Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • be thuto 14 leq. 128-leq. 130 ser. 4
  • Ho ba ka Tsela ea Tlhaho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho ba ka Tsela ea Tlhaho
  • Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mokhoa oa ho Qoqa
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • U ka Qoqa le Batho Joang?
    Ikitlaetse ho Bala le ho Ruta
  • Ho Lokisetsa Likabelo Tsa Seithuti Bakeng sa Sekolo
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Lebokose la Lipotso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
Bala Tse Ling
Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
be thuto 14 leq. 128-leq. 130 ser. 4

Thuto 14

Ho ba ka Tsela ea Tlhaho

Ke eng seo u lokelang ho se etsa?

E-ba seo u leng sona—u sebelise mokhoa oa ho qoqa, ho bua ho tsoa pelong le ho se be le boikaketsi.

Ke Hobane’ng ha e le Habohlokoa?

Haeba u tšohile, u sa phutholoha kapa u sa lokoloha ha u bua kahobane u amehile ka hore na batho ba nahana eng ka uena, ba bang ba ka ’na ba se ke ba tsepamisa mohopolo ho seo u se buang.

HO ITLHALOSA ka tsela ea tlhaho ho u thusa ho etsa hore batho ba u tšepe. Na u ne u ka tšepa ntho e buuoang ke motho ea buang le uena a kentse maske? Na ho ne ho tla etsa phapang haeba sefahleho sa maske eo se ne se le setle ho feta sefahleho sa motho ea buang? Le hanyenyane. Kahoo ho e-na le ho ikhakanya, e-ba seo u leng sona.

Ho ba ka tsela ea tlhaho ha hoa lokela ho ferekanngoa le ho se tsotelle. Ho sebelisa sebōpeho-puo se seng setle, ho bitsa mantsoe hampe le ho bua ka mokhoa o sa utloahaleng ha hoa lokela. Puo ea seterateng le eona e lokela ho qojoa. Kamehla re batla ho bontša seriti se loketseng, puong ea rōna le boitšoarong ba rōna. Motho ea bonahatsang mokhoa o joalo oa tlhaho ha a etse lintho ka mokhoa o thata haholo kapa ho ameha haholo ka ho khahla ba bang.

Tšebeletsong ea Tšimo. Ha u atamela ntlo kapa u e-ea ho motho e mong sebakeng sa sechaba ka sepheo sa ho fana ka bopaki, na ua tšoha? Boholo ba rōna rea tšoha, empa ho ba bang boikutlo bona bo phehella haholo ho feta ho ba bang. Khatello ea kelello e ka etsa hore lentsoe le utloahale e se la tlhaho kapa le thothomela kapa ho tšoha ho ka iponahatsa ka ho tsamaisa matsoho kapa hlooho ka tsela e sa tloaelehang.

Mohoeletsi a ka ’na a thulana le bothata bona ka mabaka a sa tšoaneng. Mohlomong o nahana ka hore na batho ba tla re’ng kapa o ipotsa hore na ebe nehelano ea hae e tla atleha. Ha ho letho le sa tloaelehang ka sena, empa mathata a hlaha ha ho lebisoa tlhokomelo e khōlō haholo linthong tse joalo. Haeba u tšoha pele u kopanela tšebeletsong, ke eng se ka u thusang? Ho lokisetsa ka hloko le ho rapela Jehova ka tieo. (Lik. 4:29) Nahana ka mosa o moholo oa Jehova oa ho memela batho ho thabela bophelo bo phethahetseng ’meleng le bophelo bo sa feleng Paradeiseng. Nahana ka bao u lekang ho ba thusa le ka tlhoko ea bona ea ho utloa litaba tse molemo.

Hape, u hopole hore batho ba na le boikhethelo, kahoo ba ka ’na ba amohela molaetsa kapa ba o hana. Ho bile joalo ha Jesu a ne a paka Iseraele ea boholo-holo. Kabelo ea hao ke hore feela u etse mosebetsi oa boboleli. (Mat. 24:14) Esita leha batho ba sa u lumelle ho bua, boteng ba hao feela bo tla fana ka bopaki. U tla be u atlehile kahobane u lumella Jehova hore a u sebelise ho phetha thato ea hae. Ha u buleheloa ke menyetla ea ho bua maemong a joalo, puo ea hao e tla ba ea mofuta ofe? Haeba u ithuta ho tsepamisa mohopolo oa hao litlhokong tsa ba bang, puo ea hao e tla ipiletsa ’me e be ea tlhaho.

Ha u fana ka bopaki, haeba u itšoara le ho bua ka tsela eo u tloaetseng ho etsa ka eona kamehla, sena se tla etsa hore bamameli ba hao ba phutholohe. Ba ka ba ba amohela haholoanyane mehopolo ea Mangolo eo u batlang ho ba bolella eona. Ho e-na le ho ba phetela, qoqa le bona. E-ba botsoalle. Bontša thahasello ho bona ’me u amohele litlhaloso tsa bona. Ho hlakile hore haeba puo kapa setso sa sebaka seo se hloka hore u sebelise mekhoa e itseng ea ho bontša tlhompho ha u bua le batho basele, u lokela ho e latela. Empa u ka itokisetsa hoo kamehla ka ho bososela ka bolokolohi.

Ha U le Sethaleng. Ha u bua le sehlopha, hangata ho sebelisa mokhoa oa tlhaho oa ho qoqa ke hona ho molemo haholo. Ha ho pelaelo hore ha bamameli ba le bangata, u lokela ho phahamisa lentsoe haholoanyane. Haeba u leka ho tšoara puo ea hao ka hlooho kapa haeba u ngotse lintlha tse ngata haholo, ho ka etsahala hore ebe u amehile ka ho feteletseng ka ho beha lintho ka mantsoe a nepahetseng. Ho beha lintho ka mantsoe a loketseng ke habohlokoa, empa haeba tlhokomelo e ngata haholo e lebisoa tabeng ena, seo se tla etsa hore puo e be thata ’me e se ke ea e-ba ea tlhaho. Sena se senya mokhoa oa tlhaho. U lokela ho nahana mehopolo ea hao ka hloko esale pele, empa u lebise tlhokomelo ea hao e khōlō mehopolong, eseng mantsoeng a tobileng.

Boemo boa tšoana leha ho buisanoa le uena sebokeng. Lokisetsa hantle, empa u se ke ua bala kapa ua tšoara likarabo tsa hao ka hlooho. Fana ka tsona ka molumo oa tlhaho oa lentsoe e le hore litlhaloso tsa hao li ka bontša hore li fanoa ka mokhoa oa tlhaho o ipiletsang.

Esita le litšoaneleho tse ntle tsa ho bua haeba li fetelletsoa li ka hlaha ka tsela eo e seng ea tlhaho ho bamameli. Ka mohlala, u lokela ho bua ka ho hlaka ’me u bitse mantsoe hantle empa eseng ho fihla bohōleng boo ho bona puo ea hao e utloahalang e le thata kapa e se ea tlhaho. Boitšisinyo bo hatisang kapa bo hlalosang, ha bo etsoa hantle, bo ka phelisa puo ea hao, empa boitšisinyo bo sa tenyetseheng kapa bo feteletseng bo tla tlosa tlhokomelo ho seo u se buang. Sebelisa molumo o lekaneng, empa leka hore u se ke ua buela holimo haholo. Ho hotle hore nako le nako u kenye mafolofolo puong ea hao, empa u lokela ho qoba ho fetelletsa lintho. Ho feto-fetoha ha molumo oa lentsoe, cheseho le boikutlo, kaofela li lokela ho sebelisoa ka tsela e ke keng ea lebisa tlhokomelo ho uena kapa e ka etsang hore bamameli ba ikutloe ba sa phutholoha.

Ka tlhaho batho ba bang ba khona ho itlhalosa ka tsela e khethehileng, esita leha ba sa fane ka puo. Ba bang ba khona ho sebelisa mokhoa oa ho qoqa ha ba bua. Ntho ea bohlokoa ke hore u bue hantle letsatsi le leng le le leng ’me u itšoare ka seriti sa Bokreste. Joale, ha u le sethaleng, ho tla ba bonolo hore u bue le ho etsa lintho ka mokhoa o ipiletsang oa tlhaho.

Ha U Bala Phatlalatsa. Ho ba ka tsela ea tlhaho ha u bala phatlalatsa ho hloka boiteko. Hore u ho finyelle, khetholla lintlha tsa bohlokoa boitsebisong boo u tla bo bala, ’me u hlokomele kamoo li hōlisoang kateng. Li hopole hantle; ho seng joalo, u tla be u ipalla mantsoe feela. Batlisisa tsela eo mantsoe a sa tloaelehang a bitsoang ka eona. Itloaetse ho bala ka lentsoe le phahameng e le hore u tsebe ho feto-fetola molumo oa lentsoe ka tsela e loketseng le ho kopanya mantsoe hammoho ka tsela e fetisang mohopolo ka mokhoa o hlakileng. Ho etse hangata ho fihlela u khona ho bala ka mokhoa o phollatsi. Tseba boitsebiso boo hantle e le hore ha u bo bala ka lentsoe le phahameng, ’malo oa hao u utloahale joaloka moqoqo o phelang. Ke sona se boleloang ke ho ba ka tsela ea tlhaho.

Ho hlakile hore boholo ba ’malo oa rōna oa phatlalatsa bo tsoa likhatisong tsa rōna tse thehiloeng Bibeleng. Ho phaella likabelong tsa ’malo tsa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, re bala mangolo tšebeletsong ea tšimo le ha re fana ka lipuo sethaleng. Barab’abo rōna ba abeloa ho bala boitsebiso bo tšohloang Thutong ea Molula-Qhooa le Thutong ea Buka ea Phutheho. Ba bang ba barab’abo rōna ba tšoanelehang ba fumana likabelo tsa ho bala lipuo tse baloang ka pel’a matšoele likopanong. Ho sa tsotellehe hore na u bala Bibele kapa boitsebiso bo bong, bala likarolo tse akarelletsang mantsoe a qotsitsoeng ka tsela e etsang hore boitsebiso boo bo phele. Haeba ho qotsitsoe batho ba ’maloa, fetola lentsoe la hao karolong ea e mong le e mong oa bona. Tlhokomeliso: U se ke ua fetelletsa lintho, empa u phelise ’malo oo ka tsela ea tlhaho.

Ho bala ka tsela ea tlhaho ho etsoa ka mokhoa oa ho qoqa. Ha ho utloahale eka motho oa iketsisa empa ho bontša kholiseho.

KAMOO U KA HO ETSANG KATENG

Bua ka mokhoa oo u tloaetseng ho bua ka oona kamehla. U se ke ua lebisa tlhokomelo ho uena, empa u e lebise ho Jehova le tlhokong ea hore batho ba ithute ka eena.

Ha u lokisetsa puo, lebisa tlhokomelo e khōlō mehopolong, eseng mantsoeng a tobileng.

Ha u fana ka puo le ha u bua moqoqong oa letsatsi le letsatsi, qoba mekhoa ea ho bua ka ho se tsotelle hammoho le tšekamelo ea ho sebelisa litšoaneleho tsa ho bua ka mokhoa oa ho ikhapela tlhokomelo.

Lokisetsa hantle bakeng sa ’malo oa phatlalatsa. Bala ka boikutlo le ka ho ela hloko moelelo oa taba.

BOITLHAKISO: (1) Bala Malakia 1:2-14 u thōtse ’me u hlokomele hore na ho bua bo-mang. Joale e bale ka lentsoe le phahameng u sebelisa mokhoa o loketseng oa ho itlhalosa. (2) Ka makhetlo a sa tšoaneng a mararo, pele u kopanela tšebeletsong ea tšimo, bala lirapa tsa pele tse peli tsa thuto ena hammoho le boitsebiso bo hlahang tlas’a sehloohoana se reng “Tšebeletsong ea Tšimo,” leqepheng la 128. Etsa boiteko ba ho sebelisa keletso eo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela