Satane Diabolose
Tlhaloso: Sebopuoa sa moea seo e leng sera se seholo sa Jehova Molimo le sa bohle ba rapelang Molimo oa ’nete. O reiloe lebitso la Satane ka lebaka la ho fetoha mohanyetsi oa Jehova. Satane hape o tsejoa e le Diabolose, hobane ke moetselletsi ea ka sehloohong oa Molimo. Satane o hlalosoa e le noha ea khale, ka ho hlakileng ka lebaka la hore a sebelise noha Edeneng hore a thetse Eva, ’me ka lebaka lena “noha” ea tsebahatsa “mothetsi.” Bukeng ea Tšenolo, Satane o boetse o sebelisetsoa tšoantšetso ea drakone e harolang.
Re ka tseba joang hore na motho ea joalo oa moea o hlile o teng?
Bibele ke mohloli o moholo oa bopaki. Mono nako le nako o bitsoa ka lebitso (Satane ka makhetlo a 52, Diabolose ka makhetlo a 33). Teng ho boetse ho tlalehiloe bopaki ba paki e boneng ka mahlo hore Satane o teng. Paki ee e boneng ka mahlo ke mang? Jesu Kreste, ea phetseng leholimong pele a e-tla lefatšeng, nako le nako o ne a bitsa eo e mobe ka lebitso.—Luka 22:31; 10:18; Matt. 25:41.
Seo Bibele e se buang ka Satane Diabolose se na le kelello. Bobe boo batho ba bo utloang bo phahame haholo bakeng sa bolotsana ba batho ba amehang. Tlhaloso ea Bibele ea qaleho ea Satane le liketso tsa hae li hlakisa hore na ke hobane’ng ha, ho sa tsotellehe takatso ea ba bangata ea ho phela ka khotso, batho ba tlakiloe ke lehloeo, pefo, ntoa ka likete-kete tsa lilemo le hore na ke hobane’ng ha tsena li fihlile bophahamong bo bokana hoo li tšosang hore li ka timetsa batho bohle.
Haeba ruri Diabolose a ne a le sieo, ho ananela seo Bibele e se buang ka eena ho ne ho ke ke hoa tlisetsa motho molemo oa kamehla. Leha ho le joalo, mabakeng a mangata, batho ba neng ba qoetse boloing kapa ba neng ba le lihlopheng tse sebelisanang le meea e mebe ba tlaleha hore ka nako eo ba ne ba tepeletse haholo ka lebaka la ho utloa “mantsoe” a tsoang moo ho sa bonahaleng, ba “tlamiloe” ke libopuoa tse phahametseng batho, jj. Ba ile ba lopoloha ka sebele ha ba ithuta seo Bibele e se buang ka Satane le bademona ba hae, ba sebelisa keletso ea Bibele ho nena mekhoa ea ho sebelisana le meea e mebe, ’me ba batla thuso ea Jehova ka thapelo.—Bona maqephe 422-427, tlas’a sehlooho “Tšebelisano le Meea e Mebe.”
Ho lumela hore Satane o teng ha ho bolele ho amohela maikutlo a hore o na le manaka, mohatla o chorileng, le fereko e telele le hore o halika batho mollong oa lihele. Bibele ha e hlalose Satane joalo. Hoo ke tholoana ea likelello tsa baetsi ba litšoantšo ba boholo-holo ba neng ba susumelitsoe ke litšoantšo tsa litšōmo tsa Bagerike tsa molimo Pan le Inferno e ngotsoeng ke seroki sa Motaliana Dante Alighieri. Ho e-na le hore Bibele e rute mollo oa lihele, e hlakisa hore “bafu ha ba tsebe letho leha le le leng.”—Moek. 9:5.
Na ebe Satane ke bobe feela bo ka ho batho?
Jobo 1:6-12 le 2:1-7 e bolela ka lipuisano pakeng tsa Jehova Molimo le Satane. Haeba Satane e ne e le bobe bo ka ho motho, tabeng ena bobe e ne etlaba bo ka ho Jehova. Empa hoo ho hanana ka ho feletseng le seo Bibele e re bolellang sona ka Jehova hore ke Eo ‘ho seng bokhopo ho eena.’ (Pes. 92:15; Tšen. 4:8) Hoa hlokomeleha hore lengolo la Seheberu le sebelisa lentsoe has·Sa·tanʹ (Satane, e nang le lebopi-khetho the, ka Senyesemane) litlalehong tse ho Jobo, e bontša hore ho buuoa ka eo ka ho totobetseng e leng mohanyetsi oa Molimo.—Bona le Zakaria 3:1, 2, botlaaseng ba leqephe ho khatiso ea Litšupiso ea NW.
Luka 4:1-13 e tlaleha hore Diabolose o ile a leka ho leka Jesu hore a etse thato ea hae. Tlaleho e bolela ka lipolelo tse ileng tsa etsoa ke Diabolose le likarabelo tse fanoeng ke Jesu. Na moo Jesu o ne a lekoa ke bobe bo ka ho eena? Maikutlo a joalo ha a lumellane le tlhaloso ea Bibele ea hore Jesu o ne a se na sebe. (Ba-Heb. 7:26; 1 Pet. 2:22) Le hoja ho Johanne 6:70 ho sebelisitsoe lentsoe la Segerike di·aʹbo·losʹ ho hlalosa tšobotsi e mpe e ileng ea hlaha ka ho Judase Iskariota, ho Luka 4:3 ho sebelisitsoe polelo ho di·aʹbo·los (Diabolose e nang le lebopi-khetho ho), kahoo ho khetholloa motho ea itseng.
Na ho jarisa Diabolose molato ke feela mokhoa o sebelisoang ka boiteko ba ho balehela boikarabelo bakeng sa maemo a mabe?
Batho ba bang ba jarisa Diabolose molato ka seo ba se etsang e le bona. Ha ho bapisoa, Bibele e bontša hore hangata batho ba jara boholo ba molato bakeng sa bobe boo ba bo utloang, e-bang ke matsohong a batho ba bang kapa ka lebaka la boitšoaro ba bona. (Moek. 8:9; Ba-Gal. 6:7) Leha ho le joalo, Bibele ha e-ea re siea re hloka tsebo ka boteng le maqiti a sera se phahametseng motho se tliselitseng batho mahlomola a mangata hakana. E bontša kamoo re ka tsoang tlas’a taolo ea hae kateng.
Satane o tsoile hokae?
Mesebetsi eohle ea Jehova e phethahetse; hase moqapi oa bokhopo; ka hona ha ho eo a ’mopileng a le khopo. (Deut. 32:4; Pes. 5:4) Eo e bileng Satane qalehong e ne e le mora ea phethahetseng oa moea oa Molimo. Ha a re Diabolose “ha aa ka a ema ’neteng,” Jesu o bontšitse hore ka nako e ’ngoe eo o ne a le “’neteng.” (Joh. 8:44, TLP) Empa, joalokaha e le ’nete ka libopuoa tsohle tsa Molimo tse bohlale, mora enoa oa moea o ne a filoe boikhethelo bo lokolohileng. O ile a sebelisa hampe bolokolohi ba hae ba ho khetha, a lumella boikutlo ba hore ke oa bohlokoa bo hole pelong ea hae, a qala ho lakatsa borapeli bo loketseng Molimo feela, eaba kahoo o eka Adama le Eva hore ba mo mamele ho e-na le ho utloa Molimo. Kahoo ka ketso ea hae a iketsa Satane, e bolelang “mohanyetsi.”—Jak. 1:14, 15; bona le leqephe 394, tlas’a sehlooho “Sebe.”
Ke hobane’ng ha Molimo o sa ka oa timetsa Satane hang kamor’a hore e be lerabele?
Satane o ile a hlahisa litseko tse tebileng: (1) Ho loka le ho lokela hoa borena ba Jehova. Na Jehova o ne a hanela batho bolokolohi bo neng bo tla tlatsetsa thabong ea bona? Na matla a hore batho ba laole litaba tsa bona ka katleho le ho phela ka ho tsoetseng pele li ne li hlile li itšetlehile ka hore ba utloe Molimo? Na Jehova o ne a hlokile botšepehi ka ho fana ka molao o neng o bolela hore ho se utloe ho tla etsa hore ba shoe? (Gen. 2:16, 17; 3:3-5) Kahoo, na Jehova o ne a hlile a e-na le tokelo ea ho busa? (2) Botšepehi ba libopuoa tse bohlale ho Jehova. Ka ho kheloha hoa Adama le Eva ho ile hoa hlaha potso: Na bahlanka ba Jehova ba ne ba hlile ba mo utloa ka lebaka la lerato kapa kaofela ba ne ba ka ’na ba furalla Molimo eaba ba latela ketello pele e fanoeng ke Satane? Tseko ena ea morao e ile ea hōlisoa ho ea pele ke Satane mehleng ea Jobo. (Gen. 3:6; Jobo 1:8-11; 2:3-5; bona le Luka 22:31.) Litseko tsena li ne li ke ke tsa lokisoa ka hore feela ho bolaoe marabele.
Hase hore Molimo o ne o batla ho ipakela ho hong. Empa hore litseko tsena ho se be mohla li tla boela li khathatsana le khotso le boiketlo ba bokahohleng, Jehova o lumelletse nako e ngata hore li lokisoe hoo ho ke keng hoa e-ba le pelaelo ho hang. Hore Adama le Eva ba ile ba shoa kamorao ho ho se utloe Molimo ho ile hoa totobala ka nako ea teng. (Gen. 5:5) Empa ho tsekoang ho ne ho le hongata. Ka hona, Molimo o lumelletse Satane le batho hore ba leke puso ea mofuta o mong le o mong eo ba iketselitseng eona. Ha ho e tlisitseng thabo ea kamehla. Molimo o lumelletse hore motho a fihle moo a felloang ha a phehella bophelo bo hlokomolohang litekanyetso tse lokileng tsa Oona. Tholoana e-ea ipuella. Joalokaha kannete Bibele e re: “Motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika [“mehato,” NW] tsa hae.” (Jer. 10:23) Le teng, Molimo o neile bahlanka ba oona monyetla oa ho paka botšepehi ba bona ho oona ka liketso tsa bona tsa kutlo e lerato, ’me sena se etsahala har’a likeko le mahloriso tse susumetsoang ke Satane. Jehova o khothatsa bahlanka ba hae, a re: “Mora oa ka, hlalefa, u nthabise pelo, ’me ke tla ba le puo ho fetola ba nkomanyang.” (Liprov. 27:11) Ba ipakang ba le khabane ba kotula melemo e meholo hona joale ’me ba lebelletse bophelo bo sa feleng phethehong. Ba tla sebelisa bophelo bo joalo ha ba etsa thato ea Jehova, eo ba ratang botho ba hae le litsela tsa hae kannete.
Satane ke sebopuoa se matla hakae lefatšeng la kajeno?
Jesu Kreste o buile ka eena e le “morena oa lefatše lena,” eo batho ka kakaretso ba mo utloang ka ho ela hloko likhothalletso tsa hae tsa hore ba hlokomolohe se hlokoang ke Molimo. (Joh. 14:30; Ba-Ef. 2:2) Bibele e boetse e mo bitsa “molimo oa lefatše lena,” o hlomphuoang ka mekhoa ea bolumeli ea batho ba khomaretseng tsamaiso ena ea lintho.—2 Ba-Kor. 4:4; 1 Ba-Kor. 10:20.
Ha a leka ho leka Jesu Kreste, ‘Diabolose a mo isa thabeng e telele, a ’montša mebuso eohle ea lefatše ka motsotso o le mong. Diabolose a re ho eena: Ke tla u nea borena boo bohle, le khanya ea mebuso eo, etsoe ke li neiloe, ’me ke li nea eo ke ratang ho mo nea. ’Me joale, uena, ha u khumama pel’a ka, tsohle e tla ba tsa hao.’ (Luka 4:5-7) Tšenolo 13:1, 2 e senola hore Satane o fana ka ‘matla, terone le borena bo boholo’ tsamaisong ea puso ea lefatše lohle ea lipolotiki. Daniele 10:13, 20 e senola hore Satane o bile le mahosana a bademona holim’a mebuso e meholo ea lefatše. Ba-Efese 6:12 e bua ka bona e le ‘mebuso, baholo, marena a lefifi la lefatše lena le meea e bolotsana e sebakeng sa leholimo.’
Hase feela 1 Johanne 5:19 e reng: “Lefatše lohle le rapaletse ka tlase ho e mobe.” Empa matla a hae ke a nakoana feela le ka mamello ea Jehova, eo e leng Molimo o Matla ’Ohle.
Satane o tla lumelloa ho khelosa batho halelele hakae?
Bakeng sa bopaki ba hore hona joale re phela mehleng ea qetello ea tsamaiso ea lintho e khopo ea Satane, bona maqephe 283-286, tlas’a “Matsatsi,” le sehlooho se seholo “Mehla ea Qetello.”
Tokisetso ea ho lopolloa tšusumetsong e khopo ea Satane, ka tšoantšetso e hlalosoa ka tsela ena: “Ka ntoo bona lengeloi le leng le theoha leholimong, le tšoere senotlolo sa sekoti [“mohohlo,” KJ] le lehlaahlela le leholo letsohong la lona. La tšoara drakone, noha ea khale, e leng Diabolose le Satane, ’me la e holehela lilemo tse sekete. La e akhela sekoting, la e koalla teng, ’me la tiisa holim’a sona, hore e se ke ea hlola e khelosa lichaba, lilemo tse sekete li e-so ho phethehe. Ka mora’ tseo, e ka khona e lokolleloe motsotso o se mokae.” (Tšen. 20:1-3) E be joale? “Diabolose ea ba khelositseng [o] akheloa letšeng la mollo le sebabole.” (Tšen. 20:10) Hoo ho bolela eng? Tšenolo 21:8 e-ea arabela: “Hona ke lefu la bobeli.” O tla be a ile ka ho sa feleng!
Na ho ‘akheloa sekoting [“mohohlong,” KJ]’ hoa Satane ho bolela hore o tla tlangoa lefatšeng le lesupi le se nang motho le ea mong eo a tla mo leka ka lilemo tse 1 000?
Batho ba bang ba supa Tšenolo 20:3 (e qotsitsoeng leqepheng la 391) ho tšehetsa maikutlo ana. Ba bolela hore “sekoti,” kapa “mohohlo” (KJ), se emela lefatše boemong ba lesupi. Na e joalo? Tšenolo 12:7-9, 12 e bontša hore neng-neng pele a akheloa ka mohohlong, Satane o tla “lahleloa ntle” ho leholimo ho tla lefatšeng, moo a tlisetsang batho malimabe a eketsehileng. Ka hona, ha Tšenolo 20:3 (KJ) e re Satane o “lahleloa . . . ka mohohlong,” ruri ha e bolele hore o tloheloa feela moo a seng a ntse a le teng—a sa bonahale empa a tlamiloe tikolohong ea lefatše. O suthisetsoa hole-hole le lona, “a se ke a hlola a khelosa lichaba, lilemo tse sekete li e-so ho phethehe.” Hlokomela hore Tšenolo 20:3 e bolela hore, qetellong ea lilemo tse sekete, ke Satane, e seng lichaba, ea lokolloang sekoting. Ha Satane a lokolloa, batho bao e neng e le ba lichaba tseo ba tla be ba se ba le teng.
Esaia 24:1-6 le Jeremia 4:23-29 ka linako tse ling li ee li boleloe ha ho tšehetsoa tumelo ena. Li re: “Bonang, Jehova o ea hlobolisa lefatše, a le etse nahathothe, a le senye sebopeho, . . . Naha e tla hlobolisoa kahohle, ho phahloe tsa eona, hobane ke Jehova ea boletseng taba eo.” “Ke talima lefatše, ’me bonang le sentsoe, le feela . . . Kea talima, ’me bonang, ha ho sa le motho teng, . . . Hobane ho itsoe ke Jehova: Lefatše lohle le tla fetoloa lefeella . . . metse eohle e tla furalloa, ha ho sa tla ba motho ea ahileng ho eona.” Boprofeta bona bo bolela eng? Bo phethahetse ka lekhetlo la pele holim’a Jerusalema le naha ea Juda. Ha Jehova a phethahatsa kahlolo e halalelang, o ile a lumella Bababylona ho putula naha. Qetellong ea sala e le lesupi le tšenyeho. (Bona Jeremia 36:29.) Empa Molimo ka nako eo, ha o-oa ka oa hlokisa lefatše lohle baahi, leha e le hore o tla etsa joalo hona joale. (Bona maqephe 209-212, tlas’a “Lefatše [Earth],” le sehlooho se seholo “Leholimo.”) Leha ho le joalo, o tla timetsa molekane oa kajeno oa Jerusalema e sa tšepahalang, Bokreste-’mōtoana, bo rohakang lebitso la Molimo ka boitšoaro ba bona bo sa halaleleng, le mokhatlo ’ohle o hlophisitsoeng o bonahalang oa Satane.
Ho e-na le ho ba lesupi le senyehileng, Pusong ea Kreste ea Lilemo tse Sekete, le ha Satane a ntse a le sekoting, lefatše lohle le tla fetoha paradeise. (Bona “Paradeise.”)