KE’NG E KA RE THUSANG HO MAMELLA MATHATA?
4 | E-ba le Tšepo ea Hore Lintho li Tla Loka
SEO E LENG SA BOHLOKOA
Ho tšoenyeha ka mathata a lefatše ho ka ama batho ’meleng le kelellong. Batho ba bangata ba ileng ba angoa ke liketsahalo tsena ha ba na tšepo ea hore lintho li tla loka. Ba etsa’ng ha boemo boo bo hlaha?
Batho ba bang ba tšaba le ho nahana ka bokamoso.
Batho ba bang ba sebelisa tahi le lithethefatsi e le ho itebatsa mathata a bona.
Ha ba bang ba nahana hore ho shoa ho molemo ho feta ho phela. Ba ipotsa hore na ba sa phelela’ng ebe ba etsa qeto ea ho ipolaea.
Seo U Lokelang ho se Tseba
A mang a mathata a hao e ka ba a nakoana ’me a ka fetoha u sa lebella.
Le haeba boemo ba hao bo sa fetohe ho na le lintho tseo u ka li etsang tse ka u thusang hore u mamelle.
Bibele ea tšepisa hore ho na le tharollo bakeng sa mathata ’ohle a moloko oa batho.
Seo U ka se Etsang Hona Joale
Seo Bibele e se buang: “Kahoo, le ka mohla le se ke la tšoenyeha ka letsatsi le hlahlamang, etsoe letsatsi le hlahlamang le tla ba le matšoenyeho a lona. Letsatsi ka leng le lekanoa ke bobe ba lona.”—Matheu 6:34.
U se ke oa tšoenyeha ka bokamoso hoo u sitoang ho etsa lintho tseo u lokelang ho li etsa.
Ho tšoenyeha ka lintho tse mpe tse ka ’nang tsa u etsahalla ho ka u bakela khatello ea maikutlo ’me ha fokolisa tšepo eo u nang le eona bakeng sa bokamoso.
Bibele e Fana ka Tšepo
Mopesaleme ha a rapela Molimo o ile a re: “Lentsoe la hao ke lebone la leoto la ka, ke leseli tseleng ea ka.” (Pesaleme ea 119:105) Ke joang Bibele e leng lebone le leseli?
Bosiu lebone le re thusa ho bona moo re tsamaeang teng. Ka tsela e tšoanang, Bibele e ka re fa bohlale bo ka re thusang ha re lokela ho etsa liqeto tse boima.
Leseli le ka re khantšetsa tsela e le hore re bone moo re eang. Ka tsela e tšoanang, Bibele e ka re thusa hore re be le tšepo ka bokamoso.