Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 12/11 leq. 21
  • Motho ea Hopoloang ka ho Botsa Lipotso Historing

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Motho ea Hopoloang ka ho Botsa Lipotso Historing
  • Tsoha!—2011
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Molimo O Qala ho Etsa Lintho
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Matlotlo a Fumanoang Letšeng le Leholo ka ho Fetisisa Amerika Bohareng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Jehova o Ntšehelitse Bophelong ba ka Bohle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Kamoo ho Bileng le Setsi sa Rōna se Ikhethang sa Potoloho ea Lipolanete
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
Bala Tse Ling
Tsoha!—2011
g 12/11 leq. 21

Motho ea Hopoloang ka ho Botsa Lipotso Historing

● U ka rata hore u hopoloe ka eng? Ke’ng eo batho ba tla e hopola ha ba nahana ka uena? Kaha ba amehile ka lefa leo ba tla le siea, batho ba bangata ba labalabela ho hlahella saenseng, lipolotiking, lipapaling le litabeng tsa bonono. Empa ho thoe’ng haeba ka ho khetheha u ne u ka hopoloa ka lipotso tseo u neng u li botsa?

Lilemong tse fetileng tse 500, monna e mong oa Amerika Bohareng o ile a botsa lipotso tse ngata tse etsang hore motho a nahane ka ho teba. E ne e le morena oa sebakeng seo, ea bitsoang Nicarao, eo ho totobetseng hore “Nicaragua” e reheletsoe ka eena. Lebitso la hae le ile la amahanngoa le batho ba morabe oa habo, naha eo a neng a lula ho eona le letša la bona le leholo.

Morabe oa habo Nicarao o ne o lula mochoporong o pakeng tsa Leoatle la Pacific le Letša le leholo la Nicaragua. Nakoana ka mor’a hore Columbus a sibolle Lefatše le Lecha, Masepanishe a ile a qala ho hlahloba sebaka sena. Motsamaisi Gil González Dávila o ile a etella mabotho a hae pele ho ea ka leboea, a tloha moo hona joale e leng Costa Rica eaba o kena naheng ea Nicarao ka selemo sa 1523 C.E.

U ka inahanela hore na bafuputsi bao ba ne ba tšoenyehile hakaakang ha ba ntse ba tsamaea naheng eo e sa tsejoeng. E tlameha ebe ba ile ba thaba hakaakang ha ba kopana le Morena Nicarao! Kaha batho ba Nicaragua ba ne ba tsebahala ka ho fana ho tla fihlela le kajeno, ba ile ba amohela Masepanishe ’me ba a fa limpho, tse akarelletsang khauta e ngata.

Nicarao o ne a batla ho fumana likarabo tsa lipotso tseo e neng e le khale a nahana ka tsona. O ile a ipotsa lipotso tse ling ka mor’a hore Masepanishe a mo etele. Batlalehi ba histori ba bolela hore o ile a botsa Motsamaisi González lipotso tse latelang:

Na u kile ua utloela ka moroallo o ileng oa timetsa batho bohle le liphoofolo? Na Molimo o tla tlisa moroallo hape lefatšeng? Ho etsahala’ng ka mor’a lefu? Letsatsi, khoeli le linaleli li tsamaea joang? Li fanyehiloe joang sepakapakeng? Li hōle hakae le rōna? Letsatsi, khoeli le linaleli li tla khaotsa ho khanya neng? Moea o tsoa hokae? Ke’ng e bakang mocheso le mohatsela, khanya le lefifi? Ke hobane’ng ha matsatsi a fapana ka bolelele har’a selemo?

Ho hlakile hore Nicarao o ne a labalabela ho tseba ka lintho tsa tlhaho tse mo potolohileng. Lipotso tsa hae li re bontša lintho tse ngata tseo a neng a li lumela. Li bontša hore o ne a amehile ka lintho tse tšoanang le tseo batho ba bangata kajeno ba amehileng ka tsona. Ho feta moo, taba ea hore ebe Nicarao le batho ba habo ba ne ba tseba ka moroallo o moholo, e re hopotsa seo Bibele e se buang.—Genese 7:17-19.

Le hoja batho ba habo Nicarao ba ne ba kene tloara! mekhoeng ea ho sebelisana le meea le ho etsa mahlabelo ka batho, o ne a amehile ka boitšoaro ba bona le tsela eo ba phelang ka eona. Lipotso tsa hae li bontša kamoo letsoalo le sebetsang kateng. Tabeng ena, moapostola Pauluse o ile a ngola, a re: “Matsoalo a bona a ntse a ba pakela ’me, menahanong ea bona, ba ntse ba qosoa kapa ba bile ba emeloa.”—Baroma 2:14, 15.

Kajeno, seemahale sa Morena Nicarao se eme e le sehopotso pel’a sebaka seo ho nahanoang hore ke moo a kopaneng le bafuputsi ba Spain ka lekhetlo la pele. Kelello ea hae e neng e etsa hore a botse lipotso le e ileng ea mo susumelletsa hore a nahane ka ho teba ka bophelo le lintho tse mo potolohileng, e ka ba mohlala o motle ho rōna.—Baroma 1:20.

[’Mapa o leqepheng la 21]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Nicaragua

AMERIKA BOROA

LEOATLE LA ATLANTIC

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela