Thuto 44
Ho Sebelisa Lipotso ka Katleho
Ke eng seo u lokelang ho se etsa?
Sebelisa lipotso ka tsela e tla hlahisa liphello tse lakatsehang. Sepheo sa hao e ka ’na ea e-ba ho fumana karabelo ea molomo; e ka ’na ea e-ba ho susumelletsa motho hore a arabele ka pelong. Seo u se botsang le tsela eo u se botsang ka eona se na le tšusumetso tabeng ea hore na u tla atleha kapa che ha u sebelisa lipotso.
Ke Hobane’ng ha e le Habohlokoa?
Lipotso tse atlehang li thusa bamameli hore ba amehe tabeng. Likarabo tsa lipotso tse khethiloeng hantle li ka boela tsa fana ka boitsebiso ba bohlokoa ho mosuoe.
KAHA lipotso li hloka karabo—ebang ke ea molomo kapa e etsoang ka pelong—li thusa ho etsa hore bamameli ba hao ba amehe tabeng. Lipotso li ka u thusa ho qalisa meqoqo le ho thabela puisano e hlasimollang. Joaloka sebui le mosuoe, u ka ’na ua sebelisa lipotso ho tsosa thahasello, ho thusa motho e mong ho nahana ka taba kapa ho hatisa seo u se buang. Ha u sebelisa lipotso hamolemo, u khothalletsa ba bang ho nahana ka mokhoa o sebetsang ho e-na le ho mamela feela. E-ba le pakane ka kelellong ’me u botse lipotso tsa hao ka mokhoa o tla u thusa ho e finyella.
Ho Khothalletsa Moqoqo. Ha u kopanela tšebeletsong ea tšimo, falimehela menyetla ea ho kōpa batho hore ba ntše maikutlo a bona haeba ba lakatsa ho etsa joalo.
Lipaki tse ngata li qala lipuisano tse thahasellisang ka ho botsa, “Na u kile ua ipotsa . . . ?” Ha li khetha potso eo ka sebele batho ba bangata ba nahanang ka eona, ha ho pelaelo hore li tla thabela tšebeletso ea tšimo. Esita leha potso e le ncha monahanong oa motho e mong, e ka ’na ea tsosa takatso ea ho batla ho tseba. Litaba tse sa tšoaneng li ka kenyelletsoa ka lipolelo tse kang, “U nahana’ng . . . ?,” “U ikutloa joang . . . ?” le “Na ua lumela . . . ?”
Ha moevangeli Filipi a ne a atamela letona la lekhotla la Moethiopia le neng le bala boprofeta ba Esaia ka lentsoe le phahameng, Filipi o ile a botsa: “Na u tseba [kapa, na u utloisisa] seo u se balang?” (Lik. 8:30) Potso ena e ile ea bulela Filipi monyetla oa ho hlalosa linnete tse mabapi le Jesu Kreste. Ka ho sebelisa potso e tšoanang, Lipaki tse ling tsa kajeno li ile tsa fumana batho ba neng ba hlile ba lapetse ho fumana kutloisiso e hlakileng ea ’nete ea Bibele.
Ha ba fuoa monyetla oa ho ntša maikutlo a bona, batho ba bangata ba tla thabela ho u mamela haholoanyane. Ka mor’a ho botsa potso, mamela ka hloko. E-ba mosa ho e-na le ho tšoaea liphoso ha u amohela karabelo ea motho eo. Mo babatse ho tsoa pelong. Ka lekhetlo le leng, ka mor’a hore mongoli a ‘arabe ka kelello,’ Jesu o ile a mo babatsa, a re: “Ha u hōle le ’muso oa Molimo.” (Mar. 12:34) Esita le haeba maikutlo a hao a fapane le a motho e mong, u ka mo leboha ka ho ntša maikutlo a hae. Seo a se buileng se ka u hlokomelisa boikutlo boo u lokelang ho bo nahanela ha u arolelana le eena ’nete ea Bibele.
Ho Kenyelletsa Mehopolo ea Bohlokoa. Ha u bua le sehlopha kapa u iqoqela le motho a le mong, leka ho sebelisa lipotso hore u fihle mehopolong ea bohlokoa. Tiisa hore lipotso tsa hao li akarelletsa litaba tseo bamameli ba hao ba li thahasellang ka sebele. Hape u ka ’na ua sebelisa lipotso tse tsosang takatso ea motho ea ho batla ho tseba kahobane karabo e sa hlaka hantle. Haeba u etsa khefu e khutšoanyane ka mor’a ho botsa potso, bamameli ba hao ba tla mamela se tla latela ka thahasello e khōlō.
Ka lekhetlo le leng, moprofeta Mikea o ile a sebelisa lipotso tse ngata. Ka mor’a ho botsa hore na Molimo o lebeletse eng ho ba mo rapelang, moprofeta eo o ile a botsa lipotso tse ’nè tse eketsehileng, ka ’ngoe ea tsona e ne e tsamaea le karabo. Lipotso tseo kaofela li thusa babali ho itokisetsa karabo e nang le temohisiso eo a phethileng karolo eo ea puisano ka eona. (Mik. 6:6-8) Na u ka etsa ntho e batlang e tšoana le eo ha u ruta? Ak’u e leke.
Ho Beha Mabaka ka Taba. Lipotso li ka sebelisoa ho thusa ba bang ho utloisisa mabaka a taba. Jehova o ile a etsa sena ha a ne a fana ka phatlalatso e matla ho Baiseraele, joalokaha ho bontšitsoe ho Malakia 1:2-10. Pele o ile a ba bolella: “Ke le ratile.” Ba ile ba hlōlela ho ananela lerato leo, kahoo o ile a botsa: “Na Esau e ne e se mor’abo Jakobo?” Joale Jehova a bua ka boemo bo hlomolang pelo ba Baedomo e le bopaki ba hore Molimo o ne a sa rate sechaba seo ka lebaka la bokhopo ba sona. O ile a phaella sena ka lipapiso hammoho le lipotso ho hatisa ho se arabele hantle ha Baiseraele leratong la hae. Tse ling tsa lipotso tseo li ile tsa botsoa joalokaha eka li ne li botsoa ke baprista bao ba sa tšepahaleng. Tse ling ke lipotso tseo Jehova a ileng a li botsa baprista bao. Puisano eo e tsosa maikutlo ebile e hapa tlhokomelo ea rōna; mabaka a fanoeng moo a ke ke a hanyetsoa; ’me molaetsa oa eona ha o lebalehe.
Libui tse ling li sebelisa lipotso ka mokhoa o tšoanang ka katleho. Le hoja ho sa lebelloa karabo ea molomo, bamameli ba arabela ka pelong, joalokaha eka ba kopanetse puisanong.
Ha re khanna lithuto tsa Bibele, re sebelisa mokhoa o hlokang hore seithuti se nke karolo. Ha ho pelaelo hore ho ba molemo haholo ha seithuti se arabela ka mantsoe a sona. Ka mosa, sebelisa lipotso tse tlatsetsang ho behelana mabaka le seithuti. Lintlheng tsa sehlooho, se khothalletse hore se sebelise Bibele ha se arabela. Hape u ka ’na ua botsa: “Seo re buisanang ka sona se amana joang le ntlha ee e ’ngoe eo re ithutileng eona? Ke hobane’ng ha see e le sa bohlokoa? Se lokela ho ama bophelo ba rōna joang?” Mokhoa o joalo o atleha ho feta ha e le uena ea hlalosang seo u se lumelang kapa e le uena ea fanang ka tlhaloso e eketsehileng. Ka tsela ena, u thusa seithuti hore se sebelise “matla a [sona] a ho nahana” bakeng sa ho rapela Molimo.—Bar. 12:1.
Haeba seithuti se sa utloisise khopolo e itseng, u se ke ua fela pelo. E ka ’na eaba se leka ho bapisa seo u se buang le seo se ’nileng sa se lumela ka nako e telele. Ho hlalosa taba ka mokhoa o fapaneng ho ka ’na ha thusa. Leha ho le joalo, ka linako tse ling, ho hlokahala feela mokhoa o bonolo haholo oa ho beha mabaka. Sebelisa Mangolo haholo. Sebelisa lipapiso. Hammoho le lintho tsena, sebelisa lipotso tse bonolo tse khothalletsang motho ho nahana ka bopaki bo fanoeng.
Ho Tseba Maikutlo a Tebileng a Motho. Ha batho ba arabela lipotso, hase kamehla ba ntšang maikutlo a bona kaofela. Ba ka ’na ba fana feela ka likarabo tseo ba nahanang hore ua li batla. Ho hlokahala temoho. (Liprov. 20:5) Joalokaha Jesu a entse, u ka ’na ua botsa: “Na u lumela see?”—Joh. 11:26.
Ha barutuoa ba bangata ba Jesu ba ne ba khopisitsoe ke seo a neng a se boletse ’me ba mo siile, Jesu o ile a khothalletsa baapostola ba hae hore ba ntše maikutlo a bona. O ile a botsa: “Le lōna ha le batle ho tsamaea, na ha ho joalo?” Petrose o ile a bolela maikutlo a bona, a re: “Morena, re tla tloha re ee ho mang? Ke uena ea nang le lipolelo tsa bophelo bo sa feleng; ’me re lumetse ’me rea tseba hore u Mohalaleli oa Molimo.” (Joh. 6:67-69) Ka lekhetlo le leng, Jesu o ile a botsa barutuoa ba hae a re: “Batho ba re Mor’a motho ke mang?” O ile a eketsa sena ka potso e neng e ba khothalletsa ho ntša se neng se le ka lipelong tsa bona. “Leha ho le joalo, lōna le re ke mang?” Ha a arabela, Petrose o ile a re: “U Kreste, Mora oa Molimo ea phelang.”—Mat. 16:13-16.
