March
Labone, la 1 March
Ba qala ho leleka Jafeta.—Baahl. 11:2.
Kaha barab’abo Jafeta ba ne ba le mona ba bile ba mo hloile, ba ile ba mo qobella ho tloha sebakeng seo ka molao e leng sa hae. (Baahl. 11:1-3) Empa ha banna ba baholo ba mo kopa thuso, o ile a ba thusa hang-hang. (Baahl. 11:4-11) O ne a batla ho sireletsa lebitso la Jehova ho e-na le hore a iphetetse. O ne a ikemiselitse ho lula a tšepahalla Jehova e leng se ileng sa tsoela eena le batho ba bang molemo. (Baheb. 11:32, 33) Re ithuta’ng mohlaleng oa Jafeta? Re tla etsa’ng ha Bakreste-’moho le rona ba re utloisa bohloko kapa re nka hore ba re tšoara ka leeme? Ha rea lokela ho lumella seo hore se re thibele ho sebeletsa Jehova. A re se keng ra khaotsa ho ea libokeng kapa ho qeta nako re e-na le balumeli-’moho le rona. A re etsiseng Jafeta ’me re mamele Jehova. Sena se tla re thusa ho mamella le maemong a thata, e le hore le rōna re ka behela ba bang mohlala o motle.—Bar. 12:20, 21; Bakol. 3:13. w16.04 1:7, 9, 10
Labohlano, la 2 March
Ke ka lebaka leo, re sa teleng.—2 Bakor. 4:1.
Re lokela ho mamella ho isa bofelong, eseng ka nakoana feela. Nka hore sekepe sea teba. E le hore bapalami ba pholohe, ba lokela ho sesa ho ea fihla lebopong. Motho ea inehelang li sa tloha feela, o tla khangoa ke metsi. Le motho ea inehelang a se a le haufi le lebopo, o tla khangoa ke metsi. Haeba re batla ho phela lefatšeng le lecha, re lokela ho mamella. Re lokela ho ba le boikutlo bo kang ba moapostola Pauluse, ea ileng a re: “Ha re tele.” (2 Bakor. 4:16) Le rona joaloka Pauluse, re kholisehile hore Jehova o tla re thusa ho mamella ho isa bofelong. Pauluse o ile a re: “Linthong tsena tsohle re hlaha re hlōtse ka ho feletseng ka ea ileng a re rata. Etsoe ke kholisehile hore leha e le lefu kapa bophelo kapa mangeloi kapa mebuso kapa lintho tse teng hona joale kapa lintho tse tlang ho tla kapa matla kapa bophahamo kapa botebo kapa pōpo leha e le efe e ’ngoe li ke ke tsa khona ho re arohanya le lerato la Molimo le leng ho Kreste Jesu Morena oa rōna.”—Bar. 8:37-39. w16.04 2:17, 18
Moqebelo, la 3 March
Haeba mang kapa mang oa lōna a haelloa ke bohlale, a ’ne a kōpe Molimo, . . . ’me o tla bo fuoa.—Jak. 1:5.
Kopa Jehova hore a u fe bohlale e le hore u lemohe boemo bo ka ’nang ba u thatafalletsa ho lula u sa nke lehlakore. U ka ’na ua koalloa teronkong kapa ua hlorisoa ka tsela e itseng hobane u tšepahala ho eena. Ke kahoo u lokelang ho rapela u mo kope hore a u thuse u hlalosetse ba boholong ka tsela e hlakileng hore na ke hobane’ng ha u sa nke lehlakore. U ka kholiseha hore Jehova o tla u thusa ho mamella. (Lik. 4:27-31) Jehova o re file Bibele hore e re matlafatse. Thuisa ka litemana tse tla u thusa hore u lule u sa nke lehlakore. Leka ho li tšoara ka hlooho, kaha li tla u thusa ha ho ka etsahala hore ebe ha oa tšoara Bibele. Bibele e ka boetse ea tiisa tumelo ea hao litšepisong tsa Molimo. Re lokela ho ba le tumelo e le hore re mamelle mahloriso. (Bar. 8:25) Khetha litemana tse hlalosang lintho tseo ka ho khetheha u ka thabelang ho li etsa lefatšeng le lecha, ’me u ipone u le moo. w16.04 4:14, 15
Sontaha, la 4 March
Le amohetse ntle ho tefo, le fane ntle ho tefo.—Mat. 10:8.
Baruti ba Bokreste-’motoana ha ba phatlalatse litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Ha ba bua ka oona, ba re ’Muso oa Molimo o ka pelong. (Luka 17:21) Ha ba hlalosetse batho hore ’Muso oa Molimo o tla rarolla mathata ’ohle a bona le hore haufinyane o tla felisa bokhopo bohle lefatšeng. (Tšen. 19:11-21) Ha ba bolelle batho hore ’Muso oo ke puso ea sebele e leholimong, e laoloang ke Jesu. Ho e-na le hoo, ba atisa ho bua ka Jesu ha e le Keresemese kapa Paseka. Ha ba bone lebaka la hore ba bolele litaba tse molemo. Morero o ka sehloohong ha ea lokela ho ba ho fumana chelete kapa ho haha mehaho e majabajaba. Lentsoe la Molimo ha le rekisoe. (2 Bakor. 2:17) Batho ba bolelang litaba tse molemo ha baa lokela ho li bolela ka sepheo sa ho ithuisa molemo.—Lik. 20:33-35. w16.05 2:7, 8
Mantaha, la 5 March
E mong le e mong a ’ne a batle, eseng se molemo ho eena, empa se molemo ho motho e mong. —1 Bakor. 10:24.
Ho ka etsahala hore e be u rata mofuta o itseng oa liaparo, empa oa tseba hore ba bang ka phuthehong ba ka ’na ba khopeha ha u li apere. Bibele ha ea re bolella hore na re lokela ho apara liaparo tse joang ka ho toba. Joale u ka tseba joang hore na Jehova o nahana joang? Bibele e re: “Ke lakatsa ha basali ba ikhabisa ka moaparo o hlophehileng hantle, ka boitlhompho le ho hlaphoheloa kelellong, eseng ka mekhoa ea ho loha moriri le khauta kapa liperela kapa liaparo tsa theko e boima haholo, empa ka tsela e tšoanelang basali ba ipolelang hore ba fa Molimo tlhompho ea borapeli.” (1 Tim. 2:9, 10) Ha e le hantle, keletso ena e tobisitsoe ho bahlanka bohle ba Jehova, ho akarelletsa le banna. Ha re le batho ba hlaphohetsoeng kelellong, re tla nahana hore na ba bang ba ka ’na ba ikutloa joang ka seo re khethang ho se apara. Hape, kaha re rata barab’abo rona re qoba ho ba koatisa kapa ho ba khopisa.—1 Bakor. 10:23; Bafil. 3:17. w16.05 3:14
Labobeli, la 6 March
Joale, Jehova, u Ntat’a rōna. Re letsopa, ’me u Sebōpi sa rōna; kaofela ha rōna re mosebetsi oa letsoho la hao.—Esa. 64:8.
Ka mor’a hore Adama a fetohele ’Mopi oa hae, o ile a khaotsa ho bitsoa mora oa Molimo. Empa litloholo tse ngata tsa Adama li khethile Jehova hore e be ’Musi oa tsona. (Baheb. 12:1) Ka boikokobetso lia mo mamela, ’me li bontša hore li batla ho busoa ke eena, eseng Satane ebile li batla hore Jehova e be Ntate le Sebopi sa tsona. (Joh. 8:44) Botšepehi ba tsona ho Molimo bo re hopotsa mantsoe a temana ea letsatsi ea kajeno. Bahlanka ba Jehova mehleng ena le bona ba ikitlaelletsa ho lula ba ikokobelitse ba bile ba tšepahala. Ba nka ho bitsa Jehova Ntate oa bona e le tlotla e kholo, ’me ba batla hore e be Sebopi sa bona. Na u ikemiselitse ho tšoana le letsopa le bonolo e le hore Molimo a ka u bopa ’me oa tšoana le nkho e ntle? Na u nka hore bara le barali babo rona ke hona Molimo a ntseng a ba bopa? w16.06 1:2, 3
Laboraro, la 7 March
Le ’ne le inonye hore na le tumelong.—2 Bakor. 13:5.
Re se re le haufi haholo le lefatše le lecha ’me tumelo ea rona e ntse e lekoa. Kahoo, re lokela ho inonya hore na tumelo ea rona e tiile hakae. Re ka kholiseha joang hore e tiile? Re ka hlahloba mantsoe a Jesu a ho Matheu 6:33. Ipotse: ‘Na lipakane le liqeto tsa ka li bontša hore ehlile ke kholoa mantsoe ao a Jesu? Na nka sitoa ho ea libokeng kapa tšimong e le hore feela ke etse chelete e eketsehileng? Ke tla etsa’ng haeba mosebetsi o nqeta matla o bile o ntšebelisa lihora tse ngata haholo? Na ke tla itumella ho boptjoa ke lefatše lee ’me mohlomong le be le nthibele ho sebeletsa Jehova?’ Lipelo tsa rona li ka thatafala haeba re sa latele seo Bibele e se rutang mabapi le litloaelano tse mpe, ho khaoloa, kapa boithabiso. U lokela ho etsa’ng ha u qala ho lemoha seo? U lokela ho potlakela ho hlahloba tumelo ea hao! Bibele e re re se ke ra ithetsa empa re lule re sebelisa Lentsoe la Molimo ho lokisa tsela eo re nahanang ka eona. w16.06 2:8, 9
Labone, la 8 March
E monyenyane o tla fetoha ba sekete, ’me ea fokolang e be sechaba se matla.—Esa. 60:22.
Lefatšeng ka bophara, ho na le mokhatlo o thehiloeng ka batho ba ratang Jehova le ba batlang ho mo sebeletsa. Batho bao ke Lipaki Tsa Jehova. Le hoja ba e-na le mefokolo ’me ba etsa liphoso, Jehova o ba tataisa ka moea oa hae o halalelang. Ka 1914, ho ne ho e-na le batho ba seng bakae feela ba rapelang Jehova. Empa Jehova o ’nile a hlohonolofatsa mosebetsi oa bona oa boboleli. Kahoo, hona joale batho ba limilione ba ithutile Bibele ’me ke Lipaki Tsa Jehova. Jehova o ile a hlalosa keketseho ena e hlollang ka ho bua mantsoe a temaneng ea kajeno, eaba o phaella ka ho re: “’Na, Jehova, ke tla ho potlakisa ka nako ea teng.” Re bona ka ho hlaka ho phethahala ha boprofeta boo. Batho ba Jehova ba tšoana le sechaba se seholo. Ha e le hantle, palo ea Lipaki Tsa Jehova e feta palo ea baahi linaheng tse ngata. w16.06 4:1, 2
Labohlano, la 9 March
Na ha le ba bohlokoa ho . . . feta [linonyana tsa leholimo]?—Mat. 6:26.
Jesu o ne a kholisehile hore Ntate oa hae ea leholimong ea khonang ho fepa linonyana a ke ke a hloleha ho fa batho lintho tseo ba li hlokang. (1 Pet. 5:6, 7) A ke ke a re sunya lijo ka hanong, empa a ka ’na a hlohonolofatsa boiteko ba rona ba ho lema kapa ba ho batla chelete ea ho reka lintho tseo re li hlokang. A ka ’na a susumetsa batho ba bang hore ba re arolele seo ba nang le sona, haeba re se na letho. Le hoja Jesu a sa ka a bua ka hore li fuoa lihlaha, Jehova o li file bokhoni, bohlale le lintho tseo li li hlokang e le hore li ikahele tsona. Ka tsela e tšoanang, Jehova a ka re thusa ho fumanela ba malapa a rona bolulo. Ha Jesu a ne a bua mantsoe a temana ea kajeno, o ne a tseba hore o haufi le ho tela bophelo ba hae molemong oa batho. (Bapisa le Luka 12:6, 7.) Jesu ha aa shoela linonyana, empa o shoetse rona e le hore re be le monyetla oa ho phela ka ho sa feleng.—Mat. 20:28. w16.07 1:11-13
Moqebelo, la 10 March
Sebe se ke ke sa le laola, kaha ha le tlas’a molao empa le tlas’a mosa o sa tšoanelang.—Bar. 6:14.
Ho tlile joang hore ebe lefu le teng le hore kaofela re na le sebe? Bibele e re: “Ka tšito ea motho a le mong [Adama] lefu le ile la busa e le morena” ho bana ba Adama. (Bar. 5:12, 14, 17) Leha ho le joalo, hoa thabisa ho tseba hore re ka khetha ho se laoloe ke sebe. Haeba re bontša tumelo sehlabelong sa Kreste sa thekollo, re laoloa ke mosa o sa tšoanelang oa Jehova. (Bar. 5:20, 21) Le hoja re ntse re le baetsalibe, ha rea lokela ho lumella sebe hore se re laole. Ha re etsa sebe, re lokela ho kopa Jehova hore a re tšoarele. Kahoo, re laoloa ke mosa o sa tšoanelang. See se ba le phello efe? Pauluse o re: “Mosa o sa tšoanelang oa Molimo . . . o re rupella ho hana ho hloka bomolimo le litakatso tsa lefatše le ho phela ka ho hlaphoheloa kelellong le ho loka le boinehelo ba bomolimo har’a tsamaiso ena ea hona joale ea lintho.”—Tite 2:11, 12. w16.07 3:5, 6
Sontaha, la 11 March
[Molimo a] mo tlisa ho monna.—Gen. 2:22.
Banyalani ba pele, e leng Adama le Eva, ba ile ba oeloa ke tlokotsi, kaha ba ile ba khetha ho se mamele Jehova. “Noha ea pele,” e leng Satane Diabolose, e ile ea thetsa Eva ea etsa hore a nahane hore “sefate sa tsebo ea botle le bobe” se ka mo fa tsebo e khethehileng e ka mo nolofalletsang hore a ikhethele se setle le se sebe. Eva o ile a hlompholla monna oa hae ka hore a se mo botse pele ka taba ena. ’Me ho e-na le hore Adama a mamele Molimo, o ile a ja tholoana eo Eva a mo fang eona. (Tšen. 12:9; Gen. 2:9, 16, 17; 3:1-6) Ha Molimo a bua le eena, Adama o ile a beha mosali oa hae molato. Eva eena o ile a beha noha molato ka hore e mo thetsitse. (Gen. 3:12, 13) Ruri ao e ne e le mabaka a sa utloahaleng. Kaha banyalani bao ba pele ha baa ka ba mamela Jehova, e ile ea e-ba marabele. Ka sebele, sena ke temoso ho rona. E le hore banyalani ba atlehe lenyalong, e mong le e mong o lokela ho phetha boikarabelo ba hae le ho mamela Jehova. w16.08 1:1, 4, 5
Mantaha, la 12 March
Seo Molimo a se kopantseng hammoho jokong ho se ke ha e-ba le motho ea se arolang.—Mat. 19:6.
E ka ’na eaba ntho e ka sehloohong e bakelang banyalani ba bang mathata ke ho lebella lintho tse ke keng tsa etsahala. Molekane e mong a ka ’na a ikutloa a soetsehile, kapa a bile a phoqehile ha seo a neng a se lebeletse lenyalong se sa etsahale. Mathata a mang a ka ’na a bakoa ke ho fapana ka maikutlo, ho holisoa ka litsela tse sa tšoaneng, ho ba le mathata a lichelete, ho qabana le ba habo monna kapa ba habo mosali le tabeng ea ho holisa bana. Empa ke ho babatsehang hore ebe banyalani ba bangata ba Bakreste ba latela tataiso ea Molimo, ’me ba fumana tharollo eo ba lumellanang ka eona mathateng a kang ao. Banyalani ba Bakreste ba nang le mathata a tebileng ba lokela ho kopa baholo hore ba ba thuse. Bara bana babo rona ba ka thusa banyalani hore ba sebelise likeletso tse ka Lentsoeng la Molimo. Re lokela ho kopa Jehova hore a re fe moea oa hae a be a re thuse ho latela melao-motheo ea Bibele le ho bonahatsa tholoana ea moea oa hae, ha re ntse re rarolla mathata a lelapa.—Bagal. 5:22, 23. w16.08 2:11-13
Labobeli, la 13 March
Ho tloha joale ho ea pele u tla tšoasa batho ba phela.—Luka 5:10.
Jesu o ne a e-na le nako e fokolang ea ho phetha tšebeletso ea hae. Leha ho le joalo, o ile a ipha nako ea ho thusa batho ba amohetseng litaba tse molemo. Ka mohlala, Jesu o ile a ruta letšoele a le ka sekepeng. Letsatsing leo, ka mohlolo o ile a etsa hore Petrose a tšoase litlhapi tse ngata, eaba o bua mantsoe a temaneng ea kajeno. Phello e ile ea e-ba efe? Petrose le barutuoa ba bang ba ile “ba tlohela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eaba ba latela [Jesu].” (Luka 5:1-11) Nikodemase, eo e neng e le setho sa Sanhedrine, o ile a thahasella lithuto tsa Jesu. O ne a batla ho ithuta ka ho eketsehileng, empa a tšaba hore na batho ba tla re’ng ha ba bona a buisana le Jesu. Jesu o ne a tenyetseha le maemo, kahoo, o ile a kopana le Nikodemase bosiu ha ho se na batho. (Joh. 3:1, 2) Mor’a Molimo o ile a ipha nako ea ho matlafatsa tumelo ea bahlanka ba hae ba tšepahalang. Re lokela ho ikitlaetsa ho etsa maeto a ho boela le ho khannela batho ba thahasellang thuto ea Bibele. w16.08 4:10, 11
Laboraro, la 14 March
U inyenyefatse ha u tsamaea le Molimo oa hao.—Mik. 6:8.
Boikokobetso bo lokela ho re thusa ho lemoha hore Jehova o hloekile ebile o oa halalela le hore re itšetlehile ka eena ka ho feletseng hore a re tataise. Bo boetse bo re thusa ho hlompha maikutlo a ba bang. Ka hona, ha re phela ka tsela e lumellanang le melao ea Molimo e phahameng ea boitšoaro re bile re hlompha batho ba bang, re bontša hore re “tsamaea le Molimo” ka boikokobetso. Tsela eo re aparang ka eona e lokela ho bontša ka ho hlaka hore re barapeli ba Jehova. Bara le barali babo rona le bona ba lokela ho lemoha hore rea tšoaneleha ho emela Molimo oa rona ea lokileng. O re file melao e phahameng ea boitšoaro, ’me re leka ho phela ka eona. Rea le babatsa lona bara le barali babo rona, bao ka ponahalo le ka boitšoaro ba lona bo botle le khahlang batho hoo ba batlang ho mamela molaetsa oa Bibele, ’me ka tsela eo le thabisa Jehova ebile lea mo tlotlisa. w16.09 3:18-20
Labone, la 15 March
U loanne le Molimo le batho hoo qetellong u hlōtseng.—Gen. 32:28.
Jakobo o ile a ikitlaetsa, ’me a bontša hore ha aa ikemisetsa ho tela! (Gen. 32:24-26) Mamello ea hae e ile ea feela ea putsoa. O ile a rehoa lebitso le loketseng la Iseraele, (le bolelang “Ea Loantšanang le [Ea Phehellang] Molimo,” kapa “Molimo o oa Loana”). Jehova o ile a amohela Jakobo a ba a mo hlohonolofatsa, e leng seo le rōna re se labalabelang. Mosali oa Jakobo ea bitsoang Ragele le eena o ne a labalabela ho bona hore na Jehova o tla phethahatsa tšepiso eo a e etselitseng monna oa hae joang. Empa o ne a se na bana. Mehleng ea hae, ho se be le bana e ne e le sekhobo. Ke’ng e ileng ea thusa Ragele hore a se ke a nyahama le hoja a ne a le boemong boo a sa khoneng ho bo fetola? Ha aa ka a tela. Ho e-na le hoo, o ile a tsoela pele ho rapela ka tieo. Jehova o ile a utloa lithapelo tsa Ragele, ’me a mo hlohonolofatsa ka bana.—Gen. 30:8, 20-24. w16.09 2:6, 7
Labohlano, la 16 March
Lentsoe la Molimo lea phela ’me le fana ka matla ’me le bohale ho feta sabole leha e le efe e sehang ka nģa tse peli.—Baheb. 4:12.
U lokela ho hlakisetsa bana hore melao-motheo ea Bibele ke ea bohlokoa. (Pes. 1:1-3 .) Ho na le litsela tse ngata tseo u ka etsang sena ka tsona. Mohlala, u ka re bana ba nke hore ba il’o lula sehlekehlekeng se hole ’me ba lokela ho khetha batho ba ’maloa ba tla lula le bona moo. Ebe oa ba botsa: “E le hore batho ba lulang moo ba phele ka khotso ba bile ba utloana, ho hlokahala hore e mong le e mong a be le makhabane afe?” U ka boetse oa bua ka tataiso e bohlale eo re e fumanang ho Bagalata 5:19-23. Puisanong ena, ba ka ithuta lintlha tse peli tsa bohlokoa. Ntlha ea pele, ba ithuta hore melao ea Molimo e etsa hore batho ba phele ka khotso ba be ba utloane Ea bobeli, ba ithuta hore Jehova o se a ntse a re koetlisetsa ho ea phela lefatšeng le lecha. (Esa. 54:13; Joh. 17:3) U ka khetha liphihlelo tse hlahang lingoliloeng tsa rona ho totobatsa lintlha tsena. Mohlomong u ka khetha tse sehloohong se reng “Bibele e Fetola Batho,” se hlahang Molula-Qhooeng. w16.09 5:13, 14
Moqebelo, la 17 March
Le ithekele nako e loketseng.—Baef. 5:16.
Le hoja e ka ’na eaba re phathahane, kaofela re lokela ho ipha nako ea ho ithuta le ea ho tšoara borapeli ba lelapa. (Baef. 5:15,) Empa sepheo sa rona ha ea lokela ho ba ho bala maqephe a itseng feela kapa ho araba libokeng. Re lokela ho etsa bonnete ba hore re lumella Lentsoe la Molimo ho re finyella lipelo le ho matlafatsa tumelo ea rona. Ha rea lokela ho bala ka sepheo sa ho thusa ba bang feela empa re boetse re lokela ho ameha ka kamano ea rona le Molimo. (Bafil. 1:9, 10) Re lokela ho hopola hore lintho tse ling tseo re ithutang tsona ha re lokisetsa ho ea tšimong le libokeng, kapa ho ea fana ka puo ha lia tobisoa ho rōna. Mohlala: Le hoja motho ea phehang a lokela ho latsoa lijo tseo a li phehileng, a ke ke a phela feela ka lijo tseo a li latsoang. Haeba a batla ho lula a phetse hantle, o lokela ho iphehela lijo tse nang le phepo. Ka tsela e tšoanang, re lokela ho matlafatsa tumelo ea rona ka ho iphepa Lentsoe la Molimo. w16.10 2:10, 11
Sontaha, la 18 March
Ka tumelo re lemoha hore litsamaiso tsa lintho li ile tsa hlophisoa ke lentsoe la Molimo, hoo se bonoang e bileng se tsoang linthong tse sa hlaheng.—Baheb. 11:3.
Ka Bibeleng tumelo e hlalosoa ho Baheberu 11:1. Tumelo e itšetlehile linthong tse peli tseo re sa li boneng: (1) “Lintho tseo ho nang le tšepo bakeng sa tsona”—sena se ka ’na sa akarelletsa lintho tseo re li lebeletseng empa li e-s’o phethahale, joaloka bofelo ba tsamaiso ena ea lintho le ho tla ha lefatše le lecha. (2) “Lintho tsa sebele le hoja li sa bonoe.” Temaneng ena, lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “bopaki bo totobetseng” le bolela “bopaki bo kholisang” ba lintho tsa sebele tse sa bonoeng, joaloka ho lumela hore ho na le Jehova Molimo, Jesu Kreste, mangeloi le mesebetsi e etsoang ke ’Muso oa leholimong. Re ka kholisa ba bang joang hore tšepo ea rōna ke ea sebele le hore re lumela lintho tse sa bonoeng tseo ho buuoang ka tsona ka Lentsoeng la Molimo? Ka mantsoe a rōna le liketso, kaha ntle ho tsona tumelo ea rōna e tla be e sa fella. w16.10 4:6
Mantaha, la 19 March
Le ’ne le eletsane.—Baheb. 3:13.
Jehova le Jesu ba ananela haholo boiteko boo kaofela ha rona re bo etsang ho tšehetsa ’Muso oa Molimo, esita le haeba re sa khone ho etsa se sekaalo ka lebaka la maemo a rona. (Luka 21:1-4; 2 Bakor. 8:12) Mohlala, bara le barali babo rona ba holileng ba ikitlaelletsa ho ba teng libokeng le ho kopanela tšebeletsong ea tšimo kamehla. Ruri re lokela ho ba babatsa le ho ba khothatsa. Batla menyetla ea ho khothatsa ba bang. Re lokela ho khothatsa ba bang ha re elelloa lintho tse ntle tseo ba li etsang. Hlokomela se ileng sa etsahala ha Pauluse le Barnabase ba le Antioke e Pisidia. Balaoli ba okamelang ba synagoge ba ile ba re ho bona: “Banna, barab’abo rōna, haeba ho e-na le lentsoe leha e le lefe la khothatso bakeng sa batho, le le bolele.” Ka mor’a moo, Pauluse a fana ka puo e monate. (Lik. 13:13-16, 42-44) Ka sebele, re lokela ho bua haeba re e-na le mantsoe a khothatso. Re tla lemoha hore haeba re tloaetse ho khothatsa ba bang, le bona ba tla re khothatsa.—Luka 6:38. w16.11 1:3, 15, 16
Labobeli, la 20 March
Mahlo a Jehova a sebakeng se seng le se seng, a lula a talimile ba babe le ba molemo.—Liprov. 15:3.
Ruri ke tlotla ho ba karolo ea mokhatlo oa Jehova. Kaha re tseba melao le litaelo tsa Molimo, re lokela ho etsa se nepahetseng le ho tšehetsa bobusi ba hae. Ha lefatše lena le ntse le tetebela le ho feta boitšoarong bo bobe, re lokela ‘ho hloea se sebe,’ joaloka Jehova. (Pes. 97:10) Ha re batle ho tšoana le batho ba se nang bomolimo ba reng “botle ke bobe le bobe ke botle.” (Esa. 5:20) Kaha re batla ho khahlisa Molimo, re ikitlaelletsa ho lula re hloekile nameng, boitšoarong le moeeng. (1 Bakor. 6:9-11) Re rata Jehova ’me rea mo tšepa; kahoo re khetha ho mo tšepahalla ka hore re hlomphe melao e boletsoeng ka ho hlaka ka Lentsoeng la hae. ’Me re ikitlaelletsa ho phela ka melao eo nako eohle, ebang re lapeng, ka phuthehong, mosebetsing kapa sekolong. w16.11 3:13
Laboraro, la 21 March
Moea o mong le o mong o ke o ipehe tlas’a balaoli ba phahameng.—Bar. 13:1.
Le hoja barab’abo rona ba ne ba e-na le sepheo se setle, pakeng tsa 1914 le 1919 ba ne ba sa utloisise hantle taba ea ho ikokobelletsa babusi. Ka hona, ba ile ba kenella ntoeng. Ka mohlala, ha mopresidente oa United States a re la 30 May, 1918, e tla ba letsatsi la ho rapella khotso, Molula-Qhooa o ile oa khothalletsa Liithuti Tsa Bibele hore li rapelle khotso. Barab’abo rona ba bang ba ile ba tšehetsa ntoa ka lichelete, ha ba bang bona ba ile ba hla ba nka libetsa ba ea moleng oa ntoa. Empa e ka ba phoso ho nahana hore Liithuti Tsa Bibele li bile botlamuoeng ba Babylona e Moholo hobane ho ne ho hlokahala hore li khalemeloe. Ha e le hantle, li ne li utloisisa hore li lokela ho ikarola bolumeling ba bohata, ’me nakong ea Ntoa ea Pele ea Lefatše, li ile tsa ikarola ka ho feletseng ’musong oo oa lefatše oa bolumeli ba bohata.—Luka 12:47, 48. w16.11 5:9
Labone, la 22 March
[Re] ba tsamaeang, eseng tumellanong le nama, empa tumellanong le moea.—Bar. 8:4.
Ke hobane’ng ha Pauluse a ne a hatisa kotsi ea ho phela “tumellanong le nama” ho Bakreste ba tlotsitsoeng? Na kotsi e tšoanang e ka ama Bakreste ba mehleng ee bao Jehova a ba nkang e le metsoalle ea hae le bao a ba nkang ba lokile? Ka masoabi, Mokreste leha e le ofe a ka qala ho phela tumellanong le litakatso tsa nama. Mohlala, Pauluse o ile a re ba bang ba barab’abo rona ba Roma e ne e le makhoba a litakatso tsa bona tse fosahetseng, e-bang ke tsa ho kopanela liphate, tsa ho ja, ho noa kapa litakatso tse ling. Ba bang ba ne ba “eka” batho ba bang. (Bar. 16:17, 18; Bafil. 3:18, 19; Juda 4, 8, 12) Ka nako e ’ngoe mor’abo rōna e mong oa Korinthe o ne a phela le “mosali oa ntat’ae.” (1 Bakor. 5:1) Ka hona, hoa utloahala hore na ke hobane’ng ha Jehova a ile a sebelisa Pauluse hore a lemose Bakreste ka ho “beha likelello tsa bona linthong tsa nama.” (Bar. 8:5, 6) Keletso eo e ntse e sebetsa le mehleng ena. w16.12 2:5, 8, 9
Labohlano, la 23 March
Ho tšoenngoa ke lipelaelo ka pelong ea motho ho tla etsa hore e thulame, empa lentsoe le molemo le etsa hore e thabe.—Liprov. 12:25.
Ho buisana ka mathata a hao le motho eo u mo tšepang ho ka u thusa ho sebetsana le ho tšoenyeha. Ho buisana u phutholohile le molekane, metsoalle e haufi kapa moholo ho ka u thusa hore u sebetsane le mathata a hao. Bibele e re: “Merero ea senyeha moo ho se nang lekunutu, empa ha baeletsi ba le bangata ho na le se finyelloang.” (Liprov. 15:22). Jehova o sebelisa liboka ho thusa Bakreste ho sebetsana le ho tšoenyeha. Ha re le libokeng, re kopana le balumeli-’moho le rona ba re ratang ’me baa re khothatsa. (Baheb. 10:24, 25) “Ho khothatsana” hoo ho ka re thusa hore re be matla moeeng ’me re sebetsane ka katleho le matšoenyeho a rona.—Bar. 1:12. w16.12 3:17, 18
Moqebelo, la 24 March
[Anna a] qala ho rapela Jehova.—1 Sam. 1:10.
Ha re tobana le mathata a ho kula kapa a mang a ka holimo ho matla a rona, re lahlela matšoenyeho a rona ho Jehova hobane rea tseba hore oa re tsotella. (1 Pet. 5:6, 7) Re boetse re etsa sohle se matleng a rona ho rua molemo libokeng tsa Bokreste le litokisetsong tse ling tseo Molimo a li etsang. (Baheb. 10:24, 25) Ho thoe’ng ka batsoali ba tšepahalang bao bana ba bona ba khaolitseng ho sebeletsa Jehova? Samuele ea tsofetseng o ne a ke ke a qobella bara ba hae ho phela ka melao ea Jehova eo a neng a ba rutile eona. (1 Sam. 8:1-3) O ne a lokela ho tlohella lintho matsohong a Jehova. Ho ntse ho le joalo, Samuele o ile a tšepahala, a thabisa pelo ea Ntate oa hae ea leholimong, Jehova. (Liprov. 27:11) Batsoali ba bangata ba Bakreste ba tobana le boemo bo tšoanang mehleng ena. Empa ba na le tšepo ea hore bana ba bona ba tla khutlela ho Jehova ’me a ba amohele, feela joaloka ntate ea papisong ea mora ea lehlasoa. (Luka 15:20) Batsoali bao ba sebetsa ka thata ho lula ba tšepahala, ba tšepa hore bana ba bona ba tla latela mohlala oa bona o motle ’me ba khutlele ho Jehova. w17.01 1:15, 16
Sontaha, la 25 March
Ka ho ikokobetsa kelellong le nka hore ba bang ba le phahametse.—Bafil. 2:3.
Motho ea ikokobelitseng o lumela liphoso tsa hae, o amohela keletso ’me o ikemiselitse ho ithuta ho ba bang. Jehova o rata batho ba ikokobelitseng. Bibele e boetse e bontša hore motho ea inyenyefatsang o tseba moo matla a hae a fellang teng, ebile o tseba lintho tseo a sa lumelloang ho li etsa. Sena se mo thusa hore a hlomphe batho ba bang a be a ba tšoare ka mosa. Re ka hlokomela joang haeba re se re qala ho ikhohomosa? Nahana ka lintlha tse latelang. Re ka ’na ra inkela holimo hobane re na le litokelo tse itseng ka phuthehong, kapa re tloaelane le batho ba nang le tsona. (Bar. 12:16) Kapa ra etsa lintho tse hapang tlhokomelo ea batho ho sa hlokahale. (1 Tim. 2:9, 10) Kapa mohlomong ra hatella ba bang hore ba mamele maikutlo a rona hobane feela re na le boemo bo itseng ka phuthehong kapa re tsebana le ba nang le bona empa re sa lemohe hore re se re qalile ho ikhohomosa.—1 Bakor. 4:6. w17.01 3:6-8
Mantaha, la 26 March
Botle ba bahlankana ke matla a bona, ’me bokhabane ba banna-baholo ke bohlooho-putsoa ba bona.—Liprov. 20:29.
Nako le nako mosebetsi oa batho ba Jehova o ntse o eketseha. Mokhatlo oa Jehova o sebelisa theknoloji ho isa litaba tse molemo ho batho ba bangata kamoo ho ka khonehang. Empa ka linako tse ling ho ka ba thata ho ba seng ba holile ho sebelisa theknoloji. (Luka 5:39) Ha ba tšoane le bacha, hobane ba fokolloa le ke matla. Kahoo, ke habohlokoa ho ba seng ba holile hore ba koetlise ba bacha hore ba jare boikarabelo bo eketsehileng. (Pes. 71:18) Ho ka ’na ha e-ba thata ho ba nang le boikarabelo ka phuthehong ho abela ba bang mosebetsi. Ba bang ba tšaba hore ba tla lahleheloa ke likabelo tseo ba li ratang. Ha ba bang ba nahana hore ba bacha ba ke ke ba khona ho etsa mosebetsi oo hantle. Ebile ba re ha ba na nako ea ho ba rupela. Ka lehlakoreng le leng ba bacha ba lokela ho ba le mamello ha ba bona ba sa fuoe likabelo. w17.01 5:3, 4
Labobeli, la 27 March
Ka ketso e le ’ngoe ea tokafatso phello ho batho ba mefuta eohle ke ho bolela hore ba lokile bakeng sa bophelo.—Bar. 5:18.
Jehova o ile a tlosa mora oa hae oa letsibolo leholimong ’me a mo tlisa lefatšeng. (Joh. 1:14) Kahoo Jesu e ne e le motho ea phethahetseng feela joaloka Adama a ne a phethahetse. Ho fapana le Adama, Jesu o ile a etsa sohle seo Jehova a neng a se lebelletse ho motho ea phethahetseng. Esita le tlas’a liteko tse matla, Jesu ha aa ka a etsa sebe kapa hona ho roba melao ea Molimo. Kaha Jesu e ne e le motho ea phethahetseng, o ne a ka khona ho pholosa batho sebeng le lefung ka ho ba shoela. Jesu o ile a tšepahala le ho mamela Molimo ka ho feletseng, e leng seo Adama a ileng a hloleha ho se etsa. (1 Tim. 2:6) Jesu e ile ea e-ba sehlabelo sa thekollo se ileng sa bulela “ba bangata” monyetla oa ho phela bophelo bo sa feleng. (Mat. 20:28) Ha e le hantle thekollo ke eona e entseng hore Molimo a phethahatse morero oa hae. (2 Bakor. 1:19, 20) Thekollo e fane ka tšepo ea bophelo bo sa feleng ho batho bohle ba tšepahalang. w17.02 1:15, 16
’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa motšehare oa la 9 Nisane) Johanne 12:12-19; Mareka 11:1-11
Laboraro, la 28 March
Ka lebaka la thabo e neng e behiloe ka pel’a hae o ile a mamella.—Baheb. 12:2.
Nka hore u leetong. Ha u fihla kae-kae, u lokela ho feta ka har’a kotopo e kholo e bileng e leng telele. Ho lefifi ka moo. Empa ua tseba hore qetellong ea eona, khanya e teng. Ho joalo le bophelong. U ka ’na ua tobana le maemo a thata le a u sithabetsang. Esita le Jesu o ile a ikutloa ka tsela eo. Ha a le thupeng ea tlhokofatso, o ile a mamella bohloko bo otlang pelo le ho songoa. E tlameha ebe ena e bile nako e thata ka ho fetisisa bophelong ba hae! (Baheb. 12:3) Empa o ile a mamella mathata ao kaofela. O ile a nahana ka “thabo e neng e behiloe ka pel’a hae.” Jesu o ile a nahana ka melemo e larileng ka pele, ’me habohlokoa le ho feta, a lemoha hore o kenya letsoho ho halaletseng lebitso la Molimo le ho tšehetseng bobusi ba hae. O ne a tseba hore teko eo ke ea nakoana le hore moputso oa hae leholimong e tla ba oa ka ho sa feleng. Liteko tseo u tobanang le tsona kajeno li ka ’na tsa u sithabetsa ’me tsa u utloisa bohloko, empa hopola hore ke tsa nakoana. w16.04 2:10
’Malo oa Bibele oa Sehopotso:: (Liketsahalo tsa motšehare oa la 10 Nisane) Johanne 12:20-50
Labone, la 29 March
Ka eena [Jesu] re na le tokollo ka thekollo ka mali a eo, e, tšoarelo ea litšito tsa rōna, ho ea ka maruo a mosa oa hae o sa tšoanelang.—Baef. 1:7.
Mehleng ena ho etsa sebe e se e le ntho e tloaelehileng hoo batho ba bangata ba nahanang hore ha ba hloke thekollo. Pele ba kopana le Lipaki Tsa Jehova, batho ba bangata ha ba utloisise hore na sebe ke eng, se re ama joang le hore na re lokela ho etsa’ng e le hore re lokolohe bokhobeng ba sebe. Batho ba tšepahalang baa thaba ha ba ithuta hore Jehova ea lerato le ea nang le mosa o sa tšoanelang o ile a romela Mora oa hae lefatšeng ho tla re lopolla sebeng le lefung. (1 Joh. 4:9, 10) Sehlabelo sa Kreste sa thekollo ke tsela e kholo ka ho fetisisa e bontšang hore Molimo oa re rata, hape se bontša kamoo mosa oa hae o sa tšoanelang o leng moholo kateng. Ruri hoa khatholla ho tseba hore haeba re bontša tumelo maling a Jesu a tšolotsoeng, re tla tšoareloa libe ’me re be le matsoalo a hloekileng. (Baheb. 9:14) Ka sebele tseo ke litaba tse monate tseo re ka li bolellang ba bang. w16.07 4:6, 7
’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa motšehare oa la 11 Nisane) Luka 21:1-36
Labohlano, la 30 March
[Kreste o] fumana topollo e sa feleng bakeng sa rōna.—Baheb. 9:12.
Jehova o tla re tšoarela ka ho feletseng haeba re bontša tumelo sehlabelong sa thekollo. Lentsoe la Molimo le re tiisetsa hore libe tsa rona li tla ‘hlakoloa.’ (Lik. 3:19-21) Ka lebaka la thekollo, Jehova o khethile bahlanka ba hae ba batlotsuoa hore e il’o ba bana ba hae leholimong. (Bar. 8:15-17) O mema “linku tse ling,” hore e be karolo ea lelapa la hae e lefatšeng. Ka mor’a hore ba hlole teko ea ho qetela Jehova o tla ba etsa bana ba hae ba ratoang lefatšeng. (Bar. 8:20, 21; Tšen. 20:7-9) Jehova o tla lula a rata bana ba hae. Litlhohonolofatso tse tlisoang ke thekollo li tla ba teng ka ho sa feleng. Mpho ena e tla lula e le ea bohlokoa. Ha ho motho ea ka re nkelang eona. Haeba re bakela libe tsa rona, ha ho letho leo Diabolose a ka le etsang ho re thibela ho ba karolo ea lelapa la Jehova. w17.02 2:15, 16
’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa motšehare oa la 12 Nisane) Matheu 26:1-5, 14-16; Luka 22:1-6
Letsatsi la Sehopotso
Ha Letsatsi le se le Liketse
Moqebelo, la 31 March
Haeba mang kapa mang a etsa sebe, re na le mothusi ho Ntate, e leng Jesu Kreste.—1 Joh. 2:1.
Ha Jehova a re hulela ho eena hore re be metsoalle ea hae, o ne a tseba hore re na le liphoso le mefokolo le hore re tla ’ne re etse liphoso tse ling. Leha ho le joalo, Jehova o ntse a batla hore re be metsoalle ea hae. Jehova o re rata haholo hoo a ileng a re fa mpho ea bohlokoa haholo. O ile a romela Mora oa hae lefatšeng, hore a tl’o fana ka bophelo ba hae e le thekollo bakeng libe tsa rona. (Joh. 3:16) Ha re entse phoso, re ka kopa Jehova hore a re tšoarele. Hape, ka lebaka la thekollo, re ka kholiseha hore o tla re tšoarela le hore re ntse re ka ba le kamano e ntle le eena.—1 Tim. 1:15. w16.05 4:6, 7
’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa motšehare oa la 13 Nisane) Matheu 26:17-19; Mareka 14:12-16; Luka 22:7-13) Liketsahalo tsa mantsiboea a la 14 Nisane) Johanne 13:1-5; 14:1-3