Pale ea Bophelo
Jehova o Ntšehelitse Bophelong ba ka Bohle
JOALOKAHA HO BOLETSE FORREST LEE
Mapolesa a ne a sa tsoa nka likeramafono tsa rōna le lingoliloeng tsa rōna tsa Bibele. Ntoa ea II ea Lefatše e ne e file bahanyetsi lebaka la ho susumelletsa ’musi-kakaretso e mocha oa Canada hore a phatlalatse hore mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova ha oa lumelloa ka molao. Sena se etsahetse ka la 4 July, 1940.
KETSAHALO ena ha ea ka ea re tšosa, ’me re ile ra lata lingoliloeng tse eketsehileng moo li neng li bolokiloe teng eaba re tsoela pele ho bolela litaba tse molemo. Le ka mohla nke ke ka lebala mantsoe a Ntate ketsahalong eo, ha a re: “Ha re tlohele habonolo feela joalo. Jehova o re laetse hore re bolele litaba tse molemo.” Ka nako eo, ke ne ke le moshemane ea sehlahlo ea lilemo li leshome. Empa le hona kajeno, boikemisetso ba Ntate le cheseho ea hae bakeng sa tšebeletso kamehla li ntse li nkhopotsa kamoo Jehova, Molimo oa rōna, a tšehetsang batho ba hae ba tšepahalang kateng.
Ka lekhetlo le latelang ha mapolesa a re emisa, ha aa ka a nka lingoliloeng tsa rōna feela empa a ile a isa Ntate teronkong, a siea ’Mè a le mong le bana ba bane. Sena se etsahetse Saskatchewan ka September 1940. Nakoana ka mor’a moo ke ile ka lelekoa sekolong ka lebaka la ho mamela letsoalo la ka le koetlisitsoeng ka Bibele ’me ka se ke ka lumelisa folakha kapa ho bina pina ea sechaba. Ke ile ka ntšetsa pele lithuto tsa ka tsa sekolo ka ngollano, ’me sena se ile sa mpulela monyetla oa kemiso e bonolo, ’me ke ile ka kopanela haholoanyane mosebetsing oa boboleli.
Ka 1948 ho ile ha mengoa bo-pula-maliboho, kapa basebeletsi ba nako e tletseng ba Lipaki tsa Jehova, hore ba fallele lebōpong le ka bochabela la Canada. Ke ile ka ea bula maliboho Halifax, Nova Scotia, le Cape Wolfe, Sehlekehlekeng sa Prince Edward. Selemong se latelang, ke ile ka amohela memo ea ho ea sebetsa ka libeke tse peli ofising ea lekala ea Lipaki tsa Jehova e Toronto. Libeke tseo tse peli li ile tsa fetoha lilemo tse tšeletseng tsa tšebeletso e putsang. Hamorao ke ile ka kopana le Myrna, ea neng a rata Jehova joaloka ’na, ’me re ile ra nyalana ka December 1955. Re ile ra lula Milton, Ontario, ’me kapele feela ho ile ha thehoa phutheho e ncha moo. Mokato o ka tlaase oa ntlo ea rōna o ile oa fetoloa Holo ea ’Muso.
Takatso ea ho Atolosa Tšebeletso ea Rōna
Lilemong tse latelang, re ile ra ba le bana ba tšeletseng ba ileng ba hlahlamana ka potlako. Morali oa rōna Miriam e bile eena oa pele. Ka mor’a moo ho ile ha latela Charmaine, Mark, Annette, Grant, qetellong ha tla Glen. Hangata ha ke ne ke fihla lapeng ke tsoa mosebetsing ke ne ke fumana bana ba lutse ba pota-potile leifo, ’me Myrna a ba balla Bibele, a hlalosa litlaleho tsa Bibele ’me a kenya ka botebo lipelong tsa bona lerato la sebele la Jehova. Ka lebaka la tšehetso e lerato ea hae, bana ba rōna kaofela ba ile ba e-ba le tsebo e ntle ea Bibele ba sa le banyenyane.
Cheseho ea Ntate tšebeletsong e ne e kene ka botebo kelellong ea ka le pelong ea ka. (Liproverbia 22:6) Kahoo, ka 1968, ha ho ne ho mengoa malapa a Lipaki tsa Jehova hore a fallele Amerika Bohareng le Amerika Boroa ho ea thusa mosebetsing oa boboleli, lelapa la rōna le ile la labalabela ho amohela memo eo. Ka nako eo, bana ba rōna ba ne ba le pakeng tsa lilemo tse 5 ho ea ho 13, ’me ho ne ho se ea tsebang Sepanishe. Ke ile ka latela tataiso e fanoeng ka hore ke etele linaheng tse fapa-fapaneng ho ea hloela maemo a bophelo. Hoba ke khutle, re ile ra hlahloba ka thapelo linaha tseo re neng re ka khetha ho tsona ’me ra etsa qeto ea ho fallela Nicaragua.
Re Etsa Tšebeletso Nicaragua
Ka October 1970 re ne re le lehaeng la rōna le lecha, ’me pele ho fela libeke tse tharo ke ne ke se ke fuoe puo e khutšoanyane lenaneong la seboka sa phutheho. Ke ile ka itōma leleme ka Sepanishe puong eo kaofela ’me qetellong ka memela phutheho eohle cerveza lapeng ka Moqebelo ka 9:30 hoseng. Ke ne ke batla ho re servicio, e leng lentsoe le bolelang tšebeletso ea tšimo, empa ke ne ke memela bohle ho ea noa biri. Ho ithuta puo e ne e hlile e le bothata!
Ke ne ke qala ka ho ngola seo ke tla se bua letsohong ebe kea se pheta-pheta ha ke e-ea ntlong. Ke ne ke ee ke re: “Buka ena e tsamaea le thuto e sa lefelloeng ea Bibele.” Hamorao motho e mong ea ileng a amohela buka o ile a bolela hore o ile a tšoanela ho ea libokeng tsa rōna e le hore a fumane hore na ke ne ke leka ho re’ng ho eena. Monna enoa e ile ea e-ba e mong oa Lipaki tsa Jehova. Ho totobetse hore Molimo ke eena ea melisang peō ea ’nete lipelong tsa baikokobetsi, feela joalokaha moapostola Pauluse a ile a lumela!—1 Bakorinthe 3:7.
Hoo e ka bang ka mor’a lilemo tse peli re le motse-moholo oa Managua, re ile ra kōptjoa hore re fallele karolong e ka boroa ea Nicaragua. Teng re ne re sebetsa le phutheho ea Rivas le lihlopha tse ka thōko tse haufi le moo tsa batho ba thahasellang. Ha ke etela lihlopha tsena, ke ne ke tsamaea le Pedro Peña, eo e neng e le Paki e seng e hōlile e tšepahalang. Se seng se ne se le sehlekehlekeng sa Lake Nicaragua se hlahisitsoeng ke ho foqoha ha seretse se chesang, moo ho neng ho e-na le lelapa le le leng feela la Lipaki tsa Jehova.
Le hoja lelapa lena le ne le futsanehile, le ile la ikitlaelletsa ho bontša hore le ananela boeti ba rōna. Mantsiboeeng ao re fihlileng ka ’ona, re fumane lijo li se li lokile. Re ile ra lula beke, ’me batho ba bangata ba molemo ba moo ba neng ba rata Bibele, ba ne ba re fa lijo. Re ile ra thaba hore ebe ba 101 ba ile ba e-ba teng puong ea Bibele ea phatlalatsa ka Sontaha.
Ke na le maikutlo a hore matla a tšehetsang a Jehova a ile a bonahala ka lekhetlo le leng ha re ne re lokela ho etela sehlopha sa batho ba thahasellang lithabeng tse haufi le moeli oa Costa Rica. Letsatsing leo re neng re tla tsamaea ka lona, Pedro o ne a tlile ho tla ntata, empa ke ne ke le liphateng ke tšoeroe ke malaria. Ke ile ka re: “Pedro, ke tla hlōloa ho tsamaea.” Ha a mpeha letsoho phatleng o ile a araba ka ho re: “U tšoeroe ke feberu e matla, empa u tlameha ho tsamaea! Barab’abo rōna ba re emetse.” Ka mor’a moo o ile a etsa thapelo e fihlang botebong ba pelo ka ho fetisisa eo nkileng ka e utloa.
Ka mor’a moo, ke ile ka re: “Tsamaea u e’o itšella fresco (seno sa lero la litholoana). Ke tla be ke lokile hoo e ka bang ka mor’a metsotso e leshome.” Sebakeng seo re neng re se etetse ho ne ho e-na le malapa a mabeli a Lipaki, ’me a ile a re hlokomela hantle haholo. Ka letsatsi le hlahlamang re ile ra ea boboleling le ’ona, le hoja ke ne ke ntse ke tšerema ke feberu. Re ile ra matlafala hakaakang ho bona batho ba fetang lekholo ba le teng libokeng tsa rōna ka Sontaha!
Re Boetse Rea Falla
Ka 1975 ngoana oa rōna oa bosupa, ea bitsoang Vaughn, o ile a hlaha. Selemong se latelang, re ile ra tlameha ho khutlela Canada ka mabaka a tsa lichelete. Ho ne ho se bonolo ho tloha Nicaragua hobane ka sebele re ne re utloile matla a tšehetsang a Jehova ha re ntse re le moo. Ha re tloha, tšimong ea phutheho ea rōna ho ne ho e-na le ba fetang 500 ba bang teng libokeng.
Pejana, ha ’na le morali oa ka Miriam re ne re khetheloa ho ba bo-pula-maliboho ba khethehileng Nicaragua, Miriam o ile a mpotsa: “Ntate, haeba ho ka etsahala hore le khutlele Canada, na u tla ntumella hore ke sale moo?” Ke ne ke sa nahane ho tloha le ka mohla, eaba ke re: “Hantle haholo!” Kahoo ha re tloha, Miriam o ile a sala hore a tsoele pele tšebeletsong ea nako e tletseng. Hamorao, o ile a nyaloa ke Andrew Reed. Ka 1984 ba ile ba ba sehlopheng sa bo77 sa Gileade, eo e leng sekolo sa baromuoa sa Lipaki tsa Jehova, ’me ka nako eo se ne se le Brooklyn, New York. Hona joale Miriam o sebeletsa Dominican Republic le monna oa hae, o phethahatsa takatso eo a ileng a e kenngoa ke mohlala o motle oa baromuoa ba Nicaragua.
Khabareng, mantsoe a Ntate a reng, “ha re tlohele habonolo feela joalo,” a ne a ntse a luma ka hloohong ea ka. Kahoo ka 1981 ha re ne re bokeletse chelete e lekaneng hore re khutlele Amerika Bohareng, re ile ra falla hape, lekhetlong lena re ile ra ea Costa Rica. Ha re ntse re le moo, re ile ra kōptjoa hore re thuse kahong ea lekala le lecha la bona. Leha ho le joalo, ka 1985 mora oa rōna Grant o ne a hloka tlhokomelo ea lingaka, kahoo re ile ra khutlela Canada. Glen o ile a sala Costa Rica a sebetsa kahong ea lekala, ha Annette le Charmaine ba ne ba sebetsa e le bo-pula-maliboho ba khethehileng. Rōna ba ileng ba tloha Costa Rica re ne re sa nahane hore re tla ke re khutlele teng hape.
Re Sebetsana le Tsietsi
Letsatsi la la 17 September, 1993, le ile la chaba le khanya le le mofuthu. ’Na le mora oa ka e moholo, Mark, re ne re ntse re rulela. Re ne re sebetsa re bapile ’me kamoo re neng re tloaetse kateng re ntse re qoqa ka litaba tsa moea. Ke ile ka hata hampe ke sa lebella eaba ke oa marulelong. Ha ke hlaphoheloa, ke ne ke bona feela mabone a khanyang le batho ba apereng lintho tse tšoeu. E ne e le phaposing ea sepetlele ea bakuli ba hlokang tlhokomelo e potlakileng.
Ntho ea pele eo ke ileng ka e bua, ka lebaka la seo Bibele e se bolelang, e bile ho re: “Ha ke batle mali, ha ke batle mali!” (Liketso 15:28, 29) Ke ile ka khothala hakaakang ha ke utloa Charmaine a re: “Ho lokile, Ntate. Re teng kaofela.” Ke ile ka tseba hamorao hore lingaka li ile tsa bona tokomane ea ka ea bongaka, ’me ha hoa ka ha e-ba le khang ka taba ea tšebeliso ea mali. Ke ne ke robehile molala ’me ke shoele litho ka ho feletseng, ke sitoa le ho phefumoloha ntle ho thuso.
Kaha ke ne ke sa tsebe ho tsamaea, ke ne ke hloka ho tšehetsoa ke Jehova ho feta neng kapa neng. Ke ile ka buuoa ’metso e le hore ho kenngoe lethopo la ho phefumoloha, ’me sena se ile sa thibela moea o fetelang ka kolung. Ke ne ke sitoa ho bua. Batho ba ne ba tlameha ho ncheba ha ke bebenya melomo e le hore ba utloisise hore na ke leka ho re’ng.
Litšenyehelo li ile tsa phahama kapele. Kaha mosali oa ka le boholo ba bana ba ka ba ne ba le tšebeletsong ea nako e tletseng, ke ile ka ipotsa hore na ba tla tlameha ho tlohela tšebeletso ena e le hore ba jare boikarabelo ba chelete e neng e hlokahala. Leha ho le joalo, Mark o ile a fumana mosebetsi oo ka oona a ileng a lefa boholo ba litšenyehelo tsena nakong ea likhoeli tse tharo feela. Ka lebaka leo, bohle ba ile ba khona ho tsoela pele ba le tšebeletsong ea nako e tletseng ntle ho ’na le mosali oa ka.
Mangolo le likarete tse makholo tse tsoang linaheng tse sa tšoaneng tse tšeletseng li ne li tletse lebota la phaposi ea ka ea sepetlele. Jehova o ne a ntšehelitse kannete. Phutheho le eona e ne e thusa lelapa la ka ka ho le apehela lijo karolong e ’ngoe ea likhoeli tse hlano le halofo tseo ka tsona ke neng ke le phaposing ea lefapha la tlhokomelo ea bakuli ba kulang haholo. Moholo a le mong oa Mokreste o ne a lula le ’na thapama letsatsi le leng le le leng, a mpalla Bibele le lingoliloeng tsa Bibele, hammoho le ho mphetela liphihlelo tse khothatsang. Litho tse peli tsa lelapa li ne li lokisetsa le ’na seboka ka seng sa phutheho, kahoo ho ne ho se mohla ke haelloang ke lijo tsa moea tsa bohlokoa.
Ha ke ntse ke le sepetlele, ho ile ha etsoa tokisetso ea hore ke be teng lenaneong la letsatsi le khethehileng la kopano. Basebeletsi ba sepetlele ba ile ba lokisetsa hore mooki ea tšoanelehang le setsebi sa ho phefumolohisa ba tsamaee le ’na letsatsi leo lohle. Ke ile ka thaba hakaakang hore ke boele ke be le bara le barali beso ba Bakreste! Ha ke na ho lebala ha ke bona ba makholo ba kolokile, e mong le e mong a letetse ho tla ntumelisa.
Ho Imatlafatsa Moeeng
Hoo e ka bang selemo ka mor’a tsietsi ena, ke ile ka khona ho khutlela lapeng, le hoja ke ntse ke hloka tlhokomelo bosiu le motšehare. Ke khona ho ea libokeng ka vene e kentsoeng thepa e khethehileng, ’me ke ka seoelo ke bang sieo ho tsona. Leha ho le joalo, nke ke ka latola hore ho ea ho tsona ho hloka boikemisetso. Esale ke fihlile lapeng, ke khonne ho ea likopanong tsohle tsa setereke.
Qetellong, ka February 1997, ke ile ka boela ka tseba ho bua hanyenyane feela. Baoki ba ka ba bang ba mamela ka kananelo ha ke ba bolella ka tšepo eo ke nang le eona e thehiloeng Bibeleng. Mooki e mong o mpaletse buka eohle ea Lipaki tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo hammoho le lingoliloeng tse ling tsa Watch Tower. Ke ngollana le batho ka ho sebelisa thupa ha ke ngola ka k’homphieutha. Le hoja ho thaepa ka tsela ena ho le boima, hoa putsa ha motho a khona ho lula a kopanela tšebeletsong.
Ke utloa bohloko bo boholo ka lebaka la ho opeloa ke methapo. Empa ho bonahala eka ha ke bolella ba bang linnete tsa Bibele kapa ke mametse ha ke li balloa, bohloko boa kokobela ka tsela e itseng. Ka linako tse ling, ke etsa mosebetsi oa ho paka seterateng le mosali oa ka ea ntšehetsang le ea ntolokelang ha ke hloka thuso. Ka makhetlo a mangata, ke khonne ho sebeletsa ke le pula-maliboho ea thusang. Ho sebeletsa ke le moholo oa Mokreste hoa nthabisa, haholo ha barab’eso ba tla ho ’na libokeng kapa ba nketela lapeng ’me ke khona ho ba thusa le ho ba khothatsa.
Kea lumela hore ho bonolo ho imeloa maikutlong. Kahoo, neng le neng ha ke nyahame, ke potlakela ho rapella hore ke thabe. Bosiu le motšehare ke rapella hore Jehova a tle a ’ne a ntšehetse. Kea khothala ha motho e mong a ’ngolla kapa a nketela. Ho bala limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! le hona ho tlatsa kelello ea ka ka mehopolo e hahang. Ka linako tse ling baoki ba sa tšoaneng ba mpalla limakasine tsena. Esale ke hlaheloa ke kotsi ena, ke mametse ka makhetlo a supileng ha Bibele eohle e baloa lik’haseteng. Tsena ke litsela tse sa tšoaneng tseo Jehova a ntšehelitseng ka tsona.—Pesaleme ea 41:3.
Boemo ba ka bo fetohileng bo mphile nako e ngata ea ho nahanisisa kamoo Jehova, Morupeli e Moholo oa rōna, a re rutang e le hore re phele. O re fa tsebo e nepahetseng ea thato ea hae le morero oa hae, bosebeletsi bo nang le morero, keletso mabapi le lekunutu la thabo ea lelapa le temoho ea ho tseba se ka etsoang ha tsietsi e hlaha. Jehova o ntlhohonolofalitse ka mosali ea tšepahalang le ea babatsehang. Bana ba ka le bona ba eme le ’na ka botšepehi, ’me ke thabela hore kaofela ba bile le kabelo tšebeletsong ea nako e tletseng. Ha e le hantle, ka la 11 March, 2000, mora oa rōna Mark le mosali oa hae, Allyson, ba ile ba fumana mangolo sehlopheng sa bo108 sa Sekolo sa Gileade eaba ba fuoa kabelo ea ho ea Nicaragua. ’Na le mosali oa ka re ile ra khona ho ba teng tšebeletsong eo ba abetsoeng mangolo ho eona. Nka bolela kannete hore tsietsi e fetotse bophelo ba ka empa ha ea fetola pelo ea ka.—Pesaleme ea 127:3, 4.
Ke leboha Jehova ka bohlale boo a mphileng bona ba hore ke khone ho fetisetsa lelapeng la ka lefa la moea leo ke ileng ka le fumana. Kea matlafala le ho khothala ha ke bona bana ba ka ba sebeletsa ’Mōpi oa bona ka boikutlo bo tšoanang le ba Ntate, ea ileng a re, “Ha re tlohele habonolo feela joalo. Jehova o re laetse hore re bolele litaba tse molemo.” Ka sebele, Jehova o ntšehelitse le lelapa la ka ka matsatsi ’ohle.
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
’Na le Ntate, barab’eso le morali’eso, pel’a k’haravene ea rōna e neng e sebelisoa ha re ne re bula maliboho. Ke ’na ka ho le letona
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
’Na le mosali oa ka, Myrna
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Foto ea morao-rao ea lelapa la rōna
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Ke sa ntsane ke paka ka mangolo