Ha u khanna thuto ea Bibele, ho ka ba molemo hore u sebelise katamelo e joalo litabeng tse itseng. U ka ’na ua botsa: “Liithuti-’moho le uena (kapa basebetsi-’moho) ba talima taba ee joang?” Joale u ntan’o botsa: “Uena u ikutloa joang ka eona?” Ha u se u tseba maikutlo a sebele a motho eo, sena se nolofalletsa uena joaloka mosuoe hore u fane ka thuso e khōloanyane.
Bakeng sa ho Hatisa. Hape lipotso li ka sebelisetsoa ho hatisa mehopolo. Moapostola Pauluse o ile a etsa sena, joalokaha ho tlalehiloe ho Baroma 8:31, 32: “Haeba Molimo a eme le rōna, ke mang ea tla ba khahlanong le rōna? Eena ea sa kang a qenehela esita le Mora oa hae empa a nehelana ka eena bakeng sa rōna bohle, hape ke hobane’ng ha a ke ke a re fa lintho tse ling kaofela ka mosa hammoho le eena?” Hlokomela hore, tabeng ka ’ngoe, potso e qaqisa polelo e tlang hang feela pele ho eona.
Ka mor’a ho tlaleha kahlolo ea Jehova khahlanong le morena oa Babylona, moprofeta Esaia o ile a bua ka kholiseho e matla a re: “Jehova oa mabotho o rerile, ke mang ea ka senyang hoo? Letsoho la hae le otlolotsoe, ke mang ea ka le khutlisang?” (Esa. 14:27) Moko-taba oa lipotso tseo o bontša hore mohopolo o boletsoeng o ke ke oa hanyetsoa. Ha hoa lebelloa karabo.
Ho Senola Monahano o Fosahetseng. Lipotso tse nahannoeng ka hloko hape ke lithulusi tse matla tsa ho senola monahano o fosahetseng. Pele a phekola monna e mong, Jesu o ile a botsa Bafarisi le litsebi tse ling tsa Molao a re: “Na ho lumelloa ke molao ho phekola ka sabatha kapa che?” Hoba a mo phekole, o ile a phaella ka ho botsa potso e ’ngoe: “Ke mang ho lōna eo, haeba mora oa hae kapa poho e oela ka selibeng, a ke keng a e nyollela ka ntle kapele-pele ka letsatsi la sabatha?” (Luka 14:1-6) O ne a sa lebella karabo, ebile ha ho karabo e ileng ea hlaha. Lipotso tseo li ile tsa senola monahano oa bona o fosahetseng.
Ka linako tse ling, Bakreste ba ’nete le bona ba ka ba le monahano o fosahetseng. Ba bang lekholong la pele la lilemo Korinthe ba ne ba isa barab’abo bona makhotleng bakeng sa ho rarolla mathata ao ba neng ba ka khona ho itharollela ’ona. Moapostola Pauluse o ile a sebetsa taba ee joang? O ile a botsa letoto la lipotso tse tobileng ho lokisa monahano oa bona.—1 Bakor. 6:1-8.
Ka ho ikoetlisa, u ka ithuta ho sebelisa lipotso ka katleho. Leha ho le joalo, u hopole ho bontša tlhompho, haholo-holo ha u bua le batho ba hōlileng, batho bao u sa ba tsebeng le ba boholong. Sebelisa lipotso ho nehelana ka ’nete ea Bibele ka tsela e ipiletsang.
KAMOO U KA HO ETSANG KATENG
Bakeng sa ho khothalletsa moqoqo, sebelisa lipotso tse akarelletsang litaba tseo e hlileng e leng tsa bohlokoa ho motho e mong.
Pele u bolela khopolo ea bohlokoa, leka ho sebelisa potso e tla etsa hore ba bang ba batle ho e utloa.
Sebelisa lipotso ho thusa batho ho bona lebaka la litlhaloso tse fanoeng, ho nepahala ha linnete tse boletsoeng le liphello tse molemo tseo li ka bang le tsona bophelong ba bona.
Sebelisa lipotso ho khothalletsa seithuti hore se se ke sa pheta lintlha feela empa se ntše le maikutlo a sona ka seo se ithutang sona.
BOITLHAKISO: (1) U nahanne ka sebaka seo u pakang ho sona, lokisetsa lipotso tse ’maloa tseo u ka li sebelisang ho bula tsela bakeng sa meqoqo ea bohlokoa le batho. (2) Bala Baroma khaolo ea 3, u hlokomele ka ho khethehileng tsela eo Pauluse a sebelisang lipotso ka eona ho beha mabaka ka boemo ba Bajuda le ba Balichaba ka pel’a Molimo.