Thuto 43
Ho Sebelisa Boitsebiso bo Fanoeng
Ke eng seo u lokelang ho se etsa?
Haha puo ea hao tabeng eo u e abetsoeng ’me haeba ho fanoe ka mohloli oa boitsebiso, sebelisa mangolo le lintlha tsa sehlooho tse tsoang ho bona.
Ke Hobane’ng ha e le Habohlokoa?
Ha re sebelisa boitsebiso bo fanoeng bakeng sa ho hōlisa lipuo tsa rōna, re bontša tlhompho bakeng sa lenaneo la phepo le lokiselitsoeng ke sehlopha sa lekhoba le tšepahalang le le masene.
BIBELE e bapisa phutheho ea Bokreste le ’mele oa motho. Setho ka seng sea hlokahala, empa “[hase] tsohle tse nang le mosebetsi o tšoanang.” Tumellanong le hoo, re lokela ho phetha tokelo leha e le efe e behiloeng tlhokomelong ea rōna. Sena se hloka hore re utloisise le ho hlokomela hantle kabelo leha e le efe ea puo ho e-na le ho nyatsa bohlokoa ba litaba tse itseng kahobane re nahana hore litaba tse ling li tla thahasellisa haholoanyane. (Bar. 12:4-8) Sehlopha sa lekhoba le tšepahalang le le masene se na le boikarabelo ba ho fana ka lijo tsa moea “ka nako e tšoanetseng.” (Mat. 24:45) Ha re sebelisa bokhoni ba rōna ho hōlisa lipuo ho ea ka litaelo tseo re li fuoeng, re tla be re bontša hore re ananela tokisetso eo. Sena se thusa ho etsa hore phutheho ka kakaretso e sebetse ka mokhoa o hlophisehileng.
Seo U ka se Akarelletsang. Ha u abetsoe sehlooho se itseng sekolong, tiisa hore u hōlisa sehlooho seo eseng ho hong. Maemong a mangata, u tla fuoa mohloli o tobileng oa boitsebiso. Haeba u sa bolelloa hore na u sebelise boitsebiso bofe bo hatisitsoeng e le motheo oa puo ea hao, u ka ’na ua nka boitsebiso mehloling eo u e ratang. Leha ho le joalo, ha u ntse u lokisetsa puo ea hao, tiisa hore nehelano eohle e itšetlehile ka sehlooho seo u se abetsoeng. Ha u etsa qeto ea hore na u tla akarelletsa eng, u lokela ho nahana le ka bamameli ba hao.
Ithute mohloli oo oa boitsebiso ka hloko, u sekaseke mangolo a akarelelitsoeng ho bona. Joale nahana kamoo u ka bo sebelisang ka katleho kateng molemong oa bamameli. Khetha lintlha tse peli kapa mohlomong tse tharo boitsebisong boo bo hatisitsoeng tseo u ka li sebelisang e le lintlha tse khōlō tsa puo ea hao. Ka ho tšoanang, khetha mangolo ao u rerileng ho a bala le ho a tšohla boitsebisong boo u bo abetsoeng.
Ke boitsebiso bo bokae boo u lokelang ho bo akaretsa? U lokela ho akaretsa feela boo u ka khonang ho nehelana ka bona ka katleho. U se ke ua hlokomoloha mekhoa e metle ea ho ruta hobane feela u batla ho akaretsa boitsebiso bo bongata. Haeba bo bong ba boitsebiso boo bo sa lumellane le morero oa puo ea hao, lebisa tlhokomelo likarolong tse tla u thusa ho finyella pakane eo. Boitsebisong boo u bo abetsoeng, sebelisa bo tla ruta bamameli ba hao haholoanyane le ho ba ruisa molemo. Sepheo sa hao ka ho sebeletsa ntlheng ena ea keletso ea puo hase ho bona hore na u ka akaretsa boitsebiso bo bongata hakae, empa ke ho sebelisa boitsebiso boo u bo abetsoeng e le motheo oa puo ea hao.
Morero oa puo ea hao hase feela ho akaretsa boitsebiso bo fanoeng. U lokela ho lokisetsa ho hlalosa lintlha tse itseng, u li qaqise, u li etsetse lipapiso ’me mohlomong u fane ka mohlala o bontšang kamoo li sebetsang kateng. Mehopolo e eketsehileng e lokela ho sebelisetsoa ho hōlisa lintlha tsa bohlokoa tsa boitsebiso boo u bo abetsoeng ho e-na le ho sebelisa boitsebiso bo bong sebakeng sa bona.
Ka mor’a nako e itseng, barab’abo rōna ba nang le litšoaneleho tse hlokahalang tsa ho ba mesuoe ba ka kōptjoa hore ba rute Sebokeng sa Tšebeletso. Ba utloisisa bohlokoa ba ho sebelisa boitsebiso boo ba bo abetsoeng hamolemo ho e-na le ho sebelisa bo bong sebakeng sa bona. Ka ho tšoanang, barab’abo rōna ba fanang ka lipuo tsa phatlalatsa ba fuoa likemiso tseo ba lokelang ho li latela. Likemiso tsena li ba lumella ho tenyetseha, empa li bontša ka ho hlaka lintlha tse khōlō tse lokelang ho hōlisoa, mabaka a li tšehetsang a lokelang ho sebelisoa le mangolo ao e leng motheo oa puo. Ho ithuta ho ruta u itšetlehile ka boitsebiso boo u bo filoeng ke karolo ea bohlokoa ea ho itlhomella bakeng sa litokelo tse ling tsa ho fana ka lipuo.
Hape koetliso ena e ka u thusa ho khanna lithuto tsa mahae tsa Bibele tse hatelang pele. U tla ithuta ho lebisa tlhokomelo tabeng e ithutoang ho e-na le ho kheloha taba ka ho hatisa lintho tse ling tseo ho ka ’nang ha etsahala hore ebe lia thahasellisa empa li sa hlokahale ho etsa hore motho a utloisise taba. Leha ho le joalo, haeba u utloisisa morero oa thuto ena, u ke ke ua khomarela taba e ithutoang hoo u ka sitoang le ho fana ka litlhaloso tse eketsehileng tse ka ’nang tsa thusa seithuti.
KAMOO U KA HO ETSANG KATENG
Sebelisa feela boitsebiso bo amanang ka ho toba le sehlooho seo u se abetsoeng.
Haeba kabelo ea hao e akarelletsa ho sebelisa boitsebiso bo itseng bo hatisitsoeng e le motheo oa puo ea hao, khetha lintlha tsa hao tse khōlō le mangolo a hao a sehlooho boitsebisong boo ho e-na le ho li nka mehloling e meng.
BOITLHAKISO: Matsatsing a mararo a fapaneng ha u bala temana ea letsatsi, etsa letšoao lentsoeng kapa poleloaneng e khethollang taba eo ho buuoang ka eona. Thala mola ka tlas’a tlhaloso e le ’ngoe kapa tse peli tse khutšoanyane tse amanang le taba eo ka ho toba. Joale, hlalosa taba eo ka mantsoe a hao u sebelisa lengolo le lintlha tseo u li tšoaileng.