Bochabela bo Hare—Na ke Sebaka sa Armageddone?
“ARMAGEDDONE”—lebitso lee la Bibele le hlalosa eng? Nako le nako e kenyellelitsoe ka leqephe le ka ntle le itlhalosang, ho tla ba le letoto la lihlooho tse nang le taba e nonneng e buang ka sena tse tla hlaha litokollong tse ’nè tsa Molula-Qhooa bakeng sa Pherekhong le TIhakola, 1985. Re na le tšepo ea hore puisano ena ea Mangolo e tla u tšelisa ka tsebo ea hore na ARMAGEDDONE e hlile ke eng.
“HA LEFATŠE le khisitse ho leba horeng ea Iona ea ho qetela ea ho itseka, motse oa bohlokoa o shebiloeng hase New York, Moscow, Paris, Peking, kapa Cairo. Motse o shebiloeng ke Jerusalema!” Kamoo ho boletseng baruti ba thuto ea bolumeli John F. le John E. Walvoord bukeng ea bona Armageddon, Oil and the Middle East Crisis.
Ba bangata ruri ba talimile ka ho tšoha Jerusalema le sebaka se mofere-fere seo e leng ho sona. Times ea London e re, “Bochabela bo Hare bo ntse bo tšosa haholoanyane.” Ba bangata ba tšohile hore toantšano ea kamoso ea U.S. le Russia mono e ke ke ea qojoa. Ka Pherekhong 1984, likamano pakeng tsa mebuso e meholo e loantšanang li ne li theohile hoo Bulletin of the Atomic Scientists e ileng ea tsamaisa “sesupa-nako sa eona sa letsatsi la tlokotsi” (pontšo ea kamoo lefatše le leng haufi kateng le ho fela ka “nuclear”) ho e isa ho metsotso e meraro pele ho bosiu bo boholo. Bulletin e re: “Ka hona re eme kotsing, lintšing tsa nako ea ho thulana ntoeng, nako ea ha ho oelana hampe ha makhotla ho felisa puisano efe kapa efe pakeng tsa mebuso e meholo. Tebello ena ke e sisimosang.”
Leha ho le joalo, palo e ntseng e eketseha ea balumeli ba bolelang hore Bibele ha e sebelise litšoantšetso, baruti, le baphatlalatsi ba Evangeli thelevisheneng, e rorisa liphetoho tsena. Ho tsietsang ho ntseng ho phahama Bochabela bo Hare ho bonahala ho sebelelitse ho amoheleha ha boprofeta ba bona bo phahamisang matšoafo hore haufinyane Armageddone e tla etsahala sebakeng seo! ’Me ba ipokelletse balateli ba bangata ka ho utloahatsa mokhosi libukeng, lipuong le thelevisheneng.
Bahlalosi bana ba tsekisana ka hore na liketsahalo li tla hle li latellane joang. Empa ‘ponahalo ea sebele ea Armageddone’ e tšoantšetsoa eka e tla ba tjena: ‘Nako e lebisang letsatsing la tlokotsi’ e qalile ka ho theoa ha ’muso oa Iseraele, kamoo ba bolelang kateng. Ka baka leo ba ikutloa hore ho nkeloa ha bona leholimong hoo ba ho bolelang ho haufi. Kamoo ba bonang kateng, haufinyane Bakreste ba ’nete ba tla tloha ba nyamela lefatšeng—ba hloibiloa ho ea leholimong. Lilemong tse supileng tse latelang tsa “mahlomola,” baboleli ba bangata ba Evangeli ba bile ba profeta hore sechaba sa Iseraele se tla sokolleloa Bokresteng. Ho boleloa hore karolo e khōlō ea moloko oa motho e tla beoa tlas’a ’m’ampoli ea nang le matla a mohlolo (“Antikreste”) ’me o tla etella pele lichaba tse leshome tse kopaneng. ’Me kamoo ba bolelang kateng, Iseraele e tla ikamahanya le eena. Empa lichaba tse ikopantseng tsa Maarabia le tse ling, tlas’a ketello-pele ea Russia, li tla futuhela Iseraele ka tšohanyetso. Ka mohlolo Molimo o tla emisa phutuho ena, ho bolela joalo balumeli bana ba reng Bibele ha e sebelise litšoantšetso. Kapele-pele, leha ho le joalo, ho latela tlhaselo e ’ngoe ea “Antikreste,” e tla qalisa ntoa e feletseng Bochabela bo Hare—Armageddone.
Mohlomong hona ho utloahala e le ’nete ho ba bang. E, Bibele e hlile e profeta hore lichaba li tla phuthehela ntoa “Armageddone.” (Tšenolo 16:14-16, King James Version) Empa na Bibele e hlile e bontša hore sena se tla etsahala Bochabela bo Hare? Hona sebaka sena sa ntoa ke sa bohlokoa bofe?