Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w85 1/15 maq. 13-18
  • ’Muso o Finyellang Se Hlōtseng Batho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ’Muso o Finyellang Se Hlōtseng Batho
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Molao-Motheo oa Topollo
  • Thuto Tsamaisong e Ncha
  • Ho Haha Paradeise
  • Lelapa le Kopaneng la Lefatše
  • Phuthehela Borapeling ba ’Nete
  • Puso ea ’Muso oa Molimo ke ea Sebele Kajeno
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • ’Muso “o ke Keng oa Senngoa le ka Mohla”
    Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete
  • ’Muso oa Molimo—Puso e Ncha ea Lefatše
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Qetello ea Ntoa
    Tsoha!—1999
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
w85 1/15 maq. 13-18

’Muso o Finyellang Se Hlōtseng Batho

“Tlong, le bone mesebetsi ea Molimo; o tšabeha ho etseng ha oona bakeng sa bana ba batho.”—PESALEME EA 66:5.

1, 2. (a) Bokahohleng bo bonahalang bo bonahatsa matla a tšabisang a ’Mōpi joang? (b) Ke hobane’ng ha re lokela ho kholoa seo Lentsoe la boprofeta la Jehova le se buang ka mehla ea rōna?

JEHOVA o na le matla a ho etsa se hlōtseng motho. Ka mohlala: Batho ba matsoalong ke matla a seqhomane sa “nuclear”; empa matla a sona a fetoloa lefeela ke matla a maholo a fumanoang letsatsing la rōna. Empa letsatsi ke naleli e ’ngoe feela ea linaleli tse libillione sehlopheng sa linaleli tsa Molala oa rōna. Balepi ba linaleli ba hakanya hore bokahohleng bohle bo ka ’na ba e-ba le lihlopha tsa linaleli tse libillione tse 100, se seng le se seng se e-na le linaleli tse libillione. Ho ile ha hlokahala matla a makaakang ho bōpa see sohle! (Esaia 40:26) Matla ana a tšabisang a ’Mōpi a fetola matla a batho lefeela.—Esaia 40:15.

2 Kahoo ho se be ea belaelang hore Jehova a ka finyella seo a reng o tla se etsa. (Esaia 46:9, 10; 55:11) Re lokela ho kholoa ha Lentsoe la hae la boprofeta le re bolella hore re haufi le moeli oa nako eo a neng a e lumelletse batho hore ba ikele ka tsela ea bona ea ho ipusa. Histori e bontša hore seo batho ba se entseng bophelo ba batho le bophelo ba liphoofolo, hammoho le lefatše ka bolona, ke lihlong, letheba bokahohleng ba Molimo. Ka hona, Jehova o nepile ka ho feletseng ha a hlakola letheba lena, a le hlakolela ruri.—Hosea 4:1-3; Juda 14, 15.

3. Boprofeta ba Bibele bo re’ng ka bokamoso bo haufi?

3 Ho etsahalang lefatšeng kajeno ke bopaki bo hlakileng ba hore tsamaiso ena ea lintho ruri e karolong ea ho qetela ea ‘mehla ea qetello’ e profetiloeng ho 2 Timothea khaolo ea 3. Haufinyane, Jehova o tla robaka tsamaiso ena hore e fele ’me a tšoare hlooho ea eona, Satane Diabolose, matsoho. Hona ho tla lateloa ke tsamaiso ea lintho e ncha ho hang lefatšeng, e laoloang ke ’muso oa leholimo oo Jesu a rutileng balateli ba hae hore ba o rapelle, ha a re: “Ho tle ’muso oa hao; thato ea hao e etsoe lefatšeng, joale ka ha e etsoa leholimong.”—Mattheu 6:10; Daniele 2:44; Ba-Roma 16:20.

Molao-Motheo oa Topollo

4. Jehova o sebelisitse molao-motheo oa topollo joang Iseraeleng ea boholo-holo?

4 Mebuso ea batho e ke ke ea felisa sebe, ho kula, le lefu. Leha ho le joalo, ’muso oa Molimo o tla etsa se hlōtseng batho. Re ba le pono ea hore na sena se tla sebetsa joang ka ho hlahloba litšebelisano tsa Jehova le batho ba hae ba Iseraele ea boholo-holo. Morao koo, Molimo o ne o sebelisa molao-motheo oa topollo, kapa thekollo. Ka mohlala, haeba Moiseraele a ne a oela bofutsaneng, o ne a ka ’na a ithekisa bohlankeng ba molichaba. Empa mong ka eena ea haufi haeba a e-na le se lekaneng ho mo rekolla o ne a ka mo lopolla.—Levitike 25:47-49.

5, 6. (a) Molao-motheo oa ho lopolla o sebetsa joang ho lopolleng batho sebeng se futsitsoeng? (b) Na hoa itlisa hore e mong le e mong a lokolloe sebeng?

5 Ka tsela e tšoanang, Molimo o lokiselitse ho lopolloa ha batho bohlankeng ba sebe. Theko e ne e lokela ho lekana le se lahlehileng. (Deuteronoma 19:21) Adama o ile a lahla bophelo ba botho bo phethahetseng le bo sa feleng. Kaha ha ho letho la bohlokoa joalo leo batho ba baetsalibe ba nang le lona le lekanang le seo, ba sitoa le ‘ho lopolla ngoan’abo bona.’ (Pesaleme ea 49:7) Leha ho le joalo, Bibele e profetile ka ho tla ha ea neng a ka ho etsa. Eo o ipakile hore ke Jesu Kreste. Ho senotsoe hore Jesu o phetse leholimong pele e e-ba motho oa nama. Empa ka matla a Jehova bophelo ba hae ba fetisetsoa popelong ea Maria. Ka tsela ena a tsoaloa e le motho oa nama. Empa ha a ka a futsa boetsalibe bo neng bo holofalitse batho bohle hobane Molimo e ne e le Ntate oa hae.—Mattheu 1:18-21; Johanne 1:1, 14; 1 Petrose 2:22.

6 Kahoo, Jesu o ne a e-na le ntho e neng e le eona feela e lekanang ka molemo le bophelo bo phethahetseng ba botho—bophelo bo bong ba botho bo phethahetseng. Empa ho fapana le Adama ea sa mamelang, Jesu a utloa Molimo kamehla. ’Me eare ha a nyehela bophelo ba hae bakeng sa lelapa la motho, Jehova a bo amohela e le thekollo e tšoanelehang. (Ba-Galata 1:4) Empa na hona ho bolela hore hoa itlisa hore bohle ba lokolohe sebeng, ba be ba rue phetheho pusong ea ’Muso? Che, hobane Johanne 3:16 e re: “Molimo o ratile lefatše hakalo, o bile oa le nea Mora oa oona ea tsoetsoeng a inotši; hore e mong le e mong ea lumelang ho eena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.” Ke feela ha re amohela tokisetso ea topollo ’me re etsa ho hong ka eona re ka nchafaletsoang ’mele ea rōna le likelello hore li phethahale Paradeiseng.—Tšenolo 21:4.

Thuto Tsamaisong e Ncha

7, 8. Ke matla afe a kamoso a ho ithuta a bokong ba motho?

7 Le boemong ba hona joale ba ho se phethahale ha motho, kelello e na le matla a maholo a ho ithuta. Empa hona ke karoloana feela ea seo e tla ithuta sona Tsamaisong e Ncha, moo sebe se ke keng sa sitisa ho sebetsa ha eona. Sengoli sa The Brain Book se re: “Ka lihloohong tsa rōna ho na le tsamaiso e ’ngoe e rarahaneng ka ho fetisisa ho tsohle bokahohleng bo tsejoang. Matla a eona le tšebeliso e tenyetsehang ea eona li feta hōle ‘computer’ efe kapa efe e entsoeng ke motho.” A eketsa: “Hangata ho boleloa hore re sebelisa feela karolo ea 10 lekholong bakeng sa matla a feletseng a kelello ea rōna. Hona, kamoo ho bonahalang kateng joale, ho phahamisitsoe haholo. Mohlomong ha re sebelise le karolo e le ’ngoe feela lekholong—mohlomong ke 0,1 lekholong kapa ka tlase ho moo.”

8 Nahana seo boko bo tla nolofaletsa batho ho se finyella ha bo fihlela matla a feletseng a bona Tsamaisong e Ncha. Nahana ka lintho tsohle tse hapang maikutlo tseo Jehova a li beileng lefatšeng lena tseo re ka ithutang ka tsona, tse kang bophelo ba lona ba liphoofolo, libopuoa tse phelang metsing, le ba limela. Hape, nahana ka ho ithuta ka bokahohle bo hlollang ka lihlopha tsa bona tsa linaleli tse libillione. Nahana ka mahlale ’ohle ao re tla a bokella bobetling, ’minong, mesebetsing ea matsoho, le linthong tse ling tse ngata-ngata.

9. Ke thuto ea mofuta ofe e tla tlisa melemo e meholohali Tsamaisong e Ncha?

9 Ho na le thuto ea mofuta o mong e tla tlisetsa bohle molemo o moholo Tsamaisong e Ncha. Jesu o itse: “Ba tla rutoa bohle ke Molimo.” (Johanne 6:45) Thuto ena ke e phahameng ka ho fetisisa. ’Me e tla fumanoa ke bafo bohle ba ’Muso oa Molimo, ho akarelletsa ba phonyohang bofelo ba tsamaiso ena ea lintho. (Tšenolo 7:9, 14) Litaba tse ling tsa ’Muso li fumanoa ho Johanne 5:28 le 29 moo Jesu a itseng: “Nako ea tla, eo bohle ba mabitleng ba tla utloa lentsoe la hae; ’me ba tla tsoa ho ’ona.” Tsoho ena ea bafu ba batho ba libillione—e ke keng ea finyelloa ho hang ke batho—e bolela hore mosebetsi o moholo oa thuto o tla tlameha ho etsoa molemong oa bona.

10. Thuto e tla tsamaisoa joang Tsamaisong e Ncha?

10 Kajeno, ho na le litsamaiso tse ngata tse loantšanang tsa thuto. Empa Taolong e Ncha, ’Muso oa Molimo oa leholimo o tla lokisetsa tsamaiso e le ’ngoe ea thuto lefatšeng lohle ho ruta batho ’nete e buang ka Jehova ka tsela e momahaneng. Karolo ea thuto ena e tla ba ho ruta batho ka likamano tse loketseng pakeng tsa batho. Ho ke ke ha e-ba le thuto ea boikhohomoso ba morabe, bosechaba, kapa maemo bophelong. Ho e-na le hoo, baahi ba lefatše ba tla ithuta ho ratana, ba sielana libaka. Thuto e joalo hape e tla fella ka ho etsolloa ho hahang ha batho ho bonahatsa litšoaneleho tse phahameng tsa Jehova.—Liketso 10:34, 35; Ba-Kolosse 3:9-12.

11, 12. Re ka tiisa joang hore thuto e joalo e tla atleha morerong oa eona Tsamaisong e Ncha?

11 Na thuto e joalo e ka hla ea sebetsa? Re khotsoe hore e ka sebetsa ’me e tla sebetsa. Lebaka le leng ke hore Jehova, ea sa thetseng, o re e tla sebetsa. (Tite 1:2) Ho tsoela pele, thuto ea mofuta ona e se e ntse e sebetsa! Jehova o se a e-na le phutheho e rutang lefatšeng lohle e laelang batho ba limillione ka puso ea ’Muso oa hae le litlhoko tsa oona. Hona ho etsahala hobane puso ea ’Muso e sebelitse ho tloha ha ‘mehla ea qetello’ e qala ka 1914.

12 Ho tloha ka nako eo, boprofeta ba Mattheu khaolo ea 25 boa phethahala. Bo bontša hore Jesu o tla matleng a ’Muso ha lira tsa Molimo li sa le lefatšeng. Temana ea 32 e re: “Lichaba tsohle li tla bokelloa pel’a hae; ’me o tla khetha ba bang ho ba bang, joale ka molisa ha a khetha linku ho lipōli.” Bana ba kang linku hona joale ba rutoa ke Jehova ka phutheho ea hae e bonahalang, e ntseng e hōla. Ba ananela seo ba ithutang sona, ba sebeletsa ho etsolla botho ba bona hore bo be ka setšoantšo sa Molimo. ’Me ’nete ea hore thuto ena e ama batho ba limillione hamolemo hona joale ke bopaki bo tiileng ba hore e tla etsa joalo haholohali Tsamaisong e Ncha ea Molimo.

Ho Haha Paradeise

13. Ke mosebetsi ofe o moholo oa ho haha o tla etsahala pusong ea ’Muso?

13 Mosebetsi o mong tlas’a puso ea ’Muso e tla ba ho fetola lefatše lena paradeise. ’Me Paradeise ha e na ho ba le matikiri le bofuma. Batho ba batla matlo a itlhomphileng le libaka tse nang le lifate, lipalesa, le liratsoana. Ba utloisisang ho rutoa ke Molimo ba tla ba le lintho tseo hantle. Esaia 65:21 le 22 e-ea profeta: “Ba tla haha matlo, ba lule ho ’ona; ba tla hloma merara, ba je litholoana tsa eona. Ba ke ke ba haha matlo, osele a lula teng, leha e le ho hloma merara, osele a je tholoana tsa eona, . . . Bakhethoa ba ka ba tla bona mesebetsi ea matsoho a bona e tsofalla ho bona.”

14, 15. Ke hobane’ng ha re tšepa hore bahlanka ba Jehova ba tla haha paradeise?

14 U se ke ua belaela seo Jehova a tla se finyella Tsamaisong e Ncha ka lipelo tse ratang le matsoho a ratang a batho ba hae. Le hona joale lefatše la lihahi le hlolloa ke seo Lipaki tsa Jehova li se finyellang ha li haha mehaho e kang Liholo tsa ’Muso ka nako e khutšoanyane. Hoba e ’ngoe ea tsona e hahuoe United States, sehlooho sa mohlophisi sa koranta e ’ngoe sa re: ‘Baithaopi bao ba 2 000 ba finyelletse ho hong ha bohlokoa ho feta mohaho. Baeta-pele ba litaba tsa sechaba ba lokela ho nyakurela se finyelletsoeng mafelong a beke e fetileng. Ha kopanngoa cheseho, boitelo le takatso ea ho finyella sepheo ka liphello tse tsotehang. Ha feela lihlopha tsa mona li ne li ka kopanya mehloli e joalo, pakane leha e le efe—le haeba e le ho inchafatseng tšebetsong, ho thibela tlōlo ea molao, kapa ntlafatsong ea metse—e ka finyelloa. Lebotho la basebetsi la paka hore tšepo e lutse ho motho ha batho ba kopane. Re na le tšepo ea hore Holo ea ’Muso ke sebaka sa mohloli oa tšusumetso ho phutheho ea Lipaki. Boteng ba eona e se e le tšusumetso ho rōna bohle.’

15 Boithaopi bona le matla a ntseng a eketseha a bahlanka ba Jehova li tla sebelisoa ka molemo o moholoanyane Tsamaisong e Ncha ea Molimo. ’Me e tla ba ho thabisang hakaakang ho tlosa libaka tsohle tse sa rateheng ’me sebakeng sa tsona ho hahuoe matlo a matle le tikoloho e ntle! E tla ba ho khotsofatsang hakaakang ho tseba hore mosebetsi oa hao oa letsatsi le letsatsi o tla atametsa lefatše boemong ba paradeise!

Lelapa le Kopaneng la Lefatše

16. Ke hobane’ng ha baahi ba Tsamaisong e Ncha ba ke ke ba tšosoa ke pefo?

16 Baahi ba Tsamaiso e Ncha ba ke ke ba ikutloa ba tšosoa ke tlōlo ea molao, merusu, kapa ntoa. Pesaleme ea 46:9 e re: “[Molimo] o felisitse lintoa le ho isa pheletsong ea lefatše.” “Morena oa khotso,” Jesu Kreste, o tla tiisa khotso e sa feleng ea lefatše lohle, “hore a hōlise ’muso, le ho tlisa khotso e sa feleng.” (Esaia 9:6, 7) Ka khotso ea ’nete, le ka lelapa lohle la motho le rutiloe ka litekanyetso tse tšoanang tse phahameng, bohle ba tla kopana tlamong e sa senyeheng ea lerato. Kahoo, ho ke ke ha hlola ho e-ba le meeli e arohanyang ea bosechaba.

17. Bahlanka ba Molimo ba na le khotso le bonngoe haholo hakae hona joale?

17 Na re tšepisoa litoro tse ke keng tsa phethahala? Che, hobane khotso le bonngoe li se ntse li etsahala har’a ba ikokobeletsang puso ea ’Muso ka botšepehi! Nahana ka sena: Lipaki tsa Jehova tse fetang limillione tse peli le halofo li hasane lefatšeng lohle. Empa, li se ntse li phethahatsa Esaia 2:4, e reng: “Ba tla tea liphehla tsa bona tsa ntoa mehoma, le marumo a bona ba a tee lisekele; sechaba se seng ha se sa tla hlola se futuhela sechaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ho loana.” Ha ho maemo ao tlas’a oona Lipaki tsa Jehova li tla felisa bophelo ba bana babo bona ka boomo, kapa ba mang kapa mang, naheng efe kapa efe. Joalokaha ho hlokometse buka ea Setaliana Il Corriere di Trieste: “[Lipaki] li itokiselitse ho shoa ho e-na le ho tlōla molao oa motheo . . . U SE KE UA BOLAEA!” Ka lebaka la ho khomarela litekanyetsong tsa Molimo, Lipaki tsa Jehova li na le khotso ea ’nete le bonngoe tseo ho leng thata hore lefatše lena le li finyelle. ’Me ’nete ea hore ba limillione ho tsona ba thabela boemo bona har’a lefatše le maharasoa ke khohlano e paka hore na ho tla etsahala joang ha ’Muso oa Molimo o laola litaba tsa lefatše.—Johanne 13:34, 35; Johanne 3:10-12.

18, 19. Melemo e meng e tlelang ba khomarelang litekanyetso tse phahameng tsa Molimo ke efe?

18 Ntle ho khotso le bonngoe lichabeng tsohle, ho khomarela litekanyetso tse phahameng tsa Molimo ho hlahisa batho ba tsotellang baahisane ba bona le thepa ea bona. Ka hona ba itšoara ‘ka botšepehi linthong tsohle.’ (Ba-Heberu 13:18) Ka sena, sengoli sa Sefora sa Canada, ha se ngola ho Le Journal de Montreal, se itse ka Lipaki tsa Jehova: “Haeba e ne e le bona feela batho lefatšeng, bosiu re ne re ke ke ra tlameha ho notlela ka thata menyako ea rōna le ho bea alamo.”

19 Bafo bana ba tšepahalang ba ’muso oa Molimo ha ba na bothata ba tlōlo ea molao har’a bona, athe lefatše le hlōleha ho laola tlōlo ea molao. Hape, kaha ba khomaretse litekanyetso tse phahameng tsa boitšoaro tsa Bibele, ha baa hlaseloa ke mafu a litšila a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali kapa ho ntšoa ha limpa hoo e leng seoa sechabeng se seng le se seng. Bahlanka ba Jehova ba hlompha lenyalo haholo, ha ba bapisoa le maikutlo a bolokolohi bo feteletseng ba tokisetso ea lefatše ea lenyalo. Ke ka baka la’ng ha Lipaki tsa Jehova li boloka litekanyetso tse joalo? Ke hobane Jehova o tsamaisa barapeli ba tšepahalang ba hae, ’me “Molimo ha o sitoe ke letho.”—Mattheu 19:26.

Phuthehela Borapeling ba ’Nete

20. Boiteko ba bohlokoa ka ho fetisisa mehleng ea kajeno ke bofe?

20 Ebang batho baa ho hlokomela kapa che, ho phuthoa lefatšeng lohle ha batho ba kang linku ho kena phuthehong ea Jehova ke boiteko ba bohlokoa ka ho fetisisa mehleng ea kajeno. Hona ho phethahatsa boprofeta bo tsotehang ba Esaia 2:2, 3: “Ho tla etsahala mehleng ea bofelo, hoba thaba ea ntlo ea Jehova e tla beoa hlorong ea lithaba, e okamele maralla, ’me lichaba kaofela li tla phallela teng. Lichaba tse ngata li tla ea, li re: Tlong, re nyoloheleng thabeng ea Jehova, . . . o tle o re rute mekhoa ea oona, re tsamaee litseleng tsa oona.”

21. Batho ba lipelo li tšepehang ba khothalletsoa ho etsa joang?

21 Re khothalletsa batho bohle ba lipelo li tšepehang ho ba karolo ea boiteko bona bo thabisang ba lefatše bo eang borapeling ba ’nete le pusong ea ho loka. Hona joale thabela mahlohonolo a tlisoang ke ho kopanela le batho ba rutoang melao ea Molimo le metheo. U ikokobeletse ka botšepehi puso ea ’Muso o tla tloha o fetola lefatše lena paradeise. Bea tšepo ea hao ’Musong oo, e seng manong a lefatše lena, hobane joalokaha Pesaleme ea 127:1 e bolela: “Ekare ha e se Jehova ea hahang ntlo, ba e hahang ba sebeletsa lefeela.” Arabela memo ea Pesaleme ea 66:5: “Tlong, le bone mesebetsi ea Molimo; o tšabeha ho etseng ha oona bakeng sa bana ba batho!” Ka hona, tlo ho Molimo o tiisang hore batho ba tla ba le puso e molemohali, puso e tla finyella se hlōtseng motho, puso eo haufinyane e tlang ho ba eona feela lefatšeng lena.

U Ka Arabela Joang?

◻ Ke hobane’ng ha re ka tiisa hore Jehova o tla finyella merero ea hae?

◻ Molao-motheo oa ho lopolla o sebetsa joang bakeng sa ho lopolla motho sebeng?

◻ Ke mesebetsi efe e meholo ea ho ruta le ho haha e tla etsoa Tsamaisong e Ncha?

◻ Ke bopaki bofe bo teng hona joale hore khotso, bonngoe le lerato li tla ba teng lefatšeng lohle Tsamaisong e Ncha?

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Tlas’a puso ea ’Muso, batho ba ratang ’nete “ba tla rutoa bohle ke Molimo”

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Khotso le bonngoe li teng har’a ba ikokobeletsang puso ea ’Muso

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela