Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • my pale 107
  • Setefane o Tlepetsoa ka Majoe

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Setefane o Tlepetsoa ka Majoe
  • Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Setefane—“Molimo o ne a mo Rata Hape a mo File Matla”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Re U Lome Tsebe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Tsamaea Tšabong ea Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
Bala Tse Ling
Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
my pale 107

PALE EA 107

Setefane o Tlepetsoa ka Majoe

MONNA ea khumameng mona ke Setefane. Ke morutuoa ea tšepahalang oa Jesu. Empa bona se mo etsahallang joale! Banna bana ba mo betsa ka majoe a maholo. Ke hobane’ng ha ba hloile Setefane hoo ba ka etsang ntho e mpe hakaale? A re bone.

Molimo o ne a thusitse Setefane ho etsa mehlolo e babatsehang. Banna bana ha ba rate sena, joale ba mo tsekisa hore ebe o ruta batho ’nete. Empa Molimo o fa Setefane bohlale bo boholo, ’me Setefane o bontša hore banna bana ba ntse ba ruta mashano. Hona ho ba halefisa le ho feta. Kahoo ba tšoara Setefane, ’me ba bitsa batho hore ba mo etselletse.

Moprista ea phahameng o botsa Setefane: ‘Na lintho tsee ke ’nete?’ Setefane o arabela ka ho fana ka puo e monate ea Bibele. Ha a qetella, o bolela kamoo banna ba babe ba neng ba hloile baprofeta ba Jehova khale koana. Joale o re: ‘Le tšoana le bona banna bao. Le bolaile Jesu mohlanka oa Molimo, ’me ha lea mamela melao ea Molimo.’

Sena se halefisa baeta-pele bao ba bolumeli haholo! Ba halefa hoo ba tsikitlanyang meno. Empa Setefane oa lelala, ’me o re: ‘Bonang! Ke bona Jesu a eme ka lehlakoreng le letona la Molimo leholimong.’ Ha ba utloa sena, banna bana ba ithiba litsebe ’me ba khorohela Setefane. Baa mo tšoara ’me ba mo hulanyetsa ka ntle ho motse.

Ha ba fihla moo ba hlobola liaparo tsa bona ’me ba li neha mohlankana Saule hore a li lebele. Na u bona Saule? Joale banna ba bang ba qala ho betsa Setefane ka majoe. Setefane oa khumama, joalokaha u bona, ’me o rapela Molimo o re: ‘Jehova, u se ke ua ba otlela ntho ena e mpe.’ Oa tseba hore ba bang ba bona ba thetsitsoe ke baeta-pele ba bolumeli. Ka mor’a moo Setefane oa shoa.

Ha motho e mong a u etsa hampe, na u leka ho iphetetsa, kapa u kōpa Molimo hore a phetetse? Jesu le Setefane ha baa ka ba etsa joalo. Ba ne ba le mosa esita le ho batho ba neng ba ba tšoara hampe. A re leke ho etsisa mohlala oa bona.

Liketso 6:8-15; 7:1-60.

Lipotso Tsa Thuto

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela