Khaolo ea 27
Molimo oa Hao ke Mang?
KE HOBANE’NG ha potso e reng, Molimo oa hao ke mang? e le ea bohlokoa?— Ke hobane batho ba rapela melimo e mengata. (1 Bakorinthe 8:5) Ha moapostola Pauluse a ne a amohela matla a tsoang ho Jehova a ho folisa monna e mong eo ho seng mohla a kileng a tsamaea, batho ba ile ba hooa: “Melimo e bile joaloka batho ’me e theohetse ho rōna!” Batho bao ba ile ba batla ho rapela Pauluse le motsoalle oa hae Barnabase. Ba ile ba bitsa Pauluse Hermese ’me Barnabase ba mo bitsa Zeuse, e leng mabitso a melimo ea bohata.
Empa Pauluse le Barnabase ba ile ba hana ha batho bao ba ba rapela. Ba ile ba mathela har’a letšoele ’me ba re: ‘Furallang lintho tsena tsa lefeela le tle ho Molimo ea phelang.’ (Liketso 14:8-15) “Molimo ea phelang,” ea bōpileng lintho tsohle ke mang?— E, ke Jehova, “Ea Phahameng ka ho Fetisisa holim’a lefatše lohle.” Jesu o ile a re Jehova ke “Molimo a le mong feela oa ’nete.” Kahoo, ke mang feela ea lokelang ho rapeloa?— Ke Jehova a le mong!—Pesaleme ea 83:18; Johanne 17:3; Tšenolo 4:11.
Batho ba bangata ba rapela melimo e meng kantle ho “Molimo a le mong feela oa ’nete.” Hangata ba rapela lintho tseo ba li entseng ka lehong, lejoe kapa tšepe. (Exoda 32:4-7; Levitike 26:1; Esaia 44:14-17) Esita le banna le basali ba tummeng ka linako tse ling ba bitsoa melimo, linaleli, kapa likhalala. Na ho loketse ho ba tlotlisa?—
Ka mor’a hore Saule e be moapostola Pauluse, o ile a ngola a re: ‘Molimo oa tsamaiso ena ea lintho o foufalitse likelello tsa ba sa lumelang.’ (2 Bakorinthe 4:4) Molimo eo ke mang?— E, ke Satane Diabolose! Satane o ’nile a etsa hore batho ba rapele batho le lintho tse ngata.
Ha Satane a ne a leka ho etsa hore Jesu a mo khumamele le ho mo rapela, Jesu o ile a re’ng ho Satane?— O ile a re: “Ke Jehova Molimo oa hao eo u tla mo rapela, ’me ke eena feela eo u tla mo etsetsa tšebeletso e halalelang.” (Matheu 4:10) Kahoo Jesu o ile a bontša ka ho hlaka hore ke Jehova feela ea lokelang ho rapeloa. A re ke re bale ka bahlankana ba bang ba neng ba tseba sena. Mabitso a bona ke Shadrake, Meshake le Abednego.
Baheberu bana ba bacha e ne e le karolo ea sechaba sa Molimo sa Iseraele ’me ba ne ba isitsoe botlamuoeng naheng ea Babylona. Morena oa moo ea bitsoang Nebukadnezare o ile a haha setšoantšo se seholohali sa khauta. Ka letsatsi le leng a laela hore ha ho letsoa ’mino, motho e mong le e mong o lokela ho inamela setšoantšo seo. A lemosa hore ‘mang kapa mang ea sa se inameleng le ho se rapela o tla lahleloa ka sebōping se tukang sa mollo.’ U ne u tla etsa’ng ha e ne e le uena?—
Shadrake, Meshake le Abednego ba ne ba tloaetse ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo morena a e laelang. Empa ba ile ba hana ho etsa hona. Na u tseba lebaka?— Ke hobane molao oa Molimo o ne o re: ‘U se ke ua ba le melimo e meng kantle ho ’na. U se ke ua iketsetsa setšoantšo se betliloeng ’me u se ke ua se inamela.’ (Exoda 20:3-5) Kahoo Shadrake, Meshake le Abednego ba ile ba mamela molao oa Jehova ho e-na le ho mamela taelo ea morena.
Morena o ile a halefa haholo, a re bacha bao ba bararo ba Baheberu ba tlisoe ho eena hang-hang. A ba botsa: ‘Na ke ’nete hore ha le sebeletse melimo ea ka? Ke tla le fa monyetla o mong. Joale, ha le utloa ’mino, le itihele fatše ’me le rapele setšoantšo seo ke se entseng. Haeba le sa etse joalo, le tla akheloa ka sebōping se tukang sa mollo. Hona ke molimo ofe ea ka le pholosang matsohong a ka?’
Bahlankana bao ba ne ba tla etsa joang joale? Uena u ka be u ile ua etsa’ng?— Ba ile ba re ho morena: ‘Molimo oa rōna eo re mo sebeletsang o tla khona ho re pholosa. Empa le haeba a sa re pholose, melimo ea hao eona ha re na ho e sebeletsa. Ha re na ho inamela setšoantšo sa hao sa khauta.’
Morena o ile a tuka ke bohale. A laela: ‘Besang sebōpi ka makhetlo a supileng ho feta mehleng!’ Eaba o laela banna ba hae ba matla hore ba fase Shadrake, Meshake le Abednego ’me ba ba lahlele ka sebōping seo! Sebōpi seo se ne se chesa hoo banna bao ba morena ba ileng ba bolaoa ke malakabe a mollo! Ho ile ha etsahala’ng ka Baheberu ba bararo?
Shadrake, Meshake le Abednego ba ile ba oela hona khubung ea mollo. Empa eaba baa ema! Ba ne ba sa tsoa kotsi. ’Me ba ne ba se ba bile ba sa fasoa. See se ne se ka etsahala joang?— Morena o ile a sheba ka sebōping, ’me a tšoha ha a bona se etsahalang. O ile a botsa: ‘Na ha rea lahlela banna ba bararo mollong?’ Bahlanka ba hae ba araba ba re: “E, morena.”
Joale morena a re: ‘Bonang! Ke bona batho ba bane ba tsamaea mola, ebile mollo ona ha o ba ntše kotsi.’ Na ua tseba hore na motho oa bone e ne e le mang?— E ne e le lengeloi la Jehova. Le ile la sireletsa Baheberu bao ba bararo hore ba se ke ba tsoa kotsi.
Ha morena a bona sena, o ile a atamela monyakong oa sebōpi ’me a hoeletsa a re: “Shadrake, Meshake le Abednego, lōna bahlanka ba Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa, tsoang ’me le tle mona!” Ha ba tsoela ka ntle, batho bohle ba ile ba bona hore ha baa cha. Ba ne ba bile ba sa nkhe le mosi oa mollo. Eaba morena o re: ‘Ho bokoe Molimo oa Shadrake, Meshake le Abednego, ea rometseng lengeloi la hae ’me a pholosa bahlanka ba hae hobane ba ne ba ke ke ba rapela molimo leha e le ofe haese Molimo oa bona.’—Daniele, khaolo ea 3.
Re ka ithuta ho hong ketsahalong eo e etsahetseng khale. Le kajeno batho ba ntse ba emisa litšoantšo, kapa melimo ea litšoantšo hore e rapeloe. The Encyclopedia Americana e re: “Folakha, ho tšoana le sefapano, ea halalela.” Litšoantšo li ka etsoa ka lehong, lejoe, tšepe, kapa lesela. Barutuoa ba pele ba Jesu ba ne ba sa etsetse moemphera oa Roma ketso ea borapeli, e leng seo rahistori Daniel P. Mannix a reng se ka bapisoa le “ho hana ho lumelisa folakha kapa ho pheta kano ea botšepehi.”
Na u nahana hore Molimo oa tsotella hore na setšoantšo sa bolumeli se entsoe ka lesela, lehong, lejoe, kapa tšepe?— Na e ka ba ho loketseng hore mohlanka oa Jehova a etse ketso ea borapeli ka pel’a setšoantšo se joalo?— Shadrake, Meshake le Abednego ha baa ka ba etsa joalo, ’me Jehova o ile a thabisoa ke seo ba se entseng. U ka etsisa mohlala oa bona joang?—
Ba sebeletsang Jehova ba ke ke ba rapela motho leha e le ofe kapa ntho leha e le efe. Bala se boleloang ka taba ena ho Joshua 24:14, 15, 19-22; Esaia 42:8; 1 Johanne 5:21; le Tšenolo 19:10.
[Setšoantšo se leqepheng la 143]
Ke hobane’ng ha Pauluse le Barnabase ba ile ba hana ha batho ba ba inamela?
[Setšoantšo se leqepheng la 144]
Ke hobane’ng ha banna baa ba ke ke ba inamela setšoantšo?
[Setšoantšo se leqepheng la 145]
Jehova o ile a pholosa bahlanka ba hae joang sebōping sa mollo?
[Litšoantšo tse leqepheng la 146]
Batho ba tlotlisa melimo efe ea litšoantšo kajeno?