Ho Iphetola ha Lintho—Seo e Leng Khopolo-taba le Seo e Leng ’Nete
Moprofesa Richard Dawkins, eo e leng rasaense ea hlaheletseng oa thuto ea ho iphetola ha lintho, o re: “Taba ea ho iphetola ha lintho ke ’nete e hlakileng feela joalokaha e le ’nete e hlakileng hore letsatsi lea chesa.”16 Ke ’nete hore ho etsa liteko le ho bona lintho tse etsahalang ho fana ka bopaki ba hore letsatsi lea chesa. Empa na ho etsa liteko le ho bona se etsahalang ho fana ka bopaki bo hlakileng ba hore thuto ea ho iphetola ha lintho le eona ke ’nete?
Pele re araba potso eo, ho na le taba eo re lokelang ho e hlakisa. Bo-rasaense ba bangata ba hlokometse hore ha nako e ntse e feta, lintho tse itseng tse phelang li ka ’na tsa fetoha hanyenyane ha li ntse li ikatisa. Ka mohlala, batho ba ka nyalanya lintja tsa mefuta e itseng e le hore qetellong ho ka ba le lintja tse maoto a makhutšoanyane kapa tse nang le boea bo bolelele ho feta tse li tsoetseng.a Bo-rasaense ba bang ba bitsa liphetoho tseo tse nyenyane “ho iphetola ho honyenyane ha lintho.”
Leha ho le joalo, ba buellang khopolo ea ho iphetola ha lintho ba ruta hore ho iphetola ho honyenyane ho ile ha ’na ha tsoela pele ka lilemo tse fetang tse libilione ho fihlela ho entse liphetoho tse khōlō tse neng li hlokahala hore litlhapi li fetohe liphoofolo tse phelang metsing esita le ka ntle ho metsi, le hore liphoofolo tse kang litšoene li fetohe batho. Liphetoho tsena tse khōlō tseo ho thoeng li etsahetse ke tsona tseo ho thoeng ke “ho iphetola ho hoholo ha lintho.”
Ka mohlala, Charles Darwin o ile a ruta hore liphetoho tse nyenyane tseo re li bonang li bontša hore ho ka ba le liphetoho tse khōlō—tseo ho seng motho ea ka li bonang.17 O ne a nka hore ha nako e telele e ntse e feta, lintho tse qalileng bophelo, tse bitsoang lintho tse phelang tse sa rarahanang, butle-butle li ile tsa iphetola—ka “liphetoho tse nyenyane haholo”—ho fihlela li hlahisitse lintho tse limilione tse phelang lefatšeng.18
Ho ba bangata, tlhaloso ena ea utloahala. Baa ipotsa, ‘Haeba liphetoho tse nyenyane li ka etsahala mefuteng e itseng ea lintho tse phelang, ke hobane’ng ha batho ba sa lumele hore ho iphetola ha lintho ho ka hlahisa liphetoho tse khōlō ha nako e ntse e feta?’b Leha ho le joalo, ’nete ke hore thuto ea ho iphetola ha lintho e thehiloe linthong tse tharo tseo e leng likhopolo-taba. Nahana ka lintlha tse latelang.
Khopolo-taba ea 1. Liphetoho tse bang teng liphatseng tsa lefutso ke tsona tse thusang ho hlahisa mefuta e mecha. Thuto ea ho iphetola ho hoholo ha lintho e thehiloe khopolong ea hore liphetoho tse bang teng ka tšohanyetso liphatseng tsa lefutso tsa limela le liphoofolo li ka hlahisa mefuta e mecha tsa ba tsa hlahisa lihlopha tse ncha ka ho feletseng tsa limela le liphoofolo.19
Seo e leng ’nete. Litšobotsi tse ngata tsa semela kapa tsa phoofolo li laoloa ke litaelo tse liphatseng tsa lefutso tse fumanoang khubung ea sele ka ’ngoe.c Bafuputsi ba sibolotse hore liphetoho tse bang teng liphatseng tsa lefutso li ka hlahisa liphetoho tse itseng limeleng le liphoofolong tse tsoaloang. Empa na liphetoho tse bang teng liphatseng tsa lefutso li ka hla tsa hlahisa mofuta o mocha ka ho feletseng? Lipatlisiso tse entsoeng ka lilemo tse ka bang lekholo liphatseng tsa lefutso li sibolotse eng?
Ho ella bofelong ba lilemo tsa bo-1930, bo-rasaense ba ile ba amohela khopolo e ncha ka thabo. Ba ne ba se ba ntse ba nahana hore tsela ea tlhaho ea ho khetha—e leng ea hore na lintho tse itseng tse phelang li loketsoe ke tikoloho efe e le hore li tsoele pele li phela le ho ikatisa—e ka hlahisa mefuta e mecha ea limela ha ho e-ba le liphetoho liphatseng tsa lefutso. Ka hona, ba ile ba nahana hore haeba motho a ka etsa liphetoho tse itseng liphatseng tsa lefutso, joale ho ka etsahala se tšoanang empa ka tsela e atlehileng le ho feta. Wolf-Ekkehard Lönnig, eo e leng rasaense oa Max Planck Institute for Plant Breeding Research, e Jeremane, o ile a re: “Litsebi tsa baeloji, litsebi tsa liphatsa tsa lefutso le batho ba hlahisang limela tse ncha le ba tsoalisang liphoofolo ba ile ba thabela seo haholo.”d Ba ne ba thabetse eng? Lönnig, ea qetileng lilemo tse ka bang 30 a ithuta ka ho fetoha ha liphatsa tsa lefutso limeleng, o itse: “Bafuputsi bana ba ile ba nka hore nako e fihlile ea hore ba fetole mokhoa o neng o sebelisoa ho hlahisa limela tse ncha le ho tsoalisa liphoofolo. Ba ne ba nahana hore ka ho khetha le ho ntlafatsa liphatsa tsa lefutso, ba ka hlahisa limela le liphoofolo tse ncha, tse bileng li leng ntle ho feta tsa pele.”20 Ha e le hantle, ba bang ba ne ba bile ba nahana hore ba tla khona ho hlahisa mefuta e mecha ka ho feletseng.
Bo-rasaense ba United States, Asia le Europe ba ile ba qala mananeo a lipatlisiso a neng a tšehelitsoe hantle ka lichelete, ba sebelisa mekhoa eo ba neng ba tšepa hore e tla potlakisa ho iphetola ha limela le liphoofolo. Ka mor’a lilemo tse fetang 40 ba ntse ba etsa lipatlisiso tse matla, liphello e bile life? Mofuputsi Peter von Sengbusch, o re: “Ho sa tsotellehe lichelete tse ngata-ngata tse sebelisitsoeng, boiteko ba ho sebelisa mahlaseli ho hlahisa mefuta e sa tšoaneng e ntlafetseng [ho etsa liphetoho liphatseng tsa lefutso], bo hlōlehile ka ho feletseng.”21 Lönnig eena o ile a re: “Lilemong tsa bo-1980, tšepo eo bo-rasaense ba neng ba e-na le eona le nyakallo ea bona li ile tsa fela lefatšeng ka bophara. Linaheng tsa Bophirimela, lefapha le ikemetseng la ho hlahisa mefuta e mecha ka ho fetola liphatsa tsa lefutso le ile la koaloa. Hoo e batlang e le limela le liphoofolo tsohle tse hlahisitsoeng ka ho fetola liphatsa tsa lefutso . . . li ne li shoa kapa li e-na le matla a fokolang haholo ha li bapisoa le tsa tlhaho.”e
Leha ho le joalo, boitsebiso bo bokeletsoeng ka lilemo tse ka bang lekholo ha ho ntse ho etsoa lipatlisiso ka liphetoho tse bang teng liphatseng tsa lefutso ka kakaretso, le ka lilemo tse 70 tseo ka tsona ho neng ho shebanoe le ho hlahisa mefuta e meng ka ho fetola liphatsa tsa lefutso, bo thusa bo-rasaense hore ba fihlele qeto mabapi le hore na liphetoho tse bang teng liphatseng tsa lefutso li ka hlahisa mefuta e mecha na. Ka mor’a ho hlahloba bopaki bo teng, Lönnig o fihletse qeto ena: “Liphetoho tse bang teng liphatseng tsa lefutso li ke ke tsa fetola mefuta ea tlhaho [ea limela kapa ea liphoofolo] hore e be e mecha ka ho feletseng. Qeto ena e lumellana le liteko tsohle tse entsoeng le se fumanoeng ha ho etsoa lipatlisiso lekholong la bo20 la lilemo mabapi le liphetoho tse bang teng liphatseng tsa lefutso limeleng le liphoofolong, ebile e lumellana le mokhoa oa ho batla hore na ntho e na le menyetla e mekae ea hore e etsahale.”
Ka hona, na liphetoho tse bang teng liphatseng tsa lefutso tsa mofuta o itseng oa phoofolo kapa semela li ka o fetola ka ho feletseng hore e be mofuta o mocha? Bopaki bo bontša hore seo se ke ke sa etsahala. Lipatlisiso tse entsoeng ke Lönnig li entse hore a fihlele qeto ea hore “mefuta e fapaneng le e meng ka liphatsa tsa lefutso e na le meeli eo liphetoho tse ka itlhahelang feela li ke keng tsa e tlosa kapa tsa e tlōla.”22
Nahana ka se boleloang ke lintlha tse tšohliloeng ka holimo. Haeba bo-rasaense ba rutehileng haholo ba hlōleha ho hlahisa mefuta e mecha ka ho etsa liphetoho liphatseng tsa lefutso, ba bile ba hlōleha ho khetha mefuta eo ba batlang ho e hlahisa, na ho ne ho ka iketsahalla feela tjee hore ho be le mefuta e mecha ho se moetsi ea bohlale? Haeba lipatlisiso li bontša hore liphetoho tse bang teng liphatseng tsa lefutso li ke ke tsa fetola mofuta oa tlhaho ’me tsa hlahisa o mocha ka ho feletseng, ebe joale seo ho thoeng ke ho iphetola ho hoholo ha lintho se ne se ka etsahala joang?
Khopolo-taba ea 2. Tsela ea tlhaho ea ho khetha hore na lintho tse itseng tse phelang li loketsoe ke tikoloho efe e hlahisitse mefuta e meng ea lintho tse phelang. Darwin o ne a lumela hore seo a se bitsang tsela ea tlhaho ea ho khetha hore na lintho tse itseng tse phelang li loketsoe ke tikoloho efe e ne e tla tsoela lintho tse loketseng ho phela tikolohong e itseng molemo, ha tse sa tšoaneleheng tsona li ne li tla qetella li shoele. Ba buellang khopolo ea ho iphetola ha lintho kajeno ba ruta hore ha mefuta e itseng e ntse e ata ’me e ikarola ho e meng, tsela ea tlhaho ea ho khetha hore na lintho tse itseng tse phelang li loketsoe ke tikoloho efe e ile ea khetha tseo liphatsa tsa tsona tsa lefutso li neng li tla fetoha ka tsela e tla lumellana le tikoloho e ncha. Ka hona, ba buellang khopolo ea ho iphetola ha lintho ba nahana hore qetellong lihlopha tsena tse ikarotseng li ile tsa fetoha mefuta e mecha ka ho feletseng.
Seo e leng ’nete. Joalokaha ho se ho bontšitsoe, bopaki boo lipatlisiso li fanang ka bona bo bontša hantle hore liphetoho tse bang teng liphatseng tsa lefutso li ke ke tsa hlahisa mefuta e mecha ka ho feletseng ea limela kapa ea liphoofolo. Leha ho le joalo, ke bopaki bofe boo ba buellang khopolo ea ho iphetola ha lintho ba fanang ka bona ho tšehetsa thuto ea hore tsela ea tlhaho ea ho khetha ke eona e khethang liphetoho tse nepahetseng tsa liphatsa tsa lefutso e le hore ho hlahe mefuta e mecha? Bukana e hatisitsoeng ka 1999 ke National Academy of Sciences (NAS) e United States e bua ka “mefuta e 13 ea lithaha eo Darwin a ileng a ithuta eona Lihlekehlekeng Tsa Galápagos, tseo hona joale li tsejoang e le lithaha tsa Darwin.”23
Ka bo-1970, sehlopha sa bafuputsi se neng se eteletsoe pele ke Peter R. le B. Rosemary Grant sa Univesithi ea Princeton, se ile sa qala ho ithuta lithaha tsena ’me sa hlokomela hore ka mor’a selemo se seng sa komello lihlekehlekeng tseo, lithaha tse nang le melomo e meholoanyane li ile tsa pholoha habobebe ho feta tse melomo e menyenyane. Kaha tsela e ’ngoe e ka sehloohong ea ho khetholla mefuta e 13 ea lithaha ke ka ho sheba hore na melomo ea tsona e meholo hakae le hore na e bōpehile joang, ho ile ha nkoa sena se sibolotsoeng e le sa bohlokoa. Bukana eo ea NAS e tsoela pele: “Ba ha Grant ba ile ba hakanya hore haeba komello e ne e ka ba teng lihlekehlekeng tsena hang ka mor’a lilemo tse ling le tse ling tse 10, ho ne ho ka hlaha mofuta o mocha oa thaha ka mor’a lilemo tse ka bang 200 feela.”24
Leha ho le joalo, bukana eo ea NAS ha e bolele taba ea hore lilemong tse latelang tseo tsa komello, lithaha tse melomo e menyenyane li ile tsa boela tsa e-ba ngata ho feta tse ling. Bafuputsi ba ile ba fumana hore ha maemo a leholimo a fetoha sehlekehlekeng seo, lithaha tse melomo e meholoanyane li ile tsa e-ba ngata ho feta tse ling ka selemo se le seng, empa ka mor’a moo, tse nang le melomo e menyenyane ea e-ba tsona tse ngata. Ba ile ba boela ba hlokomela hore lithaha tsa “mefuta” e meng li ile tsa nyalana ’me tsa hlahisa malinyane a ileng a atleha ho li feta. Kahoo ba etsa qeto ea hore haeba lithaha tsa mefuta e sa tšoaneng li ne li ka lula li nyalana, qetellong “mefuta” e ’meli e ne e tla hlahisa o mong.25
Ka hona, na ruri tsela ea tlhaho ea ho khetha hore na lintho tse itseng tse phelang li loketsoe ke tikoloho efe e khona ho hlahisa mefuta e mecha? Lilemong tse mashome tse fetileng, setsebi sa baeloji se buellang khopolo ea ho iphetola ha lintho, George Christopher Williams, se ile sa qala ho ba le khoao tabeng ea hore na tsela ea tlhaho ea ho khetha e ka fela ea etsa joalo na.26 Ka 1999, Jeffrey H. Schwartz, ea buellang khopolo ea ho iphetola ha lintho o ile a ngola hore tsela ea tlhaho ea ho khetha hore na lintho tse itseng tse phelang li loketsoe ke tikoloho efe e ka thusa mefuta e itseng hore e ikamahanye le maemo a fetohang a tikoloho, empa e ke ke ea hlahisa mofuta o mocha.27
Ka sebele, lithaha tsa Darwin hase “mofuta o mocha.” E ntse e le lithaha. ’Me taba ea hore mefuta ena ea nyalana e hlahisa pelaelo mabapi le mekhoa eo ba bang ba buellang ho iphetola ha lintho ba e sebelisang ha ba hlalosa mofuta ka mong. Ho phaella moo, se fumanoeng ka linonyana tsena se senola ’nete ea hore esita le mekhatlo e nkeloang holimo ea bo-rasaense e ntse e ka fana ka tlaleho e leeme.
Khopolo-taba ea 3. Tlaleho ea mesaletsa ea lintho tsa khale e paka hore ho bile le ho iphetola ho hoholo ha lintho. Bukana eo ho buileng ka eona pejana ea NAS e fa ’mali maikutlo a hore mesaletsa ea lintho tsa khale e fumanoeng ke bo-rasaense e fana ka bopaki bo matla ba hore ho bile le ho iphetola ho hoholo ha lintho. E re: “Ho ’nile ha fumanoa mefuta e mengata e lipakeng tsa litlhapi le liphoofolo tse phelang metsing le ka ntle ho metsi, e lipakeng tsa tse phelang metsing le ka ntle ho metsi le lihahabi, e lipakeng tsa lihahabi le liphoofolo tse anyesang, hammoho le mefuta e meng ea tse anyesang eo hangata ho leng thata ho tseba hore na e fetoha neng ho tloha mofuteng o mong ho ea ho o mong.”28
Seo e leng ’nete. Polelo ena e builoeng ka sebete ke bukana ea NAS ea makatsa. Hobane’ng? Niles Eldredge, ea buellang ka matla khopolo ea ho iphetola ha lintho, o re tlaleho ea mesaletsa ea lintho tsa khale ha e bontše hore ho na le phetoho e bang teng butle-butle, ho e-na le hoo, e bontša hore ka nako e telele, “ho ba le ho iphetola ho fokolang kapa ho hang ha ho be teng mefuteng e mengata.”f29
Ho fihlela hona joale, lefatšeng ka bophara bo-rasaense ba epolotse mesaletsa ea khale ea lintho tse khōlō tse limilione tse 200 le mesaletsa ea lintho tse nyenyane tse libilione ebile ba ngotse ka eona. Bafuputsi ba bangata ba lumela hore tlaleho ena e pharaletseng e nang le boitsebiso bo qaqileng e bontša hore lihlopha tse ka sehloohong tsa liphoofolo li ile tsa e-ba teng hang ’me tsa lula li sa fetohe ’me tse ngata tsa tsona li ile tsa nyamela ka tšohanyetso feela joalokaha li hlahile ka tšohanyetso.
Ho Lumela Hore Lintho li Iphetotse ho Hloka “Tumelo”
Ke hobane’ng ha batho ba bangata ba hlaheletseng ba buellang hore lintho li iphetotse ba tsitlella taba ea hore ho bile le ho iphetola ho hoholo ha lintho? ’Muelli e mong ea nang le tšusumetso e matla oa thuto ea hore lintho li iphetotse, e leng Richard Lewontin, o ile a ngola hore bo-rasaense ba bangata ba ikemiselitse ho amohela lithuto tsa saense tse se nang bopaki hobane ba se ba “itlamme ka ho lumela hore lintho tse teng ke tse bonahalang feela.”g Bo-rasaense ba bangata ba hana le ho nahana feela ka hore e ka ’na eaba Moqapi ea bohlale o teng, hobane joalokaha Lewontin a ngotse, “re ke ke ra lumela le khopolo ea hore e ka ’na eaba Molimo o teng.”30
Tabeng ena, setsebi litabeng tsa kahisano, Rodney Stark, ea qotsitsoeng ho Scientific American, o re: “Ka lilemo tse 200, ho ’nile ha khothalletsoa hore haeba motho a batla ho ba rasaense, o lokela ho tlosa kelello ea hae litabeng tsa bolumeli.” O ile a boela a re liunivesithing tse etsang lipatlisiso, “balumeli ba koala melomo.”31
Haeba u lumela thuto ea hore ho bile le ho iphetola ho hoholo ha lintho, joale u lokela ho lumela hore bo-rasaense ba belaellang boteng ba Molimo, kapa ba reng Molimo ha a eo, ha baa lokela ho hlalosa seo saense e se sibolotseng ka tsela e lumellanang le maikutlo a bona. U lokela ho lumela hore liphetoho tse bileng teng liphatseng tsa lefutso tsa lintho tse phelang le tsela ea tlhaho ea ho khetha hore na lintho tse itseng tse phelang li loketsoe ke tikoloho efe, ke tsona tse hlahisitseng mefuta-futa e rarahaneng ea lintho tse phelang, le hoja liphuputso tse entsoeng ka lilemo tse lekholo li bontša hore liphetoho tse bileng teng liphatseng tsa lefutso ha lia fetola mofuta leha o le mong ho hlahisa o mocha ka ho feletseng. U lokela ho lumela hore lintho tsohle tse phelang li ile tsa iphetola butle-butle ho tloha ho moholo-holo a le mong oa tsona, ho sa tsotellehe bopaki bo fanoang ke tlaleho ea mesaletsa ea lintho tsa khale bo bontšang hore mefuta e ka sehloohong ea limela le liphoofolo e hlahile hang ’me ha ea ka ea iphetolela mefuteng e meng, esita le ka mor’a lilemo tse ngata-ngata. Na tumelo e joalo e bonahala e thehiloe ’neteng kapa e utloahala e le khopolo-taba? Ka sebele, ho hlokahala “tumelo” feela hore motho a lumele hore lintho li iphetotse.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Liphetoho tseo batho bana ba li hlahisang ka ho nyalanya lintja hangata li bakoa ke ho se sebetse hantle ha liphatsa tse ling tsa lefutso. Ka mohlala, hore ebe ntja ea dachshund e cheletse ho bakiloe ke ho se hōle hantle ha lefufuru, ho etsang hore e be khutšoanyane haholo.
b Le hoja sehloohong sena ho sebelisitsoe lentsoe “mefuta” khafetsa, re lokela ho hlokomela hore bukeng ea Genese e ka Bibeleng, ha le sebelisoe ho latela tsela eo le sebelisoang ka eona litlhalosong tsa saense. Hangata seo bo-rasaense ba khethang ho se bitsa ho iphetola ha lintho hore e be mefuta e mecha e mpa feela e le ho fapana ha linthonyana tse itseng hona ‘mefuteng’ eo tlaleho ea Genese e buang ka eona.
c Liphuputso li bontša hore lero la sele, lera la eona le likarolo tse ling li phetha karolo ea bohlokoa mabapi le sebōpeho sa ntho e phelang.
d Lönnig o lumela hore lintho tse phelang li bōpiloe. Maikutlo a bukeng ena ke a hae, hase a Max Planck Institute for Plant Breeding Research.
e Liteko tsa ho fetola liphatsa tsa lefutso li bontšitse ka makhetlo hore bongata ba mefuta e mecha e neng e hlahisoa, bophelo ba eona bo ne bo lula bo mpefala, le hona ho lula ho hlaha mefuta e tšoanang. Ho phaella moo, ho ile ha khethoa limela tse ka tlaase ho phesente e le ’ngoe ho tse neng li hlahisitsoe ka ho fetola liphatsa tsa lefutso, e le hore ho ka etsoa lipatlisiso tse eketsehileng ’me ha fumanoa hore ho tsona tse ka rekisoang li ka tlaase ho phesente e le ’ngoe. Leha ho le joalo, ha ho mohla ho kileng ha hlahisoa mofuta o mocha ka ho feletseng. Ho hlahisa mofuta o mocha ka ho fetola liphatsa tsa lefutso liphoofolong ho bile le liphello tse mpe ho feta limeleng ’me mokhoa oo o ile oa khaotsoa.
f Esita le mehlala e ’maloa e tlalehong ea mesaletsa ea lintho tsa khale eo bafuputsi ba buang ka eona e le ho fana ka bopaki ba hore lintho li iphetotse, ea belaetsa. Sheba leqephe la 22 ho ea ho la 29 la bukana e reng The Origin of Life—Five Questions Worth Asking, e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.
g Thuto ea hore lintho tse teng ke tse bonahalang feela, e ruta hore lintho tsohle tse teng bokahohleng, ho akarelletsa le tsohle tse phelang, ha lia ka tsa e-ba teng ka matla a itseng a phahametseng tlhaho.
U Tla Araba Joang?
◼ U tla arabela joang motho ea reng bopaki ba hore ho bile le seo ho thoeng ke ho iphetola ho honyenyane ha lintho bo bontša hore ho bile le ho iphetola ho hoholo ha lintho?
◼ Ke hobane’ng ha tlaleho ea mesaletsa ea lintho tsa khale e le ea bohlokoa ha e bontša hore boholo ba mefuta ea lintho tse phelang e fetohile hanyenyane feela ha lilemo tse ngata li ntse li feta?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 21]
Qeto eo re ka e fihlelang ho latela lithaha tsa Darwin ke ea hore mefuta e itseng e ka ikamahanya le maemo a feto-fetohang a leholimo
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 22]
Ho ea ka tlaleho ea mesaletsa ea lintho tsa khale, lihlopha tsohle tse ka sehloohong tsa liphoofolo li ile tsa hlaha hang ’me tsa lula li sa fetohe
[Litšoantšo tse leqepheng la 18]
Charles Darwin le buka ea hae ea Origin of Species
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
Darwin: From the book Origin of Species, 1902; book: AbeBooks.com
[Litšoantšo tse leqepheng la 19]
Ea tlhaho
Lintsintsi tsa litholoana, tse hlahisitsoeng ka ho fetola liphatsa tsa lefutso, le hoja li e-na le bokooa bo itseng, e ntse e le lintsintsi tsa litholoana
[Litšoantšo tse leqepheng la 19]
Ea tlhaho
Liphetoho tse entsoeng liphatseng tsa lefutso li ka etsa hore ho be le liphetoho tse itseng limeleng—joaloka paleseng ena e khōlō e hlahisitsoeng ka ho fetola liphatsa tsa lefutso—empa ha li fetohe ka ho feletseng
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 21]
Beak drawings: From the book Journal of Researches, by Charles Darwin (1873), image courtesy Biodiversity Heritage Library
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 22]
© Juan Carlos Muñoz/age fotostock, and courtesy of Royal Tyrrell Museum of Palaeontology