Hantle-ntle Ke Mang Ea Busang Lefatše?
Batho ba bangata ba ne ba tla arabela potso e ka holimo ka lentsoe le le leng—Molimo. Empa ka ho totobetseng, ha ho kae kapa kae moo Bibele e bolelang hore Jesu Kreste kapa Ntate oa hae ke bona bao ka sebele ba busang lefatše lena. Ho fapana le sena, Jesu o itse: “Morena oa lefatše lena o tla lelekeloa ntle.” ’Me o ile a phaella: “Morena oa lefatše lena oa tla; ’me ha a na letho ho ’na.”—Johanne 12:31; 14:30; 16:11.
Kahoo morena oa lefatše lena o khahlanong le Jesu. Ebe ke mang?
Ho Fumana Leseli ho Tsoa Maemong a Lefatše
Ho sa tsotellehe boiteko bo etsoang ke batho ba nang le merero e metle, lefatše le ’nile la ba le mathata a tšabehang ho pholletsa le histori. Sena se etsa hore batho ba nahanang ba ipotse joaloka mofu David Lawrence eo e neng e le mongoli oa koranta hore: “‘Khotso lefatšeng’—hoo e batlang e le e mong le e mong oa e batla. ‘Khauho ho batho’—hoo e batlang e le lichaba tsohle tsa lefatše li na le eona se seng ho se seng. Joale phoso e hokae? Ke hobane’ng ha ntoa e sokela ho sa tsotellehe takatso ea tlhaho ea lichaba?”
Ho bonahala e le ho itoantša, na ha ho joalo? Ha takatso ea tlhaho ea batho e le ho phela ka khotso, hangata baa hloeana le ho bolaeana—’me e le ka sehlōhō. Nahana ka sehlōhō se fetelletseng se etsoang ka bokhopo bo tšabehang. Batho ba ’nile ba sebelisa likamore tsa khase, likampo tsa mahloriso, libetsa tse hlatsang mokeli-keli o chesang, libomo tsa napalm, le mekhoa e meng e tšabehang ea ho hlokofatsa le ho bolaeana ka ho hlokang mohau.
Na u lumela hore batho, ba laba-labelang khotso le thabo, ka bobona ba ka khona ho etsetsana bokhopo bo fetelletseng hakaalo? Ke matla afe a susumetsang batho hore ba etse liketso tse mpe joalo kapa a ba laolang hore ba be boemong boo ba ikutloang hore ba tlameha ho etsa liketso tse sehlōhō? Na u kile ua ipotsa hore na ebe ho na le matla a mang a khopo, a sa bonahaleng a susumelletsang batho hore ba etse liketso tse joalo tsa pefo?
Ho Khetholloa Babusi ba Lefatše
Ha ho hlokahale hore re nohe tabeng ena, hobane ka ho hlakileng Bibele e bontša hore motho ea bohlale, ea sa bonahaleng o ’nile a laola batho le lichaba. E re: “Lefatše lohle le rapaletse ka tlase ho e mobe.” ’Me Bibele ea mo khetholla, ha e re: ‘Ea bitsoang Diabolose le Satane, o thetsa lefatše kaofela.’—1 Johanne 5:19; Tšenolo 12:9.
Nakong eo Jesu a neng a “lekoa ke Diabolose,” Jesu ha aa ka a belaella karolo ea Satane joaloka ’musi oa lefatše lena. Bibele e hlalosa se ileng sa etsahala: “Diabolose a boela a mo nkela thabeng e telele haholo, a ’montša mebuso eohle ea lefatše le khanya ea eona, a re ho eena: Ntho tseo kaofela ke tla u nea tsona, ha u ka oa ka mangole ua nkhumamela. Joale, Jesu a re ho eena: Tloha, Satane.”—Mattheu 4:1, 8-10.
Ak’u nahane ka sena. Satane o ile a leka Jesu ka ho tšepisa ho mo neha “mebuso eohle ea lefatše.” Leha ho le joalo, na mpho ea Satane e ne e ka ba teko ea sebele haeba e ne e hlile e se ’musi oa mebuso ee? Che, e ne e ke ke ea ba eona. ’Me hlokomela hore, Jesu ha aa ka a latola hore mebuso ena ea lefatše kaofela ke ea Satane, e leng seo a ka beng a se entse hoja Satane o ne a se na matla holim’a eona. Kahoo, Satane Diabolose ka sebele ke ’musi ea sa bonahaleng oa lefatše! Ha e le hantle, Bibele, e ’mitsa “molimo oa lefatše lena.” (2 Ba-Korinthe 4:4) Leha ho le joalo, ke joang motho ea khopo hakaalo a neng a ka ba boemong boo bo matla?
Ea ileng a fetoha Satane e ne e le lengeloi le bōpiloeng ke Molimo, empa le ileng la honohela boemo ba Molimo. Le ile la phephetsa bobusi bo loketseng ba Molimo. Le ile la etsa sena ka ho sebelisa noha e le molomo oa lona ho thetsa mosali oa pele, Eva, ’me ka hona la khona ho etsa hore eena hammoho le monna oa hae, Adama, ba etse thato ea lona ho e-na le ea Molimo. (Genese 3:1-6; 2 Ba-Korinthe 11:3) Le ile la boela la bolela hore le ka khelosa bana bohle ba neng ba e-s’o tsoaloe ba Adama le Eva ho Molimo. Kahoo Molimo o ile oa fa Satane nako ea hore a leke ho netefatsa polelo ea hae, empa Satane ha aa atleha.—Jobo 1:6-12; 2:1-10.
Ka ho totobetseng, Satane ha a buse lefatše a le mong. O ile a atleha hore a susumelletse mangeloi a mang hore a kopanele le eena ho fetohela Molimo. Ana a ile a fetoha bademona, e leng bathusi ba hae ba moea. Bibele e bua ka bona ha e phehella Bakreste: “Le tle le tsebe ho hlōla lihlōhō tsohle tsa Diabolose. Hobane ntoa ea rōna ha e loane le nama le mali, empa . . . le marena a lefifi la lefatše lena, le meea e bolotsana e sebakeng sa leholimo.”—Ba-Efese 6:11, 12.
Hanela Meea e Khopo
Babusi bana ba sa bonahaleng, ba khopo ba lefatše ba ikemiselitse ho thetsa batho bohle, ho ba khelosa borapeling ba Molimo. Tsela e ’ngoe eo meea e khopo e etsang sena ka eona ke ka ho buella khopolo ea ho phela ka mor’a lefu, le hoja ka ho hlakileng Lentsoe la Molimo le bontša hore bafu ha ba utloe letho. (Genese 2:17; 3:19; Ezekiele 18:4; Pesaleme ea 146:3, 4; Moeklesia 9:5, 10) Ka hona, moea o khopo, o bua ka lentsoe le tšoanang le la motho ea shoeleng, le ka bua le beng ka mofu eo ba ntseng ba phela kapa metsoalle, ebang ke ka thuso ea motho ea sebelisanang le meea kapa ka “lentsoe” le tsoang sebakeng se sa bonahaleng. “Lentsoe” leo le iketsa eka ke mofu, athe ha e le hantle ke ledemona!
Kahoo haeba u ka utloa “lentsoe” le joalo, u se ke ua thetsoa. Hana ntho leha e le efe eo le e bolelang, ’me u phete mantsoe a Jesu: “Tloha, Satane.” (Mattheu 4:10; Jakobo 4:7) U se ke ua lumella hore ho chesehela ho tseba se etsahalang sebakeng sa moea ho u etse hore u amane le meea e khopo. Kamano e joalo e bitsoa tšebelisano le meea, ’me Molimo o lemosa barapeli ba oona khahlanong le mefuta eohle ea eona. Bibele e nyatsa “mophofi ea phofang . . . leha e le ea botsang balimo, le ngaka e reng ea profeta, leha e le ea botsang bafu.”—Deuteronoma 18:10-12; Ba-Galata 5:19-21; Tšenolo 21:8.
Kaha tšebelisano le meea e tlisa motho tlas’a tšusumetso ea bademona, hanela mekhoa eohle ea eona ho sa tsotellehe hore na e monate hakae, kapa hore na ho ka bonahala e thabisa hakae. Mekhoa ena e akarelletsa ho sheba bolo ea krystale, ho sebelisa matlapa a Ouija, ESP, ho hlahloba mela ea letsoho la motho, le bolepi ba linaleli. Bademona ba boetse ba baka lerata le mehlolo e meng ea tlhaho matlong ao baa entseng tšimo ea ’ona.
Ho phaella moo, meea e khopo e nka monyetla ka tšekamelo ea batho ea boetsalibe ka ho buella libuka, libaesekopo, le mananeo a thelevishene a bontšang boitšoaro bo bobe le boo e seng ba tlhaho ba likamano tsa botona le botšehali. Bademona baa tseba hore haeba mehopolo e fosahetseng e sa tlosoe kelellong e tla siea likhopolo tse ke keng tsa hlakoha kelellong le ho etsa hore batho ba itšoare hampe—joaloka bona bademona.—Genese 6:1, 2; 1 Ba-Thessalonika 4:3-8; Juda 6.
Ke ’nete hore, ba bangata ba ka ’na ba soma khopolo ea hore lefatše lena le busoa ke meea e khopo. Empa ho se lumele ha bona ha ho makatse, kaha Bibele e re: “Etsoe Satane le eena a ikhakanya ka sebopeho se kang sa lengeloi la leseli.” (2 Ba-Korinthe 11:14) Mano a hae a bohlale ka ho fetisisa e bile a ho foufaletsa batho ba bangata ’nete ea hore eena hammoho le bademona ba hae ka sebele ba teng. Empa u se ke ua thetsoa! Diabolose le bademona ba hae ke batho ba sebele, ’me ho hlokahala hore u ’ne u ba hanele ka linako tsohle.—1 Petrose 5:8, 9.
Ka ho thabisang, hona joale nako e se e le haufi ea hore Satane le mahlahana a hae a be sieo! Bibele e tiisa hore: “’Me lefatše [ho kopanyelletsa le babusi ba lona ba bademona] lea feta, le eona takatso ea lona; empa ea etsang thato ea Molimo, o hlola ka ho sa feleng.” (1 Johanne 2:17) Ho tla khatholla hakaakang hore tšusumetso eo ea bobe e tlosoe! Ka hona, e se eka, re ka ba har’a ba etsang thato ea Molimo le ba tla thabela bophelo ka ho sa feleng lefatšeng le lecha la Molimo la ho loka.—Pesaleme ea 37:9-11, 29; 2 Petrose 3:13; Tšenolo 21:3, 4.
Ntle leha ho bontšitsoe ka hosele, litšupiso tsohle tsa Bibele li hlaha Bibeleng ea Sesotho.
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Na Satane a ka be a boletse hore o tla neha Jesu mebuso eohle ea lefatše hoja e ne e se ea hae?