Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • rs leq. 362-leq. 366
  • Pholiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Pholiso
  • Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Haeba e Mong a Re—
  • Kamoo Tumelo e ka Thusang ba Kulang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Ho Folisoa ha Moloko oa Batho ka Mohlolo ho Atametse
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • ‘Ho Folisa ka Mohlolo’ Kajeno—Na ho Etsoa ka Matla a Molimo?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Na Lipaki Tsa Jehova li folisa Batho ka Mohlolo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
Bala Tse Ling
Ho Bea Mabaka ka Mangolo
rs leq. 362-leq. 366

Pholiso

Tlhaloso: Ho etsa hore motho ea neng a kula ’meleng, kelellong kapa moeeng a phele hantle. Baprofeta ba bang ba Baheberu ba pele ho Bokreste hammoho le Jesu Kreste le litho tse itseng tsa phutheho ea pele ea Bokreste, moea oa Molimo o ile oa ba nolofaletsa ho folisa ka mohlolo.

Na ho folisa ka mohlolo mehleng ea rōna ho etsoa ka moea oa Molimo?

Na matla a ho etsa mehlolo a ka tsoa mohloling o mong ntle ho Molimo oa ’nete?

Moshe le Aarone ba ile ba hlaha ka pel’a Faro oa Egepeta ho kōpa hore Iseraele e lumelloe ho ea lefeelleng ho ea etsetsa Jehova mahlabelo. E le bopaki ba hore ba tšehelitsoe ke Molimo, Moshe a laela Aarone hore a lahlele lere la hae fatše ’me la fetoha noha e khōlō. Mohlolo oo o ile oa etsoa ka matla a Molimo. Empa joale baprista ba etsang mehlolo ba Egepeta ba lahlela mare a bona fatše ’me le oona, a fetoha linoha tse khōlō. (Ex. 7:8-12) Ba entse mohlolo oa bona ka matla a mang?—Bapisa Deuteronoma 18:10-12.

Lekholong la bo20 la lilemo ho na le pholiso e etsoang ka tumelo litšebeletsong tse tsamaisoang ke baruti ba Bokreste-’mōtoana. Har’a malumeli ao e seng a Bokreste ho na le baprista ba voodoo, bo-ngakana-ntšonyana, bafolisi le ba bang ba ntseng ba folisa; hangata ba sebelisa malepa le bonohe. Bafolisi ba bang ba mehlolo ba bolela hore lipholiso tsa bona ha li amane kae kapa kae le bolumeli. Mabakeng ana kaofela, na matla a ho folisa a tsoa ho Molimo oa ’nete?

Matt. 24:24: “Ho tla hlaha bo-Kreste ba bohata, le baprofeta ba bohata, ’me ba tla etsa mehlolo e meholo le meeka e ka thetsang le bona bakhethoa, hola ke ntho e ka etsoang.”

Matt. 7:15-23: “Phemang baprofeta ba bohata, . . . Tsatsing leo, ba bangata ba tla re ho ’na: Morena, Morena, na ha rea ka ra profeta ka lebitso la hao na? Na ha rea ka ra leleka bademona ka lebitso la hao na? Na ha rea ka ra etsa mehlolo e mengata ka lebitso la hao na? Mohlang oo, ke tla ba bolella pepeneneng, ke re: Ha kea ka ka le tseba le mehla; ntloheleng, lōna ba sebetsang bokhopo.”

Na lipholiso tsa hang tsa mehleng ea rōna li etsoa ka tsela e tšoanang le lipholiso tsa mohlolo tsa Jesu le barutuoa ba hae ba pele?

Tefello ea litšebeletso: “Folisang ba kulang, le tsose bafu, le ntlafatse ba-lepera, le lahlele bademona ntle; le neiloe feela, neang feela.” (Matt. 10:8) (Na kajeno bafolisi ba etsa joalo—ba fana feela, joalokaha Jesu a laetse?)

Tekanyetso ea katleho: “Bongata bohle bo ne bo rata ho mo [Jesu] ama, hobane matla a na a e-tsoa ho eena, a folisang bohle.” (Luka 6:19) “Ha ba ha tlisoa ba kulang literateng, ba beoa malaong le liphateng, hore, etlere Petrose ha a feta, ba bang har’a bona ba mpe ba sireloe ke seriti sa hae. Le batho ba metse e ka mathōko ba ne ba e-tla Jerusalema ka bongata, ba tlisa ba kulang le ba tšoenngoang ke meea e litšila; ’me ba ne ba folisoa bohle.” (Lik. 5:15, 16) (Mehleng ea rōna, na ke bohle ba eang ho lingaka tsa tumelo kapa litempelaneng tsa bolumeli ba batla pholiso ba folang?)

Na tsela eo litho tsa mekhatlo eo ‘bafolisi’ e leng karolo ea eona li phelang ka eona e fana ka bopaki ba hore li na le moea oa Molimo?

E le sehlopha na li bontša ka ho hlakileng litholoana tsa moea tse kang lerato, sebete, bonolo le boitšoaro?—Ba-Gal. 5:22, 23.

Na ka ’nete ‘hase karolo ea lefatše,’ li qoba ho ameha hohle litabeng tsa lipolotiki tsa lefatše? Na li lutse li hloekile molatong oa mali nakong ea ntoa? Na li na le botumo bo botle ka lebaka la ho qoba boitšoaro bo litšila ba lefatše?—Joh. 17:16; Esa. 2:4; 1 Ba-Thess. 4:3-8.

Na kajeno Bakreste ba ’nete ba khetholloa ka matla a ho folisa ka mohlolo?

Joh. 13:35: “Seo bohle ba tla tseba hobane le barutuoa ba ka ka sona, ke ha le ratana.” (Ke se boletsoeng ke Jesu. Haeba re mo kholoa e le ka ’nete, re sheba lerato, e seng ho folisa ka mohlolo, e le bopaki ba Bokreste ba ’nete.)

Lik. 1:8: “Le tla fuoa matla mohla Moea o Halalelang o tlang ho lōna, ’me le tla ba lipaki tsa ka . . . ho isa pheletsong ea lefatše.” (Pejana a siea baapostola ba hae ho khutlela leholimong, Jesu a ba bolella hore hona, e seng ho folisa, e ne etlaba mosebetsi oa bohlokoa oo ba neng ba tla o etsa. Bona le Mattheu 24:14; 28:19, 20.)

1 Ba-Kor. 12:28-30: “Bao Molimo o ba beileng Kerekeng, pele ke baapostola, ba bobeli ke baprofeta, ba boraro ke baruti, ho ntoo ba ba mehlolo, le lineo tsa pholiso, le litšebeletso, le litsamaiso, le mefuta ea lipuo. Na bohle ke baapostola? Na bohle ke baprofeta? Na bohle ke baruti? Na bohle ba na le neo ea mehlolo? Na bohle ba na le lineo tsa pholiso?” (Kahoo, ka ho hlakileng Bibele e bontša hore hase Bakreste bohle ba ’nete ba neng ba tla ba le neo ea ho folisa.)

Na Mareka 16:17, 18 ha e bontše hore matla a ho folisa ba kulang e ne e tla ba pontšo ea ho tsebahatsa balumeli ba ’nete?

Mar. 16:17, 18: “Mehlolo e tla tsamaea le ba lumetseng ke eona ena: ba tla leleka bademona ka lebitso la ka: ba tla bua lipuo tse ncha; ba tla tšoara linoha, ’me leha ba noele ntho e ka ba bolaeang, ha e ka ke ea ba etsa letho; ba tla bea matsoho holim’a ba kulang, ’me ba tla fola.”

Litemana tsena li hlaha meqolong e meng ea Bibele e ngotsoeng ka letsoho le liphetolelong tsa makholo a lilemo la bohlano le la botšelela C.E. Empa ha li hlahe meqolong ea pejana ea Segerike e ngotsoeng ka letsoho, Sinaiticus le Vatican MS 1209 tsa lekholong la bone la lilemo. Dr. B. F. Westcott, setsebi meqolong e ngotsoeng ka letsoho ea Bibele, o bolela hore “litemana tsena . . . hase karolo ea litaba tsa pele empa ke keketso.” (An Introduction to the Study of the Gospels, London, 1881, leq. 338) Mofetoleli oa Bibele Jerome, lekholong la bohlano la lilemo o boletse hore “hoo e ka bang mangolo ’ohle a ngotsoeng ka letsoho a Segerike ha a na serapa sena.” (The Last Twelve Verses of the Gospel According to S. Mark, London, 1871, J. W. Burgon, leq. 53) New Catholic Encyclopedia (1967) e re: “Puo ea eona le mokhoa oa eona li fapane haholo le Molaetsa kaofela hoa oona hoo ho bonahalang ho le thata hore o qapiloe ke Mareka [ke hore, litemana 9-20].” (Moq. IX, leq. 240) Ha ho tlaleho ea hore Bakreste ba pejana ba ne ba e-noa mahloko kapa ba tšoara linoha ho paka hore ke balumeli.

Ke hobane’ng ha lineo tse joalo tse kang matla a ho folisa ka mehlolo li ile tsa neoa Bakreste ba lekholong la pele la lilemo?

Ba-Heb. 2:3, 4: “Ana re tla phonyoha joang, ha re sa hlokomele poloko e kalo, e neng e qale ho boleloa pele ke Morena, ea ntoo tiisoa ho rōna ke ba e utloileng, ha Molimo o ntse o omela hammoho le bona ka lipontšo, le meeka, le liketso tse ngata tse matla, le ka lineo tse ajoang ke Moea o Halalelang, kamoo o ratang kateng?” (Mona e ne e le bopaki bo kholisang, ka sebele, ba hore phutheho ea Bokreste, e neng e le ncha ka nako eo, ruri e ne e le ea Molimo. Empa hang ha hoo ho tiisitsoe ka botlalo, na ho ne ho tla hlokahala ho ho paka ka mokhoa o pheta-phetang?)

1 Ba-Kor. 12:29, 30; 13:8, 13: “Na bohle ke baprofeta? . . . Na bohle ba na le lineo tsa pholiso? Na bohle ba bua lipuo? . . . Lerato ha le ka ke la timela le ka mohla o le mong. Athe ha e le boprofeta, bo tla fela; leha e le lipuo, li tla lesa ho ba teng . . . ’Me joale, tse tharo tsena lia sala: tumelo, le tebello, le lerato; empa e kholo ho tsona ke lerato.” (Ha li phethile morero oa tsona, lineo tseo tsa mohlolo li ne li tla khaotsa. Empa litšoaneleho tsa bohlokoa tseo e leng tholoana ea moea oa Molimo li ne li tla ’ne li bonahale bophelong ba Bakreste ba ’nete.)

Hafeela motho a folile, na ho hlile hoa tsotelleha hore na ho entsoe joang?

2 Ba-Thess. 2:9, 10: ‘Molotsana eo ho tla ha hae ho leng ka tšebetso ea Satane, ka matla ’ohle [“mehlolo ea mefuta eohle,” JB], le ka lipontšo, le ka mehlolo ea bohata, le ka thetso eohle ea bokhopo ho ba timelang [‘e le kotlo,’ NW]; hobane ha ba ka ba amohela lerato la ho rata ’nete, ba tle ba bolokehe.’

Luka 9:24, 25: “Ea ratang ho boloka bophelo [“bophelo,” RS, JB, TEV; “moea (soul),” NW] ba hae, o tla timelloa ke bona; empa ea timelloang ke bophelo ba hae ka baka la ka, ke eena ea tla bo boloka. Molemo ho motho e ka ba eng, leha a rua lefatše kaofela, ha a itimetsa, leha a itahla?”

Tšepo ke efe ea ho folisoa ka sebele ho kuleng hohle?

Tšen. 21:1-4: “Eaba ke bona leholimo le lecha le lefatše le lecha; hobane leholimo la pele le lefatše la pele li ne li fetile, . . . Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile.”

Esa. 25:8: “O tla felisa lefu ka ho sa eeng kae; Morena Jehova o tla felisa meokho lifahlehong tsohle.” (Le Tšenolo 22:1, 2)

Esa. 33:24: “Ha ho motho ea . . . tla re: Ke bohloko.”

Haeba e Mong a Re—

‘Na u lumela pholiso?’

U ka ’na ua arabela: ‘Mang le mang ea sa lumeleng hore Molimo o na le matla a ho folisa ha a lumele Bibele. Empa ke ipotsa feela hore na ebe kajeno batho ba ho etsa ka tsela e nepahetseng.’ ’Me mohlomong u ka eketsa: (1) ‘E re ke u balle lengolo, ’me u bone hore na u lemoha mokhoa o fapaneng haholo mehleng ea rōna. (Matt. 10:7, 8) . . . Na le uena u hlokometse ho hong mona hoo Jesu a itseng barutuoa ba hae ba ne ba ka ho etsa empa e le hoo bafolisi ba kajeno ba sa khoneng ho ho etsa? (Ba ke ke ba tsosa bafu.)’ (2) ‘Ha re baahloli ba batho ba bang, empa hoa hlokomeleha hore Mattheu 24:24 e bolela ho hong hoo ho hlokahalang hore re itebele khahlanong le hona.’

Kapa u ka re: ‘Ka sebele ke lumela hore seo Bibele e se buang ka ho folisa ke ’nete. Empa ho folisa leha e le hofe ho etsoang tsamaisong ena ea lintho ho tlisa melemo ea nakoana feela, na ha ho joalo? Qetellong bohle rea shoa. Na ho tla ke ho be le nako eo ka eona e mong le e mong ea phelang a tla ke a thabele ho phela hantle, ho sa hlokahale hore a shoe le ka mohla? (Tšen. 21:3, 4)’

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela