Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yp1 khao. 36 maq. 259-264
  • Na ke Lemaletse Mecha ea Phatlalatso ea Elektronike?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ke Lemaletse Mecha ea Phatlalatso ea Elektronike?
  • Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ipotse—‘Na ke e Lemaletse?’
  • Kamoo U ka e Sebelisang ka ho Leka-lekaneng
  • Na ke Lemaletse Mecha ea Phatlalatso ea Elektronike?
    Tsoha!—2011
  • Nako ea Boikhathollo
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • Ke’ng Seo ke Lokelang ho se Tseba Mabapi le Lipapali Tsa Elektronike?
    Bacha Baa Botsa
  • Ke’ng Seo ke Lokelang ho se Tseba ka ho Romela Melaetsa ka Selefouno?
    Bacha Baa Botsa
Bala Tse Ling
Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
yp1 khao. 36 maq. 259-264

Khaolong ea 36

Na ke Lemaletse Mecha ea Phatlalatso ea Elektronike?

“Ha ho ntho eo ke e ratang joaloka ho ngola melaetsa ka selefouno! Ke nahana hore ke ntho e babatsehang ka ho fetisisa. Ha e le hantle, ho ka ’na ha thoe ke phelela hona.”—Alan.

HA BATSOALI ba hao ba sa le bacha, TV le seea-le-moea e ne e le eona mecha e ka sehloohong ea phatlalatso ea elektronike. Ka nako eo, lifono li ne li sebelisetsoa ho letsa feela ’me mohlomong li kokoteletsoe leboteng. Na see se utloahala se siiloe ke nako? Ngoanana e mong ea bitsoang Anna o nahana joalo. O re: “Batsoali ba ka ba hōtse nakong eo ka eona theknoloji e neng e e-s’o tsoele pele. Ke hona ba qalang ho ithuta ho etsa lintho tse itseng ka liselefouno tsa bona!”

Kajeno u khona ho araba fono, ho mamela ’mino, ho shebella lenaneo le itseng, ho bapala papali e itseng, ho romela metsoalle melaetsa ea e-mail, ho nka litšoantšo le ho sebelisa Inthanete—tsena kaofela u li etsa ka sesebelisoa se fellang ka pokothong. Kaha u hōtse ho e-na le lik’homphieutha, liselefouno, TV le Inthanete, u ka ’na ua nahana hore ha ho na phoso haeba u qeta nako e ngata u li sebelisa. Empa batsoali ba hao ba ka ’na ba nahana hore u li lemaletse. Haeba ba u bolella hore ba tšoenyehile ka taba eo, u se ke ua hlokomoloha seo ba se buang hobane u nka hore ba siiloe ke nako. Morena Solomone ea bohlale o ile a re: “Ha mang kapa mang a araba taba pele a e utloa, hoo ke booatla ho eena.”—Liproverbia 18:13.

Na ua ipotsa hore na ke hobane’ng ha seo se ka ’na sa tšoenya batsoali ba hao? Araba lipotso tse latelang ho bona hore na ha u na matšoao a bontšang hore u lemaletse mecha e itseng ea phatlalatso ea elektronike.

Ipotse—‘Na ke e Lemaletse?’

Encyclopedia e ’ngoe e hlalosa ho lemalla ntho e le “ho tloaela ho e etsa ka tsela e feteletseng, ’me motho ea e etsang a sa khone kapa a sa ikemisetsa ho e tlohela, ho sa tsotellehe hore na liphello li kotsi hakae.” Sheba lintlha tse ka tlaase tse nkiloeng tlhalosong ena. Bala mantsoe a bacha ba qotsitsoeng ’me u bone haeba le uena u kile ua bua kapa ua etsa se tšoanang. Ebe u araba lipotso tse ka tlaase mona.

Ho etsa ntho ka tsela e feteletseng. “Ke ne ke qeta lihora ke bapala lipapali tsa elektronike. Li ne li ntšitisa ho robala ebile ke bua ka tsona nako ena kaofela. Ke ne ke ikarotse ho ba lelapa leso ’me ke iphelela lefatšeng la litoro la lipapali tseo ke li bapalang.”—Andrew.

U nahana hore letsatsi ka leng, bonyane u lokela ho qeta nako e kae u sebelisa mecha ea phatlalatso ea elektronike? ․․․․․

Batsoali ba hao bona ba nahana hore u lokela ho qeta nako e kae? ․․․․․

Letsatsi ka leng u qeta nako e kae ka kakaretso u romela melaetsa ka selefouno, u shebeletse TV, u nka litšoantšo le boitsebiso Inthaneteng, u bapala lipapali tsa elektronike le lintho tse ling tse joalo? ․․․․․

Ha u sheba likarabo tseo u li ngotseng ka holimo, na u ka re u sebelisa mecha ea phatlalatso ea elektronike ho tlōla?

□ E □ Che

Ha u khone kapa ha ua ikemisetsa ho tlohela ntho eo. “Batsoali ba ka ba mpona ke romela melaetsa ka selefouno nako ena kaofela ’me ba mpolella hore ke romela melaetsa e mengata haholo. Empa ha ke bapisa melaetsa eo ke e romelang le eo lithaka tsa ka li e romelang, ea ka ea fokola. Leha ho le joalo, ha ke bapisa melaetsa eo ke e romelang le eo batsoali ba ka ba e romelang, ea ka e mengata. Empa seo se tšoana le ho bapisa oli le metsi—ba lilemo li 40 ’me ’na ke lilemo li 15.”—Alan.

Na batsoali ba hao kapa metsoalle e re u qeta nako e ngata haholo u sebelisa mecha e itseng ea phatlalatso ea elektronike?

□ E □ Che

Na ha u khone kapa ha ua ikemisetsa ho laola tsela eo u e sebelisang ka eona?

□ E □ Che

Liphello tse kotsi. “Metsoalle ea ka e lula e romela melaetsa ka selefouno—esita le ha e khanna. Seo se kotsi hakaakang!”—Julie.

“Ha ke qala ho ba le selefouno, ke ne ke lula ke founa kapa ke ngolla motho ea itseng molaetsa. Ho ne ho se na ntho e ’ngoe eo ke e etsang. ’Me seo se ile sa senya kamano ea ka le ba lelapa leso le metsoalle ea ka e meng. Ha ke intšitse le metsoalle ’me re ntse re bua, nako le nako e re: ‘Ak’u ntšoarele hanyane. Ke batla ho araba molaetsa ona oa selefouno.’ Lena ke le leng la mabaka ao ka ’ona re seng re se metsoalle e haufi.”—Shirley.

Na u ee u bale kapa u romele melaetsa ka selefouno ha u ntse u khanna kapa u le ka tlelaseng, kapa u le libokeng tsa Bokreste?

□ E □ Che

Ha u ntse u qoqa le ba lelapa kapa metsoalle, na u lula u khaotsa moqoqo e le hore u arabe melaetsa ea e-mail, fono, kapa u ngole melaetsa?

□ E □ Che

Na tsela eo u sebelisang mecha ea phatlalatso ea elektronike, e u sitisa ho robala nako e lekaneng kapa ho ithuta?

□ E □ Che

Na u bona ho hlokahala hore u etse liphetoho? Haeba ho joalo, nahana ka litlhahiso tse latelang.

Kamoo U ka e Sebelisang ka ho Leka-lekaneng

Haeba u sebelisa mocha o itseng oa phatlalatso oa elektronike—o kang k’homphieutha, selefouno kapa sesebelisoa se seng—ipotse lipotso tse ’nè tse latelang. Ho sebelisa keletso e thehiloeng Bibeleng le ho etsa lintho tse seng kae tseo u lokelang ho li etsa le ho qoba tseo u sa lokelang ho li etsa, ho tla u thusa hore u lule u sireletsehile ’me u khone ho laola lintho.

● Ke fumana boitsebiso ba mofuta ofe moo? “Tlatsang mehopolo ea lōna ka lintho tse molemo tse lokeloang ke thoriso: lintho tsa ’nete, tse babatsehang, tse tšoanelehang, tse hloekileng, tse ratehang le tse hlomphehang.”—Bafilipi 4:8, Today’s English Version.

✔ Seo u lokelang ho se etsa: buisana le metsoalle le ba lelapa, ’me u bue ka lintho tse hahang.—Liproverbia 25:25; Baefese 4:29.

X Seo u sa lokelang ho se etsa: u se ke ua jala lesebo le kotsi, ua romela melaetsa kapa litšoantšo tsa boitšoaro bo litšila, kapa ua shebella livideo kapa mananeo a silafatsang boitšoaro.—Bakolose 3:5; 1 Petrose 4:15.

● Ke e sebelisa neng? “Ho na le nako e behiloeng bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe.”—Moeklesia 3:1.

✔ Seo u lokelang ho se etsa: lekanyetsa hore na u tla qeta nako e kae u founa kapa u founeloa, u ngola melaetsa ea selefouno, u shebelletse mananeo a itseng kapa u bapala lipapali tsa elektronike.

X Seo u sa lokelang ho se etsa: u se ke ua lumella mecha ea phatlalatso ea elektronike hore e kena-kenane le nako eo u rerileng ho e qeta u e-na le metsoalle le ba lelapa, u ithuta kapa u etsa lintho tsa moea.—Baefese 5:15-17; Bafilipi 2:4.

● Ke tloaelana le bo-mang? “Le se ke la thetsoa. Litloaelano tse mpe li senya mekhoa e metle.”—1 Bakorinthe 15:33.

✔ Seo u lokelang ho se etsa: sebelisa mecha ea phatlalatso ea elektronike ho tiisa maqhama le batho ba u khothalletsang ho hlaolela mekhoa e metle.—Liproverbia 22:17.

X Seo u sa lokelang ho se etsa: u se ke ua ithetsa—u tla itšoara, u bue le ho nahana joaloka batho bao u khethang ho etsa setsoalle le bona ka e-mail, melaetsa ea selefouno, bao u ba bonang thelevisheneng, livideong kapa Inthaneteng.—Liproverbia 13:20.

● Ke qeta nako e kae? “Nepisisa lintho tsa bohlokoa haholo.”—Bafilipi 1:10.

✔ Seo u lokelang ho se etsa: boloka tlaleho ea nako eo u e qetang u sebelisa mecha ea phatlalatso ea elektronike.

X Seo u sa lokelang ho se etsa: u se ke ua hlokomoloha seo metsoalle e u bolellang sona kapa seo batsoali ba reng u lokela ho se etsa haeba ba bona hore u qeta nako e ngata haholo u sebelisa mocha o itseng oa elektronike.—Liproverbia 26:12.

Ha a bua ka ho sebelisa mecha ea phatlalatso ea elektronike ka tsela e leka-lekaneng, Andrew ea qotsitsoeng pejana o akaretsa taba hantle ka ho re: “Ho monate ho sebelisa mecha ea phatlalatso ea elektronike, empa ka nakoana feela. Ke ithutile hore ha kea lokela ho lumella theknoloji hore e nkarohanye le ba lelapa leso le metsoalle.”

BALA HO EKETSEHILENG KA TABA ENA BUKENG EA 2, KHAOLONG EA 30

KHAOLONG E LATELANG

U ka etsa’ng ho kholisa batsoali ba hao hore ba u lumelle ho ithabisa?

LENGOLO LA SEHLOOHO

“U se ke ua ipona bohlale. Tšaba Jehova ’me u furalle bobe.”—Liproverbia 3:7.

KELETSO

E le hore u laole tsela eo u sebelisang fono ka eona, tsebisa metsoalle ea hao hore u khethile hore ka linako tse itseng, ha u na ho araba hang-hang melaetsa ea selefouno, ea e-mail, kapa batho ba u founelang.

NA U NE U TSEBA . . . ?

Batho ba ka ’nang ba u hira le batho ba bang ba ka ’na ba bona litšoantšo tsa hao tseo u li kenyang Inthaneteng kajeno kapa lintho tseo u li ngolang moo, esita le ka mor’a lilemo tse ngata.

SEO KE RERANG HO SE ETSA!

Haeba ke sitoa ho laola tsela eo ke sebelisang ․․․․․, ka eona, ke tla etsa qeto ea ho nka ․․․․․ feela ka beke ke e sebelisa.

Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․

U NAHANA’NG KA SEE?

● Ke hobane’ng ha ho ka ’na ha e-ba thata ho lemoha hore u lemaletse mecha ea phatlalatso ea elektronike?

● Ho ka ’na ha etsahala’ng haeba u sa laole tsela eo u sebelisang mecha ea phatlalatso ea elektronike ka eona?

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 262]

“Ke ile ka thusoa ke lintho tse ’maloa hore ke khaotse ho lemalla TV. Ke ile ka iqobella hore ke lekanyetse nako eo ke e shebellang ka eona. Ke ne ke lula ke bolella ’Mè ka bothata bona. Ke ne ke bile ke rapela khafetsa.”—Kathleen

[Setšoantšo se leqepheng la 263]

Na u laola tsela eo u sebelisang thepa ea elektronike ka eona kapa ea u laola?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela