Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yp2 khao. 17 maq. 142-146
  • Ke Lokela ho Tseba’ng ka ho Tloaelana le Bana Bao ke Kenang Sekolo le Bona?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Lokela ho Tseba’ng ka ho Tloaelana le Bana Bao ke Kenang Sekolo le Bona?
  • Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho ba Hlokolosi?
  • Seo U ka se Etsang
  • Bana Bao U Kenang Sekolo le Bona—U Lokela ho Tloaelana le Bona ho Fella Hokae?
    Tsoha!—2006
  • Nka Etsa’ng Hore ke be le Metsoalle e Molemo?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • Na ke Hloka Metsoalle e Molemo?
    Tsoha!—2009
  • Khetha Metsoalle Hantle
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
Bala Tse Ling
Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
yp2 khao. 17 maq. 142-146

Khaolong ea 17

Ke Lokela ho Tseba’ng ka ho Tloaelana le Bana Bao ke Kenang Sekolo le Bona?

“Ka linako tse ling ha ke bona bana ba bang, ke ee ke re ka pelong, ‘Hm, ha ho thoe metsoalle ho boleloa ena. Ekare nka be ke e-na le metsoalle e tjena.’”—Joe.

“Ke ne ke se na bothata ba ho etsa metsoalle sekolong. Ho ne ho ’nolofalla. Boo e ne e le bona bothata ba ka.”—Maria.

MOTHO e mong le e mong o hloka metsoalle—batho bao a ka ikhathollang le bona ha ho le monate le bao a ka itšetlehang ka bona ha ho nyolosetsa. Jesu o ne a e-na le metsoalle, a bile a thabela botsoalle le eona. (Johanne 15:15) Kahoo, ha Jesu a le makhatheng a lefu thupeng ea tlhokofatso, motsoalle oa hae ea haufi, e leng Johanne, “morutuoa eo a neng a mo rata,” o ne a le haufi le moo. (Johanne 19:25-27; 21:20) U hloka metsoalle e joalo—batho ba tla oa ba tsoha le uena mathateng le manolong!

Mohlomong u nka hore u fumane metsoalle e joalo sekolong—ngoana a le mong kapa ba babeli bao u kenang le bona ka tlelaseng, bao le utloanang linthong tse ngata. Le thahasella lintho tse tšoanang ebile le thabela ho qoqa ’moho. Ho ea ka uena, hase batho bao ho ka thoeng ha u tloaelane le bona ke “litloaelano tse mpe.” (1 Bakorinthe 15:33) Anne o re: “U bona bana bana hoo e batlang e le letsatsi le leng le le leng. Ka hona, ua phutholoha ha u e-na le bona. Ha ho tšoane le ha u e-na le bara le barali beno ba moea, bao ka linako tse ling u ikutloang u tlameha ho ba hlokolosi haholo hore na u itšoara joang. Sekolong u ikutloa u phutholohile.” Ho phaella moo, u ka ’na ua ba le maikutlo a tšoanang le a Lois, ea reng: “Ke ne ke batla hore metsoalle ea ka sekolong e bone hore Lipaki Tsa Jehova hase batho ba fapaneng le ba bang joalokaha bohle ba nahana joalo, ke ne ke batla ho ba bontša hore re ntse re tšoana le batho ba bang.” Na mabaka ao ke a utloahalang hoo u ka bang motsoalle ea haufi-ufi oa bana bao u kenang sekolo le bona?

Ke Hobane’ng ha U Lokela ho ba Hlokolosi?

Nahana ka se ileng sa hlahela Maria, ea qotsitsoeng qalong. Kaha ka tlhaho ke motho ea ratang batho, sena se ile sa mo nolofalletsa hore a be le metsoalle empa a thatafalloa ho tseba moo a lokelang ho seha moeli teng. Oa lumela: “Ke ne ke thabela ho ratoa ke banana le bashanyana. Ka lebaka leo, ke ile ka iphumana ke ntse ke tetebela linthong tsa lefatše lena.” Lois o ile a hlaheloa ke ntho e tšoanang. O re: “Ke ile ka tšoaetsoa ke boikutlo boo bana ba bang ba neng ba e-na le bona. Ke ile ka qala ho itšoara joaloka bona.”

Phello eo ha e makatse. Etsoe hore u lule u le motsoalle ea haufi-ufi oa motho u lokela ho ba le lithahasello le mekhoa e tšoanang le ea hae. Haeba u tloaelana haufi-ufi le batho ba sa lumeleng lithuto le melao ea Mangolo eo u e latelang, joang kapa joang metsoalle eo e tla ama boitšoaro ba hao. (Liproverbia 13:20) Ke ka lebaka le utloahalang moapostola Pauluse a ileng a ngola: “Le se ke la kena jokong e sa lekaneng hammoho le ba sa lumelang.”—2 Bakorinthe 6:14.

Seo U ka se Etsang

Na keletso ea Pauluse e bolela hore u lokela ho koekoetla bao u leng tlelaseng le bona ebe u itšehla thajana? Che! E le hore Bakreste ba phethahatse thōmo ea bona ea ho ‘etsa batho ba lichaba tsohle barutuoa,’ ba lokela ho tseba ho sebelisana le banna le basali ba merabe eohle, ba malumeli ’ohle le ba litso tsohle.—Matheu 28:19.

Moapostola Pauluse o ile a beha mohlala o motle tabeng ena. O ne a tseba ho buisana le “batho ba mefuta eohle,” le hoja a ne a sa lumele seo ba se lumelang. (1 Bakorinthe 9:22, 23) U ka etsisa mohlala oa Pauluse. E-ba mosa ho lithaka tsa hao. Ithute ho buisana le tsona hantle. Leha ho le joalo, loanela hore u se ke ua bua le ho itšoara ka tsela e tšoanang le ea bana bao u leng ka tlelaseng le bona. Ho e-na le hoo, kapele kamoo u ka khonang, ka tlhompho ba hlalosetse hore na ke hobane’ng ha u khetha ho phela ka melao ea Bibele.—2 Timothea 2:25.

Ke ’nete hore u tla ba mokhelo, ’me seo hase ntho e bonolo. (Johanne 15:19) Empa ke hobane’ng ha u sa shebe taba ka tsela ee? Ha re re mohlomong u ne u le ka seketsoaneng sa pholoho, u pota-potiloe ke batho ba hlokang thuso metsing, u ne u ka ba thusa joang—na e ne e ka ba ka ho itahlela ka metsing? Che!

Ka tsela e tšoanang, sekolong u pota-potiloe ke batho ba sa sireletsehang joalokaha metsoalle ea Jehova e sireletsehile. (Pesaleme ea 121:2-8) Haeba u ne u ka tlohela melao ea Jehova hore feela u be haufi le bao u leng tlelaseng le bona, u ne u tla be u beha bomoea ba hao le thabo ea hao kotsing. (Baefese 4:14, 15; Jakobo 4:4) Ntho e ka bang molemo haholo ke hore u leke ho thusa bao u leng tlelaseng le bona hore ba kene ka seketsoaneng sa pholoho, ka hore u ba bontše tsela ea ho sebeletsa Jehova. Ka sebele, ena ke eona feela tsela e molemo ea ho ba bontša hore u motsoalle oa ’nete.

LENGOLO LA SEHLOOHO

“Ke etsa lintho tsohle ka lebaka la litaba tse molemo, e le hore nka li arolelana le ba bang.”—1 Bakorinthe 9:23.

KELETSO

Haeba bana ba bang bao u leng tlelaseng le bona ba ikemiselitse ho ithuta seo u se lumelang, ba fe monyetla oa hore le bona ba ntše maikutlo a bona. Ba mamele ka hloko. Bua le bona ka “maikutlo a bonolo le tlhompho e tebileng.”—1 Petrose 3:15.

NA U NE U TSEBA . . .  ?

Batho ba bangata ba sebeletsang Molimo kajeno ba ithutile Bibele ho bana bao ba neng ba kena sekolo le bona, ba ileng ba e-ba sebete sa ho bua ka tumelo ea bona.

SEO KE RERANG HO SE ETSA!

Haeba ke nka hore ke se ke tloaelane haholo le ngoana e mong ka tlelaseng, ke tla ․․․․․

Haeba ngoana eo ke kenang sekolo le eena a ntšoma ka seo ke se lumelang, ke tla ․․․․․

Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․

U NAHANA’NG KA SEE?

● U nahana hore ke hobane’ng ha ho bonahala eka ho bonolo ho ba le metsoalle sekolong ho feta ka phuthehong ea Bokreste?

● Ho ka ba le likotsi life haeba u qeta nako e ngata le ngoana e mong ea sa lumelang, eo u kenang tlelaseng le eena, ha sekolo se tsoile?

● Ke melemo efe e ka tlisoang ke ho bolella bao u leng tlelaseng le bona hore u e mong oa Lipaki Tsa Jehova?

[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 143]

“Ha ke le sekolong, ke ne ke itšoara joaloka bana ba bang, ka hona ho ne ho le bonolo ho etsa setsoalle le ba bang. Empa ke ithutile liphosong tsa ka. Hona joale ke na le metsoalle ka phuthehong—metsoalle eo nka e tšepang.’’—Daniel

[Setšoantšo se leqepheng la 146]

U ka thusa motho ea khangoang ke metsi joang—ka ho itahlela ka metsing kapa ka ho mo akhella ntho e ka mo pholosang?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela