Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • br78 maq. 26-31
  • Lipotso tse Atisang ho Botsoa ke Batho ba Khahlehang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso tse Atisang ho Botsoa ke Batho ba Khahlehang
  • Lipaki tsa Jehova Lekholong la Mashome a Mabeli la Lilemo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lipotso Tse Atisang ho Botsoa ke Batho ba Thahasellang
    Lipaki Tsa Jehova—Ke Bo-mang? Li Lumela Eng?
  • Lipaki tsa Jehova
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Borapeli Boo Molimo a bo Amohelang
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Ho Khutlela ho Molimo oa ’Nete
    Moloko oa Batho o Batla Molimo
Bala Tse Ling
Lipaki tsa Jehova Lekholong la Mashome a Mabeli la Lilemo
br78 maq. 26-31

Lipotso tse Atisang ho Botsoa ke Batho ba Khahlehang

Lipotso tse ling li atisa ho hlaha hangata ho feta tse ling. Mona ho hlahlobjoa tse seng kae tsa tsona.

Haeba Molimo o lerato, ke hobane’ng ha o lumelletse bokhopo?

Molimo o lumella bokhopo, ’me ba limillione lefatšeng ba bo etsa ka boomo. Ka mohlala, ba phatlalatsa lintoa, ba lihela libomo holim’a bana, ba senya lefatše ’me ba baka litlala. Ba limillione baa tsuba ’me ba tšoaroa ke kankere ea matšoafo, baa feba ’me ba tšoaroa ke mafu a litšila, ba sebelisa joala ka mokhoa o feteletseng ’me ba tšoaroa ke lefu la sebete, joalo-joalo. Batho ba joalo ha e le hantle ha ba batle ha bokhopo bohle bo khaotsa. Ba batla feela ha likahlolo tsa bona li tlosoa. Ha ba kotula seo ba se jetseng, baa bokolla, “’Na hobane’ng?” ’Me ba bea Molimo molato, joalokaha Liproverbia 19:3 e bolela: “Booatla ba motho bo senya bophelo ba hae, ’me joale o jarisa Morena molato.” (The New English Bible) ’Me haeba Molimo o emisa bobe ba bona ba ne ba tla ipelaetsa ka hore ba lahlehetsoe ke bolokolohi ba ho bo etsa!

Lebaka le ka sehloohong la Jehova bakeng sa ho lumella bobe ke ho arabela phephetso ea Satane. Satane Diabolose o itse Molimo o ne o ke ke oa bea batho lefatšeng ba neng ba tla tšepahala ho Oona tlas’a teko. (Jobo 1:6-12; 2:1-10) Jehova o lumella Satane hore a ’ne a be teng ho ba le monyetla oa ho paka phephetso ea hae. (Bapisa Exoda 9:16.) Hona joale Satane o tsoela pele ho tlisa bomalimabe, ho etsa hore batho ba furalle Molimo, ha a leka ho paka phephetso ea hae. (Tšenolo 12:12) Leha ho le joalo, Jobo o ile a tšepahala. Jesu o tšepahetse. Bakreste ba ’nete baa tšepahala hona joale.—Jobo 27:5; 31:6, NW; Mattheu 4:1-11; 1 Petrose 1:6, 7.

Ke rata ho lumela paradeise ea lefatšeng moo batho ba tla phela ka ho sa feleng, empa na hoo ha ho hotle haholo hore ho ka etsahala?

E seng ho latela Bibele. Ho bonahala ho le hotle hoo e kang ho ke ke ha etsahala feela hobane batho ba tsebile bobe ka makholo-kholo a lilemo. Jehova o bōpile lefatše ’me a bolella batho hore ba le tlatse ka banna le basali ba lokileng ba neng ba tla hlokomela bophelo ba limela le ba liphoofolo tsa lona le ho boloka botle ba lona ho e-na le ho le senya. (Bona leqephe 12 le 17.) Ho e-na le hore paradeise eo e tšepisitsoeng e be e ntle haholo hore e ka ba teng, boemo bo teng ba bomalimabe bo bobe haholo hore bo ka tsoela pele. Paradeise e tla bo nkela sebaka.

Ho lumela litšepiso tsena hase taba ea ho lumela ntle ho mabaka. “Tumelo e fela e tla ka ho utloa.” Ka ho ithuta Lentsoe la Molimo, bohlale ba lona boa totobala ’me tumelo ea hōla.—Ba-Roma 10:17; Ba-Heberu 11:1.

Nka arabela batho ba somang le ba reng Bibele ke tšōmo le hore hase ea mahlale joang?

Liepolloa tsa Bibele li tiisa boholo ba ho nepahala ha histori ea Bibele. Thuto ea mahlale ea ’nete e lumellana le Bibele. Linnete tsena tse latelang e ne e le khale li le teng ka Bibeleng pele li sibolloa ke liithuti tsa kajeno: ho latellana ha mehato eo lefatše le fetileng ho eona liphetohong tsa lona, hore lefatše le lechitja, hore le leketla sebakeng le hore linonyana lia falla.—Genese khaol. 1; Esaia 40:22; Jobo 26:7; Jeremia 8:7.

Pululelo ea Bibele e bontšoa ka boprofeta bo phethahalitsoeng. Daniele o profetile e sa le pele ka ho phahama le ho oa ha mebuso ea lefatše, le nako eo Messia a neng a tla tla ka eona le ho bolaoa ka eona. (Daniele khaol. 2 le 8; 9:24-27) Kajeno boprofeta bo bong bo ntse bo phethahala, bo khetholla mehla ena e le ‘mehla ea qetello.’ (Mattheu khaol. 24; 2 Timothea 3:1-5) Tsebo e joalo e tlang pele ha e matleng a motho. (Esaia 41:23) Bakeng sa tiiso e eketsehileng, bona libuka tsa Watch Tower Is the Bible Really the Word of God? le Life—How Did It Get Here? By Evolution or by Creation?

Nka khona joang ho arabela lipotso tsa Bibele?

U tlameha ho ithuta Bibele le ho e thuisa, ka nako e tšoanang u kōpa moea oa Molimo ho u tataisa. (Liproverbia 15:28; Luka 11:9-13) Bibele e re: “Ha e mong ho lōna a hloka bohlale, a bo kōpe ho Molimo, o sitsang bohle ka phano e kholo, o se na ho khanana, ’me o tla bo neoa.” (Jakobo 1:5) Hape, ho na le lithuso tsa ho ithuta Bibele tseo ho leng molemo ho li hloela. Hangata thuso e tsoang ho ba bang ea hlokahala, joalokaha Filippi a ile a ithuta le Moethiopia. (Liketso 8:26-35) Lipaki tsa Jehova li khanna lithuto tsa Bibele le batho ba thahasellang malapeng a bona ntle ho tefello. Ikutloe u lokolohile ho batla tšebeletso ena.

Ke hobane’ng ha ba bangata ba hanyetsa Lipaki tsa Jehova ’me ba mpolella hore ke se ke ka ithuta le tsona?

Boboleli ba Jesu bo ne bo hanyetsoa, ’me o ile a bolela hore le balateli ba hae ba ne ba tla hanyetsoa. Ha ba bang ba ne ba hloletsoe ke thuto ea Jesu, bahanyetsi ba bolumeli ba fetola: “Hleka le lōna le thetsitsoe na? Ke mang ho baholo le ho bafarisi ea lumetseng ho eena?” (Johanne 7:46-48; 15:20) Ba bangata ba u eletsang hore u khaotse ho ithuta le Lipaki ba filoe letsoho ka ntle kapa ba na le leeme. Ithute le Lipaki ’me u iponele hore na kutloisiso ea hao ea Bibele ea eketseha kapa che.—Mattheu 7:17-20.

Ke hobane’ng ha Lipaki li etela batho ba nang le bolumeli ba bona?

Ka ho etsa sena li latela mohlala oa Jesu. O ile a ea ho Bajode. Bajode ba ne ba e-na le bolumeli ba bona, empa ka litsela tse ngata bo ne bo khelohile Lentsoe la Molimo. (Mattheu 15:1-9) Lichaba tsohle li na le malumeli a mofuta o mong, ho sa tsotellehe hore na a bitsoa a Bokreste kapa che. Ke habohlokoa haholo bakeng sa batho ho itšoarella litumelong tse lumellanang le Lentsoe la Molimo, ’me boiteko ba Lipaki ba ho ba thusa ho etsa sena bo bontša lerato la boahelani.

Na Lipaki li lumela hore bolumeli ba tsona ke bona feela bo nepahetseng?

Mang le mang ea nahanang ka ho teba ka bolumeli ba hae o lokela ho nahana hore ke bona bo nepahetseng. Ho seng joalo, ke hobane’ng ha a ka tšoareha ho bona? Bakreste baa eletsoa: “Kholisehang ka lintho tsohle; tiisetsang ho se nepahetseng.” (1 Ba-Thessalonika 5:21, NW) Motho o lokela ho kholiseha hore litumelo tsa hae li ka tšehetsoa ke Mangolo, hobane ho na le tumelo e le ’ngoe feela ea ’nete. Ba-Efese 4:5 e tiisa sena, ha e bolela hore “morena o mong, tumelo e ’ngoe, le kolobetso e ’ngoe.” Jesu ha a ka a lumellana le maikutlo a kajeno a lokolohileng a hore ho na le litsela tse ngata, malumeli a mangata, tseo kaofela li isang pholohong. Ho e-na le hoo, o itse: “Monyako oa bophelo o patisane, le tsela e eang teng e tšesane, ’me ba e fumanang ha ba bakae.” Lipaki tsa Jehova li lumela hore li e fumane. Ho seng joalo, li ne li tla batla bolumeli bo bong.—Mattheu 7:14.

Na li lumela hore ke tsona feela tse tla pholosoa?

Che. Ba limillione tse ngata ba phetseng makholo a lilemo a fetileng le bao e neng e se Lipaki tsa Jehova ba tla khutla ka tsoho ’me ba be le monyetla oa bophelo. Ba bangata ba phelang hona joale ba ka ’na ba emela ’nete le ho loka pele ho ‘mahlomola a maholo,’ ’me ba tla pholoha. Ho feta moo, Jesu o boletse hore ha rea lokela ho ahlolana. Re talima tšobotsi; Molimo o talima pelo. O bona hantle, o ahlola ka mohau. O beile kahlolo matsohong a Jesu, e seng a rōna.—Mattheu 7:1-5; 24:21.

Ke menehelo ea mofuta ofe ea chelete e lebelletsoeng ho ba eang libokeng tsa Lipaki tsa Jehova?

Mabapi le menehelo ea lichelete, moapostola Pauluse o itse: “E mong le e mong a ntše kamoo a seng a lekantse pele pelong ea hae; e seng ka ho soaba, leha e le ka ho khannoa; hobane Molimo o rata ea fanang a thabile.” (2 Ba-Korinthe 9:7) Liholong tsa ’Muso le mabaleng a likopano tsa Lipaki tsa Jehova ha ho mohla ho nkuoang likoleke. Ho beoa mabokose e le hore ho ka ba bonolo hore mang kapa mang ea lakatsang a ka etsa monehelo. Ha ho ea tsebang seo ba bang ba fanang ka sona. Ba bang ba khona ho fana ho feta ba bang; ba bang ba ka ’na ba hlōleha ho fana. Jesu o bontšitse pono e nepahetseng ha a hlalosa ka lebokose la letlole tempeleng Jerusalema le bao ba etsang monehelo: ke matla a motho a ho fana le moea oa ho fana tseo e leng tsa bohlokoa, e seng chelete e fanoeng.—Luka 21:1-4.

Haeba ke e-ba e mong oa Lipaki tsa Jehova, na ke tla lebelloa ho bolela joalokaha li etsa?

Ha motho a tletsoe ke tsebo ea paradeise e tšepisitsoeng ea lefatšeng tlas’a ’Muso oa Kreste, motho eo o batla ho e arolelana le ba bang. Le uena u tla ho etsa. Ke litaba tse molemo!—Liketso 5:41, 42.

Ho etsa sena ke tsela ea bohlokoa ea ho bontša hore u morutuoa oa Jesu Kreste. Ka Bibeleng Jesu o bitsoa “paki e tšepehang, ea ’nete.” Ha a le lefatšeng o ile a bolela, a re: “’Muso oa maholimo o atametse.” ’Me a roma barutuoa ba hae ho etsa se tšoanang. (Tšenolo 3:14; Mattheu 4:17; 10:7) Hamorao, Jesu a laela barutuoa ba hae: “E-eang ke hona, le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, . . . le ba rute.” O boetse a profeta hore pele bofelo bo e-tla, “evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle.”—Mattheu 28:19, 20; 24:14.

Ho na le litsela tse ngata tsa ho bolela litaba tsena tse molemo. Hangata ho buleha tsela ea hore u ka buisana le metsoalle le bao u tloaelaneng le bona. Ba bang ba ho etsa ka ho ngola mangolo kapa ba sebelisa mohala. Ba bang ba romela libuka tse nang le boitsebiso boo ba nahanang hore eo ba tloaelaneng le eena o tla bo thahasella haholo. Ka takatso ea ho se phonyohuoe ke mang kapa mang, Lipaki li ea ka ntlo le ntlo ka molaetsa ona. U ka ’na ua lakatsa ho tsamaea le e mong oa tsona.

Bibele e na le memo ena e mofuthu: “Moea le monyaluoa ba re: Tlo! Le ea utloang a ke a re: Tlo! Le ea nyoriloeng a a tle; le ea ratang, a nke feela metsi a bophelo.” (Tšenolo 22:17) Ho bolella ba bang ka lefatše la paradeise le mahlohonolo a lona ho lokela ho etsoa ka boithatelo, ho tsoa pelong e tletseng takatso ea ho arolelana litaba tsena tse molemo.

Rea tiisa hore u na le lipotso tse ling ka Lipaki tsa Jehova le litumelo tsa tsona. Mohlomong tse ling tsa tsona, boleng ba tsona, ke tsa khanyetso. Re tla rata ho li arabela. Sebaka se senyenyane bukaneng ena; kahoo re u kōpa hore u botse Lipaki tse sebakeng sa heno, e-bang ke Holong ea tsona ea ’Muso libokeng kapa ha li u etetse lapeng ha hao. Kapa, u ka ’na ua romela lipotso tsa hao ho Mokhatlo oa Watch Tower, ofising ea lekala e haufi le uena; bona lethathamo le ka tlaase.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela