Pina ea 68
Kutloelo-bohloko ea Bomolimo
1. Rōna bao re leng Bakreste
Re’ithute ho hauhela
Baratuoa le basele
Bohle ntle le ho khetha.
Jesu, Moruti oa rōna,
O hlakisitse thuto.
Ka ho bolela setšoantšo
Se rutang ka khauhelo.
2. ‘Mosamaria’o molemo
O fumane Mojode
Tseleng ha a ea Jeriko
A khakhathiloe hampe.’
Ntle ho khethollo a thusa,
A etsa taelo ea Jah.
Kahoo a bontša lerato
Le hlollang la boena.
3. Joale oabo rōna ke mang?
Ke ea hlokang ho thusoa.
Molimo o thusa bohle
’Me o’a ba khotsofatsa.
O ba fa metsi le khanya
Kaofela ka bongata.
Mosa oa hae o moholo.
Ke motsoalle oa rōna.
4. Re ka fa ba habo rōna
Liaparo le lijo;
Empa se hlokoang haholo
Ke se amang bophelo.
Litaba tse ntle tsa ’Muso,
Toko le ’nete tsa Jah,
Re li’ise ho ba bo rōna
Hore ba boke Eena.