Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 12/11 maq. 2-3
  • Buka e Ikhethang e Pholohileng Litlhaselo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Buka e Ikhethang e Pholohileng Litlhaselo
  • Tsoha!—2011
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Buka e Ikhethang
    Tsoha!—2007
  • Buka e Ajoang ka ho Fetisisa Lefatšeng
    Buka ea Batho Bohle
  • Bibele ke Molaetsa oo Molimo a re Ngoletseng Oona
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Bala Bibele?
    Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?
Bala Tse Ling
Tsoha!—2011
g 12/11 maq. 2-3

Buka e Ikhethang e Pholohileng Litlhaselo

“Ha ho na buka e kileng ea hanyetsoa joaloka eona . . . , empa e pholohile tlhaselo e ’ngoe le e ’ngoe e ’nileng ea etsoa ke batho ba matla, ba bohlale le ba buang ka tsela e susumetsang.”

KE HOBANE’NG ha u lokela ho hlahloba Bibele? Lebaka le leng ke hore, e bolela hore e jere molaetsa oa Molimo o eang ho batho. (2 Timothea 3:16) Haeba seo e se bolelang ke ’nete, ka sebele u tla be u fetoa ke ntho ea bohlokoa ha u sa e bale.

Lebaka le leng leo ka lona u lokelang ho hlahloba Bibele, ke hore ke buka ea khale ka ho fetisisa e kileng ea e-ba teng ’me e fetoleloa le ho ajoa ka ho pharaletseng ho feta buka leha e le efe e ’ngoe. Ke buka e rekoang ka ho fetisisa ’me e lula e itlhomme pele lethathamong la libuka tse rekoang ka ho fetisisa selemo le selemo.

Seo Bibele e se bolelang, nako eo e bileng teng ka eona le tsela eo e ajoang ka eona e tsoteha haholo, ha re nahana ka boiteko bo ’nileng ba etsoa ho tloha khale ba ho e thibela. Setsebi sa thuto ea bolumeli sa lekholong la bo19 la lilemo, e leng Albert Barnes, se re: “Ha ho na buka e kileng ea hanyetsoa joaloka eona; empa e pholohile tlhaselo e ’ngoe le e ’ngoe e ’nileng ea etsoa ke batho ba matla, ba bohlale le ba buang ka tsela e susumetsang.”

Mongoli eena eo, o boletse hore ka tlhaho batho ba thahasella ntho leha e le efe e ’nileng ea ema e tiile khahlanong le litlhaselo. Barnes o phaella ka hore: “Empa ha ho lebotho le kileng la pholoha lintoa tse ngata joaloka Bibele, ha ho lerako le tiileng la tšireletso la mehleng ea boholo-holo le kileng la lula le le teng ka mor’a lithibello tse ngata, lintoa tse kupang le ho feta ha nako; ’me ha ho lefika le kileng la hoholoa ke metsi a mangata a phallang empa la lula le sa sisinyehe.”

Libuka tse ngata tsa boholo-holo li ’nile tsa lahleha, tsa senngoa kapa tsa lebaloa, empa ho sa tsotellehe litlhaselo tse mabifi, Bibele eona e ’nile ea pholoha. Batho ba bang ba loanne, ba beha bophelo ba bona kotsing, e le hore batho bohle ba ka e fumana. Ka lehlakoreng le leng, batho ba bang ba ’nile ba e phamola matsohong a babali ba labalabelang ho e bala ’me ba chesa Libibele le beng ba tsona.

Ke hobane’ng ha buka ee e ’nile ea ratoa haholo empa ka lehlakoreng le leng e ’nile ea hlouoa? E pholohile litlhaselo life? Ke bo-mang ba lekileng ho e felisa? Habohlokoa le ho feta, ke hobane’ng ha e pholohile? Ke hobane’ng ha molaetsa oa eona o le bohlokoa ho uena? Lipotso tsena li tla tšohloa maqepheng a latelang.

[Chate/Litšoantšo tse maqepheng a 2, 3]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

TATELLANO EA LINAKO TSA HO HATISOA HA BIBELE

1513 B.C.E.–hoo e ka Bible e ngoloa ka Seheberu, Searame le Segerike

bang ka 98 C.E.

100 E etsoa hore e be codex e nkehang habonolo

405 Jerome o e fetolela ka Selatine

1380 Wycliffe o e fetolela ho tloha Selatineng ho ea Senyesemaneng

1455 Gutenberg o hatisa Bibele ea pele

1525 Tyndale o e fetolela ka Senyesemane

1938 E hatisoa ka lipuo tse fetang 1 000

2011 E fumaneha ka lipuo tse fetang 2 500

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela