Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yp1 khao. 37 maq. 265-270
  • Ke Hobane’ng ha Batsoali ba ka ba sa Ntumelle ho Ithabisa?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha Batsoali ba ka ba sa Ntumelle ho Ithabisa?
  • Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebaka Leo Batsoali ba ka ’Nang ba Hana
  • Seo U ka se Etsang Hore Mohlomong ba U Lumelle
  • Ke Hobane’ng ha Batsoali ba ka ba sa Ntumelle ho Ithabisa?
    Tsoha!—2011
  • Ke Hobane’ng ha Eka Batsoali ba ka ha ba Batle ha ke Ithabisa?
    Bacha Baa Botsa
  • Ke Hobane’ng ha ke Beheloa Melao e Mengata Hakaale?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Ke Lokela ho Etsa’ng ha Batsoali ba ka ba Qabana?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
Bala Tse Ling
Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
yp1 khao. 37 maq. 265-270

Khaolong ea 37

Ke Hobane’ng ha Batsoali ba ka ba sa Ntumelle ho Ithabisa?

Mocha e mong ea bitsoang Allison, ea lulang Australia o sithabetsoa ke hore hoseng ho hong le ho hong ka Mantaha ho etsahala ntho e tšoanang sekolong.

O re: “E mong le e mong o bua ka seo a se entseng ka mafelo-beke. Bacha bao ba bua ka lintho tse utloahalang eka lia thabisa, tse kang hore na ba ile liphathing tse kae le hore na ba sunne bashanyana ba bakae—le kamoo ba ileng ba baleha mapolesa kateng . . . Seo se utloahala se tšosa empa se thabisa! Ba fihla malapeng ka hora ea bohlano hoseng, ’me batsoali ba bona ha ba tsotelle. Ke tlameha hore ke be ke robetse le pele ba qalella boithabiso ba bona ba bosiu!

“Ka mor’a hore liithuti-’moho le ’na li mpolelle lintho tseo li li entseng ka mafelo-beke, lia mpotsa hore na ’na ke entse’ng. . . . Ke ile libokeng tsa Bokreste. Ka ea tšebeletsong ea tšimo. Ruri ke utloa eka ke fetiloe ke monate. Kahoo, hangata ke re feela ha kea etsa letho. Ebe liithuti tseo lia mpotsa hore na ke hobane’ng ha ke ne ke sa tsamaee le tsona.

“Ha letsatsi la Mantaha le fetile, u tla nahana hore lintho li tla tsamaea hantle. Empa ha ho be joalo. Ka Labobeli, e mong le e mong o se a ntse a bua ka mafelo-beke a tlang! Ke atisa ho itulela feela ebe kea ba mamela ha ba ntse ba bua. Ka sebele ke ikutloa ke le mokhelo!”

NA LE uena u etsahalloa ke ntho e tšoanang mehla ee ka Mantaha ha u le sekolong? U ka ’na ua utloa eka ho na le boithabiso bo bongata ka ntle, empa batsoali ba hao ba u koaletse ka tlung—kapa eka u serapeng sa boikhathollo, empa ba u hanela ho bapala. Hase hore u batla ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo lithaka tsa hao li e etsang. Ke feela hore ka linako tse ling u batla ho ithabisa! Ka mohlala, u ka rata ho ithabisa ka ho etsa eng mafelo-bekeng aa a tlang?

□ ho tantša

□ ho ea konsareteng ea ’mino

□ ho ea phathing

□ ho ea filiming

□ ho etsa ntho e ’ngoe ․․․․․

U hloka boithabiso. Ha e le hantle, ’Mōpi oa hao o batla hore u thabele bocha ba hao. (Moeklesia 3:1, 4) Le hoja ka linako tse ling u ka ’na ua belaella seo, batsoali ba hao le bona ba batla hore u ithabise. Leha ho le joalo, ka nepo batsoali ba hao ba ka ’na ba ameha ka lintho tsena tse peli: (1) seo u tla beng u se etsa le (2) batho bao u tla beng u tsamaea le bona.

Joale u lokela ho etsa’ng haeba metsoalle e u mema hore le ee sebakeng se itseng, empa u sa tsebe hantle hore na batsoali ba hao ba tla re’ng? Nahana ka lintho tse tharo tseo u ka khethang ho li etsa le liphello tsa seo.

U KA KHETHA A HO SE BA KŌPE—U ITSAMAELE FEELA

Lebaka leo ka lona u ka ’nang ua khetha sena: U batla ho khahla metsoalle ka ho e bontša hore uena u ikemetse. U nahana hore u tseba haholo ho feta batsoali ba hao, kapa ha u hlomphe maikutlo a bona.—Liproverbia 14:18.

Liphello tsa seo: Metsoalle ea hao e tla ithuta ho hong ka uena—hore u motho ea bolotsana. Haeba u ka etsetsa batsoali ba hao bolotsana, le metsoalle ea hao u ka e etsetsa bolotsana. Ha batsoali ba hao ba utloa ka seo, ba tla utloa bohloko le ho soetseha, ’me ba ka ’na ba u behela lithibelo tse itseng! Ho se hlomphe batsoali le ho itsamaela feela e tla be e le booatla.—Liproverbia 12:15.

U KA KHETHA B HO SE BA KŌPE—U ITULELE

Lebaka leo ka lona u ka ’nang ua khetha sena: U nahana ka memo eo ’me u etsa qeto ea hore lintho tse tla etsoa sebakeng seo ha li lumellane le melao-motheo eo u phelang ka eona le hore batho ba bang ba tla ba teng moo hase batho ba mekhoa e metle. (1 Bakorinthe 15:33; Bafilipi 4:8) Ka lehlakoreng le leng, e ka ’na eaba u batla ho ea, empa u tšaba ho kōpa batsoali ba hao.

Liphello tsa seo: Haeba u sa ee hobane u tseba hore ho tla ba kotsi ho etsa joalo, u tla ba sebete haholoanyane ha u araba metsoalle ea hao. Empa haeba u sa ee hobane u tšaba ho kōpa batsoali ba hao, u ka ’na ua qetella u lutse hae u hloname, u ntse u nahana hore ke uena feela ea sa ithabiseng.

U KA KHETHA C HO BA KŌPA—U UTLOE HORE NA BA RE’NG

Lebaka leo ka lona u ka ’nang ua khetha sena: Ua elelloa hore batsoali ba hao ba na le matla a ho u laela ’me u hlompha maikutlo a bona. (Bakolose 3:20) Ua ba rata ’me ha u batle ho ba utloisa bohloko ka hore u ikutsoe, u tsamaee le metsoalle ea hao. (Liproverbia 10:1) Hape u na le monyetla oa ho ba tekela taba ea hao.

Liphello tsa seo: Batsoali ba hao baa elelloa hore ua ba rata ebile ua ba hlompha. Haeba ba nka hore kōpo ea hao ea utloahala ba ka ’na ba u lumella hore u tsamaee.

Lebaka Leo Batsoali ba ka ’Nang ba Hana

Empa u ka etsa’ng haeba batsoali ba hao ba u hanela? Seo se ka ’na sa u ferekanya. Leha ho le joalo, ho utloisisa maikutlo a bona ho ka u thusa hore u amohele lithibelo tseo ba u behelang tsona. Ka mohlala, ba ka ’na ba u hanela ka lebaka le leng kapa a mang ho a latelang.

Ba na le tsebo le phihlelo ho u feta. Haeba u ne u e-na le boikhethelo, mohlomong u ne u tla khetha ho sesa lebōpong leo ho nang le basebetsi ba pholoso ho lona. Hobane’ng? Hobane ha u ntse u sesa, ha u khone ho lemoha maemo ’ohle a kotsi. Empa basebetsi ba pholoso ba boemong bo botle ba ho bona maemo ao a kotsi.

Ka ho tšoanang, kaha batsoali ba hao ba na le tsebo le phihlelo ho u feta, ba ka ’na ba hlokomela likotsi tseo u sa li boneng. Joaloka basebetsi ba pholoso ba lebōpong, sepheo sa batsoali ba hao hase ho u senyetsa monate, empa ke ho u thusa hore u qobe likotsi tse ka ’nang tsa u amoha thabo bophelong.

Baa u rata. Batsoali ba hao ba lakatsa ka tieo ho u sireletsa. Lerato le ba susumelletsa hore ba u lumelle ha ho khoneha, empa ba u hanele ha ho loketse. Ha u ba kōpa hore ba u lumelle ho etsa ntho e itseng, baa ipotsa hore na ba ka u lumella ho e etsa ’me ka mor’a moo ba amohela liphello tsa ntho eo. Ba tla u lumella hafeela ba kholisehile ka ho lekaneng hore ha u na ho hlaheloa ke kotsi.

Seo U ka se Etsang Hore Mohlomong ba U Lumelle

Ho na le lintlha tse ’nè tse amehang.

Botšepehi: Taba ea pele, u lokela ho ipotsa ka botšepehi: ‘Ha e le hantle, ke hobane’ng ha ke batla ho ea moo? Na ke hobane ke hlile ke thabela ntho e il’o etsoa moo, kapa ke hobane ke batla ho amoheloa ke lithaka? Na ke hobane motho e mong ea nkhahlileng o tla be a le teng moo?’ Joale, bolella batsoali ba hao ’nete. E kile ea e-ba bacha, ’me ba u tseba hantle. Ntle ho moo, ba ka ’na ba lemoha hore na ha e le hantle sepheo sa hao ke sefe. Ba tla ananela hore ebe ua tšepahala, ’me u tla rua molemo bohlaleng ba bona. (Liproverbia 7:1, 2) Ka lehlakoreng le leng, haeba u sa tšepahale u etsa hore ba se ke ba u tšepa ’me u fokotsa monyetla oa hore ba u lumelle ho ea moo.

Khetha nako e loketseng: U se ke ua emella batsoali ua ba kōpa hona le hoane, hang feela ha ba fihla ba tsoa mosebetsing kapa ha ba tsepamisitse maikutlo linthong tse ling. Buisana le bona ha ba phutholohile. Empa u se ke ua ema ho fihlela motsotsong oa ho qetela ebe joale u leka ho ba hatella hore ba u arabe. Batsoali ba hao ba ke ke ba thabela ho etsa qeto ka lepotlapotla. Ba kōpe esale pele, u ba fe nako ea ho nahana ’me ba tla ananela tsela eo u ba nahanelang ka eona.

Seo u se kōpang: U se ke ua okola taba ka holimo feela. Ba hlalosetse hantle seo u batlang ho se etsa. Batsoali ha ba khotsofale ha u araba ka ho re: “Ha ke tsebe,” haholo-holo ha ba u botsa hore na, “Ke bo-mang ba tla beng ba le moo?” “Na ho tla ba le motho e moholo ea nang le boikarabelo moo?” kapa “Ho tla qetoa neng moo?”

Boikutlo ba hao: U se ke ua talima batsoali ba hao e le lira. Ba talime e le bathusi—hobane ha e le hantle baa u thusa. Haeba u nka hore batsoali ba ka lehlakoreng la hao, ba ke ke ba utloa eka u ngangisana le bona ’me mohlomong ba tla sebelisana le uena hantle. Qoba ho bua lintho tse kang, “Ha le ntšepe,” “Bana ba bang kaofela ba ea,” kapa “Batsoali ba metsoalle ea ka ba e lumeletse ho ea!” Bontša batsoali ba hao hore u hōlile ka ho lekaneng hore u amohele qeto ea bona le ho e hlompha. Ha u etsa joalo, ba tla u hlompha. Mohlomong nakong e tlang, ho tla ba bonolo hore ba amohele kōpo ea hao.

BALA HO EKETSEHILENG KA TABA ENA BUKENG EA 2, KHAOLONG EA 32

LENGOLO LA SEHLOOHO

“Mora oa ka, hlalefa ’me u thabise pelo ea ka.”—Liproverbia 27:11.

KELETSO

Ha u ea ’mokeng, rera esale pele hore na u tla etsa’ng haeba lintho li tsoa taolong. Pele u ea ’mokeng oo, nahana ka seo u tla se etsa kapa seo u tla se bua e le hore haeba ho hlokahala u tlohe moo u ntse u e-na le letsoalo le hloekileng.

NA U NE U TSEBA . . . ?

Batsoali ba lerato ba tla leka ka matla ho u qobisa maemo a ka ’nang a e-ba kotsi. Haeba ba sa utloisise seo u se kōpang kapa ba nka hore ho na le lintlha tsa bohlokoa tse haellang ho sona, ba ka ’na ba u hanela.

SEO KE RERANG HO SE ETSA!

Haeba letsoalo la ka le tšoenngoa ke seo ke se bonang kapa ke se utloang ha ke ile filiming kapa ’mokeng o itseng, ke tla ․․․․․

Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․

U NAHANA’NG KA SEE?

● Ke hobane’ng ha u ka ’na ua ba leqe ho bolella batsoali ba hao boitsebiso bohle boo ba bo hlokang e le hore ba etse qeto?

● Ho ka ’na ha etsahala’ng haeba batsoali ba hao ba u lumella ho etsa ntho e itseng empa u ba patetse lintlha tsa bohlokoa?

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 268]

“Ha ke sa le monyenyane ke ne ke thibane litsebe. Ha e le hantle, lintho tse ling tseo ke neng ‘ke ithabisa’ ka tsona li ne li sa thabise hakaalo. U tla kotula seo u se jalang. Kea ikoahlaea hore ebe ha kea ka ka mamela batsoali ba ka.”—Brian

[Setšoantšo se leqepheng la 269]

Joaloka basebetsi ba pholoso lebōpong, batsoali ba hao ba boemong bo botle ba ho bona kotsi e ka ’nang ea u hlahela

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela