Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w85 1/15 maq. 19-20
  • Bible—Buka ea ho Baloa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bible—Buka ea ho Baloa
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • E Baloe Kamehla Hobane’ng?
  • Ho Khothalletsoa ho e Bala
  • Bibele—Buka e Lokelang ho Baloa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Ho Rua Molemo ka ho Bala Bibele Letsatsi le Letsatsi
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Ho Bala Bibele—Ho Molemo Ebile ho Monate
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Ikitlaelletse ho Bala
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
w85 1/15 maq. 19-20

Bible—Buka ea ho Baloa

BIBELE ke buka e tsamaisoang ho feta tsohle historing hona joale. E fetoleloa ho feta tsohle, e qotsoa ho feta tsohle, ’me ke ea khale ho feta tsohle. E, hape ke buka e pholohileng khanyetso e chesang ka ho fetisisa. Leha ho le joalo, ka masoabi, hase eona buka e baloang haholo lefatšeng.

Empa Bibele e lokela ho baloa. Nahana ka linnete tse ling tse amanang le eona.

E Baloe Kamehla Hobane’ng?

Lentsoe la rōna la Sesotho “Bibele” le tsoa lentsoeng la Segerike bi·bliʹa, le bolelang “libukana.” Hona ho re hopotsa hore Bibele e entsoe ka libuka tse ’maloa—le hoja tse ling li se “nyenyane” joalo! Tsena li ngotsoe ka nako e fetang lilemo tse sekete. Le hoja e ngotsoe ke batho, ba ne ba susumelitsoe ke Mohloli o phahameng. Le kajeno, ba limillione ba lumela hore “Lengolo lohle le bulutsoeng ke Moea oa Molimo, le na le molemo.” (2 Timothea 3:16) E, “libukana” tsena li tletse mehopolo ea Jehova Molimo ka seqo. (Esaia 55:9) Hase feela li tšoarelletseng halelele hakana!

Mokhoa oa ho bala Mangolo kamehla ruri e bile o molemo linakong tse fetileng. Marena a Iseraele a ne a tlameha ho ingolla ka letsoho likopi tsa Molao, tseo hona joale e leng karolo ea bohlokoa ea Bibele. A tlameha ho e bala kamehla, e le khopotso ea kamehla ea ho sebeletsa ka boikokobetso le ho khomarela melao ea Molimo. (Deuteronoma 17:18-20) Ka sebele, re ka rua melemo e joalo ha re bala Bibele kamehla.

’Me ke habohlokoa hakaakang ho ela hloko boprofeta ba Bibele! Ka lebaka la hore moprofeta Daniele a ithute Mangolo, a lemoha hore boprofeta ba bohlokoa bo tla tloha bo phethahala bo teng bukeng ea Jeremia.—Daniele 9:1, 2; Jeremia 29:10.

Ha Johanne Mokolobetsi a ne a bolela, ‘sechaba se ne se lebelletse’ Messia. Hona ho fana ka maikutlo a hore ba bangata ho bona ba ne ba tloaelane le boprofeta bo buang ka Kreste bo neng bo ngotsoe ka Mangolong. (Luka 3:15) Hona ke ho khahlisang haholo kaha mehleng eo libuka li ne li sa fumanehe habonolo. Mangolo a Bibele a ne a tlameha ho etsetsoa matsapa a ho ngoloa ka letsoho. E be joale batho ba ile ba tloaelana le oona joang?

Mabakeng a mangata ka hore a baloe pontšeng. Morutuoa Jakobo o buile: “Ha e le Moshe, ha e sa le le mehleng ea khale, o na le ba ’molelang metseng eohle, ’me o baloa masynagogeng ka matsatsi ’ohle a sabbatha.”—Liketso 15:21.

Kajeno, ho bonolo hore batho ka bomong ba be le Bibele, ’me bonyane tse ling tsa “libukana” li teng ka puo ea karolo ea 97 lekholong ea baahi ba lefatše. Ka hona ke masoabi hore ba bangata ha ba thahaselle ho fumana seo Bibele e se buang ka bona.

Ho Khothalletsoa ho e Bala

Lipaki tsa Jehova li ho entse karolo e ratehang ea mosebetsi oa tsona ho khothalletsa ho bala Bibele kamehla. Ho e ’ngoe ea matlo a tsona a khatiso a ntlo-khōlō ea tsona ea lefatše Brooklyn, New York, ho hlaha polelo e ngotsoeng ka mongolo o motenya “BALA LENTSOE LA MOLIMO BIBELE E HALALELANG KAMEHLA.”

Liphuthehong tsa Lipaki tsa Jehova tse fetang 46 000 lefatšeng lohle, ho na le Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Leholimo sa beke le beke. Ho bala pontšeng karolo e khethiloeng ea Bibele beke le beke ke karolo ea thupelo. Bohle ba bang teng ba na le kabelo ea beke le beke ea ho bala likhaolo tse seng kae tsa Bibele malapeng a bona, ’me ba nkileng leoto le kemiso ena ba qetella ka ho bala Bibele eohle.

Hona ho tumellanong le Buka ea Tataiso ea Sekolo sa Boboleli sa Puso ea Leholimo, e ’ngoe ea libuka tse sebelisoang thupelong ena. E re: “Kemiso eo e leng ea hao ka bouena e lokela ho akarelletsa ho baloa ha Bibele ka bo eona. Ho na le molemo o moholo o fumanehang ka ho e bala eohle leqephe ka leqephe. . . . Leha ho le joalo, sepheo sa hao ho baleng e se ke ea e-ba feela ho akaretsa taba e itseng, empa ho fumana kakaretso ea se boleloang ke taba ka boikemisetso ba ho se hopola. Nka nako ho nahanisisa ka seo e se bolelang.”—Leqephe la 21.

Lipaki tsa Jehova li ikutloa hore Bakreste ba kajeno ba lokela ho ba le tsebo ea Bibele. Li hopotse tsena li ntšelitse pele mokhoa oa lekholong la bo20 la lilemo oa ho bala Bibele pontšeng. Li hatisitse “libukana” tse ngata tsa Bibele litheiping tsa “cassette.” Kahoo ba ikutloang hore ha ba na sebaka sa ho lula fatše le ho bala ka nako e telele, joale ba ka mamela khatiso ea libuka tsa Bibele ha ba ntse ba sebetsa ka tlung, ha ba qhoba makoloi, kapa ba etsa lintho tse ling tse ngata. Koana, litheipi hape ke thuso e ntle ha re hlile re lutse ho bala Bibele. Ke phihlelo e thabisang ho mamela ho baloa ha Mangolo ha u shebile Bibeleng ea hao.

Ka mekhoa eohle u iphumanetse ka botlalo tataiso ea moea e lokiselitsoeng libukeng tsa ’nete tsa Bokreste tse fanoeng ke Molimo ka “mohlanka ea khabane, ea bohlale.” (Mattheu 24:45-47) Empa hape ke eng ha u sa itloaetse ho bala Bibele kamehla. Melemo e tla ba meholo, joalokaha ho hlokometsoe molaong o ileng oa neoa Joshua moeta-pele oa khale oa Moiseraele: “Buka ena ea molao e se ke ea tloha molomong oa hao; u o nahane motšehare le bosiu, u tle u hlokomele ho etsa ka tsohle tse ngoliloeng teng; ke moo u tla atleha metsamaong ea hao, u iketle.”—Joshua 1:8.

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Ka lilemo, mongolo o motenya o ngotsoeng ntlong ea khatiso ea Watchtower Society o leng 117 Adams Street, Brooklyn New York, o ile oa khothaletsa batho ba fetang ka tsela hore ba bale Mangolo a Halalelang

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela