Joale ke Nako ea Tšebeletso e Chesehang
“Ea tiisetsang ho fihlela qetellong, ke eena ea tla bolokeha.”—MAREKA 13:13.
1, 2. (a) Ke maemo afe a totobatsang hore re phela bofelong ba tsamaiso ee ea lintho? (b) U ka ba le maikutlo afe a mabeli?
BATHO ba bang ba ntse ba belaela hore re phela bofelong ba tsamaiso ena ea hona joale, le hoja ho le thata ho nahana hore na ke hobane’ng ha ba ka belaela ’nete eo. Boitšoaro boa hlepha. Maemo a moruo a mpefala. Pefo e-ea ngatafala. Batho ba ntse ba ngatafala, tšilafatso e-ea hōla, litšila tsa athomiki lia eketseha, libetsa tsa athomiki lia ngatafala ’me ba sa lumelang hangata ba ipotsa hore na bophelo bo tla pholoha lefatšeng.
2 Leha ho le joalo, bofelo ba tsamaiso ena ea khale ha bo e-s’o fihle. Bakreste ba bang ba inehetseng e ka ’na eaba ba khathetse ke ho etsa tšebeletso ea ’Muso. Ha e le hantle, haeba motho ofe kapa ofe a sa neela bophelo ba hae ho Molimo empa a bo neetse letsatsing le itseng, a ka lahleloa ntle. Empa ba nehetseng bophelo ba bona ho Jehova Molimo, ho etsa thato ea hae kamehla le ho latela litsela tsa hae, ba matla ho feta leha e le neng ’me palo ea bona e ntse e hōla.
3. (a) Ke hobane’ng ha barati ba ho loka ba labalabela ho bona tsamaiso ee ea khale e fela? (b) Pele e fela, re lokela e be re ntse re etsa eng?
3 Batho ba ratang ho loka ba labalabela ho bona tsamaiso ena ea khale e fela, hobane e tla nkeloa sebaka ke Paradeise ea lefatšeng, ke Taolo e Ncha ea ho loka eo Bibele e e tšepisitseng. (Esaia 9:6, 7; Mattheu 6:9, 10; 2 Petrose 3:13; Tšenolo 21:1-4) Ha e le hantle, bahlanka ba Jehova ba batla hore phetoho ena e tle hang ha Molimo o rata. Empa, ka ho etsa boinehelo ba ’nete ho Molimo, ka mamello ba letetse nako ea oona ha ba ntse ba tsoela pele ka cheseho mosebetsing o hlollang oo ba o filoeng hore ba o etse oa ho bolela ’Muso.—Mattheu 24:14.
Mehlala e Bululetsoeng
4. Ke mohlala ofe o motle o beiloeng ke banna le basali ba tumelo mehleng ea boholo-holo?
4 Ha ho na lebaka la hore mang kapa mang a chechele morao, a khoehlise, kapa a nyehlise letsoho. Jehova Molimo le Kreste Jesu ke basebetsi. (Johanne 5:17) Ho feta moo, Bibele e tletse ka litlaleho tsa banna le basali ba tumelo ba sebetsang ka thata, ba thabileng ba sebeletsang e le mehlala e re susumetsang le e re khothatsang. Empa banna le basali ba bangata ho bao ba khabane ba tsebile hore litšepiso tseo ba neng ba li letetse li ne li sa tl’o phethahala nakong ea bophelo ba bona. Ho ne ho tla feta meloko, mabakeng a mang likete tsa lilemo, pele lintho tseo ba neng ba li letetse li ka etsahala. Empa ha ba ka ba khoehlisa tšebeletso ea bona. Ba bangata ba sebelelitse ka thabo ho fihlela botsofaling, ba tiile tumelong, ba chesehela ho mamela Molimo, ka mamello ba letetse ho phethahala ha merero ea oona. Ho feta moo, ka makholo a lilemo, Molimo o ile oa fana ka tšenolo ea oona ka ho tsoelang pele. Kahoo, batho bao ba boholo-holo ba tumelo ba ne ba e-na le tsebo e fokolang haholo ho eo u nang le eona kajeno mabapi le kamoo Molimo o neng o tla phetha lintho tseo o li tšepisitseng.
5. Abele o beile mohlala ofe?
5 Ka mohlala, nahana hore na Abele o ne a e-na le boitsebiso bo fokolang hakae. O ne a tseba feela hore Molimo o tšepisitse “peō” le hore ka nako e ’ngoe e tlang “peō” eo e ne e tla khoba hlooho ea noha. (Genese 3:15) Empa Jesu o bitsitse Abele “ea lokileng,” ’me o boleloa e le oa pele lethathamong la Pauluse la banna ba tšepahalang ba tumelo. (Mattheu 23:35; Ba-Heberu 11:4) Na u ka be u bile le tumelo e joalo ka boitsebiso bo fokolang bo neng bo le teng mehleng ea Abele?
6, 7. Le hoja litšepiso tse itseng tse fanoeng ke Molimo li sa ka tsa phethahala mehleng ea Abrahama, o ile a re beela mohlala o motle joang?
6 Noe, Abrahama, Isaaka le Jakobo bohle ba phetse pele Jehova a bontša matla a hae a makatsang nakong ea ho tsoa ha Iseraele Egepeta. Ba ne ba sa tsebe letho ka liketsahalo tse tšosang tse neng li tla potoloha ho fanoa ha Molao Sinai. Bophelong ba bona, le buka ea pele ea Bibele e ne e e-so ho ngoloe.
7 Abrahama o ne a se na tšepo ea hore Paradeise e ne e tla tsosolosoa nakong ea bophelo ba hae. Ho e-na le hoo, o ile a bolelloa hore litloholo tsa hae li tla hlorisoa ka lilemo tse 400. Ke feela ka nako e tlang e hōle ho neng ho tla phethahala tšepiso ea Molimo ea hore ‘lichaba tsohle tsa lefatše li tla itlhohonolofatsa lelokong la Abrahama.’ (Genese 15:13; 22:18; Ba-Galata 3:8) Abrahama “o na a lebeletse motse o nang le motheo, oo Molimo e leng mohahi le mothei oa oona.” (Ba-Heberu 11:10) ’Nete ea hore Abrahama o ne a ke ke a o bona mehleng ea hae empa tsohong feela ha e-ea ka ea fokolisa tumelo ea hae, ho mamela ha hae le ho chesehela ha hae ho sebeletsa Molimo. Re ka ’na ra ipotsa: Na ke na le mofuta oa tumelo, oa ho mamela le oa cheseho oo Abrahama a bileng le oona?
8. Ho Moshe, re ithuta eng ka mamello le tiisetso?
8 Moshe o ile a nahana hore a ke ke a etsa mosebetsi oo Molimo o mo abetseng oona. O ile a re o lehoeleha ’me o ikutloa hore leha e le batho ba habo kapa Faro ha ho ea tla mo utloa. (Exoda 4:1, 10; 6:12) Empa Moshe a mamela. A etsa seo Jehova a ’moleletseng sona, ’me a etsa hona ka nako e telele haholo. Lehoatateng Moshe o ile a tseba hore ho tla feta lilemo tse 40 pele batho ba habo ba kena Lefatšeng la Pallo, ’me ka baka la tšito ea hae hamorao, a bolelloa hore a ke ke a kena lefatšeng leo le kamor’a nako eo. Empa selemo kamor’a selemo a tsoela pele tseleng ea Jehova. (Numere 14:33, 34; 20:9-12; Deuteronoma 3:23-28; 34:1-6) Na lerato la hao ho Molimo le ne le ka susumetsa mamello e joalo le mafolo-folo a joalo tšebeletsong ea oona? Na ka botšepehi u ne u ka lebisa ba bang sepheong seo u tsebang hore uena u ke ke ua se fihlela?
9, 10. Esaia le Jeremia ba bontšitsoe mamello joang, ba se na tšepo ea ho fumana moputso o lakatsoang bophelong ba bona?
9 Ha Jehova a botsa hore na ke mang ea neng a tla ’muella, Esaia a re: “Ke ’na enoa, roma ’na.” (Esaia 6:8-11) Ka lilemo tse fetang 40 o sebelelitse e le moprofeta oa Jehova. Har’a lintho tse ling, Esaia o ile a fetisa tšepiso ea Molimo ea “maholimo a macha le lefatše le lecha,” le hoja ho ne ho se tšepo ea tsamaiso e ncha e lokileng nakong ea bophelo ba hae. (Esaia 65:17-25) Na u ne u tla tšepahala feela hobane ho boloka botšepehi ho ne ho nepahetse ’me ho le tumellanong le lerato la hao le tebileng ho Molimo?
10 Jeremia o ne a tloaetse ho bolela litemoso tse sa tloaelehang ho batho ba sa lumelang. Ho ne ho se Paradeise e lokileng lefatšeng e neng e letetse bofelo ba ho bolela ha hae. Ho e-na le hoo, Jerusalema ea hae eo a e ratang e ne e tla ba “tšenyeho le makatso,” e timetsoe ka lebaka la baahi ba eona ba haelloang ke tumelo. Jeremia o ne a tseba hore ho tla ba le tsosoloso, empa e ne e ke ke ea etsahala ho fihlela ho fetile lilemo tse 70—bolelele ba nako e pheloang ke batho ka ho tloaelehileng! (Jeremia 25:8-11; 29:10) Taba ea hore o ne a ke ke a phela hore a bone tsosoloso e profetiloeng ha e-ea ka ea thibela Jeremia hore a bolele. Leha a ne a leka ho khaotsa, lentsoe la Jehova le ne le e-ba “ho kang mollo” masapong a hae. O ne a tlameha ho bua, ’me Jehova o ne a e-na le eena “joale ka senatla se tšabehang.”—Jeremia 20:7-11
Lithuso Mamellong ea Rōna
11, 12. Bibele e bontša hore mehlala ea boholo-holo ea tumelo e lokela ho re susumelletsa ho etsa eng?
11 Moapostola Pauluse o bontšitse phello eo mehlala ena e lokelang ho ba le eona ho rōna. A ngola: “Joale he, le rōna ha re teetsoe hare ke leru le lekalo la lipaki, a re ke re lahleng hohle ho re imelang, le sebe [khaello ea tumelo] se tšoasang feela, ’me re ke re titime ka sebete [“mamello,” NW] peisong eo re e beetsoeng.”—Ba-Heberu 12:1.
12 Pauluse o boetse a ngola: “Taba tsohle tse ngoliloeng pele, li ngoliloe ho re ruta, hore, ka ho mamella le ka ho tšelisoa ke Mangolo, re tle re be le tšepo. Molimo oa mamello le oa tšeliso o ke o le nee ho ba le khopolo e le ’ngoe e mong ka ’nģa ho e mong, ho Jesu Kreste, bohle hammoho le tle le tlotlise Molimo, e leng Ntat’a Morena oa rōna Jesu Kreste.” (Ba-Roma 15:4-6) Kahoo mehlala ena ea boholo-holo ea tumelo e lokela ho re susumelletsa ho mamella, ho khomarela kabelong ea rōna ea ho bolela le ho ruta, ’me kahoo ka cheseho re tlotlise Jehova, Molimo le Ntat’a Morena oa rōna Jesu Kreste.
13. Re tseba eng eo banna ba boholo-holo ba tumelo ba ileng ba hloka monyetla oa ho ithuta eona?
13 Nahana feela ka lintho tse matlafatsang tumelo tseo re li tsebang tseo baprofeta ba khabane ba boholo-holo ba sa kang ba li tseba. Bophelong ba bona, ha ho ea neng a tseba hore na Messia e tla ba mang. Empa rōna ha se feela hore rea mo tseba; re bile re tseba ka ho tsoaloa ha hae, ho ruta ha hae, lefu le tsoho ea Eo, Jesu Kreste. Ho feta moo, re tseba ka topollo, ’Muso le “peō” tseo banna bao ba li letetseng ka bokhabane. Ho feta moo, re na le Mangolo ’ohle a Bakreste a Segerike—ho tloha ho Mattheu ho ea ho Tšenolo. ’Me re na le monyetla oa ho utloisisa buka eo e babatsehang ea Tšenolo, ka boprofeta ba eona bo matlafatsang tumelo bo phethahalitsoeng mehleng ea rōna ’me bo tla ’ne bo phethahale. Ka sebele, re phela nakong e thabisang le e tšosang—nako eo banna bao ba boholo-holo ba neng ba e letetse ka matla.
Mehlala ea Tšebeletso e Chesehang
14, 15. Na ’nete ea hore ’Muso e ne e le hona o tlang e ile ea nyahamisa Bakreste ba lekholo la pele la lilemo? Hlalosa.
14 Balateli ba pele ba Jesu ba ne ba fela pelo ka ho batla ho bona ’Muso o tšepisitsoeng. Ba botsa Jesu: “Morena, na u re, e se e le joale u tla tsosa ’muso oa Iseraele na?” Barutuoa bao ha ba ka ba hlokomela ka nako eo hore ’Muso e tla ba oa leholimo. Ba ne ba tla utloisisa hoo hamorao tlas’a tšusumetso ea moea oa Molimo. Empa Jesu a etsa hore ba tsebe hore ba na le mosebetsi o moholo oo ba lokelang ho o etsa. O boletse hore e ne e tla ba “lipaki tsa [hae] Jerusalema, le naheng eohle ea Judea, le ea Samaria, le ho isa pheletsong ea lefatše.” (Liketso 1:6-8) Mosebetsi oo ha o-oa ka oa bonahala o le moholo haholo hore ba o etse. Ka letsatsi la Pentakonta ka 33 C.E., barutuoa ba ka bang 120, tlas’a tataiso ea moea o halalelang, ba qala ho bolela litaba tse molemo. Batho ba ka bang 3 000 ba amohela lentsoe letsatsing leo! ’Me ka nako e khutšoaane moprista ea phahameng oa Mojode o ne a ka re: “Bonang, le tlatsitse Jerusalema ka thuto ea lōna.”—Liketso 2:41; 5:2
15 Batho ha neng ba le teng Jerusalema ka nako eo ba tsoang likarolong tse fapaneng tsa Europa, Asia le Afrika mohlomong ba ile ba ea le litaba tse molemo linaheng tsa hahabo bona. (Liketso 2:5-11) Ka pele Pauluse o ne a bolela ka cheseho ’me a thusa ho hloma liphutheho tsa Bokreste seterekeng sa Roma sa Asia le Greece. A leba Roma mohlomong le Spain. Petrose a tsoa ka lekhalo le leng, ho ea fihia Babylona. Kamor’a lilemo tse ka tlasana ho 30 tsa tšebeletso e etsoang ke Bakreste bana ba pele le matšoele ao ba a rutileng, Pauluse o ne a ka re litaba tse molemo li ‘boleletsoe babōpuoa bohle ba tlas’a leholimo.’ (Ba-Kolosse 1:23) Ba entse mosebetsi o mokaakang, ka cheseho ba mamela taelo ea Jesu ea ho ruta ba bang!—Mattheu 28:19, 20; Tite 2:13, 14.
Tsamaiso E-ea Fela
16. Bakreste ba pele ba ne ba lebelletse ketsahalo efe?
16 Leha ho le joalo, ho ne ho e-na le nako ea bohlokoa bo khethehileng ho Bakreste ba lekholo la pele la lilemo. Jesu o ne a itse: “Etlare ha le bona Jerusalema o teetsoe hare ke makhotla a lira, le tsebe hoba tšenyeho ea oona e se e atametse. Mohlang oo, ba leng Judea ba balehele lithabeng; ba har’a Jerusalema ba tsoe; ba naheng ba se ke ba kena teng. Hobane matsatsi ao ke a tefetso, hore tsohle tse ngoliloeng li phethahale.”—Luka 21:20-22.
17, 18. (a) Bakreste ba ile ba nka bohato neng hona joang ka mantsoe a Jesu a tlalehiloeng ho Luka 21:20-22? (b) E ka ’na eaba ba ile ba tobana le teko efe e tsoelang pele?
17 Lilemo tse fetang 30 li ne li fetile. Joale ka selemo sa 66 C.E., makhotla a Roma a lika-liketsa Jerusalema. Ha a le haufi le ho hlōla, a checha. Ba thabisitsoe ke ho nahana hore ba hlōtse, batho ba Bajode ba lelekisa Baroma.a Empa Bakreste ba ne ba tla etsa joang? Eusebius, ea phetseng karolong ea pele ea lekholo la bone la lilemo, o tlaleha hore “ba neng ba lumela ho Kreste ba ile ba falla Jerusalema” ba ea Perea motseng o bitsoang Pella.b
18 Nako ea feta. Selemo sa 66 sa suthela sa 67. Joale sa 68 sa tla ’me sa feta, le sa 69. Na Bakreste bao ba ne ba lekoa ka ho feta ha nako? Na lintho li ile tsa lelefala haholo ho ba bang? Na ba ne ba fositse? Jesu ha a ka a bolela hore na ba lete nako e kae. Empa haeba ho bile le ba ileng ba khutlela Jerusalema, ba ne ba tla ba masoabing, hobane ka 70 Baroma ba ile ba khutla, ba hapa motse ’me ba bolaea baahi ba oona ba bangata. Rahistori Josephus o bolela hore batho ba limillione tse 1,1 ba ile ba e-shoa, hobane Jerusalema e ne e “petetsane ke baahi,” matšoele a ne a tlile Jerusalema a “tsoa linaheng tsohle” bakeng sa Paseka.c”
19. (a) Kajeno, ke lipotso life tseo e hlileng e leng tsa bohlokoa bakeng sa Bakreste ba ineetseng hore ba li arabele? (b) Ke eng e lokelang ho re susumelletsa ho tšoareha tšebeletsong e halalelang?
19 Na hoo ho u etsa hore u nahane ka boemo boo kajeno? Taba ha se hore: Tsamaiso ee ea khale e tla fela neng? Hoo ho tla etsahala ka nako ea Molimo e loketseng. Seo re lokelang ho nahana ka sona ke seo re se etsang. Re lokela ho ipotsa: Na ke ithutile Lentsoe la Molimo ka masene ’me ke nehetse bophelo ba ka ho eena ke sa itšiele letho? Na ke hlile ke phelela boinehelo boo? Taba ea hore re mehleng efe hase eona e lokelang ho susumelletsa ho tšoareha tšebeletsong e halalelang. Joaloka Abele, Abrahama, Moshe, Esaia le ba bang, lerato ho Jehova Molimo le lokela ho re susumelletsa ho etsa hoo. Re tlameha ho sebeletsa Jehova ka ho rata, ho sa tsotellehe hore na bofelo bo tla neng. Empa re na le tšusumetso e khethehileng hona joale. Re fihlile karolong ea ho qetela ea ‘mehla ea qetello’ ea tsamaiso ena ea hona joale. (2 Timothea 3:1) ’Nete eo e lokela ho re susumelletsa tšebeletsong e khethehileng.
20. Liketsahalo tseo u li boneng li bapa joang le tse bonoeng ke Bakreste ba lekholo la pele la lilemo?
20 Bakreste ba ile ba baleha Jerusalema hobane ba ne ba bone mahlakore a mangata a “pontšo” ea Jesu a fetoha ’nete le kamor’a hore ba bone ho phethahala ha polelo ea hae ka makhotla a lika-liketsang motse. Ho tloha ka selemo sa liketsahalo sa 1914 re bone ha ho phethahala boprofeta bo bongata mabapi le nako ea bofelo. (Mattheu, likhaolo 24, 25; Tšenolo 6:1-8; 2 Timothea 3:1-5) Liketsahalo tsena tse profetiloeng li qalile ho etsahala lilemong tse ka bang 70 tse fetileng. Empa Jesu o boletse hore tsohle li ne li tla etsahala molokong o le mong. (Mattheu 24:32-34) Ka ho hlakileng, re kenelletse hare-hare molokong oo!
Cheseho Tumelong
21. Ke hobane’ng ha tšebeletso e chesehang ho Molimo e le taba e potlakileng?
21 Hangata mosebetsi o pholosang bophelo o lokela ho etsoa ka potlako. Mehla ea rōna ke mehla ea ho etsa tšebeletso e khethehileng, tšebeletso e matla, tumelo le cheseho e atolositsoeng. Re lokela ho hopola hore ka letsatsi le leng e tla be e le letsatsi la rōna la ho qetela tsamaisong ena ea khale. Bophelo ba rōna bo tla be bo pholohile bofelo ba tsamaiso ena kapa re tla be re shoele pele. Hona joale bophelo bo bokhutšoaane, boa baleha. Ha ho ea tsebang hore na o tla be a phela hosesane. Re na le nako e nyenyane eo ka eona re ka pakang botšepehi ba rōna le bokhabane ba rōna ho Molimo. (Pesaleme ea 39:5; Moeklesia 12:1; Luka 12:18-21) Kahoo e tla ba ho loketseng ho ipotsa: Na ke khotsofetse ke seo ke se etsang kajeno?
22. Mangolo a re’ng ka moputso?
22 Ke habohlokoa ho se lebale moputso. Tsepamisa mahlo a hao moputsong. Jesu o itse: “Ea tiisetsang ho fihlela qetellong, ke eena ea tla bolokeha.” Pauluse o ngotse hore motho “e mong le e mong o tla amohela moputso oo e leng oa hae, ka tekanyo ea mosebetsi oo e leng oa hae.” O boetse a re: “Le tšoanetse ho ba le mamello, le tle le etse thato ea Molimo, le tle le ntoo kotula tseo le li tšepisitsoeng.”—Mareka 13:13; 1 Ba-Korinthe 3:8; Ba-Heberu 10:36.
23, 24. Ponong ea keletso e litemaneng tsa Bibele tse qotsitsoeng mona, u ikemiselitse ho etsa’ng mabapi le tumelo ea hao le tšebeletso ea hao ea ’Muso?
23 Mangolo a re eletsa: “Joale, ha e le moo ntho tseo tsohle li abetsoe ho felisoa, e ka khona le be batho ba matla hakakang liketsong tse halalelang tsa borapeli; le ntse le lebeletse ’me le akofisa ho tla ha letsatsi la Molimo.” Hape rea bolelloa: “Ha e le tsa mehla le tsa linako, banab’eso, ha le tšoanele ho li ngolloa. Le tsoe le tseba hantle-ntle le lōna hoba letsatsi la Morena le tla hlaha joale ka lesholu la bosiu. . . . Ka baka leo, a re se keng ra robala joale ka ba bang, re mpe re falimehe, ’me re tšabe botahoa.”—2 Petrose 3:11, 12; 1 Ba-Thessalonika 5:1-6.
24 Kahoo, e se e ka re ka boloka tumelo e tiile ’me ra lula re cheseha tšebeletsong ea ’Muso, re sa belaele ho hang. Haeba re etsa joalo, re ka re le moapostola: “Ha re batho ba koenehang ho ea timela; empa re ba tiisang ho pholosa meea ea rōna.”—Ba-Heberu 10:39.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Josephus, Wars of the Jews, II, 19:5-7.
b Eusebius Ecclesiastical History, III, 5:3.
c Josephus, Wars of the Jews, VI, 9:3, 4.
Lintho tseo u ka Nahanang ka Tsona
◻ Mehlala ea Abele, Abrahama, Moshe le Jeremia e re khothatsa haholo joang kajeno?
◻ ’Nete ea hore ’Muso o ne o e-so ho tle e bile le phello efe ho Bakreste ba lekholo la pele la lilemo?
◻ Bakreste ba pele e ka ’na eaba ba ile ba tobana le teko efe hoba ba balehe Jerusalema?
◻ Re lokela ho ameha haholo-holo ka’ng hona joale?
[Litšoantšo tse leqepheng la 30]
Ha ba ka ba tlohela!
Abele
Abrahama
Davida
Jeremia
Pauluse