Lithuto Mangolong a Bululetsoeng le Boitsebiso bo Thusang ho a Utloisisa
Thuto ea 10—Bibele Ke ’Nete ’me e Nepahetse
Kakaretso ea Bibele ea histori, jeokrafi, le tšimoloho ea batho; ho nepahala ha eona litabeng tsa saense, mekhoa, le meetlo; ho hloka leeme, ho lumellana, le botšepehi tsa bangoli ba eona; le boprofeta ba eona.
1. (a) Ka kakaretso Bibele e amoheloa joaloka eng? (b) Lebaka la motheo le etsang hore Bibele ebe e khethehileng ke lefe?
KA KAKARETSO Bibele e amoheloa e le buka e khōlō e ngotsoeng ka bokhabane bo fetisisang ea lithoko tse ngotsoeng ka bokheleke hape e le mosebetsi o tsotehang bakeng sa batho bao e neng e le bangoli ba eona. Empa e feta moo. Bangoli ka bobona ba ile ba tiisa hore seo ba se ngotseng se ne se tsoa ho Jehova, Molimo o matla ’ohle ka booona. Lena ke lebaka la motheo bakeng sa hore Bibele e itlhalose hantle ’me, habohlokoa haholoanyane, bohlokoa ba eona bo ke keng ba lekanngoa e le buka ea tsebo e phelisang le bohlale. Jesu, Mor’a Molimo, o ile a tiisa hore mantsoe ao a a buileng ‘ke moea le bophelo,’ ’me o ne a qotsa ka makhetlo a mangata Mangolong a boholo-holo a Seheberu. “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo,” ho boletse moapostola Pauluse ea buileng ka Mangolo a Seheberu e le “lipolelo tse halalelang ka ho khethehileng tsa Molimo.”—Joh. 6:63; 2 Tim. 3:16, NW; Ba-Roma 3:1, 2, NW.
2, 3. Bangoli ba Bibele ba tiisitse joang hore e bululetsoe?
2 Moapostola Petrose o ile a tiisa hore baprofeta ba Molimo ba ile ba susumetsoa ke moea o halalelang. Morena Davida o ngotse: “Moea oa Jehova o bua ka ’na, lentsoe la hae le lelemeng la ka.” (2 Sam. 23:2) Baprofeta ba ile ba bolela hore Jehova ke eena mohloli oa lipolelo tsa bona. Moshe o ile a hlokomelisa ka ho eketsa leha e le hofe kapa ho fokotsa mantsoe a halalelang ao a a neiloeng ke Jehova. Petrose o hlalositse hore mangolo a Pauluse a bululetsoe, ’me ho bonahala Juda a ile a qotsa mantsoe a Petrose e le bopaki bo bululetsoeng. Qetellong, Johanne, mongoli oa Tšenolo, o ile a ngola ha a ne a tataisoa ke moea oa Molimo ka ho tobileng ’me a hlokomelisa hore mang le mang ea eketsang kapa ea fokotsang tšenolong ena ea boprofeta, o tla ikarabella ka ho tobileng eseng ho motho empa ho Molimo.—1 Pet. 1:10-12; 2 Pet. 1:19-21; Deut. 4:2; 2 Pet. 3:15, 16; Juda 17, 18; Tšen. 1:1, 10; 21:5; 22:18, 19.
3 Bahlanka bana bohle ba inehetseng ba Molimo ba tiisitse hore Bibele e bululetsoe ebile e nepahetse. Ho na le bopaki bo bong bo bongata hore Mangolo a Halalelang ke ’nete, ’me bo bong ba bona re tla buisana ka bona tlas’a lihlooho tse 12 tse latelang.
4. Ka mehla Bajode ba ne ba talima Mangolo a Seheberu joang?
4 (1) Ho Nepahala Litabeng tsa Histori. Ho tloha mehleng ea pele, Bajode ba ’nile ba amohela libuka tseo e leng karolo ea Mangolo a Seheberu e le litokomane tse bululetsoeng le tse tšepahalang ka ho felletseng. Kahoo, mehleng ea Davida, liketsahalo tse tlalehiloeng ho tloha ho Genese ho ea ho Samuele oa Pele li ne li amoheloa ka botlalo e le histori ea ’nete ea sechaba le tšebelisano ea Molimo le sona, ’me sena se bonahatsoa Pesalemeng ea bo78, e buang ka liketsahalo tsena ka makhetlo a fetang 35.
5. Bangoli ba boholo-holo ba ile ba tiisa eng ka Moshe le Molao oa Bajode?
5 Bahanyetsi ba Bibele ba ile ba hlasela ka matla Libuka tse Hlano tse Qalang tsa Bibele, haholo-holo bonnete le boqapi ba tsona. Leha ho le joalo, ho phaella ho amohela ha Bajode Moshe e le mongoli oa Libuka tse Hlano tse Qalang tsa Bibele ho ka eketsoa ka bopaki ba bangoli ba boholo-holo, bao ba bang e neng e le lira tsa Bajode. Hecataeus oa Abdera, rahistori oa Moegepeta Manetho, Lysimachus oa Alexandria, Eupolemus, Tacitus, le Juvenal kaofela ba hlalosa Moshe e le eena ea qalisitseng sehlopha sa melao e hlophisitsoeng e khethollang Bajode ho lichaba tse ling, ’me ba bangata ka ho khethehileng ba ile ba hlokomela hore Moshe o ile a ngola melao ea hae. Numenius, rafilosofi oa Pythagoras, o bile o bua ka Jannese le Jambrese e le baprista ba Egepeta ba ileng ba hanyetsana le Moshe. (2 Tim. 3:8) Bangoli bana ba akarelitse nako ea ho tloha mehleng ea Alexandere (lekholong la bone la lilemo B.C.E.), ha Bagerike ba qala ho ba le takatso ea ho hlahlobisisa histori ea Bajode, ho isa mehleng ea Moemphera Aurelian (lekholong la boraro la lilemo C.E.). Bangoli ba bangata ba boholo-holo ba tsebahatsa Moshe e le moeta-pele, ’musi, kapa monehi-molao.a Joalokaha re bone thutong e fetileng, ho epolloa ha lintho tsa khale hangata ho tšehetsa ho nepahala ha liketsahalo tsa histori tse tlalehiloeng ka Bibeleng moo batho ba Molimo ba ileng ba ikopanya le lichaba tseo ba ahisaneng le tsona.
6. Ke bopaki bofe bo tšehetsang ho nepahala ha histori Mangolong a Segerike?
6 Empa ho thoe’ng ka Mangolo a Segerike a Bakreste? Hase feela hore a lumellana le tlaleho ea Mangolo a Seheberu empa oona ka booona a ipakile a nepahetse historing ’me ebile e le ’nete ’me a bululetsoe ka ho tšoanang le Mangolo a Seheberu. Bangoli ba re bolella seo ba se boneng le seo ba se utloileng, hobane ka makhetlo a mangata e ne e le lipaki tse boneng ka mahlo ’me hangata ba ne ba nkile karolo liketsahalong tseo ba ngotseng ka tsona. Metsoalle ea bona e likete e ile ea ba kholoa. Bopaki ba bona bo lumeloa haholo litšupisong tse ileng tsa etsoa ke bangoli ba boholo-holo, bao har’a bona e leng Juvenal, Tacitus, Seneca, Suetonius, Pliny e Monyenyane, Lucian, Celsus, le rahistori oa Mojode Josephus.
7. (a) Ke khang efe eo S. A. Allibone a fanang ka eona bakeng sa tiiso e phahameng ka ho fetisisa ea hore Bibele ke ea ’nete? (b) O bolela hore phoso ke efe ka ba latolang bopaki boo?
7 Ha S. Austin Allibone a ngola ho The Union Bible Companion, o re: “Sir Isaac Newton . . . o ne a boetse a tsebahala e le mohlahlobisisi oa libuka tsa boholo-holo ea tummeng, ’me o ile a hlahlobisisa Mangolo a Halalelang. Pono ea hae ke efe ntlheng ee? O re, ‘Ke fumana lintlha tse ngata tsa ’nete Testamenteng e Ncha ho feta historing leha e le efe e belaetsang [ea lefatše].’ Dr. Johnson o bolela hore re na le bopaki bo eketsehileng ba hore Jesu Kreste o shoelletse Calvary, joalokaha ho boletsoe Likosepeleng ho feta boo re nang le bona ba hore Julius Caesar o shoetse Capitol. Ka sebele, re na le bo bongata ho feta moo. Botsa mang le mang ea belaellang ’nete ea histori ea Likosepele lebaka le etsang hore a lumele lebaka la hore Caesar o shoelletse Capitol, kapa hore Moemphera Charlemagne o ile a hlomamisoa e le Moemphera oa Bophirima ke Mopapa Leo III. ka 800 . . . U tseba joang hore motho ea kang Charles I. o kile a phela, le hore o ile a khaoloa hlooho, le hore Oliver Cromwell ebile ’musi sebakeng sa hae? . . . Sir Isaac Newton o tlotlisoa ka ho sibolla molao oa matla a khoheli a lefatše . . . Re lumela lipolelo tsohle tse boleloang ka tieo mabapi le batho bana; ’me re lumela hobane re na le bopaki ba histori hore ba kile ba e-ba teng. . . . Haeba ba bang, ho sa tsotellehe ho hlahisoa ha bopaki bo tjena, ba sa ntse ba hana ho lumela, re ba tlohela e le lithoto tse manganga kapa ba hlokang tsebo ka mokhoa o khathatsang matla. Re tla re’ng ka bao le hoja ho e-na le bopaki bo bongata ba hore Mangolo a Halalelang ke ’nete, ba bolelang hore ha baa kholiseha? . . . Ka sebele re na le lebaka ho fihlela qeto ea hore ke pelo e phoso e seng hlooho;—hore ha ba rate ho lumela se bonahalang se kokobetsa boiphahamiso ba bona le se tlang ho ba qobella ho phela bophelo bo fapaneng.”b
8. Ke ka tsela efe Bokreste ba Bibele bo iponahalitseng bo khethollehile malumeling a mang kaofela?
8 Bophahamo ba Bokreste e le bolumeli boo balateli ba bona ba rapelang ka ’nete bo totobatsoa ke George Rawlinson, ea ileng a ngola: “Bokreste—ho kopanyelletsa le tsamaiso ea Testamente ea Khale, eo bo qalileng ka eona—bo khetholloa malumeling a mang a lefatše ke morero oa bona kapa tšobotsi ea bona historing. Malumeli a Greece le Roma, Egepeta, India, Persia, le Bochabela ka kakaretso, e ne e le litsamaiso tse iqapetsoeng tse neng li sa tseke hore li na le motheo oa histori. . . . Empa ho fapane ka bolumeli ba Bibele. Ebang re hlahloba Testamente ea Khale kapa e Ncha, tsamaiso ea Bajode kapa ea Bakreste, re fumana tlhophiso ea thuto e momahantsoeng ka linnete; e se nang molemo ka ntle ho tsona; le e ka nkoang e hlomamisitsoe bakeng sa merero eohle e molemo haeba linnete tsena li bontša hore li tšoanetse ho amoheloa.”c
9. Bontša ho nepahala ha tlaleho ea litšupiso tsa Bibele tsa sebōpeho sa naha.
9 (2) Ho Nepahala ha Tlaleho ea Sebōpeho sa Naha le Mafika a Eona. Bangoli ba bangata ba bua ka ho nepahala ho tsotehang ha tlhaloso ea Bibele ea Naha e Tšepisitsoeng le linaha tsa boahisani. Joaloka mohlala, motsamai oa Bochabela, Dr. A. P. Stanley, o itse ka leeto la Baiseraele lehoatateng: “Le haeba tsela e tobileng eo ba tsamaileng ka eona e ne e sa tsejoe hantle, litšobotsi tse ikhethang tsa naha eo li tšoana haholo hoo histori e neng e tla ’ne e fumane mehlala e mengata e babatsehang. . . . Mehloli ea metsi e hlahang seoelo, le liliba, le melatsoana, li lumellana le litlaleho tsa ‘metsi’ a Mara; ‘liliba’ tsa . . . Elime; ‘molatsoana’ oa Horebe; ‘seliba’ sa barali ba Jethro, se nang le ‘sejelo’ kapa litanka se Mediane. Limela ke tseo re ka fihlelang qeto ea hore na ke life ka histori ea Moshe.”d Tlalehong e buang ka Egepeta, ho nepahala ha ho bonahale feela tlhalosong e akaretsang ea sebaka sena—e boetse e bonahala masimong a lijo-thollo a sona a nonneng, Nōka ea sona ea Nile e nang le lehlaka mabōpong a eona (Gen. 41:47-49; Ex. 2:3), metsing a sona a tsoang ‘linōkeng, linōkaneng, matšeng a nang le lehlaka, le metsing a emeng’ (Ex. 7:19), ‘line, harese, koro le mabele’ tsa sona (Ex. 9:31, 32)—empa hape le mabitsong a metse le litoropo.
10. Bo-rasaense ba mehleng ea joale ba ruile molemo joang ka ho latela tlaleho ea Bibele?
10 Bo-rasaense ba bang ba kajeno ba itšetlehile ka tlaleho ea Bibele ea thuto ea mafika le jeokrafi hoo ba ’nileng ba e latela e le eona tataiso ’me ba rua molemo haholo. Lilemong tse ’maloa tse fetileng, seithuti se tsebahalang sa thuto ea mafika, Dr. Ben Tor, o ile a latela se boleloang ke lengolo lena: “Hobane Jehova, Molimo oa hao, o ea u kenya lefatšeng le molemo, . . . lefatše leo majoe a lona e leng tšepe.” (Deut. 8:7, 9) Lik’hilomithara tse seng kae ho tloha Beerseba, o ile a fumana mafika a maholo haholo a ntšang tšepe e ’mala o mofubelu le o motšo. Mona ho ile ha lekanyetsoa hore ho na le litone tse limillione tse 13,6 tse ka ntšang tšepe ea boleng bo tlaase. Hamorao lienjinere li ile tsa sibolla lefika le bolelele ba lik’hilomithara tse 1,5 le ka ntšang tšepe ea boleng bo botle, tšepe e hloekileng e ka bang karolo ea 60 ho isa ho ea 65 lekholong. Dr. Joseph Weitz, oa Iseraele ea tsebahalang tabeng ea ho jaloa ha meru, o itse: “Sefate sa pele seo Abrahama a ileng a se jala mobung oa Beerseba e ne e le sa tamarisika.” “Ka mor’a ketello-pele ea hae, lilemong tse ’nè tse fetileng re ile ra jala lifate tse limillione tse peli sebakeng sona seo. Abrahama o ne a nepile. Sefate sa tamarisika ke se seng sa lifate tse ’maloa tseo re fumaneng li mela ka bongata karolong e ka boroa moo kakaretso ea pula e nang selemo le selemo e leng ka tlaase ho [lisenthimithara tse 15].”e Buka Tree and Shrub in Our Biblical Heritage, ea Nogah Hareuveni, ea phaella: “Ho bonahala Mopatriareka Abrahama a sa ka a jala sefate leha e le sefe ha a fihla Beerseba. . . . O ile a khetha sefate seo moriti oa sona o neng o pholile haholoanyane ho feta moriti oa lifate tse ling. Ho feta moo, sefate sa [tamarisika] se tseba ho mamella mocheso le komello ea nako e telele ka ho tebisa metso ea sona ho fumana metsi. Leha ho le joalo, ha se ho makatsang hore sefate sa [tamarisika] se sa ntse se le teng haufi le Beerseba ho fihlela mehleng ea joale.”f—Gen. 21:33, BPN.
11. Moprofesa Wilson o tiisa bonnete ba Bibele joang?
11 Mabapi le boitsebiso ba ho latellana ha liketsahalo le tlaleho ea sebōpeho sa naha ka Bibeleng, Moprofesa R. D. Wilson oa ngola ho A Scientific Investigation of the Old Testament, maqephe 213-14: “Litlaleho tsa ho latellana ha liketsahalo le tlaleho ea sebōpeho sa naha li nepahetse haholoanyane ’me li tšepahala ho feta tse boleloang ke litokomane leha e le life tsa boholo-holo; ’me lipale tsa bophelo le histori li lumellana hantle haholo le bopaki bo fanoang ke litokomane tse ka thōko ho Bibele.”
12. Linnete li lumellana joang le tlaleho ea Bibele ea tšimoloho ea motho?
12 (3) Meloko le Lipuo tsa Batho. Byron C. Nelson bukeng After Its Kind, o re: “Ho entsoe motho, eseng Motho e Motšo, Lechaena, Leeuropa. Batho ba babeli bao Bibele e buang ka bona e le Adama le Eva ba bōpiloe, e leng bao ka bona ka tsoalo ea tlhaho le ho se tšoane ho hlahileng mefuta eohle ea batho e leng teng lefatšeng. Meloko eohle ea batho, ho sa tsotellehe lebala kapa boholo, ke mofuta o le mong ka tlhaho. Bohle ba nahana ka mokhoa o tšoanang, ba ikutloa ka tsela e tšoanang, sebōpeho sa bona sa ’mele sea tšoana, ba nyalana habonolo, ’me ba tseba ho hlahisa batho ba nang le litšobotsi tse tšoanang. Meloko eohle ea batho e tsoa ho baholo-holo ba babeli ba tšoanang ba bōpiloeng ba felletse ka letsoho la ’Mōpi.”g Bona ke bopaki ba Genese 1:27, 28; 2:7, 20-23; 3:20; Liketso 17:26; le Ba-Roma 5:12.
13. Seithuti se seng sa lintho tsa khale se itse’ng ka setsi seo lipuo tsa boholo-holo li ileng tsa saballa ho tloha ho sona?
13 Mabapi le tlaleho ea Bibele kamoo lipuo tsa boholo-holo li ileng tsa saballa ka teng, seithuti sa lintho tsa khale Sir Henry Rawlinson o bolela hore “haeba re ne re lokela ho tataisoa feela ke motsoako oa lipuo tse ngata, ka ntle le ho etsa litšupiso litlalehong tsa mangolo, re sa ntse re lokela ho talima mahoatateng a Shineare, e leng moo mefuta e fapaneng ea lipuo e tsoang teng.”h—Gen. 11:1-9.
14. (a) Ke eng feela e neng e tla khetholla Bibele e le e bululetsoeng ke Molimo? (b) Ke pono efe e utloahalang e fanoang ke Bibele feela, hona ke joang ho sebetsa ha eona ho fetelang litšobotsing tsohle tsa bophelo ba letsatsi le letsatsi?
14 (4) Ho Sebetsa ha Eona. Haeba ho ne ho se bopaki bo bong ba bonnete ba Bibele, melao-motheo ea eona e lokileng le litekanyetso tsa eona tsa boitšoaro li ne li tla e khetha hore ke mosebetsi oa monahano oa Molimo. Ho phaella moo, ho sebetsa ha eona ho fetela tšobotsing e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo ba ka mehla. Ha ho buka e ’ngoe e re nehang pono e utloahalang ea tšimoloho ea lintho tsohle ho kopanyelletsa le motho, le morero oa ’Mōpi mabapi le lefatše le motho. (Gen., khao. 1; Esa. 45:18) Bibele e re bolella lebaka leo motho a shoang ka lona le hore na ke hobane’ng ha ho na le bokhopo. (Gen., khao. 3; Ba-Roma 5:12; Jobo. likhao. 1, 2; Ex. 9:16) E nehelana ka tekanyetso e phahameng ka ho fetisisa ea toka. (Ex. 23:1, 2, 6, 7; Deut. 19:15-21) E fana ka keletso e loketseng litabeng tsa khoebo (Lev. 19:35, 36; Liprov. 20:10; 22:22, 23; Matt. 7:12); boitšoaro bo hloekileng (Lev. 20:10-16; Ba-Gal. 5:19-23; Ba-Heb. 13:4); likamano le ba bang (Lev. 19:18; Liprov. 12:15; 15:1; 27:1, 2, 5, 6; 29:11; Matt. 7:12; 1 Tim. 5:1, 2); lenyalo (Gen. 2:22-24; Matt. 19:4, 5, 9; 1 Ba-Kor. 7:2, 9, 10, 39); likamano tsa lelapa le litšoanelo tsa monna, mosali, le bana (Deut. 6:4-9; Liprov. 13:24; Ba-Ef. 5:21-33; 6:1-4; Ba-Kol. 3:18-21; 1 Pet. 3:1-6); boikutlo bo loketseng ka babusi (Ba-Roma 13:1-10; Tite 3:1; 1 Tim. 2:1, 2; 1 Pet. 2:13, 14); ho tšepahala mosebetsing le kamano ea mohlanka le lekhoba le ea mohiri le mohiruoa (Ba-Ef. 4:28; Ba-Kol. 3:22-24; 4:1; 1 Pet. 2:18-21); litloaelano tse loketseng (Liprov. 1:10-16; 5:3-11; 1 Ba-Kor. 15:33; 2 Tim. 2:22; Ba-Heb. 10:24, 25); ho rarolla liphapang (Matt. 18:15-17; Ba-Ef. 4:26); le lintho tse ling tsa bohlokoa tse amang bophelo ba rōna ba letsatsi le letsatsi haholo.
15. Ke keletso efe ea Bibele ka bophelo bo botle ba kelello le ’mele e bonahalitsoeng e sebetsa?
15 Bibele e boetse e fana ka lintlha tsa bohlokoa mabapi le bophelo bo botle ’meleng le kelellong. (Liprov. 15:17; 17:22) Lilemong tsa morao tjena, liphuputso tsa bongaka li bontšitse hore ho phela hantle ’meleng ha motho ho hlile ho angoa haholo ke boikutlo ba hae ba kelello. Ka mohlala, liphuputso li ’nile tsa bontša hore batho ba halefang kapele hangata ba na le phallo ea mali e petetsaneng. Ba bang ba bolela hore bohale bo hlahisitse likhathatso tsa pelo, hlooho e bohloko, mokola, molika-likoane, kapa ho hlōleha ho bua. Leha ho le joalo, ke khale Bibele e hlalositse: “Pelo e tšoeu e phelisa ’mele oa motho.”—Liprov. 14:30; bapisa le Mattheu 5:9.
16. Ke lipolelo life tse ling tsa ’nete tsa Bibele tse bileng teng pele ho tšibollo ea saense?
16 (5) Ho Nepahala ha Eona Thutong ea Saense. Le hoja Bibele e se tlaleho ea saense, moo e buang ka litaba tsa saense, ho fumanoe e nepahetse ’me e lumellana le liphuputso tsa saense le tsa tsebo. Tlaleho ea eona ea mehato ea pōpo, ho kopanyelletsa le bophelo ba liphoofolo (Gen., khao. 1); ho ba ha lefatše le selika-likoe kapa le lechitja (Esa. 40:22); le ho fanyehoa ha lona sebakeng “holim’a lefeela” ho etella pele tšibollo ea saense ea linnete tsena. (Jobo 26:7, NW) Thuto ea joale ea saense ea bophelo e netefalitse polelo ea Mangolo ea hore “nama tsohle hase nama e le ’ngoe,” sebōpeho sa lisele tsa nama ea mofuta o mong li fapane le tsa ea mofuta o mong, motho o na le “nama” ea hae e khethehileng. (1 Ba-Kor. 15:39)i Thutong ea saense ea bophelo ba liphoofolo, Levitike 11:6 e balella ’mutla har’a liphoofolo tse busulosang. Sena se kile sa nyatsoa, empa hona joale saense e fumane hore ’mutla o thuisa lijo tsa oona.j
17. Bibele e bontšitse joang hore e nepile litabeng tsa meriana?
17 Polelo ea hore ‘bophelo ba nama bo maling’ mehleng ea joale e nkoa e le ’nete ea motheo ea saense ea bongaka. (Lev. 17:11-14) Molao oa Moshe o ne o bontša hore na ke liphoofolo life, linonyana, le litlhapi tse neng li “hloekile” hore batho ba ka li ja, ’me o ne o siea lijo tse kotsi. (Lev., khao. 11) Molao o ne o hloka hore liahelo li hloeke, mantle a batho a koaheloe, kahoo, sena se ne se fana ka tšireletseho e khōlō mafung a tšoaetsanoang a tsamaisoang ke lintsintsi, a kang letšollo le lefubelu le feberu ea mala. (Deut. 23:9-14) Esita le kajeno, linaheng tse ling tse ngata ho na le mathata a tebileng a bophelo bo botle ka lebaka la ho se lahle ka tšoanelo litšila tse tsoang ho batho. Batho ba linaheng tse joalo ba ne ba tla phela hantle haholoanyane haeba ba ne ba latela keletso ena ea Bibele ea tlhokomelo ea bophelo.
