Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w87 6/1 maq. 4-7
  • Bakreste ba ’Nete ba Hlompha ba Hōlileng!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bakreste ba ’Nete ba Hlompha ba Hōlileng!
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ‘Ho Ema’ ka Pel’a ba Hōlileng
  • Ho ba Hlompha ka ‘Tekanyo e Kholoanyane’
  • Jehova o Hlokomela Bahlanka ba Hae ba Hōlileng ka Mosa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Re Lokela ho Tšoara Batho ba Hōlileng Joang?
    Tsoha!—2004
  • Lelapa la Bokreste le Thusa ba Seng ba Hōlile
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Bokhabane ba Moriri o Moputsoa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
w87 6/1 maq. 4-7

Bakreste ba ’Nete ba Hlompha ba Hōlileng!

MOFUPUTSI Suzanne Steinmetz o itse, “ba hōlileng, ba qetellong ea bophelo ba bona bo molemo moruong, boo e leng sekala seo ka sona meetlo ea rōna e lekanyetsang motho ka mong le ho mo nea tlhompho e tšoanelang motho e moholo, boemo, tlotla le meputso.” Pono ea mokhatlo oa kajeno ka ba hōlileng kahoo ke e lerootho, ha e ntle. Hase ho makatsang haholo, he, hore hangata re bala ka hore ba hlokomolohuoe le ho khahlapetsoa.

Leha ho le joalo, Bibele e talima ba hōlileng joang? Lentsoe la Molimo ka ho utloahalang le lumela hore ho hōla ha ho bonolo. Mopesaleme o ile a rapela: “U se ke ua ntahla mehleng ea botsofali ba ka; ha matla a ka a fela, u se ke ua ntlohela.” (Pesaleme ea 71:9) Botsofaling ba hae, o ne a ikutloa hore o hloka ho tšehetsoa ke Jehova ho feta neng kapa neng. ’Me pono ea Bibele ke e molemo ha e bontša hore le rōna, re lokela ho hlokomela litlhoko tsa ba hōlileng.

Ke ’nete, Salomone o itse botsofali ke “litšiu tsa tlokotsi” tseo ka tsona motho a seng a sa ‘khahlisoe ke tsona.’ (Moeklesia 12:1-3) Empa ho “ekeletsoa litšiu, le lilemo, le ho phela” le hona ka Bibeleng ho amahanngoa le mahlohonolo a tsoang ho Molimo. (Liproverbia 3:1, 2) Ka mohlala, Jehova o ile a tšepisa Abrahama: “Ha e le uena, . . . u tla epeloa ha u se u holile ho hotle.” (Genese 15:15) Ka sebele, Molimo o ne o sa ahlolele Abrahama ea tšepahalang ‘litšiung tsa tlokotsi’ le tsa bomalimabe tseo a neng a ke ke a hlola a “khahlisoa ke tsona.” Abrahama o ile a fumana khotso le khutso botsofaling ba hae, a hetla morao ka khotsofalo bophelong bo phetsoeng tšebeletsong ea Jehova. O ne a boetse a ka lebella “motse o nang le motheo [oa sebele],” ’Muso oa Molimo. (Ba-Heberu 11:10) Kahoo o ne a ka shoa a “holile ho kholisang.”—Genese 25:8.

E be joale ke hobane’ng ha Salomone a ile a bitsa botsofali “litšiu tsa tlokotsi”? Salomone o ne a bua ka ho fokola ho sa khaotseng ha bophelo ho etsahalang botsofaling. Leha ho le joalo, ea ileng a hlōleha ho ‘hopola ’Mōpi oa hae e Moholo matsatsing a bocha ba hae’ o fumana lilemo tseo a tsofalang ka tsona e le tlokotsi ka ho khethehileng. (Moeklesia 12:1) Kaha o sentse bophelo ba hae, motho ea hōlileng joalo ha a ‘khahlisoe’ ke matsatsi a ho qetela a bophelo ba hae. Tsela e se nang bomolimo eo a phelang ka eona mohlomong e bile e felletse ka mathata a bophelo a eketsang ho sulafalloa botsofaling. (Bapisa Liproverbia 5:3-11.) Ka hona ha a talima pele, ha a bone bokamoso empa lebitla. Motho ea ileng a neela bophelo ba hae ho sebeletsa Molimo le eena o latsoa “litšiu tsa tlokotsi” ha ’mele oa hae o ntse o fokola. Empa joaloka Abrahama, a ka thabisoa le ho khotsofatsoa ke bophelo boo a bo phetseng hantle le ke ho sebelisa matla a hae a saletseng tšebeletsong ea Molimo. Bibele e re, “Moriri o moputsoa, ha o fumanoa tseleng ea ho loka, ke mokhabo oa hlompho.”—Liproverbia 16:31.

Ha e le hantle, botsofali bo bile bo na le melemo e itseng. Salomone o re, “Bongoana le bocha ke lefeela.” Le hoja batho ba bacha ba ka ’na ba thabela bophelo bo morōlō, hangata ba haelloa ke phihlelo le kahlolo. Leha ho le joalo, botsofali, bo matahane le tsebo. Ea hōlileng o “suthisa masoabi,” ho fapana le mocha ea phosumelang eo hangata a ikakhelang ka setotsoana ho oona. (Moeklesia 11:10; 2 Timothea 2:22) Ka baka leo, Salomone o ne a ka re: “Mokhabo oa maqheku ke moriri o moputsoa.”—Liproverbia 20:29.

Ka baka leo Bibele e hlompha ba hōlileng. Hoo ho ama tsela eo Bakreste ba sebelisanang le bona ka eona joang?

‘Ho Ema’ ka Pel’a ba Hōlileng

Molimo o bile oa etsa hore ho hlompha ba hōlileng e be mokhoa oa bochaba Iseraeleng. Molao oa Moshe o ne o re: “U eme pel’a moriri o moputsoa, ’me u hlomphe ea holileng.” (Levitike 19:32) Lilemong tsa morao Bajode ka ho totobetseng ba ile ba feteletsa molao ona. Dr. Samuel Burder o re bukeng ea hae Oriental Customs: “Lingoli tsa Sejode li bolela hore molao e ne e le hore ho engoe ka pel’a bona ba sa le hōle ba litsoe tse ’nè; ’me hang ha ba fetile, motho a ka lula hape, hore ho tle ho bonahale eka ba ne ba eme feela ka morero oa ho ba hlonepha.” Hlompho e joalo e ne e sa lekanyetsoa ho batho ba boemo feela. Buka ea meetlo ea Bajode e itse, “U hlomphe le monna-moholo ea seng a se na kelello.” Rabbi e mong o ile a phea khang hore hlompho ena e lokela hore e boele e akarelletse monna-moholo ea se nang tsebo le ea sa rutehang. A bea lebaka la hore, “’Nete ea hore o se a hōlile, e tlameha e be e le ka lebaka le itseng le molemo.”—The Jewish Encyclopedia.

Kajeno Bakreste ha ba sa le tlas’a lekhoakhoa la Molao oa Moshe. (Ba-Roma 7:6) Empa hona ha ho bolele hore ha ba sa tlamehile ho bontša hlompho e khethehileng bakeng sa ba hōlileng. Hona ho totobala litaelong tseo moapostola Pauluse a li fileng molebeli oa Mokreste Timothea: “U se ke ua khalemela ea hōlileng ka thata, empa u mo khothatse joale ka hoja ke ntat’ao, . . . basali ba hōlileng joale ka hoja ke bo-’m’ao.” (1 Timothea 5:1, 2) Pauluse o ile a bolella Timothea e monyenyane hore o ne a e-na le matla a ‘ho laela.’ (1 Timothea 1:3) Leha ho le joalo, haeba e mong e moholoanyane ho eena—haholo-holo ea sebeletsang joaloka molebeli—a ne a ka fosa kahlolong ea hae kapa a bolela ntho e sa nepahalang, Timothea o ne a sa lokela ho mo ‘khalemela ka thata’ joaloka ea tlaase. Ho e-na le hoo, o ne a lokela hore ka hlompho a mo ‘khothatse joale ka ntat’ae.’ Timothea o ne a lokela ho bontša hlompho e tšoanang bakeng sa basali-baholo ba ka phuthehong. E, ha e le hantle, o ne a ntse a lokela ho ‘ema ka pel’a moriri o moputsoa.’

Ka hona Bokreste ke bolumeli bo hlomphang ba hōlileng. Leha ho le joalo, ho makatsang ke hore boholo ba tšoaro e mpe ea batho ba baholo e etsahala lichabeng tse ipolelang hore ke tsa Bokreste. Leha ho le joalo, ho na le barapeli ba sa ntsaneng ba tšoarelletse litekanyetsong tsa Bibele. Ka mohlala, Lipaki tsa Jehova li thabela boteng ba ba likete-kete ba baholo ba har’a tsona; ha li ba talime e le moroalo kapa mokhoka-khoale. Le hoja ho kula ho ka ’na ha thibela ba baholo joalo hore ba be mafolo-folo joaloka pele, ba bangata ba na le litlaleho tse telele tsa tšebeletso e tšepahalang ea Bokreste ’me hona ho khothaletsa Lipaki tse nyenyane ho etsisa tumelo ea bona.—Ba-Heberu 13:7.

Leha ho le joalo, ba hōlileng ha baa lebelloa hore e be ba iphapantseng ka phuthehong. Ba phehelloa ho bea mehlala e molemo ka hore “ba tšabe botahoa, ba tšabe le ho saoha, ba be le kelello, ba loke tumelong, . . . ba be le motsamao o lokelang khalalelo,” ba arolelane bohlale ba bona le phihlelo ea bona le ba bang ka bolokolohi. (Tite 2:2, 3) Joele o profetile hore har’a ba kopanelang ho boleleng molaetsa oa Bibele, ho ne ho tla ba le “maqheku.” (Joele 2:28) Ha ho pelaelo hore ka bouena u hlokometse hore Lipaki tse ngata tse hōlileng li sa ntsane li thabela ho kopanela ka mafolo-folo mosebetsing oa ho bolela ka ntlo le ntlo.

Ho ba Hlompha ka ‘Tekanyo e Kholoanyane’

Lipaki tsa Jehova li leka ho nahanela ba hōlileng ka ho khethehileng ka litsela tse ngata. Ka mohlala, likopanong tsa bolumeli tsa selemo le selemo, li atisa ho lokisetsa litulo tse tla luloa ke ba hōlileng. Ba boetse ba nahaneloa ke batho ka bomong. Japane Paki e ’ngoe e tela setulo sa eona koloing ea lelapa e le hore mosali ea lilemo li 87 a ka palama ho ea libokeng tsa phutheho. Paki ee eona e ea joang libokeng? Ka baesekele. Brazil ho na le ’moleli oa evangeli oa nako e tletseng ea lilemo li 92. Bashebelli ba tlaleha hore Lipaki tsa mono “li mo tšoara ka hlompho, li bua le eena . . . Ke karolo ea bohlokoa ea phutheho.”

Hona ha ho bolele hore ha ho sebaka sa ho ntlafatsa ho hlompheng ba hōlileng. Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba Thessalonika: “Ha e le lerato la boena, . . . le etsa joalo ho baena bohle ba Macedonia eohle; re mpa re le khothatsa, banab’eso, hore le ke le hole [“ka tekanyo e kholoanyane,” NW] leratong leo.” (1 Ba-Thessalonika 4:9, 10) Ka linako tse ling keletso e tšoanang ea hlokahala kajeno tabeng ea hore na ho tšoaroa ba hōlileng joang. Ka mohlala, Mokreste e mong ea lilemo li 85, o ile a sareloa haholo ha a sa fumana kopi ea hae ea buka e ncha e theiloeng Bibeleng. Bothata e ne e le bofe? O utloa ka thata ’me ha aa ka a utloa tsebiso e neng e tsebisa hore bohle ba romelle buka; leha e le hore ka phuthehong ho na le ea ileng a nahana ka ho mo romellela eona. Ha e le hantle, boemo bona bo ile ba lokisoa kapele. Leha ho le joalo ho bontša hore hoa hlokahala ho falimeha ka ho khethehileng bakeng sa litlhoko tsa ba hōlileng.

Ho na le litsela tse ngata tseo ka tsona batho ba Molimo ba ka etsang hona ka tsona kajeno “ka tekanyo e kholoanyane.” Liboka tsa Bokreste li fana ka monyetla oa ho ‘isa’ ba hōlileng “ka cheseho leratong le mesebetsing e metle.” (Ba-Heberu 10:24, 25) ’Me le hoja ba banyenyane le ba baholo ba tsoakana ka bolokolohi Liholong tsa ’Muso tsa Lipaki tsa Jehova, mohlomong ho ka ba ha etsoa le boiteko bo boholoanyane ntlheng ena. Ka mohlala, batsoali ba bang ba khothaletsa bana ba bona ka hlompho ho atamela le ho buisana le litho tse hōlileng ka phuthehong.

Ba hōlileng ba ka ’na ba hlomphuoa hape ka tsela e sa kang ea reroa. Tumellanong le molao-motheo oa Jesu o ngotsoeng ho Luka 14:12-14, ho ka etsoa boiteko bo boholoanyane ba ho memela ba hōlileng ’mokeng oa botsoalle. Le haeba ba sitoa ho ba teng, ka sebele ba tla ananela hore lea ba hopola. Bakreste ba boetse ba khothatsoa hore ba ‘amohele baeti.’ (Ba-Roma 12:13) Hona ha ho hlokahale hore e be ntho e ’ngoe e majaba-jaba kapa e khōlō haholo. Paki e ’ngoe ea Jeremane e khothaletsa hore: “Memela ba hōlileng ho tla noa tee, ’me u ba fe sebaka sa ho pheta liphihlelo tsa bona tsa ho tloha nakong e fetileng.”

Moapostola Pauluse o itse: “Le ’ne le beane pele ka hlomphano.” (Ba-Roma 12:10) Har’a Lipaki tsa Jehova, baholo ba khethiloeng ka phuthehong ke bona ba etellang pele ka ho khethehileng ho hlompheng Bakreste ba hōlileng. Hangata baholo ba khona ho abela ba hōlileng mesebetsi e ba tšoanelang, e kang ho koetlisa ba bacha joaloka baboleli ba evangeli kapa ho ba thusa ka ho hlokomela libaka tsa Bokreste tsa liboka. Banna ba banyenyane ba sebeletsang joaloka balebeli ba phutheho ba hlompha balebeli ba hōlileng ka hore ba ba atamele ka boikokobetso bakeng sa keletso, ba be masene ho fumana maikutlo a bona a tsebong. (Liproverbia 20:5) Libokeng tsa baholo ba joalo, ba latela mohlala oa Bibele oa Elihu e monyenyane ’me ka hlompho ba siela ba hōlileng, banna ba nang le phihlelo e kholoanyane, sebaka, ba ba nea monyetla o feletseng oa hore ba itlhalose pele.—Jobo 32:4.

Ho ke ke ha latoloa hore ha ho bonolo ho mamella ba hōlileng hobane ba ka ’na ba sitoa ho tsamaea kapa ho nahana ka potlako joaloka ba bacha. Dr. Robert N. Butler o hlalosa hantle a mang a mathata a tlisoang ke botsofali: “Motho o lahleheloa ke matla a ’mele oa hae, matla a motho a ho charola, ’me hoo le hona e ka ba ho tšosang ka ho fetisisa. Motho a ka ’na a lahleheloa ke mekhoa ea bohlokoa e kang ho utloa kapa ho bona.” Ba ananela sena, na bacha ba ke ke ba bontša ho nahanela ’me ea e-ba ba qenehelang?—1 Petrose 3:8.

E, Bakreste kajeno ba tlameha ho bontša lerato la ’nete, kameho le hlompho bakeng sa ba hōlileng ba har’a bona. ’Me har’a Lipaki tsa Jehova, hona ho etsoa ka tsela e beang mohlala. Leha ho le joalo, ho etsahala joang ha Bakreste ba hōlileng kapa batsoali ba Bakreste—ba kula ’me ba futsaneha? Ke boikarabelo ba mang ho ba hlokomela? Lihlooho tse latelang li tla batlisisa hore na Bibele e arabela lipotso tsena joang.

[Litšoantšo tse leqepheng la 7]

Liphuthehong tsa Lipaki tsa Jehova, ba hōlileng ba fumana mosebetsi o mongata o khotsofatsang oo ba ka o etsang

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela