Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 6/11 maq. 5-6
  • Lebaka Leo ba Bang ba Etsang Liketso Tse Mabifi

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebaka Leo ba Bang ba Etsang Liketso Tse Mabifi
  • Tsoha!—2011
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Khatello le Boiphetetso
  • Mabaka a Bolumeli
  • Lehloeo le Tebileng
  • Na Lefatše le se Nang Bokhukhuni le ka ba Teng?
    Tsoha!—2011
  • “Ke ne ke Batla ho Fumana Mangolo a ka Feela”
    Tsoha!—2011
  • Na Lehloeo le sa Tla Fela?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Re ka Khona ho Hlola Lehloeo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2022
Bala Tse Ling
Tsoha!—2011
g 6/11 maq. 5-6

Lebaka Leo ba Bang ba Etsang Liketso Tse Mabifi

JOSEBA ea lulang Spain, o ile a botsoa hore na ke hobane’ng ha a ile a kena mokhatlong oa baitseki. O ile a re: “Re ne re sa khone ho mamella khatello le ho hloka toka hoo re neng re tobana le hona ka nako eo. Motseng o moholo oa Bilbao, moo ke neng ke lula teng, mapolesa a ne a tla ebe a otla batho le ho ba tšoara.”

Joseba o tsoela pele, o re: “Hoseng ho hong ke ile ka tšoaroa ha ke ne ke ntša maikutlo mabapi le maqiti a joalo a mapolesa. Ke ne ke utloile bohloko hoo ke neng ke batla ho etsa ho hong—esita le ketso e mabifi haeba ho hlokahala—e le hore ke lokise boemo boo.”

Khatello le Boiphetetso

Le hoja Bibele e sa khothalletse liketso tse mabifi, ea lumela hore ‘khatello e ka etsa hore ea bohlale a etse ka bohlanya,’ ke hore, ka mokhoa o bontšang ho hloka kelello. (Moeklesia 7:7) Batho ba bangata baa halefa ha ba tšoaroa hampe ka lebaka la morabe, bolumeli, kapa sechaba sa habo bona.

Ka mohlala, Hafeni, ea boletsoeng sehloohong se fetileng o re: “Re ile ra amohuoa naha ea habo rōna ka likhoka. Kaha liphoofolo li loanela sebaka sa tsona, ho ne ho bonahala e le ntho e utloahalang hore re loanele naha ea rōna le litokelo tsa rōna.” Ka mor’a hore motho e mong a ipolaee ka bomo, ho ile ha phatlalatsoa molaetsa oa hae o reng: “Ha le sa khaotse ho bolaea batho ba habo rōna ka libomo, ka khase, ho ba kenya teronkong le ho ba hlokofatsa, re ke ke ra khaotsa ho le loantša.”

Mabaka a Bolumeli

Le hoja hangata baitseki ba susumetsoa ke mabaka ao e seng a bolumeli, ba atisa ho kenella liketsong tse mabifi ka mabaka a bolumeli. Moeta-pele e mong oa lefatše o ile a fumana molaetsa o tsoang ho ’muelli oa baitseki, o reng: “Hase hore re labalabela matla a puso kapa hona ho a rata. Re sebeletsa Molimo, ke ka lebaka leo re tsitlellang maikutlong a rōna.”

Ha Daniel Benjamin le Steven Simon ba ne ba bua ka mabaka a bolumeli bukeng ea bona e bitsoang The Age of Sacred Terror, ba ile ba re: “Lefatšeng leo ho lona batho ba bangata e ntseng e e-ba balumeli, balateli ba malumeli a maholo le lihlopha tse ncha tsa bokhelohi ba lumela hore pefo ke karolo ea ho rapela Molimo.” Ka mor’a hore mofuputsi e mong a tlalehe seo a se bitsang “liketso tse tšosang tsa bokhukhuni lefatšeng ka bophara,” o ile a re: “Bahlohlelletsi ba liketso tsena kaofela ba ntsoe-leng tabeng ea hore seo ba se etsang se lumeletsoe ke Molimo, ebile o ba laetse sona.”

Empa baitseki ba bangata ba bolumeli ba na le maikutlo a feteletseng a sa lumellaneng le lithuto tse tloaelehileng le mekhoa ea bolumeli boo ba ikamahanyang le bona.

Lehloeo le Tebileng

Joseba ea boletsoeng pejana, o ile a hlekefetsoa hampe ha a ne a tšoaroa. O re: “Tsela e sehlōhō eo ke ileng ka tšoaroa ka eona e ile ea nkholisa hore lehloeo leo ke nang le lona le loketse. Haeba ke ne nka shoa e le hore ho be le liphetoho, ke ne ke tla be ke sa shoela lefeela.”

Hangata lintho tseo batho ba li rutoang lihlopheng tseo li fa litho mabaka a eketsehileng a hore li amehe liketsong tse mabifi. Hafeni o re: “Ha re ntse re le likampong tsa baphaphathehi, ho ne ho tšoaroa liboka ’me re rutoa hore makhooa a lula a batla litsela tsa ho hatella batho ba batšo.” Liphello e ile ea e-ba life?

Hafeni o re: “Ke ile ka hloea makhooa le ho feta. Ke ne ke sa a tšepe kaofela. Qetellong, ke ile ka utloa hore ho lekane, ’me ka nahana hore moloko oa rōna o lokela ho nka bohato.”

Ho makatsang ke hore ho sa tsotelle hore ebe ba ne ba ikutloa ka tsela eo, Joseba le Hafeni ba ile ba khaotsa ho hloea le ho se tšepe batho ba merabe e meng. Ke eng e ileng ea ba ama kelellong le pelong? Sehlooho se latelang se tla hlalosa taba ena.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]

“Tsela e sehlōhō eo ke ileng ka tšoaroa ka eona e ile ea nkholisa hore lehloeo leo ke nang le lona le loketse. Haeba ke ne nka shoa e le hore ho be le liphetoho, ke ne ke tla be ke sa shoela lefeela.”—Joseba

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela