Khaolo ea 14
Ho Hlompha Mpho ea Bophelo
1, 2. Ke hobane’ng ha re lokela ho bontša tlhompho e tebileng bakeng sa mpho ea bophelo?
TLHOMPHO e tebileng bakeng sa mpho ea bophelo ke motheo oa khotso ea ’nete le tšireletseho. Empa ho hlompha bophelo ka tsela e joalo ho haella ka ho soabisang kajeno. Batho ba se ba nolofalloa ke ho bolaea, empa ha ho lea mong ho bona ea ka khutlisang bophelo hang ha bo se bo ile.
2 Ho hlompha bophelo ke tlamo e halalelang ho Mofani oa bophelo, Jehova Molimo. Mopesaleme o itse ka eena: “Seliba sa bophelo se ho uena.” (Pesaleme ea 36:9) Re kolota Molimo bophelo ba rōna, e seng feela hobane o bōpile motho empa hape hobane o lumelletse batho hore ba ’ne ba tsoele pele ho fihlela joale, ’me o fane ka lintho tse bolokang bophelo. (Liketso 14:16, 17) Ho feta moo, o lokisitse hore Mora oa oona e be Morekolli, kapa Molopolli oa lelapa la motho, a le reka ka mali a bophelo ba hae. (Ba-Roma 5:6-8; Ba-Efese 1:7) Ka lebaka leo, ho bohle ba tla o amohela hona joale, o fana ka monyetla oa ho phela ka ho sa feleng Tsamaisong e Ncha ea oona ea ho loka. Ha ho talingoa sena sohle, re ka bontša tlhompho ea rōna e tebileng le kananelo joang bakeng sa mpho ea Molimo ea bophelo?
3. Ho shebella pefo bakeng sa boithabiso ho ama boikutlo ba motho ka bophelo joang?
3 Tabeng e ’ngoe, haeba re tiile ka ho bontša tlhompho bakeng sa bophelo, re ke ke ra kopanela le bao, molemong oa ho itebatsa feela, ba fepang likelello tsa bona ka lintho tse bontšang pefo. Ho amohela pefo e le “boithabiso” ho entse hore ba bangata ba fetohe ba thatafetseng le ba se nang boikutlo ka mahlomola a batho le ka tahleho ea bophelo. Empa haeba re leboha molemo oa Molimo le tšepo eo O fanang ka eona, re tla hanela moea o joalo. Re tla hlaolela kananelo bakeng sa bophelo joaloka mpho e tsoang ho Molimo. Hona ho tla ama hore na re sebelisa bophelo ba rōna joang, hore na re tšoara batho ba bang joang, le hore na re talima ba e-song ho tsoaloe joang.
Ho Hlompha Bophelo ba ba E-song ho Hlahe
4. (a) Bophelo bo fetisetsoa neng baneng ba motho? (b) Ke eng e bontšang hore na Molimo o thahasella bophelo ba motho pele ho tsoalo kapa che?
4 Matla a ho fetisetsa bophelo ho ba bang ke tokelo e khōlō, e fanoeng ke Molimo. Bophelo boo ha bo fetisetsanoe tsoalong, empa nakong ea kemolo. Joalokaha Encyclopædia Britannica e re, ke nakong eo moo “ho qalehang histori ea bophelo ea motho ka mong, e le boleng bo khethollehileng le bo nang le bophelo.” E boetse e re: “Motho ea mocha o bōptjoa ha metsoako ea peō e tona e phelang e tsoakana le lehe le loketseng kemolo.”60 Ka ho tšoanang, thahasello ea Molimo bophelong ba motho e qala pele a tsoaloa. Mopesaleme Davida o ile a ngola, a re ho Molimo: “Ua mpoloka ke patehile ka mpeng ea ’mè. . . . [u] bone le qaleho ea ka, ’me likarolo tsohle tsa eona li ile tsa ngoloa.”—Pesaleme ea 139:13-16, NW; Moeklesia 11:5.
5. Ke hobane’ng ha mabaka a beiloeng ka boiteko ba ho lokafatsa ho ntšoa hoa mpa a sa utloahale?
5 Bophelo ba bana ba e-song ho tsoaloe ba limillione bo felisoa ka boomo selemo le selemo ka ho ntša limpa. Na hoo ke boitšoaro bo nepahetseng? Ba bang ba bea lebaka la hore lesea le e-song ho tsoaloe ha le tsebe bophelo ’me le ke ke la phela ka ntle ho pōpelo. Empa hoo ke ’nete le ka lesea le sa tsoa tsoaloa. Tsoalong ha le tsebe se boleloang ke bophelo, leha e le hore le ka tsoela pele ho phela ntle ho tlhokomelo e haufi-ufi. Sele e phelang e qaliloeng kemolong e fetoha lesea le joalo haeba ho sa khathatsanoe le eona. Kahoo haeba ho bolaea ea sa tsoa tsoaloa ho talingoa e le bonokoane hoo e ka bang hohle, ’me ho etsoa boiteko bo matla ho pholosa le bana ba hlahileng pele ho nako, joale ke hobane’ng ha hape ho sa nkoe e le bonokoane ha ho bolaoa ea e-song ho tsoaloe? Ke hobane’ng ha bophelo bo ka nkoa bo halalela feela kamor’a hore bo tsoe ka pōpelong e seng leha bo ntse bo le ka popelong?
6. Bibele e bontša pono ea Molimo joang ka ho bolaea ka boomo ngoana ea e-song ho tsoaloe?
6 Ntho ea bohlokoa hase feela hore na batho ba talima litaba joang empa hore na Molimo, Monei oa bophelo, o re’ng. Ho Jehova bophelo ba ngoana ea e-song ho tsoaloe ke ba bohlokoa, boo ho ke keng hoa bapaloa ka bona. O fane ka molao Iseraeleng oa boholo-holo o sireletsang bophelo boo ka ho toba. Haeba, ntoeng pakeng tsa banna ba babeli, mosali oa moimana a ne a ka tsoa kotsi, kapa a senyeheloa ka lebaka leo, molao ona o ne o beile likahlolo tse boima. (Exoda 21:22, 23) Ho bolaea ngoana ea e-song ho tsoaloe ka boomo e ne e tla ba ho tebileng haholoanyane. Ho latela molao oa Molimo, mang kapa mang ea neng a bolaea motho ka boomo o ne a lokela ho ahloleloa lefu e le ’molai. (Numere 35:30, 31) Le hona joale Molimo o ntse o hlompha bophelo hakaalo.
7. Re sireletsoa khahlanong le eng ha re hlompha thato ea Molimo mabapi le bophelo ba ngoana ea e-song ho tsoaloe?
7 Tlhompho e tebileng bakeng sa thato ea Molimo mabapi le bophelo ba ngoana ea e-song ho tsoaloe e sebeletsa molemo oa sebele. Ka ho etsa hore batsoali ba ikarabelle ka botlalo bakeng sa bophelo boo, Jehova o lokiselitse thibelo ea bootsoa ka liphello tsohle tsa bona tse mpe. Tsena li akarelletsa maloetse a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona kapa botšehali, kemaro e sa hlokahaleng, bana ba matšèo, malapa a qhalaneng, le ho imeloa kelellong ke letsoalo le silafetseng. Kahoo, ho hlompha bophelo ho ka tlatsetsa khotsong ea lelapa hona joale ’me ke lebaka la bohlokoa la hore re fumane mahlohonolo a kamoso.
Ho Hlompha Bophelo ba Hao
8. Ke hobane’ng ha re lokela ho bontša tlhompho thatong ea Molimo ka tsela eo re tšoarang ’mele ea rōna ka eona?
8 Ho thoe’ng ka tsela eo re tšoarang bophelo ba rōna ka eona? Batho ba bangata ba re: ‘Ha nka ka ikhethela hore ke tsoaloe. Ka hona ho ho ’na hore na ke etsa’ng ka bophelo ba ka. Ke tla etsa eng le eng eo ke e ratang.’ Empa na mpho e lokela hore e kōpuoe hore moamoheli a e ananele? Bophelo ka bobona bo molemo ka ho ke keng hoa latoloa. Ke ho se phethahale hoa botho feela le ho khopeha tse bo amohang thabo ea bona e ngata. Jehova Molimo a ke ke a beoa molato ka hoo. ’Me o tšepisa hore o tla ho lokisa ka puso ea ’Muso oa hae. Kahoo, re lokela ho phela bophelo boo a re fang bona ka tsela e bontšang ho hlompha thato ea hae le morero oa hae.—Ba-Roma 12:1.
9. Bibele e re’ng ka meharo le botahoa?
9 Tsela e ’ngoe eo re ka bontšang kananelo e joalo ka eona ke ka ho ja le ho noa ka ho lekaneng. Molimo o nyatsa meharo le botahoa. (Liproverbia 23:20, 21) Hape, joalokaha ho ja ka mokhoa o lekaneng ho loketse, ho joalo le ka tšebeliso ea lino tse tahang ka tekanyo e lekaneng. Hona ho bontšoa ke mangolo a mangata.—Deuteronoma 14:26; Esaia 25:6; Luka 7:33, 34; 1 Timothea 5:23.
10. (a) Letahoa le bontša ho se hlomphe bophelo joang? (b) Joalokaha ho bontšitsoe ho 1 Ba-Korinthe 6:9, 10, ke hobane’ng ha e le hoa bohlokoa ho qoba botahoa?
10 Ka hona, Bibele ha e nyatse ho noa. E nyatsa tšebeliso e mpe ea tahi. ’Me ka lebaka le utloahalang hobane e senya ’mele, e etsa hore ba noang ba etse ka bothoto, ’me e ka ba ea ba etsa ba kotsi ho ba bang. (Liproverbia 23:29-35; Ba-Efese 5:18) United States feela, bonyane ke batho ba limillione tse 10 ba lemaletseng tahi, phello e ’ngoe e le ho shoa hoa ba fetang 30 000 ka selemo ka lebaka la likhathatso tsa sebete. Lekhotla la Sechaba la Tahi le re: “Sechaba se senyeheloa ke hoo ka kakaretso e ka bang lidolara tse limillione tse likete tse 43 ka selemo ka lebaka la ho ba sieo mosebetsing, litšebeletso tsa bophelo le tsa lithuso tsa sechaba, tšenyehelo ea thepa le litšenyehelo tsa meriana. . . . Likotsing tsohle tse bolaeang tse etsahalang mebileng kajeno, 50% e ama tahi. Ho fetang 80% ea mafu a bakoang ke mollo, 65% ea ba khangoang ke metsi, 22% ea likotsi tsa malapeng, 77% ea ba oang, 36% ea likotsi tsa ba tsamaeang ka maoto le 55% ea ba tšoaroang li amahanngoa le tšebeliso ea tahi. Ho fihlela ho 44% ea baqhobi ba lifofane ba amehileng likotsing ke ea ba neng ba ntse ba e-noa. Boitšoaro bo mabifi bo amahanngoang le tšebeliso ea tahi bo ikarabella bakeng sa hoo e ka bang 65% ea lipolao, 40% ea litlhaselo, 35% ea lipeto, 30% ea bonokoane bo bong ba likamano tsa botona kapa botšehali, 30% ea ho ipolaea, 55% ea lintoa kapa litlhaselo malapeng le 60% ea ho tlatlapa bana.”61 Tšenyehelo ea malapa a qhalanang, bophelo bo senyehileng, le mahlomola a batho e ke ke ea lekanngoa ka lipalo. Ke kahoo e seng ho makatsang hore e be Lentsoe la Molimo le re: “Le se ke la lahleha: Ha e le . . . bafebi, . . . le ba lakatsang leruo, le matahoa, . . . le ba utsoang, ba joalo ba ke ke ba rua lefa la ’muso oa Molimo.”—1 Ba-Korinthe 6:9, 10.
11. Na ke ho nang le kelello ho leka ho balehela mathata a botho ka ho noa ho feteletseng?
11 Ke ’nete, ba bang ba utloa ka matla liphello tse tepeletsang tsa boemo ba lefatše. Lintoa, bonokoane, theko e phahamang le bofuma tsa lona, hape ho hatella hoa lona le ho imela hoa lona li phaella mathateng a botho. Empa ha ho letho le fumanoang ka ho leka ho balehela lintho tsena ka botahoa bo feteletseng bo kotsi. Hona ho bakela motho le ba bang mathata ’me, tseleng ea hona, ho senyetsa motho seriti, morero oa ho phela, le boemo le Molimo.
Tšebeliso ea Lithethefatsi
12. Ke hobane’ng ha batho ba bangata ba retelehela lithethefatsing?
12 Ha ba leka ho balehela mathata a bophelo, batho ba bangata ba ’nile ba retelehela lithethefatsing tse tlisang maikutlo a bohata. Ba sebelisang lithethefatsi tse joalo ba etsa hore linnete tsa bophelo li nkeloe sebaka ke boikutlo boo e kang motho o-oa lora kapa boemo boo e kang o ile le maili-ili. Ba bangata ba sebelisa lithethefatsi tse matla tse kang heroin le cocaine. Ba bang ba noa ka bongata bo boholo lithethefatsi tse fapa-fapaneng tsa lipilisi. Bophelo ba bona bo ameha joang?
13. Tse ling tsa lithethefatsi tsee li na le liphello life ho ea li sebelisang, ’me Bibele e hlokomelisa joang ka tsona?
13 Ho sebelisa hoa bona lithethefatsi tsena ho ba khannela hore ba lahleheloe habonolo ke boitšoaro, ba be le liphello tse tšoanang le tse bonoang ho motho ea tahiloeng. (Liproverbia 23:29-34) ’Me ke ho hlokomelehang ka kakaretso hore lithethefatsi tsena li ka ba kotsi. Motseng oa New York, ka mohlala, ho lemalla heroin ke sesosa se seholo sa lefu har’a batho ba lipakeng tsa lilemo tse 18 le 35. Ke ho se natse mpho ea bophelo ho hokaakang!
14, 15. Ke hobane’ng ha ba tsubang matekoane ba sa bontše ho hlompha mpho ea bophelo?
14 Empa ho thoe’ng ka sethethefatsi se bonolo matekoane? Le oona a ka ba kotsi ka litsela tse ngata. Ba sebelisang matekoane ba atisa ho pepesetsoa lithethefatsi tse matla haholoanyane ka ho kopana le ba rekisang lithethefatsi le ba bang ba li sebelisang. Hape, ba bangata ba seng ba lemalletse sethethefatsi sena, ba lumela hore se tla bebofatsa ho imeloa kelellong le ho tepella, ho bonolo hore ba fetele lithethefatsing tse matla haholoanyane.
15 Empa le haeba hona ho sa etsahale, ho tsuba matekoane ho kotsi. A na le lintho tse bakang kankere ho feta lisakarete, ’me a senya matšoafo haholoanyane. Ha a ntse a sebelisoa ho tsoela pele, a ka senya sebete, a baka kholofalo ea liphatsa tsa lefutso, le ho senya boko. Mokhatlo oa Canada oa Phuputso ea ho Lemalla Lithethefatsi o bolela hore matekoane “ke sethethefatsi se matla se nang le likotsi tse khōlō bophelong.”62 Setsebi sa lithethefatsi se itse: “Matekoane ke sethethefatsi se kotsi haholo. Lilemong tse fetileng tse 10 ho phatlalalitsoe lipampiri tse ka bang 10 000 tikolohong ea bo-ramahlale tse bontšang kotsi bophelong.” Se hlokometse “kotsi e khōlō e tebileng ka ho fetisisa ho bacha ba lekang ho hopola lintho,” ka hore a fokolisa mohopolo hore o boloke lintho le matla a ho lula tabeng. Ka ea sebelisang matekoane, a re: “A ke ke a qhoba koloi hantle kapa a sebelisa mochine o ngolang. Tšebeliso e telele e baka tšenyo e tebileng haholoanyane ho itšireletseng hoa ’mele maloetseng.”63 Basali ba tsubang matekoane ha e le baimana ba kotsing e kholoanyane ea ho ba le bana ba senyehileng boko. Ha ho talingoa sena sohle, na ho ka thoe ho sebelisa matekoane ho bontša ho hlonepha mpho ea bophelo?
16. Tšebeliso ea lithethefatsi e ka pepesetsa motho kotsi efe hape e tebileng, ’me hoo ho lokela ho ama pono ea rōna joang tabeng ee?
16 Ho na le lebaka le leng le matla la ho qoba tšebeliso ea lithethefatsi. Li ka bulela motho tsela ea hore a oele tlas’a taolo ea bademona. Ho hang hase ntho e ncha ho amahanya lithethefatsi le boloi. Baloi ba nakong e fetileng ba ne ba sebelisa lithethefatsi. Expository Dictionary of New Testament Words ea Vine e-ea hlokomela: “Boloing, tšebeliso ea lithethefatsi, e-bang ke tse bonolo kapa tse matla, e ne e atisa ho tsamaea le lipina tsa baloi le ho ipiletsa matleng a mehlolo.” Litlhaloso tsena li entsoe mabapi le lentsoe la Segerike le ngotsoeng e le “boloi” (phar·ma·kiʹa, “ho tšerehanya ka litlhare”) ho Ba-Galata 5:20. (Bona le Tšenolo 9:21; 18:23.) Ka hona lithethefatsi li ka pepesetsa motho tšusumetsong ea bodemona. Motho ea hlomphang Monei-bophelo oa hae a ka ipepesetsa kotsing eo joang ka lebaka la boikutlo ba nakoana feela?
17, 18. (a) Tšebeliso ea lithethefatsi e amana le tholoana efe hape e mpe? (b) Kahoo, Lipaki tsa Jehova tsa Bakreste li talima tšebeliso ea lithethefatsi joang?
17 Hoa tsebisahala hore tšebeliso ea lithethefatsi e matahane le bonokoane le ho oa boitšoarong har’a batho. Bonokoane bo hlophisitsoeng bo fumana chelete e ngata haholo ka ho mokola lithethefatsi. Ba bangata ba lemaletseng lithethefatsi baa utsoa hore ba tšehetse mokhoa oa bona. Ba bang ba retelehela botekatseng. Malapa aa tsekoloha ha e mong a lemalla lithethefatsi. Bo-’mè ba baimana ba tšoaetsa masea a bona ho lemalla lithethefatsi, ’me ka linako tse ling a bolaoa ke bohloko ba ho li ntšetsoa. ’Me linaheng tse ngata molao ha o lumelle ho ba le lithethefatsi tse joalo kapa ho li sebelisa ka mabaka ao e seng a ho phekola.—Mattheu 22:17-21.
18 Na u batla ho amana kae kapa kae le mokhoa o amanang le tholoana eo eohle e mpe? Lipaki tsa Jehova ha li ho batle! Ha li batle karolo ea letho tšebelisong ea lithethefatsi bakeng sa ho ithabisa kapa bakeng sa ho balehela linnete. Li hlompha bophelo haholo ’me li batla ho bo sebelisa ka tsela e tumellanong le thato ea Molimo.
Tšebeliso ea Koae le Litlhahisoa Tse Joalo
19. Ke hobane’ng ha ho hlompha mpho ea bophelo ho kena ponong ea motho mabapi le tšebeliso ea koae, betel nut, le makhapetla a semela sa coca?
19 Ho tloaelehileng haholoanyane kajeno ke tšebeliso ea koae ’me, linaheng tse ling, betel nut le makhapetla a coca. E ’ngoe le e ’ngoe ho tsona e senya ’mele ’me, mabakeng a mang e senya le kelello. Mebuso e hlokomelisitse ka hore koae e amana le maloetse a kang kankere ea matšoafo, ho kula hoa pelo le mafu a sa tšoaneng a matšoafo. Na ho sebelisa litlhahisoa tse joalo tse lemalloang le tse kotsi ho bontša ho hlompha mpho ea bophelo?
20, 21. (a) Na ’nete ea hore Bibele ha e nyatse mekhoa e joalo ka mabitso e bolela hore e lokile kaofela? (b) Ke melao-metheo efe ea Bibele e bontšang hore mekhoa e joalo ha e na sebaka bophelong ba mohlanka oa Molimo?
20 Motho a ka ’na a bolela hore lintho tsena tsohle li entsoe ke Molimo. Ke ’nete, empa ho joalo le ka khoaeane. Empa leha ho le joalo mefuta e meng e ipakile hore e-ea bolaea ha e jeoa. E mong a ka ’na a re Bibele ha e nyatse mekhoa e joalo ka ho toba. Che, empa, joalokaha re se re bone, ho na le lintho tse ngata tseo Bibele e sa li nyatseng ka ho toba empa ho totobetse hore li phoso. Ha ho kae kapa kae moo Bibele e hanelang ho sebelisa karolo e kamorao ea serapa sa moahelani oa motho joaloka thotobolo. Empa leha ho le joalo taelo ea eona ea ho “rata oa heno joale ka ha u ithata” e lokela ho lekana hore mang kapa mang ho rōna a hlokomele hore na e ka ba phoso e kaakang ho etsa joalo. Ka ho tšoanang, ho tsuba ho bontša ho haelloa ke lerato, kaha mosi o ka ’na oa khopisa ba bang ’me o ka ba oa senya le bophelo ba bona.—Mattheu 22:39.
21 Ho 2 Ba-Korinthe 7:1 Lentsoe la Molimo le re bolella hore ‘re itlhatsoe litšila tsohle tsa nama le tsa moea re ntse re phetha khalalelo ea rōna ka ho tšaba Molimo.’ Hore ntho e ‘halalele’ ho bolela hore e “hloeke, e hloke letheba, e se ke ea silafala.” Jehova o ipoloka a sa silafala, ho se mohla a itheolang hore a etse ka mokhoa o sa halaleleng. Ka nepo o re lebelletse hore re tsoelepele ho ‘phetha khalalelo’ ho isa moo ho khonehang bakeng sa batho. (Ba-Roma 12:1) Hape, o re lebelletse hore re ‘mo rate ka lipelo tsa rōna tsohle, meea ea rōna, likhopolo tsa rōna le matla a rōna.’ Empa motho a ka etsa hona joang haeba a kopanela mekhoeng e silafatsang ’mele oa hae, e senyang bophelo ba hae, le e khutsufatsang bophelo ba hae?—Mareka 12:29, 30.
22. Ke eng e ka nolofaletsang motho hore a khaotse ho itsetsepela hoo mekhoa e joalo e mebe e nang le hona ho eena?
22 Le hoja mokhoa o le mong kapa e meng e joalo e ka ’na ea bonahala e itsetsepetse ho motho, a ka e hlōla ’me a lokoloha. Ho tseba Molimo le merero ea oona ho fana ka tšusumetso e matla bakeng sa ho etsa joalo. Motho a ka ‘nchafatsoa matleng a sebelisang kelello ea hae.’ (Ba-Efese 4:23) Hona ho tla bula tsela e ncha ea bophelo e fellang ka ho khotsofala hoa botho le e hlomphang Molimo.
Ho Hlompha Bophelo Joalokaha bo Emeloa ke Mali
23. (a) Molimo o ile oa ananela tšebeliso efe feela ea mali molaong oa oona ho Iseraele? (b) Ke hobane’ng ha se boleloang ke mahlabelo ao se lokela ho re etsa hore re nahane ka hloko ka thato ea Molimo tabeng ee?
23 Mali a rōna, le oona, a tšoaneloa ke ho nahaneloa ha re bua ka bophelo. Molimo o khethile mali a batho le a liphoofolo e le tšoantšetso ea bophelo. Hona ho totobala molaong oo a o fileng Noe ’me hamorao a o fa sechaba sa Iseraele. Ho ne ho amoheleha feela hore mali a sebelisoe sehlabelong. (Genese 9:3, 4; Levitike 17:10-14) Mahlabelo kaofela a ne a tšoantšetsa sehlabelo se le seng sa Jesu, seo ka sona a tšolotseng mali a bophelo ba hae molemong oa batho. (Ba-Heberu 9:11-14) Hona ka bohona ho lokela ho re etsa hore re fane ka tlhokomelo e khethehileng thatong ea Molimo tabeng ena.
24. Liketso 15:28, 29 e re’ng mabapi le pono eo Bakreste ba lokelang ho ba le eona ka tšebeliso ea mali?
24 Na thibelo ea Molimo mabapi le tšebeliso ea mali e sa ntsane e sebetsa bakeng sa Bakreste ba ’nete? E, joalokaha ho bontšitsoe ke polelo ea molao e ileng ea etsoa ke baapostola le baholo ba bang ba phutheho ea Bokreste ea lekholo la pele la lilemo. Tlas’a tataiso ea moea oa Molimo, ba ngola: “Ho hopotsoe ke Moea o Halalelang le ke rōna, hore re se ke ra le jarisa boima bo fetisang, ha e se ba litaba tsena tse tšoanelang, e leng ho tela tse hlabetsoeng melimo, le mali, le tse fenethiloeng [kahoo, li sa ntšoa mali], le bofebe; ha le itima lintho tseo, e tla ba le etsa hantle.”—Liketso 15:28, 29.
25. Lefatše le bontša ka mekhoa efe hore le hlompholla thato ea Molimo mabapi le tšebeliso ea mali?
25 Batho ba bangata ba hlokomoloha thato ea Molimo mabapi le mali. Ba a sebelisa lijong, ka merero ea bongaka, le litlhahisoeng tsa khoebo. Empa hona ha hoa lokela ho re makatsa, kaha lefatše le hlompha mpho ea bophelo hanyenyane haholo. Leha ho le joalo, haeba re ananela bophelo le hore re ikarabella ho Molimo, re ke ke ra hlokomoloha thato ea oona kapa ra o khopisa ka ho tlōla melao ea oona.
26, 27. Ke hobane’ng ha boiteko ba ho boloka bophelo ba motho ba hona joale ka ho se utloe Molimo bo bontša ho o hlompholla?
26 Kahoo, le hoja re lokela ho ameha ka bophelo ba rōna le ho batla ho sireletsa bophelo ba rōna, ho na le meeli eitseng e lokelang ho eloa hloko. Jesu o hlakisitse hona ha a re: “Ea ratang bophelo [kapa moea] ba hae, o tla lahleheloa ke jona; empa ea hloeang bophelo ba hae lefatšeng lena, o tla bo bolokela bophelo bo sa feleng.”—Johanne 12:25.
27 Haeba e le taba ea ho talimana le lefu ka lebaka la ho utloa Molimo kapa ho o hlompholla ho qoba lefu, mohlanka oa Molimo o tla ikhethela lefu ho e-na le ho se utloe. Jesu a ka be a ile a pholoha lefu ka ho se utloe Molimo. Empa ha aa ka a ho etsa. ’Me batho ba pele ho eena ba ne ba bontšitse boinehelo bo joalo bo sa senyeheng ho Molimo. (Mattheu 26:38, 39, 51-54; Ba-Heberu 11:32-38) Ha baa ka ba lumella hore bophelo ba bona ba hona joale bo eme tseleng ea hore ba tšoanelehele bophelo bo sa feleng.
28. Ka ho hlaolela kananelo bakeng sa pono ea Bibele ka bophelo, re lokisetsa eng?
28 Na ke kamoo le uena u talimang bophelo kateng? Na u ananela hore hore bophelo bo be le seo bo se bolelang kannete, u tlameha ho bo phela tumellanong le thato ea Molimo? Ho hlaolela pono eo hona joale ke karolo ea ho lokisetsa bophelo Tsamaisong e Ncha ea Molimo. Ka nako eo re tla ikutloa re le ba sireletsehileng le ba bolokehileng hakaakang, kae kapa kae le ka nako efe kapa efe, re tseba hore bohle ba phelang lefatšeng ba hlompha kannete mpho ea Molimo ea bophelo!