Khaolo ea Bone
Eo Baprofeta Bohle ba mo Pakileng
1. Linnete ka ho ba teng ha Jesu pele e e-ba motho oa nama li bontša eng ka kamano ea hae le Jehova?
“NTATE o rata Mora ’me o mo bontša lintho tsohle tseo a li etsang.” (Johanne 5:20) Mora o thabela kamano e mofuthu hakaakang le Ntate oa hae, Jehova! Katamelano ea kamano eo e qalile ha a bōptjoa, lilemo tse likete-kete tse se nang palo pele a hlaha e le motho oa nama. Ke eena feela Mora oa Molimo ea tsoetsoeng a ’notši, ea bōpiloeng ka ho toba ke Jehova. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e leholimong le lefatšeng e bōpiloe ho sebelisoa Mora enoa ea ratoang oa letsibolo. (Bakolose 1:15, 16) Hape o ile a sebeletsa e le Lentsoe la Molimo, kapa ’Muelli, Eo thato ea Molimo e ileng ea fetisetsoa ho ba bang ka eena. Mora enoa eo Molimo a neng a mo rata ka ho khethehileng, e ile ea e-ba motho Jesu Kreste.—Liproverbia 8:22-30; Johanne 1:14, 18; 12:49, 50.
2. Boprofeta ba Bibele bo buile ka Jesu ho isa bohōleng bofe?
2 Pele Mora oa Molimo oa letsibolo a emoloa ka mohlolo e le motho oa nama, ho ile ha tlalehoa boprofeta bo bongata ka eena. Moapostola Petrose o ile a pakela Korneliase: “Baprofeta bohle baa mo paka.” (Liketso 10:43) Karolo eo Jesu a e phethang e hlalositsoe ka Bibeleng ho isa bohōleng ba hore ebe lengeloi le ile la ba la bolella moapostola Johanne ka eona, la re: “Ho paka Jesu ke hona ho bululelang ho profeta.” (Tšenolo 19:10) Boprofeta boo bo mo khetholla ka ho hlakileng e le Mesia. Bo lebisitse tlhokomelo likarolong tse sa tšoaneng tseo a neng a tla li phetha ha a phethahatsa merero ea Molimo. Re lokela ho thahasella tsena tsohle haholo kajeno.
Seo Boprofeta bo se Senotseng
3. (a) Boprofeteng bo ho Genese 3:15, ke mang ea emeloang ke noha, “mosali” le ‘peō ea noha’? (b) Ke hobane’ng ha ho ‘khojoa hlooho ha noha’ ho lokela ho thahasellisa haholo ho bahlanka ba Jehova?
3 Boprofeta ba pele bo joalo bo ile ba fanoa ka mor’a borabele ba Edene. Jehova o ile a re ho noha: “Ke tla beha bora pakeng tsa hao le mosali le pakeng tsa peō ea hao le peō ea hae. E tla u khoba hlooho ’me uena u tla e loma serethe.” (Genese 3:15) Boprofeta boo bo ne bo hlile ho lebisitsoe ho Satane, ea emeloang ke noha. “Mosali” ke mokhatlo o hlophisitsoeng oa leholimo o tšepahalang oa Jehova, o tšoanang le mosali ea tšepahalang ho eena. ‘Peō ea noha’ e akarelletsa mangeloi ’ohle le batho bohle ba bonahatsang moea oa Satane, ba hanyetsang Jehova le batho ba Hae. ‘Ho khoba hlooho ea noha’ ho bolela ho timetsoa ho tlang ha Satane oa lerabele, ea ileng a etselletsa Jehova le ho tlisetsa moloko oa batho masoabi a maholo. Empa karolo e ka sehloohong ea “peō” e tlang ho khoba noha ke efe? Ka makholo a lilemo, seo se ile sa lula e le “sephiri se halalelang.”—Baroma 16:20, 25, 26.
4. Lesika la Jesu le ile la thusa joang ho mo khetholla e le Peō e tšepisitsoeng?
4 Ka mor’a lilemo tse 2 000 tsa histori ea motho, Jehova o ile a fana ka makolopetso a eketsehileng. O ile a bontša hore Peō e ne e tla hlaha lesikeng la Abrahama. (Genese 22:15-18) Leha ho le joalo, lesika la Peō le ne le tla itšetleha ka ho re na Molimo o khetha mang eseng ka leloko la nama. Ho sa tsotellehe lerato la Abrahama ho mora oa hae Ishmaele, eo a mo tsoaletsoeng ke Hagare, Jehova o ile a re: “Ke tla tiisa selekane sa ka le Isaka, eo Sara a tla u tsoalla eena.” (Genese 17:18-21) Hamorao selekane seo ha sea ka sa tiisoa le mora oa Isaka oa letsibolo, Esau, empa se ile sa tiisoa le Jakobo, eo ho eena ho tsoileng meloko e 12 ea Iseraele. (Genese 28:10-14) Ka nako e loketseng, ho ile ha bontšoa hore Peō e ne e tla hlaha lelokong la Juda, lesikeng la Davida.—Genese 49:10; 1 Likronike 17:3, 4, 11-14.
5. Ha Jesu a qala tšebeletso ea hae ea lefatšeng, ke eng e ileng ea totobatsa hore e ne e le Mesia?
5 Ho ile ha fanoa ka leseli lefe mabapi le hore na Peō ke mang? Bibele e ile ea bua ka Bethlehema e le sebaka seo ho sona ho neng ho tla tsoalloa Peō e tšepisitsoeng lilemo tse fetang 700 esale pele. E ile ea boela ea senola hore Peō e ne e bile teng ho tloha “matsatsing a nako e sa lekanyetsoang,” ho tloha ha e ne e bōptjoa leholimong. (Mikea 5:2) Nako e nepahetseng hantle ea ho hlaha ha hae lefatšeng e le Mesia le eona e ile ea boleloa esale pele, ka moprofeta Daniele. (Daniele 9:24-26) Ha Jesu a ne a tlotsoa ka moea o halalelang, ha e le hantle e e-ba Motlotsuoa oa Jehova, lentsoe la Molimo le ile la tsoa leholimong la mo khetholla ka ho hlaka e le Mora oa Hae. (Matheu 3:16, 17) Peō eo e ile ea senoloa! Kahoo, Filipi o ne a ka bua tjena ka kholiseho: “Re fumane eo Moshe, Molaong, le Baprofeta ba ileng ba ngola ka eena, Jesu.”—Johanne 1:45.
6. (a) Ho ea ka Luka 24:27, balateli ba Jesu ba ile ba hlokomela eng? (b) Ke mang eo e leng karolo e ka sehloohong ea ‘peō ea mosali,’ hona ho boleloa eng ka hore o khoba noha hlooho?
6 Ka mor’a moo, balateli ba Jesu ba ile ba hlokomela hore litšupiso tse ngata tsa boprofeta tse buang ka eena li entsoe karolo ea Mangolo a halalelang. (Luka 24:27) Ho ile ha hlaka le ho feta hore Jesu ke eena karolo e ka sehloohong ea ‘peō ea mosali,’ ke eena ea tlang ho khoba noha hlooho, a silakanye Satane hore a se hlole a e-ba teng. Ka Jesu, litšepiso tsohle tsa Molimo ho moloko oa batho, lintho tsohle tseo re li labalabelang ka tieo, li tla phethahatsoa.—2 Bakorinthe 1:20.
7. Ho phaella ho tsebeng hore na boprofeta boo bo bua ka Mang, ho ka ba molemo ho hlokomela eng hape?
7 Ho tseba see ho lokela ho re ama joang? Bibele e bua ka leqhalaha la Moethiopia le neng le balile bo bong ba boprofeta bona bo buang ka ho tla ha Molopolli le Mesia. Le tsielehile, le ile la botsa moevangeli Filipi: “Moprofeta o bua see mabapi le mang?” Empa leqhalaha leo ha lea ka la khotsofalla feela ho fumana karabo eaba lea ikhaohanela. Ka mor’a hore le mamele ka hloko tlhaloso eo Filipi a fanang ka eona, monna eo o ile a hlokomela hore ho utloisisa boprofeta bona bo phethahetseng ho ne ho hloka hore a nke bohato. O ile a utloisisa hore ho hlokahala hore a kolobetsoe. (Liketso 8:32-38; Esaia 53:3-9) Na re arabela ka tsela e tšoanang?
8. (a) Teko ea Abrahama ea ho etsa Isaka sehlabelo e ne e tšoantšetsa eng? (b) Ke hobane’ng ha Jehova a ile a bolella Abrahama hore lichaba tsohle li ne li tla itlhohonolofatsa ka Peō, hona see se sebetsa joang ho rōna kajeno?
8 Hape, nahana ka tlaleho e amang maikutlo ea ha Abrahama a leka ho etsa Isaka sehlabelo, mora oa hae a le mong eo a mo tsoaletsoeng ke Sara. (Genese 22:1-18) Seo se ne se tšoantšetsa seo Jehova a neng a tla se etsa—ho etsa sehlabelo ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši: “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:16) Sena se re fa tšepo ea hore feela joalokaha Jehova a ile a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši hore a phethahatse morero oa Hae, O tla boela a “re fa lintho tse ling kaofela ka mosa.” (Baroma 8:32) Ho hlokahala eng ka lehlakoreng la rōna? Joalokaha ho tlalehiloe ho Genese 22:18, Jehova o ile a bolella Abrahama hore lichaba tsohle li ne li tla itlhohonolofatsa ka Peō, “ka lebaka la hore [Abrahama o] mametse lentsoe la [Molimo].” Le rōna ho hlokahala hore re mamele Jehova le Mora oa hae: “Ea bontšang tumelo ho Mora o na le bophelo bo sa feleng; ea sa mameleng Mora a ke ke a bona bophelo, empa khalefo ea Molimo e sala holim’a hae.”—Johanne 3:36.
9. Haeba re ananela tšepo ea bophelo bo sa feleng eo re nang le eona ka lebaka la sehlabelo sa Jesu, re tla etsa eng?
9 Haeba re ananela tšepo ea bophelo bo sa feleng eo re nang le eona ka lebaka la sehlabelo sa Jesu, re tla rata ho etsa seo Jehova a re laetseng sona ka Jesu. Litaelo tsena li likoloha leratong la rōna ho Molimo le ho baahelani ba rōna. (Matheu 22:37-39) Jesu o ile a bontša hore lerato la rōna ho Jehova le ne le tla re susumelletsa ho ruta ba bang ho “boloka lintho tsohle tseo [Jesu a re] laetseng tsona.” (Matheu 28:19, 20) ’Me re batla ho arolelana lerato leo le bahlanka ba bang ba Jehova ka hore kamehla re ‘bokane’ le bona. (Baheberu 10:25; Bagalata 6:10) Hape, ha re mamela Molimo le Mora oa hae, ha rea lokela ho nahana hore ba batla phetheho ho rōna. Baheberu 4:15 e bolela hore Jesu, e le Moprista ea Phahameng, a ka “utloela mefokolo ea rōna bohloko.” Hoo ke ho tšelisang hakaakang, haholo-holo ha re atamela Molimo ka thapelo ka Kreste hore a re thuse ho hlōla mefokolo ea rōna!—Matheu 6:12.
Bontša Tumelo ho Kreste
10. Ke hobane’ng ha ho se na poloko kantle ho Jesu Kreste?
10 Ka mor’a ho hlalosetsa lekhotla le phahameng la Bajuda Jerusalema hore boprofeta ba Bibele bo phethahalitsoe ho Jesu, moapostola Petrose o ile a qetella ka mantsoe ana a matla: “Ha ho poloko ho mang kapa mang e mong, kaha ha ho lebitso le leng tlas’a leholimo leo ho fanoeng ka lona har’a batho leo ka sebele re tla pholoha ka lona.” (Liketso 4:12) Kaha bana bohle ba Adama ke baetsalibe, lefu la bona hase la bohlokoa bakeng sa hore le ka sebelisoa e le thekollo ho mang kapa mang. Empa Jesu o ne a phethahetse, ’me bophelo ba hae bo ne bo e-na le molemo oa sehlabelo. (Pesaleme ea 49:6-9; Baheberu 2:9) O ile a fana ka thekollo ho Molimo e lekanang hantle le molemo oa bophelo bo phethahetseng boo Adama a ileng a bo lahla. (1 Timothea 2:5, 6) Sena se ile sa re bulela monyetla oa ho fumana bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha la Molimo.
11. Hlalosa kamoo sehlabelo sa Jesu se ka re tsoelang molemo haholo kateng.
11 Thekollo e boetse e re buletse tsela ea ho amohela melemo e meng, esita le hona joale. Ka mohlala, le hoja re le baetsalibe, sehlabelo sa Jesu se re nolofalletsa ho ba le letsoalo le hloekileng ka lebaka la tšoarelo ea libe. Sena se feta hōle se kileng sa finyelloa ke Baiseraele ka mahlabelo a liphoofolo a neng a hlokoa ke Molao oa Moshe. (Liketso 13:38, 39; Baheberu 9:13, 14; 10:22) Leha ho le joalo, hore re tšoareloe ka tsela e joalo ho hlokahala hore ka botšepehi re lumele hore re hlile re hloka sehlabelo sa Kreste: “Haeba re re: ‘Ha re na sebe,’ rea ithetsa ’me ’nete ha e eo ho rōna. Haeba re bolela libe tsa rōna, oa tšepahala ’me o lokile hore a re tšoarele libe tsa rōna le ho re hloekisa ho se lokeng hohle.”—1 Johanne 1:8, 9.
12. Ke hobane’ng ha ho qoelisoa metsing e le ntlha ea bohlokoa tabeng ea ho fumana letsoalo le letle ho Molimo?
12 Baetsalibe ba ka bontša tumelo ho Kreste le sehlabelong sa hae joang? Ha batho e ne e e-ba balumeli lekholong la pele la lilemo, ba ne ba bonahatsa seo phatlalatsa. Joang? Ba ne ba kolobetsoa. Hobane’ng? Hobane Jesu o ile a laela hore barutuoa bohle ba hae ba kolobetsoe. (Matheu 28:19, 20; Liketso 8:12; 18:8) Motho a ke ke a lulela ho thinya-thinya ha pelo ea hae e hlile e susumetsoa ke tokisetso e lerato eo Jehova a e entseng ka Jesu. O tla etsa liphetoho leha e le life tse hlokahalang bophelong ba hae, a inehele ho Molimo ka thapelo, ’me a tšoantšetse boinehelo ba hae ka ho qoelisoa metsing. Ke ka ho bonahatsa tumelo ka tsela ena a ‘kōpang letsoalo le letle ho Molimo.’—1 Petrose 3:21.
13. Haeba re hlokomela hore re entse sebe, re lokela ho etsa’ng ka hona, hona hobane’ng?
13 Ke ’nete hore le ka mor’a kolobetso ena, litšobotsi tsa boetsalibe li tla ’ne li iponahatse. Ebe joale ho etsahala’ng? Moapostola Johanne o ile a re: “Ke le ngolla lintho tsena hore le se ke la etsa sebe. Leha ho le joalo, haeba mang kapa mang a etsa sebe, re na le mothusi ho Ntate, e leng Jesu Kreste, ea lokileng. Ke sehlabelo sa poelano bakeng sa libe tsa rōna.” (1 Johanne 2:1, 2) Na see se bolela hore ho sa tsotellehe hore na re etsa eng, haeba re rapela Molimo hore a re tšoarele, ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tla loka? Eseng joalo. Pako ea ’nete ke eona ntho e ka sehloohong bakeng sa tšoarelo. Ho ka ’na ha hlokahala le thuso ea ba hōlileng le ba nang le phihlelo ka phuthehong ea Bokreste. Re tlameha ho utloisisa ho fosahala ha se entsoeng le ho ikoahlaela sona ka tieo e le hore re tle re etse boiteko bo tiileng ba ho qoba ho se pheta. (Liketso 3:19; Jakobo 5:13-16) Haeba re etsa sena, re ka kholiseha hore Jesu o tla re thusa le hore re tla boela re fumana mohau oa Jehova.
14. (a) Hlalosa tsela ea bohlokoa eo ka eona sehlabelo sa Jesu se re tsoetseng molemo. (b) Haeba re hlile re e-na le tumelo, re tla etsa’ng?
14 Sehlabelo sa Jesu se buletse “mohlatsoana,” e leng karolo ea bobeli ea peō e boletsoeng ho Genese 3:15, tsela e isang bophelong bo sa feleng leholimong. (Luka 12:32; Bagalata 3:26-29) Se boetse se buletse batho ba bang ba limilione tse likete tsela e isang bophelong bo sa feleng lefatšeng la paradeise. (Pesaleme ea 37:29; Tšenolo 20:11, 12; 21:3, 4) Bophelo bo sa feleng ke “mpho eo Molimo a fanang ka eona . . . ka Kreste Jesu Morena oa rōna.” (Baroma 6:23; Baefese 2:8-10) Haeba re e-na le tumelo mphong eo le kananelo bakeng sa mokhoa oo e entsoeng ka oona, re tla bonahatsa seo. Ha re lemoha tsela e babatsehang eo Jehova a ileng a sebelisa Jesu ka eona ho phethahatsa thato ea Hae le kamoo e leng habohlokoa kateng hore kaofela ha rōna re latele mehato ea Jesu haufi-ufi, re tla etsa hore tšebeletso ea Bokreste e be o mong oa mesebetsi ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba rōna. Tumelo ea rōna e tla totobala ka tsela eo ka eona re bolellang ba bang ka kholiseho ka mpho ena e tsoang ho Molimo e babatsehang.—Liketso 20:24.
15. Tumelo ho Jesu Kreste e fella ka ho ba le bonngoe joang?
15 Tumelo e joalo e fella ka ho ba le bonngoe bo babatsehang hakaakang! Ka eona re atametsoa haufi le Jehova, Mora oa hae le ho atamelana ka borōna ka phuthehong ea Bokreste. (1 Johanne 3:23, 24) Hoa re thabisa hore ebe ka mosa Jehova o nehile Mora oa hae “lebitso le ka holimo ho mabitso a mang ’ohle [kantle ho lebitso la Molimo], e le hore lengole le leng le le leng la ba leholimong le ba lefatšeng le ba ka tlaase ho mobu le ka khumama ka lebitso la Jesu, ’me leleme le leng le le leng le bolele pepenene hore le ela hloko hore Jesu Kreste ke Morena thorisong ea Molimo Ntate.”—Bafilipi 2:9-11.
Tlhahlobo
• Ha Mesia a hlaha, ke hobane’ng ha a ile a tsebahala ka ho hlakileng ho ba lumelang Lentsoeng la Molimo kannete?
• Tse ling tsa lintho tseo re lokelang ho li etsa ke life hore re bontše kananelo ea rōna sehlabelong sa Jesu?
• Sehlabelo sa Jesu se se se re tsoetse molemo joang? See se re thusa joang ha re rapela Jehova hore a re tšoarele libe?
[Setšoantšo se leqepheng la 36]
Jesu o ile a bolella balateli ba hae hore ba lokela ho ruta ba bang ho boloka litaelo tsa Molimo