18. Ke bopaki bofe bo bong bo fanoeng ba ho nepahala ha Bibele litabeng tsa saense?
18 Bibele e buella veinenyana “ka baka la mala a hao” le ka lebaka la “lipabo.” (1 Tim. 5:23) Dr. Salvatore P. Lucia, moprofesa oa bongaka Univesithing ea California ea Sekolo sa Bongaka, oa ngola: “Veine ke seno sa khale ka ho fetisisa le motsoako oa bohlokoa ka ho fetisisa oa bongaka o sebelisoang ka ho tsoelang pele ho theosa le histori ea batho.”k
19. Ho nepahala ha mangolo a Luka ho ka bontšoa joang?
19 (6) Mekhoa le Meetlo. A. Rendle Short oa ngola ka buka ea Liketso ho Modern Discovery and the Bible: “E ne e le moetlo oa Roma ho busa liprofensi tsa ’muso o sabaletseng oa eona ka hore o ntšetse pele mokhoa oa tsamaiso oa sebaka ka seng kamoo o neng o bona ho sireletsehile, ’me qetellong ba boholong literekeng tse fapaneng ba bile le mabitso a mangata. Ha ho motho lea mong, ntle le haeba e ne e le motsamai ea seli kapa seithuti sa litlaleho se hlokolosi, ea neng a ka neha babusi bana litlotla tsa bona tse nepahetseng. E ’ngoe ea lintho tse fetisisang tseo ho ka lekoang kutloisiso ea Luka ea histori ka tsona ke hore ka mehla o khona ho nepa litaba ka mokhoa o nepahetseng. Mabakeng a mangata ke feela bopaki ba chelete ea tšepe, kapa mongolo lejoeng, tse re nehileng boitsebiso bo hlokahalang bakeng sa ho mo hlahloba; bo-rahistori ba Baroma ha ba khathalletse lefapheng le thata joalo. Kahoo Luka o bitsa Heroda le Lysanias bateterake; le Josephus o ba bitsa joalo. Heroda Agrippa, ea ileng a bolaea Jakobo ka sabole le ho kenya Petrose teronkong, o bitsoa morena; Josephus o re bolella kamoo a ileng a etsa setsoalle le Gaius Cæsar (Caligula) Roma le kamoo a ileng a putsoa ka tlōtla ea borena ha Caligula e e-ba moemphera. ’Musi oa Cypera, Sergiuse Pauluse, o bitsoa moprokonsule. . . . Pele, Cypera e ne e le profensi ea moemphera, ’me e ne e busoa ke mopropraetore, empa mehleng ea Pauluse, joalokaha chelete ea tšepe ea Cypera e bontša, ka Segerike le Selatine, tlōtla e nepahetseng e ne e le moprokonsule. Mongolo oa Segerike o fumanoeng Soloi lebōpong le ka leboea ho Cypera ke oa ‘mehleng ea boprokonsule ba Pauluse’ . . . Thessalonika baeta-pele ba motse ba ne ba e-na le tlōtla e sa tloaelehang ea politarchs [babusisi ba motse, Liketso 17:6, NW mongolo o tlaase ho leqephe], ke lebitso le neng le sa tsejoe libukeng tsa Bagerike le Baroma. E ne e tla ba le sa tloaelehang haholo ho rōna, kantle le ho sebelisoa ha lona ke Luka, haeba e ne e se ka lebaka la ’nete ea hore le hlahella mengolong. . . . Akaia tlas’a Augusto e ne e le profensi e busoang ke setho sa lekhotla, tlas’a Tibere e ne e le tlas’a moemphera ka ho tobileng, empa tlas’a Klaude, joalokaha Tacitus a re bolella, e ile ea khutlisetsoa ho setho sa lekhotla, ’me ka lebaka leo tlōtla ea Gallione e nepahetseng [Liketso 18:12, NW] e ne e le moprokonsule. . . . Luka o thabile ka ho tšoanang, o nepile ka ho tšoanang tlalehong ea hae ea jeokrafi le liphihlelong tsa hae tsa bohahlauli.”l
20. Mangolo a Pauluse a bontša ka ho nepahetseng joang nako eo a phetseng ho eona le ho ngola ka eona?
20 Ka nepo mangolo a Pauluse a bontša linako tsa mehla ea hae ’me a bontša hore e ne e le paki e boneng lintho tse ngoliloeng. Ka mohlala, Filippi e ne e le kolone ea sesole eo baahi ba eona ba neng ba ikhantša ka hore ke baahi ba Roma. Pauluse o ile a eletsa Bakreste hore bona ke baahi ba maholimong. (Lik. 16:12, 21, 37; Ba-Fil. 3:20) Motse oa Efese o ne o tsebahala ka bonohe le tšebelisano le meea. Pauluse o ile a laela Bakreste ba moo kamoo ba ka itlhomellang hore e se be liphofu tsa bademona, ’me ka nako e tšoanang, o ile a fana ka tlhaloso e nepahetseng ea lihlomo tsa lesole la Moroma. (Lik. 19:19; Ba-Ef. 6:13-17) Moetlo oa bahlōli ba Baroma oa ho etella pele tlhōlo ka mokoloko oa batšoaruoa, ba bang ba hlobotse, o sebelisoa e le setšoantšo. (2 Ba-Kor. 2:14; Ba-Kol. 2:15) Ho 1 Ba-Korinthe 1:22, ho bontšoa maikutlo a sa tšoaneng a Bajode le Bagerike. Litabeng tse joalo bangoli ba Bakreste ba bontša kamoo Moshe, mongoli oa Libuka tse Hlano tse Qalang tsa Bibele a nepileng ka teng, ’me ka tsona George Rawlinson o re: “Ho nepahala ha thuto ea lintho tse khethollang batho ea Libuka tse Hlano tse Qalang tsa Bibele mabapi le mekhoa ea boitšoaro le meetlo ea Bochabela ka kakaretso ha ho mohla ho kileng ha belaelloa.”a
21. (a) Fana ka mehlala ea ho hloka leeme ha bangoli ba Bibele. (b) Sena se matlafatsa ho tšepa Bibele e le ’nete joang?
21 (7) Ho Hloka Leeme ha Bangoli ba Bibele. Hohle ka Bibeleng, ho hloka leeme ho sa belaetseng ha bangoli ba eona ke bopaki bo matla ba botšepehi ba eona. Ka mohlala, ka ho tobileng Moshe o boletse ka sebe sa hae le kahlolo ea Molimo hore eena le moholoane oa hae Aarone, ba ke ke ba kena Naheng e Tšepisitsoeng. (Num. 20:7-13; Deut. 3:23-27) Sebe sa Davida ka makhetlo a mabeli hammoho le bokoenehi ba mor’a hae Salomone li pepesoa ka ho tobileng. (2 Sam., likhao. 11, 12, 24; 1 Mar. 11:1-13) Jonase o ngola ka ho se utloe ha hae le liphello tsa teng. Tlalehong eona eo Bajode ba neng ba e thoholetsa le ho e amohela e le liphatlalatso tsa Molimo le histori ea ’nete ea sechaba sa bona, sechaba sohle sa Iseraele se ile sa nyatsetsoa ho se utloe Molimo ha sona ke hoo e ka bang bangoli bohle ba Mangolo a Seheberu, bao kaofela ha bona e neng e le Bajode. Bangoli ba Bakreste ba ne ba tšepahala ka ho tšoanang. Bangoli ba bane ba Likosepele ba senola ha Petrose a latola Kreste. ’Me Pauluse o hlokomelisa ka phoso e tebileng ea Petrose tabeng ea tumelo ka ho khetholla Bajode le Balichaba phuthehong ea Bokreste ea Antioke. Ke ho matlafatsang tšepo Bibeleng joaloka ’nete ha re hlokomela hore bangoli ba eona ha ba ka ba qenehela mang kapa mang esita le bona ka bobona e le hore ba ka ngola tlaleho e tšepahalang.—Matt. 26:69-75; Mar. 14:66-72; Luka 22:54-62; Joh. 18:15-27; Ba-Gal. 2:11-14; Joh. 17:17.
22. Ke eng hape se pakang hore Bibele e hlile ke Lentsoe la Molimo, hona e ngotsoe ka morero ofe?
22 (8) Ho Lumellana ha Bangoli. Bibele e ile ea ngoloa ka nako e fetang lilemo tse 1 600 ke bangoli ba ka bang 40, ho se moo ba hananang. E ile ea abjoa ka bongata ka ho pharalletseng ho sa tsotellehe khanyetso e mabifi le boiteko bo matla haholo ba ho leka ho e felisa. Linnete tsena li thusa ho paka hore e hlile e seo e ipolelang hore e sona, Lentsoe la Molimo o matla ’ohle, le hore ka sebele e “molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho khalemela, bakeng sa ho otlolla lintho, le bakeng sa ho laea ka ho loka.”—2 Tim. 3:16, NW.b
23. Ke sehlooho sefe se sa fetoheng se boetseng se pakang hore Bibele e bululetsoe? Bontša.
23 Ho bululeloa ha eona ho bontšoa ke ho phehella ha eona ho tiileng sehlooho sa ho halaletsoa ha lebitso la Jehova ka ’Muso oa hae tlas’a Kreste. Mehlala e ’maloa e khethehileng ke ena:
Gen. 3:15 Peō ea tšepiso e tla timetsa Noha
Gen. 22:15-18 (NW) Lichaba tsohle li tla
itlhohonolofatsa ka peō ea Abrahama
Ex. 9:16; Ba-Roma 9:17 Molimo o tsebahatsa morero oa oona
hore lebitso la oona le phatlalatsoe
Ex. 20:3-7 Molimo o hlompha lebitso, o batla
boinehelo bo khethehileng
Jobo, likhao. 1, 2 Bobusi bo loketseng ba Jehova
le boikutlo ba motho le ho boloka
botšepehi ho bona
Jobo 32:2; 35:2; 36:24; 40:8 Boholo ba Molimo bo
etelletsoa pele
Esa. 9:7 Ka cheseho Molimo o tšehetsa
’Muso oa ka ho sa feleng oa Mor’a oona
Dan. 2:44; 4:17, 34; Bohlokoa ba ’Muso oa Molimo
7:13, 14 ka “mor’a motho”
Ezek. 6:10; 38:23 Batho “ba tla tseba hoba ke ’na
Jehova.” Polelo ena
e hlaha ka makhetlo
a fetang
60 boprofeteng ba Ezekiele
Mal. 1:11 Lebitso la Molimo le tla ba leholo
har’a lichaba
Matt. 6:9, 10, 33 Ho halaletsoa ha lebitso la Molimo
ka ’Muso oa oona ke habohlokoa bo boholo
Joh. 17:6, 26 Jesu o phatlalalitse lebitso la Molimo
Lik. 2:21; Ba-Roma 10:13 Ho bitsoe lebitso la Jehova bakeng
sa ho bolokeha
Ba-Roma 3:4 ’Nete e be ea Molimo, ’me
batho bohle ba be leshano
1 Ba-Kor. 15: 24-28 ’Muso o tla khutlisetsoa ho Molimo;
Molimo e be tsohle ho bohle
Ba-Heb. 13:15 Bakreste ba lokela ho
bolela lebitso la Jehova
Tšen. 15:4 Lichaba tsohle li lokela ho tlotlisa
lebitso la Jehova
24. (a) Botšepehi ba Bakreste ba boholo-holo bo tiisa ’nete ea “Pale ea Bokreste” joang? (b) Ho na le bopaki bofe bo bong hore bangoli ba Bibele ba tlalehile linnete, eseng litšōmo?
24 (9) Botšepehi ba Lipaki. Mabapi le hore na bopaki ba Bakreste ba pele—bangoli ba Mangolo a Bakreste esita le ba bang e ne e le ba bohlokoa hakae—George Rawlinson o re: “Basokolohi ba pele ba ne ba tseba hore ka nako efe kapa efe maemo a ka ’na a ba tlama hore ba bolaeloe bolumeli ba bona. . . . Mongoli e mong le e mong oa pele ea neng a buella Bokreste, ka ho bo buella ha hae, o ne a qholotsa babusi, ’me a ipeha hore o lokeloa ke timetso e tšoanang. Ha tumelo e le taba ea lefu le bophelo, hase habonolo batho ba qalang ho matha le tumelo ea pele feela eo ho bonahalang e ba khahla; kapa hona ho ipepesa hore ke litho tsa mokha o hlorisoang, ntle le haeba ba hlahlobisitse lintho tseo o li lumelang le mekhoa ea oona, ’me ba ikholisitse hore ke ’nete. Ho hlakile hore basokolohi ba pele ba ne ba e-na le mokhoa oa ho tiisa ho nepahala ha histori ea pale ea Bokreste o fetang oa rōna hōle; ba ne ba ka botsa le ho botsisisa ho lipaki—ba ne ba tseba ho bapisa litlaleho tsa bona tse ngata—ba botsisisa kamoo lira tsa bona li amohetseng lipolelo tsa bona—ba ne ba hlahloba litokomane tsa Bohedene tsa nakong eo—ka botlalo le ka ho felletseng ba ne ba hlahlobisisa bopaki ho khetha ba bohlokoa. . . . Sena kaofela—ho lokeloa ho hopoloa hore ke bopaki bo pakang ntho e le ’ngoe—se fana ka bopaki bo bongata boo ka seoelo bo hlahisoang mabapi le liketsahalo leha e le life tsa mehleng ea boholo-holo; ’me ntle ho pelaelo leha e le efe se hlomamisa ’nete ea Pale ea Bokreste. Ha ho kae kapa kae moo . . . pale eo e nang le tšobotsi ea tšōmo. Ke pale e le ’ngoe, e phetoang ka mokhoa o tšoanang, litšōmo tsona lia feto-fetoha ebile li na le libōpeho tse ngata; e lohelletsoe ka thata historing ea sechaba ea mehleng eo, eo e e emelang hohle ka ho nepahala ho sa tloaelehang, ha litšōmo tsona li sotha kapa li nyelisa histori; e tletse boitsebiso bo tloaelehileng boo ka boomo litšōmo li bo hlokomolohang; e tletse ka taeo e sebetsang e bonolo ka ho fetisisa ha litšōmo tsona li ruta ka litšoantšo. . . . Botšepehi, bokhabane, ho nepahala ho hoholo, lerato la sebele la ’nete ke litšobotsi tsa bohlokoa ka ho fetisisa tsa bangoli ba Testamente e Ncha bao ka ho hlakileng ba sebetsanang le linnete eseng litšōmo . . . Ba ngola ‘hore re tsebe bonnete ba litaba tseo’ tseo ‘ba ileng ba li lumela ka sebele’ mehleng ea bona.”c—Bapisa le Luka 1:1, 4, BPN.
25. Ke eng eo ka ho khethehileng e bontšang bonnete ba Bibele?
25 Karolo e khōlō e akarelitsoeng ea Bibele ke ea boprofeta ba bomolimo. Ho ba ’nete ha Bibele ho hlakile ka ho makatsang ha ho phethahala boprofeta bo bongata, kaofela bo bontša ponelo-pele e tsotehang ea Jehova bakeng sa ho bolela ka bokamoso esale pele. Ka sebele, Lentsoe lena la boprofeta ke “lebone le bonesitsoeng nģalong e lefifi,” ’me ho le ela hloko ho tla matlafatsa tumelo ea ba lakatsang ho bolokeha ho fihlela boprofeta bohle ba ’Muso bo phethahalitsoe lefatšeng le lecha la ka ho sa feleng la ho loka la Molimo. Lichate tse tharo tse latelang li boetse li eketsa bopaki ba bonnete ba Bibele ka ho bontša ho phethahala ho hongata ha boprofeta bona esita le ho lumellana ha Mangolo ’ohle a Seheberu le a Segerike. Ha nako e ntse e tsamaea, Bibele e tsoela pele ho khanya ’me e phatsima haholoanyane joaloka eo kannete ‘e bululetsoeng ke Molimo le e molemo.’—2 Pet. 1:19; 2 Tim. 3:16, NW.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a The Historical Evidences of the Truth of the Scripture Records, 1862, George Rawlinson, maqephe 54, 254-8.
b 1871, maqephe 29-31.
c The Historical Evidences of the Truth of the Scripture Records, maqephe 25-6.
d Sinai and Palestine, 1885, maqephe 82-3.
e Reader’s Digest, March 1954, maqephe 27, 30.
f 1984, leqephe 24.
g 1968, maqephe 4-5.
h The Journal of the Royal Asiatic Society of Great Britain and Ireland, London, 1855, Moq. 15, leqephe 232.
i Insight on the Scriptures, Moq. 2, leqephe 246.
j Insight on the Scriptures, Moq. 1, maqephe 555-6, 1035.
k Wine as Food and Medicine, 1954, leqephe 5.
l 1955, maqephe 211-13.
a The Historical Evidences of the Truth of the Scripture Records, leqephe 290.
b Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?, maqephe 12-36.
c The Historical Evidences of the Truth of the Scripture Records, maqephe 225, 227-8.
(10) BOPROFETA BO KHETHEHILENG MABAPI LE JESU LE HO PHETHAHALA HA BONA
Boprofeta Ketsahalo Phethahatso
Pes. 132:11; O tsoa lelapeng la Matt. 1:1, 6-16;
Mik. 5:2 O hlahetse Bethlehema Luka 2:4-11; Joh. 7:42
Esa. 7:14 O tsoetsoe ke moroetsana Matt. 1:18-23;
Jer. 31:15 Ho bolailoe masea Matt. 2:16-18
ka mor’a tsoalo ea hae
Hos. 11:1 O bitsitsoe Egepeta Matt. 2:15
Dan. 9:25 O hlahile joaloka Messia A itlhahisa bakeng
bofelong ba “veke” tse 69 sa kolobetso ’me
a tlotsoa ka nako ka 29 C.E.
Esa. 61:1, 2 Oa rongoa Luka 4:18-21
Esa. 9:1, 2 Tšebeletso e etsa hore Matt. 4:13-16
batho ba Nefthali le
Zabulone ba bone
leseli le leholo
Pes. 78:2 O buile ka Matt. 13:11-13, 31-35
litšoantšo
Esa. 53:4 O ipelesitse maloetse Matt. 8:16, 17
a rōna
Esa. 42:1-4 Joaloka mohlanka oa Matt. 12:14-21
Jehova, lentsoe la hae
le ke ke la utloahala
literateng
Esa. 53:1 Batho ha baa lumela Joh. 12:37, 38;
ho eena Ba-Roma 10:11, 16
Zak. 9:9; O kena Jerusalema Matt. 21:1-9;
Pes. 118:26 a kalletse petsana ea esele; Mar. 11:7-11;
a thoholetsoa joaloka morena Luka 19:28-38;
le ea tlang ka lebitso Joh. 12:12-15
la Jehova
Esa. 28:16; O ile a lahloa, empa Matt. 21:42, 45, 46;
53:3; a fetoha lejoe la Lik. 3:14; 4:11;
Pes. 69:8; sekhutlo la sehlooho 1 Pet. 2:7
Pes. 41:9; 109:8 Moapostola e mong Matt. 26:47-50;
ha a tšepahale; Joh. 13:18, 26-30;
Zak. 11:12 O ekiloe ka likotoana Matt. 26:15; 27:3-10;
tse 30 tsa silevera Mar. 14:10, 11
Zak. 13:7 Barutuoa baa qhalana Matt. 26:31, 56;
Pes. 2:1, 2 Babusi ba Roma le Matt. 27:1, 2;
baeta-pele ba Iseraele Mar. 15:1, 15;
ba thusana ho tsohela Luka 23:10-12;
motlotsuoa oa Lik. 4:25-28
Jehova matla
Esa. 53:8 A lekoa le ho ahloloa Matt. 26:57-68;
Pes. 27:12 Ho sebelisoa bopaki Matt. 26:59-61;
ba bohata Mar. 14:56-59
Esa. 53:7 O bile semumu Matt. 27:12-14;
pel’a baqosi Mar. 14:61; 15:4, 5;
ba hae Luka 23:9; Joh. 19:9
Esa. 50:6; A otloa, a tšoeloa Matt. 26:67; 27:26, 30;
Mik. 5:1 ka mathe Joh. 18:22; 19:3
Pes. 22:18 Liaparo li laoloa Matt. 27:35;
ka lotho Joh. 19:23, 24
Esa. 53:12 A balloa har’a Matt. 26:55, 56; 27:38;
baetsa-libe Luka 22:37
Pes. 22:7, 8 A songoa ha ntse Matt. 27:39-43;
a le thupeng Mar. 15:29-32
Pes. 69:21 O fuoa asene Matt. 27:34, 48;
le nyooko Mar. 15:23, 36
Pes. 22:1 Ho lira Molimo o Matt. 27:46;
ne o mo lahlile Mar. 15:34
Pes. 34:20; Ha ho masapo Joh. 19:33, 36
Ex. 12:46 a robiloeng
Esa. 53:5, 8, A shoa lefu la Matt. 20:28;
sehlabelo ho 1:29;
hlakola libe le ho Ba-Roma 3:24; 4:25;
bula tsela e lebisang 1 Ba-Kor. 15:3;
boemong ba ho Ba-Heb. 9:12-15;
loka ho Molimo 1 Pet. 2:24;
Esa. 53:9 O epetsoe le Matt. 27:57-60;
barui Joh. 19:38-42
Jonase 1:17; O lutse lebitleng karolo Matt. 12:39, 40; 16:21;
2:10 ea matsatsi a mararo, 17:23; 20:19;
eaba oa tsosoa 27:64;
Pes. 2:7 Jehova o mo tsebahatsa Matt. 3:16, 17;
e le Mor’a Hae ka Mar. 1:9-11;
ho mo tlotsa ka Luka 3:21, 22;
moea oa hae le Lik. 13:33; Ba-Roma 1:4;
ka ho mo tsosa Ba-Heb. 1:5; 5:5
Lipotso tsa chate ea “Boprofeta bo Khethehileng Mabapi le Jesu le ho Phethahala ha Bona”:
(a) Ke boprofeta bofe mabapi le ho tsoaloa ha Jesu bo ileng ba mo beha mocheng oa Bomessia?
(b) Ke boprofeta bofe bo ileng ba phethahatsoa qalong ea tšebeletso ea Jesu?
(c) Jesu o ile a phethahatsa boprofeta joang ka tsela eo a ileng a tsoela pele ka boboleli ba hae?
(d) Ke boprofeta bofe bo ileng ba phethahatsoa matsatsing a ’maloa pele Jesu a ahloloa?
(e) Boprofeta bo ile ba phethahatsoa joang nakong ea kahlolo ea hae?
(f) Ke boprofeta bofe bo ileng ba tšoaea ho khokhotheloa ha hae, lefu la hae, le tsoho ea hae?
[Chate e leqepheng la 344-346]
(11) MEHLALA EA BOPROFETA BO BONG BA BIBELE BO PHETHAHALITSOENG
Boprofeta Ketsahalo Phethahatso
Gen. 15:13, 14; Iseraele e ne e Ex. 12:35, 36;
Ex. 3:21, 22 lokela ho tsoa Pes. 105:37
Egepeta e nkile thepa
e ngata ha Molimo o
ahlola sechaba se
e entseng makhoba
Gen. 17:20; Ishmaele o tla tsoala Gen. 25:13-16;
21:13, 18 marena a 12 ’me 1 Likron. 1:29-31
a fetohe sechaba
se seholo
Gen. 25:23; Baedomo ba tla tloha Gen. 36:8;
27:39, 40 mobung o nonneng, Deut. 2:4, 5;
ba sebeletse Baiseraele, 2 Sam. 8:14;
’me ka linako tse ling 2 Mar. 8:20;
ba ba fetohele 1 Likron. 18:13;
Gen. 48:19, 22 Efraime o tla ba Num. 1:33-35;
moholo ho Manasse, Deut. 33:17;
’me sechaba ka seng Josh. 16:4-9; 17:1-4
se tla ba le lefa
Gen. 49:10 Boeta-pele ba borena 2 Sam. 2:4;
bo tla tsoa ho J 1 Likron. 5:2;
Deut. 17:14 Baiseraele ba tla 1 Sam. 8:4, 5, 19, 20
kōpa morena
Deut. 28:52, Iseraele e ne e tla Ho phethahalitsoe ho Samaria
53, otloa ka lebaka la ho ka 740 B.C.E.
64-66, se tšepahale; (2 Mar. 17:5-23), ho
68 metse e tla thibelloa Jerusalema ka 607 B.C.E.
ke mabotho, (Jer. 52:1-27), ho
e isoe bokhobeng Jerusalema hape
ka 70 C.E.
Josh. 6:26 Kotlo ea ho tsosolosa 1 Mar. 16:34
Jeriko
1 Mar. 9:7, 8; Tempele e ne 2 Mar. 25:9;
2 Likron. 7:20, e lokela ho felisoa 2 Likron. 36:19;
7:21 haeba Baiseraele Jer. 52:13;
ba fetoha bakoenehi Lillo 2:6, 7
1 Mar. 13:1-3 Aletare ea Jeroboame 2 Mar. 23:16-18
e tla silafatsoa
13:17-22; Ho timetsoa 5:22-31;
45:1, 2; ha Babylona; histori ea lefatše
Jer. 50:35-46; liheke tsa Babylona e tiisa sena.
51:37-43 li tla siuoa li butsoe; Cyruse a hapa Babylona
Bamede le Bapersia ha liheke li tlohetsoe
ba ne ba tla hlōla li butsoed
tlas’a Cyruse
Isa23:1, 8, Motse oa Tyre Histori ea lefatše
13, o tla timetsoa e tlaleha hore karolo
14; ke Bakalde tlas’a eo eseng ea sehleke-hleke ea
Ezek. 26:4, Nebukadnezare motse e ile ea senngoa
7-12 ’me karolo ea sehleke-hleke
ea motse e bile tlas’a Nebukadnezare
ka mor’a thibello ea lilemo
tse 13e
Esa. 44:26-28 Bajode ba khutlang 2 Likron. 36:22, 23;
botlamuoeng ba Esdr. 1:1-4
tsosolosa Jerusalema
le tempele; karolo
ea Cyruse ho eona
Jer. 25:11; Masala a ne a tla Dan. 9:1, 2;
tsosolosoa ka mor’a Zak. 7:5;
lilemo tse 70 2 Likron. 36:21-23
tsa thipitlo
Jer. 48:15-24; Moabe e tla Hona joale Bamoabe
Ezek. 25:8-11; timetsoa ke sechaba se timetsengf
Jer. 49:2; Metse ea Baamone Hona joale Baamone
Ezek. 25:1-7; e tla fetoha ke sechaba se timetsengg
Sof. 2:8, 9 thotobolo
Jer. 49:17, 18; Edomo e tla felisoa Baedomo joaloka sechaba
Ezek. 25:12-14; ka ho felletseng ba ile ba fela
35:7, 15; joaloka hoja ha ea ka mor’a timetso ea
Obad. 16, 18 ka ea tloha ebile teng Jerusalema
le ka mohla ka 70 C.E.h
Dan. 2:31-40; Ho ne ho tšoantšetsoa Histori ea lefatše
7:2-7 mebuso e mene: e tiisa ho phethahala
Babylona, Persia, pele ha ho phahama le
Greece, le Roma. ho oa ha mebuso
Boitsebiso bo bongata enai
ba boprofeta bo ile
ba boleloa esale
Dan. 8:1-8, Ka mor’a ’muso oa Alexandere e Moholo
20-22; Persia, ’muso o matla o ile a hapa ’Muso oa Persia.
11:1-19 haholo oa Greece, Ka mor’a lefu la hae
o ne o tla busa. balaoli ba bane ba ile
’Muso oo o ne ba nka puso. Qetellong
o tla aroloa likarolo mebuso ea Seleucus
tse ’nè moo ho le Ptolemy e ile ea hōla
neng ho tla tsoa ’me ka mehla e ne
babusi ba babeli e loantšanaj
morena oa leboea
le morena oa boroa
Dan. 11:20-24 ’Musisi o tla Molao oa ngoliso ea
laela ngoliso ea sechaba Palestina nakong ea
sechaba. Mehleng puso ea Cesare Augusto;
ea mohlahlami oa Jesu o bolaoa nakong ea puso,
hae, “Moeta-pele ea mohlahlami oa hae
oa selekane” o ne Cesare Tiberek
a tla timetsoa
Sof. 2:13-15; Nineve e tla fetoha E ile ea fetoha
Nah. 3:1-7 lesupi thotobolol
Zak. 9:3, 4 Motse oa sehleke-hleke Timetso ea phethahatsoaoa
Tyre o ne o tla timetsoa ke Alexandere ka
332 B.C.E.a
Matt. 24:2, Jerusalema e tla Sena se phethahalitsoe
24:16-18; thibelloa ka lithupa ke Baroma ka
Luka 19:41-44 tse nchocho le 70 C.E.b
ho timetsoa
Matt. 24:7-14; Ho boletsoe esale Nako ea khathatso eo
Mar . 13:8; pele nako e khōlō ho seng e kileng ea tšoana
Luka 21:10, 11, ea ka khathatso le eona holim’a lefatše ho
25-28; pele ho timetso ea tloha ka ntoa ea pele ea
2 Tim. 3:1-5 tsamaiso ena ea lefatše ka 1914. Hona
lintho e tla kopanyelletsa joale ’Muso o boleloa linaheng
lintoa, khaello ea lijo, tse fetang 200
litšisinyeho tsa lefatše,
mafu, bokhopo, ho
boleloa ha litaba tse
molemo tsa ’Muso
lichabeng tsohle
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
d Herodotus I, 191, 192; Insight on the Scriptures, Moq. 1, leqephe 567.
e Cyclopedia ea McClintock le Strong ea 1981 khatiso e ncha, Moq. X, leqephe 617; Insight on the Scriptures, Moq. 2, maqephe 531, 1136.
f Insight on the Scriptures, Moq. 2, maqephe 421-2
g Insight on the Scriptures, Moq. 1, leqephe 95.
h Insight on the Scriptures, Moq. 1, maqephe 681-2
i “Thato ea Hao e Etsoe Lefatšeng,” maqephe 104-25, 166-77, 188-95, 221-30.
j “Thato ea Hao e Etsoe Lefatšeng,” maqephe 121-2, 172-4, 194-5, 221-64; Insight on the Scriptures, Moq. 1, maqephe 70-1.
k “Thato ea Hao e Etsoe Lefatšeng,” maqephe 250-54; Insight on the Scriptures, Moq. 1, leqephe 220.
l Bona leqephe 159, lirapa 5, 6.
a Cyclopedia ea McClintock le Strong ea 1981 khatiso e ncha, Moq. X, maqephe 618-19.
b Bona leqephe 188, serapa 9.
(a) Ke liketsahalo life tse boletsoeng esale pele tse ileng tsa etsahala ka mor’a hore sechaba sa Iseraele se kene lefatšeng la Kanana?
(b) Ke boprofeta bofe ba kahlolo mabapi le Iseraele le Juda bo ileng ba phethahatsoa, hona neng?
(c) Ke eng se ileng sa profetoa ka tsosoloso? Na see se ile sa phethahatsoa?
(d) Ke lichaba life tse boletsoeng tseo melaetsa e khethehileng ea kahlolo e ileng ea li tlela, ’me likahlolo tsena tsa boprofeta li ile tsa phethahatsoa joang?
(e) Ke liketsahalo life tse ling tse khethehileng tsa histori tse ileng tsa boleloa esale pele ke Daniele? ke Jesu?
(12) LIKAROLO TSE LING TSA MANGOLO A SEHEBERU TSE QOTSITSOENG LE TSE SEBELISITSOENG KE BANGOLI BA MANGOLO A SEGERIKE
(TLHOKOMELISO: Chate ena ha e kopanyelletse litšupiso tse thathamisitsoeng karolong ea “Boprofeta bo Khethehileng Mabapi le Jesu,” maqepheng a fetileng.)
Karolo e Polelo tšebeliso
Qotsitsoeng
Gen. 1:3 Molimo o laela hore 2 Ba-Kor. 4:6
leseli le be teng
Gen. 2:24 Monna o tla tlohela Matt. 19:5;
batsoali ba hae ’me Mar. 10:7, 8;
a khomarele mosali 1 Ba-Kor. 6:16;
oa hae; ba babeli ba Ba-Ef. 5:31
fetoha nama e le ’ngoe
Gen. 15:5, NW Peō ea Abrahama Ba-Roma 4:18, NW
e tla ngatafala
Gen. 18:10, 14 Sara o tšepisoa Ba-Roma 9:9
mora
Gen. 18:12 Sara o bitsa 1 Pet. 3:6
Abrahama “morena”
Gen. 21:12, NW Peō ea Abrahama e Ba-Roma 9:7, NW; Ba-Heb. 11:18, NW
tla tla ka Isaaka
Gen. 22:16, 17 Molimo o hlapanya Ba-Heb. 6:13, 14
ka oona ka sebele hore o
tla hlohonolofatsa
Abrahama
Ex. 19:5, 6 Iseraele e boemong 1 Pet. 2:9
ba ho ba ’muso oa baprista
Ex. 19:12, 13 Bophahamo ba Jehova Ba-Heb. 12:18-20
Thabeng ea Sinai
Ex. 20:12-17 Molao oa bohlano, Matt. 5:21, 27; 15:4;
oa botšelela, oa bosupa, 19:18, 19;
oa borobeli, oa borobong, Mar. 10:19; Luka 18:20;
le oa leshome Ba-Roma 13:9;
Ex. 21:17 Kotlo ea ho roba Matt. 15:4; Mar. 7:10
molao oa bohlano
Ex. 21:24 Leihlo ka leihlo le Matt. 5:38
leino ka leino
Ex. 25:40 Moshe o fuoa litaelo Ba-Heb. 8:5
le litekanyetso tsa ho
haha tabernakele le
tsa thepa ea eona
Ex. 32:6 Baiseraele ba ema, 1 Ba-Kor. 10:7
ba bapala
Lev. 11:44 “Halalelang, hobane 1 Pet. 1:16
ea halalela”
Lev. 18:5 Ea bolokang Molao Ba-Gal. 3:12
o tla phela ke oona
Lev. 19:18 Rata oa heno Matt. 19:19; 22:39;
joalokaha u ithata Mar. 12:31; Ba-Roma 13:9;
Lev. 26:12 Jehova e ne e le 2 Ba-Kor. 6:16
Molimo oa Iseraele
Num. 16:5 Jehova o tseba bao 2 Tim. 2:19
e leng ba hae
Deut. 6:4, 5, NW Rata Jehova ka pelo Matt. 22:37, NW;
ea hao eohle le ka Mar. 12:29, 30, NW;
sephefumolohi Luka 10:27, NW
sohle sa hao
Deut. 6:13 “Khumamela Morena, Matt. 4:10; Luka 4:8
Molimo oa hao”
Deut. 8:3 Motho a ke ke a phela feela Matt. 4:4; Luka 4:4
ka bohobe
Deut. 18:15-19 Molimo o tla hlahisa Lik. 3:22, 23
moprofeta ea kang Moshe
Deut. 19:15 Taba e ’ngoe le e Joh. 8:17; 2 Ba-Kor. 13:1
’ngoe e lokela ho tiisoa
ke lipaki tse peli
kapa tse tharo
Deut. 23:21 ‘U nee Morena seo Matt. 5:33
u ’maletseng sona’
Deut. 30:11-14 Bohlokoa ba ho ba Ba-Roma 10:6-8, NW
le “‘lentsoe’ la tumelo”
pelong ea motho le
ho le bolela
Deut. 31:6, 8 Molimo o ke ke oa Ba-Heb. 13:5
lahla batho ba oona
Deut. 32:17, 21 Molimo o Ba-Roma 10:19;
susumelletsa ho 1 Ba-Kor. 10:20-22
boulela ha Bajode ka
ho mema Balichaba.
Baiseraele ba susumelletsa
Jehova ho boulela ka
borapeli ba litšoantšo
Deut. 32:35, 36 Phetetso ke ea Jehova Ba-Heb. 10:30
1 Sam. 13:14; Davida, monna ea Lik. 13:22
16:1 leng pelong ea Molimo
2 Likron. 20:7 Abrahama o bitsoa Jak. 2:23
“motsoalle” oa Molimo
Jobo 41:11 ‘Ke mang ea fileng Ba-Roma 11:35
Molimo pele?’
Pes. 5:9 “’Metso ea bona Ba-Roma 3:13
ke lebitla le ahlamileng”
Pes. 8:4-6 “Motho ke’ng ha u Ba-Heb. 2:6, 7;
tla mo hopola?” 1 Ba-Kor. 15:27
Molimo o behile
lintho tsohle tlas’a
maoto a Kreste
Pes. 10:7 “Hanong ho bona Ba-Roma 3:14
ho tletse lihlapa”
Pes. 14:1-3 “Ha ho ea lokileng” Ba-Roma 3:10-12
Pes. 18:49 Balichaba ba tla Ba-Roma 15:9
tlotlisa Molimo
Pes. 19:4 Monyetla o mongata oa Ba-Roma 10:18
ho utloa ’nete ea boteng
ba Molimo joalokaha
e pakoa ke pōpo ea
oona eohle
Pes. 24:1 Lefatše ke la Jehova 1 Ba-Kor. 10:26
Pes. 40:6-8 Molimo ha o sa Ba-Heb. 10:6-10
amohela mahlabelo a
etsoang tlas’a Molao;
sehlabelo se le seng
sa ’mele oa Jesu, ho
ea ka thato ea Molimo,
se tlisa khalalelo
Pes. 78:24 Bohobe bo theohang Joh. 6:31-33
leholimong
Pes. 82:6 “Le melimo” Joh. 10:34
Pes. 95:7-11 Baiseraele ba sa Ba-Heb. 3:7-11; 4:3, 5, 7
utloeng ha ba ka
ba kena phomolong
ea Molimo
Pes. 102:25-27 “Uena, Morena, u Ba-Heb. 1:10-12
no thee lefatše”
Pes. 104:4 “O etsa mangeloi Ba-Heb. 1:7
a oona meea”
Pes. 110:1 Morena o tla lula Matt. 22:43-45;
letsohong le letona Mar. 12:36, 37;
la Jehova Luka 20:42-44;
Pes. 116:10 “Ke lumetse, ’me 2 Ba-Kor. 4:13
ke boletse ke hona”
Pes. 117:1 ‘Rorisang Morena, Ba-Roma 15:11
lōna batho bohle’
Pes. 118:6 “Morena ke mothusi oa ka, Ba-Heb. 13:6
nke ke ka tšoha letho”
Liprov. 26:11 “Ntja e khutletse 2 Pet. 2:22
mahlatseng a eona”
Esa. 6:9, 10 Baiseraele ha ba ka Matt. 13:13-15;
ba mamela litaba tse Mar. 4:12; Luka 8:10;
molemo Lik. 28:25-27
Esa. 10:22, 23 Ho tla bolokeha feela Ba-Roma 9:27, 28
masala a Baiseraele
Esa. 25:8 “Lefu le metsitsoe 1 Ba-Kor. 15:54
ke hlōlo”
Esa. 28:11, 12 Batho ha baa ka ba 1 Ba-Kor. 14:21
kholoa esita le ha ba
bolelloa “ka melomo
ea basele”
Esa. 28:16 Ba behang tšepo 1 Pet. 2:6; Ba-Roma 10:11
ea bona ho Kreste,
motheo oa Sione ba
ke ke ba soabisoa
Esa. 40:13 ‘Ke mang eo ebileng Ba-Roma 11:34, NW
moeletsi oa Jehova?’
Esa. 42:6; 49:6 “Ke u beile leseli Lik. 13:47
la lichaba”
Esa. 45:23 Mangole ’ohle a tla Ba-Roma 14:11
khumamela Jehova
Esa. 52:11 “Tsoang har’a bona, 2 Ba-Kor. 6:17
’me le ikhethe”
Esa. 52:15 Balichaba ba bolelloa Ba-Roma 15:21
litaba tse molemo
Esa. 54:13, NW “’Me ba tla rutoa Joh. 6:45, NW
bohle ke Jehova”
Esa. 56:7 Ntlo ea Jehova e Matt. 21:13; Mar. 11:17;
tla fetoha ntlo ea Luka 19:46
thapelo bakeng sa
lichaba tsohle
Esa. 59:7, 8 Ho hlalosoa bokhopo Ba-Roma 3:15-17
ba batho
Esa. 65:1, 2 Jehova o iponahatsa Ba-Roma 10:20, 21
ho Balichaba
Jer. 9:24 “Ea ithorisang, a 1 Ba-Kor. 1:31;
ithorisetse Moreneng” 2 Ba-Kor. 10:17
Jer. 31:31-34 Molimo o tla etsa Ba-Heb. 8:8-12; 10:16, 17
selekane se secha
Dan. 9:27; “Manyala a bofeliso” Matt. 24:15
Hos. 6:6 “Ke rata mohau, Matt. 9:13; 12:7
e seng sehlabelo”
Hos. 13:14 “Lefu, tsenene ea 1 Ba-Kor. 15:54, 55
hao e kae na?”
Joele 2:28-32 “E mong le e mong ea Lik. 2:17-21, NW;
bitsang lebitso la Jehova Ba-Roma 10:13, NW
o tla bolokeha
Amose 9:11, 12 Molimo o tla tsosa Lik. 15:16-18
motlotloane oa Davida
Hab. 2:4 “Ea lokileng o tla Ba-Heb. 10:38; Ba-Roma 1:17
phela ke tumelo”
Hag. 2:6 Maholimo le lefatše li Ba-Heb. 12:26, 27
tla sisinngoa
Mal. 1:2, 3 Ho ratoa Jakobo, Ba-Roma 9:13
ho hlouoa Esau
Lipotso tsa chate ea “Likarolo tse Ling tsa Mangolo a Seheberu tse Qotsitsoeng le tse Sebelisitsoeng ke Bangoli ba Mangolo a Segerike”:
(a) Ho qotsa Genese Mangolong a Segerike ho tšehetsa joang tlaleho ea eona ea pōpo?
(b) Se qotsitsoeng ho Genese mabapi le Abrahama le peō ea Abrahama se sebelisoa joang?
(c) Ke mantsoe afe a qotsoang bukeng ea Exoda mabapi le Litaelo tse Leshome le litšobotsi tse ling tsa Molao?
(d) Ke hokae moo re fumanang liphatlalatso tsa pele tsa litaelo tse peli tse khōlō ka ho rata Jehova ka pelo ea hao eohle le ka sephefumolohi sohle le ho rata moahisani oa hao joalokaha u ithata?
(e) Bolela e meng ea melao-motheo e boletsoeng Libukeng tse Hlano tse Qalang tsa Bibele e qotsitsoeng Mangolong a Segerike. E sebelisoa joang?
(f) Ke lirapa life tse qotsitsoeng ho Lipesaleme Mangolong a Segerike tse tlotlisang Jehova (1) e le ’Mōpi le Mong’a lefatše? (2) joaloka Ea bontšang thahasello ho batho ba lokileng le ho ba tsotella?
(g) Ke joang Mangolo a Bakreste a Segerike a sebelisang litemana tse tsoang ho Esaia le baprofeta ba bang tabeng ea (1) ho boleloa ha litaba tse molemo? (2) ho latola ha ba bang litaba tse molemo? (3) balichaba ba bang ba fetohang balumeli, ho phaella ho masala a Iseraele? (4) melemo ea ho ba le tumelo litabeng tse molemo?