangata botsofali bo bakela batho mathata ’meleng, ho na le lintho tseo u ka li etsang ho itšireletsa le ho ntlafatsa boleng ba bophelo ba hao. Ntlha ea pele, u ka loanela hore u lule u phetse hantle ’meleng u bile u le matla. E ’ngoe, u ka etsa hore lehae la hao e be le sireletsehileng haholoanyane.

Lula U Phetse Hantle ’Meleng U Bile U le Matla

Ha re ntse re hōla, re ka ’na ra thatafalloa ho sebelisa litho tsa rōna tsa ’mele, ra ba le bothata ba mahlo ’me ra sitoa ho boloka botsitso. Re ka ’na ra kula le feela kaha mesifa le masapo a rōna aa fokola. Empa ho ikoetlisa kamehla le ho itloaetsa ho ja ka tsela e nepahetseng ho ka liehisa ho fokola hoo. Nita eo e leng setsebi sa ho silila ’mele, o re: “Ke habohlokoa hore motho a ikoetlise ka tsela e tla mo thusa hore a ntlafatse tsela eo a bolokang botsitso ka eona, eo a emang le ho lula ka eona le e tla mo matlafatsa ’me e mo nolofalletse hore a tenyetsehe.”

Khatiso ea Lefapha la Bophelo le Litšebeletso Tsa Sechaba, United States, e re: “Ho sa tsotellehe hore na ba phetse hantle hakae le hore na ba matla hakae ’meleng, batho ba hōlileng ba ka rua molemo haholo ha ba lula ba le mahlahahlaha. Le haeba u thatafalloa ho ema kapa ho tsamaea, u ntse u ka khona ho ikoetlisa ’me seo sa u tsoela molemo. Ha e le hantle, maemong a mangata, u ipeha kotsing le ho feta ha u sa etse letho.”a Har’a tse ling, ho ikoetlisa ho ka u thusa ho thibela lefu la pelo, ho opeloa ke manonyello, ho tšoaroa ke lefu la ho fokola ha masapo le ho sithabela. Ho ka ntlafatsa tsela eo mali a phallang ka eona, eo ’mele o silang lijo le eo u robalang ka eona, ha etsa hore u itšepe haholoanyane le hore u be seli.

Haeba u sa tloaela ho ikoetlisa, e ka ba bohlale hore u ee ngakeng pele u etsa joalo. Hape, u ee ngakeng haeba u felloa ke matla kapa u e-ba le mahlaba ka sefubeng ha u ntse u ikoetlisa. Ha e le hantle, boemong bo joalo ho ka ba molemo hore u founele batho ba fanang ka thuso boemong ba tšohanyetso. U se ke ua nka habobebe matšoao ao a lemosang ka kotsi e ka ’nang ea u hlahela! Ho khothalletsoa hore u ee ngakeng ea mahlo hang ka selemo.

Qoba lijo tse se nang livithamine le liminerale, le hoja ho li pheha ho nka nako e khutšoanyane ho bile ho le bonolo. Ka ho khetheha, batho ba hōlileng ba hloka lijo tse nang le vithamine D e ngata le k’halsiamo, tseo ka bobeli li thusang ho boloka boleng ba masapo kapa bonyane ho etsa hore a se ke a fokola kapele. Kahoo, leka ho ja lijo tse akarelletsang lijo-thollo, lihlahisoa tsa lebese tse se nang mafura a mangata, litholoana le meroho. Buisana le ngaka pele u fetola haholo mokhoa oo u jang ka oona. E ka ’na ea etsa tlhahiso ea hore na ke lijo life tseo u lokelang ho li ja kapa tseo u lokelang ho li qoba ka lebaka la boloetse bo itseng.

Ho phaella moo, leka hore u lule u e-na le metsi a lekaneng ’meleng. Ho felloa ke metsi ’meleng, e leng se atisang ho etsahalla batho ba hōlileng, haholo-holo ba lulang ba le bang, kapa ba lulang mahaeng a batho ba hlokang tlhokomelo, ho ka ’na ha etsa hore ba oe, ba ferekane, ba sibe, ba sosobane letlalo, ba tšoaetsoe maloetse esita le ho shoa.

Etsa Hore Lehae la Hao e be le Sireletsehileng Haholoanyane

Batho ba bangata ba oa ha ba le malapeng. Empa u ka fokotsa kotsi ea ho etsahalloa ke seo ka hore u etse lintho tse seng kae tse ka u thusang ho itšireletsa. Nahana ka lehae la hao ha u ntse u bala lintlha tse latelang.

Kamore ea ho hlapela:

● Lithaele tsa fatše ha lia lokela hore e be tse thellang ha li le metsi.

● Ka shaoareng kapa ka bateng ho lokela ho kenngoe ’mete kapa lithaele tse sa thelleng, ’me haeba u e-na le setulo sa shaoara, se lokela ho u nolofalletsa ho bulela lipompo. Ho ka ba molemo hore shaoara e be le karolo eo u ka e tšoarang ka letsoho e le hore u khone ho hlapa u ntse u lutse fatše.

● Ho molemo hore u be le moo u itšoareletsang teng ha u kena le ha u tsoa ka bateng kapa u sebelisa ntloana. Litšepe tseo e lokela hore e be tse tiileng le tse kokoteletsoeng ka thata leboteng. Hape, netefatsa hore setulo sa ntloana se phahame ka ho lekaneng e le hore u lule le ho ema habonolo ho sona.

● Bosiu, siea mabone a mang a khantšitsoe, kapa u sebelise toche.

Litepisi:

● Litepisi ha lia lokela ho ba bohlasoa, li lokela ho ba boemong bo botle ’me li be le khanya e lekaneng.

● Ha ho khoneha, ho lokela hore ho be le litšepe tse itšoareletsang ka mahlakoreng a mabeli tse bileng li tiileng, ’me ho be le mabanta a kenngoang fatše a thusang hore batho ba se ke ba thella le moo ho khantšoang mabone teng qalong le qetellong ea tsona.

● Ho tsamaea ka litepisi ho ka thusa batho ba hōlileng hore ba tiise mesifa ea bona ea maoto. Leha ho le joalo, haeba u thatafalloa ho boloka botsitso, u lokela ho qoba ho hloa litepisi u le mong.

Kamore ea ho robala:

● Siea sebaka se lekaneng ka thōko ho bethe le thepa e ’ngoe e le hore u ka feta habonolo.

● E-ba le setulo seo u ka lulang ho sona ha u apara.

● Beha lebone kapa toche haufi le uena ha u robala.

Kichine:

● Ho lokela hore ho se ke ha hlekemana holim’a raka e le hore u khone ho beha korosari le lintho tse ling habonolo.

● Lithaele tse kentsoeng fatše e lokela ho ba tse sa thelleng ’me li se ke tsa phatsima haholo.

● Lintho tse ka rakeng ha lia lokela ho ba holimo haholo kapa tlaase haholo, empa li lokela ho ba moo u ka li fihlelang habonolo u sa kōpe thuso. Ho ka ba molemo hore u qobe ho hloella lereng le litulong tse nang le litepisi, ’me le ka mohla u se ke ua hloella setulong!

Lintlha tse ling:

● Siea u khantšitse mabone a mang bosiu phasejeng e eang ntloaneng le libakeng tse ling tseo u ka ’nang ua ea ho tsona bosiu.

● Ho ka ba molemo hore u sebelise molamu kapa seikokotlelo bosiu ha u ntse u tšoeroe ke boroko kapa u sa falimeha ka ho feletseng.

● U lokela ho sebelisa litulo tse tsitsitseng (tse se nang mabili), tse nang le moo motho a ka behang letsoho ’me e be tse phahameng ka ho lekaneng hore u nolofalloe ho lula le ho ema ho tsona.

● E le hore u se ke ua khoptjoa, u lokela ho lokisa lik’hapete tse rutlehileng, lithaele tse qaqapolotsehileng le tse senyehileng kapa u li ntše. Tsamaisa mehala ea motlakase leboteng, eseng har’a ntlo moo ho tsamauoang teng.

● Limmete tse nyenyane li ka khopa batho ’me ha lia lokela ho behoa holim’a k’hapete. Haeba ke tse aloang lithaeleng kapa lepolankeng le kentsoeng fatše, li lokela ho ba le rabara e etsang hore li se ke tsa thella.

● Qoba ho roala lieta tsa ka tlung tse khoehlang, tse tsofetseng, tse bulehileng ka morao kapa tse thellang ka tlaase. U se ke ua roala lieta tse phahameng.

● Meriana e meng e ka etsa hore motho a felloe ke matla kapa a se ke a ba le botsitso. Haeba u ikutloa joalo ha u qeta ho noa moriana, netefatsa hore u tsebisa ngaka. Mohlomong e ka ’na ea fetola tsela eo u noang moriana oo ka eona kapa ea u fa o mong.

Haeba u hlokomela hore ho na le ntho leha e le efe e hlokang ho lokisoa eo ho ka bang kotsi hore u itokisetse eona, kōpa litho tsa lelapa, metsoalle kapa batho ba lokisang mehaho hore ba u thuse. U se ke ua lieha ho nka khato.

Seo ba Bang ba ka se Etsang

Haeba u e-na le batsoali, bo-nkhono le bo-ntate-moholo, kapa metsoalle e hōlileng, u ka etsa’ng hore u ba thuse ho qoba ho oa ka tsela e ka ba ntšang likotsi tse lematsang? Har’a tse ling, ka masene u ka shebisana le bona lintlha tse boletsoeng ka holimo ’me ua ba thusa ho etsa litokisetso tsa ho lokisa lintho tseo ho hlokahalang hore li lokisoe. Ho itšetlehile ka seo ba se hlokang, mohlomong u ka ba lokisetsa lijo tse matlafatsang hanngoe kapa habeli ka beke. Batho ba hōlileng ba boetse ba hloka ho ikoetlisa kamehla. Na u ka otlolla maoto le bona, mohlomong ha u il’o etsa ntho e itseng? Batho ba bangata ba hōlileng ba ka thabela ho hahloa ke moea ha ho e-na le motsoalle eo ba mo tšepang eo ba ka tsamaeang le eena. Linaheng tse ling, ’muso o lokisetsa hore ho be le baoki ba ba hlokomelang malapeng, litsebi tse ba sililang kapa tse ba koetlisetsang ho etsa lintho tse itseng le ho etsa hore malapa a bona e be a sireletsehileng. Mohlomong ngaka ea hao e ka u bolella hore na litšebeletso tse joalo li fumaneha hokae.

’Mōpi oa rōna ea bitsoang “Moholo-holo oa Matsatsi,” o batla hore re hlomphe batho ba hōlileng, haholo-holo batsoali ba rōna ba hōlileng. (Daniele 7:9) O fana ka taelo e reng: “Hlompha ntat’ao le ’m’ao.” (Exoda 20:12) O boetse o laela hore: “U eme pel’a moriri o moputsoa, ’me u nahanele motho ea tsofetseng, ’me u tšabe Molimo oa hao.” (Levitike 19:32) Ka sebele ha re hlompha batho ba hōlileng re bontša hore re tšaba Molimo ka tsela e loketseng! Ka lehlakoreng le leng, ha batho ba hōlileng ba ananela ho tsoa botebong ba pelo thuso eo ba e fuoang, seo se etsa hore ba bang ba ba hlokomele ka lerato le ka tlhompho. Ha rea lokela ho nka hore ho thusa ba joalo ke mosebetsi feela oo re lokelang ho o etsa. Ruri ke mosebetsi o khotsofatsang!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Tsoha! ea June 8, 2005 e ile ea hlahloba ka ho teba melemo ea ho ikoetlisa kamehla.

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 15]

LISEBELISOA TSA ELEKTRONIKE TSE THUSANG MAEMONG A TŠOHANYETSO

Linaheng tse ling, batho ba hōlileng ba ka iphumanela lisebelisoa tsa elektronike tseo ba ka kōpang thuso ka tsona ka ho penya konopo ha ba le boemong ba tšohanyetso, bo kang ha ba oele habohloko. Lisebelisoa tseo li ka roaloa molaleng kapa tsa kenngoa letsohong. Haeba lia fumaneha sebakeng sa heno, u ka ’na ua bona ho le molemo hore u iphumanele se seng—haholo-holo haeba u lula u le mong.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela