Na se Finyelletsoeng ke Batho se ka Qhela Tlokotsi?
“Motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae.”—JEREMIA 10:23.
1, 2. Lintho tse ling tse finyelletsoeng ke motho lekholong lena la lilemo la bo20 ke life?
LEKHOLONG la rōna la bo20 la lilemo, batho ba finyelletse limakatso. Ho namalalitsoe haholo thutong, thutong ea mahlale, le tsebong ea ho etsa lintho tse sebelisoang. Kajeno ba bangata ba khōla melemo ea sena bophelong ba bona ba letsatsi le letsatsi. Linaheng tse ngata ho na le menate e kang motlakase o bonesang ka matlung, metsi ka tlung, le lisebelisoa tse thusang. Hape, thuto ea mahlale a bongaka e thusa ho laola mafu a kang sekholopane a neng a fetohile seoa sa mahlomola.
2 Mekhoa ea puisano le ea ho tsamaea, le eona e tsoetse pele haholo. Ka lithelefono, makoloi, literene, le lifofane re buisana kapa re fihla libakeng kapele ho feta kamoo baholo-holo ba rōna ba neng ba ka nahana. Kajeno, se etsahalang ka lehlakoreng le leng la lefatše se ka fetisetsoa ho rōna ka potlako ka likofuto tse etselitsoeng ho amohela le ho fetisa melaetsa tse sepaka-pakeng.
Ha Hoa Finyelloa Lintho tsa Bohlokoa
3, 4. Ke lintho life tsa bohlokoa tse sa finyelloang ke batho, joalokaha ka nepo ho profetiloe boprofeteng ba Bibele?
3 Leha ho le joalo, kamehla ho na le tšokelo ea tlokotsi ea “nuclear” bathong, ’me ho na le lintho tsa bohlokoahali tseo batho ba sitiloeng ho li finyella. Ka mohlala, na tsoelopele thutong e bone tsoelopele e tšoanang thutong ea batho hore e be ba tšepahalang haholoanyane, ba nang le ’nete, le ba nang le boitšoaro? United States, tahleho ea makhetho e tlang ka ho qhekella e feta lidolara tse libillione tse 100 ka selemo. Naheng e ’ngoe, motseng o le mong feela o moholo, ho tlalehoa hore basebeletsi ba sepolesa ba 17 000 ba ile ba lelekoa ka ho qhekella ka lilemo tse supileng. Ho se tšepahale ho joalo ho re hopotsa boprofeta ba Bibele ho 2 Timothea khaolo 3 moo e profetang hore ‘mehleng ena ea qetello’ batho e tla ba ‘baithati, ba ratang chelete, ba se nang lerato la hlaho.’
4 Hape ho na le boitšoaro bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali. Bofebe le bohlola li tloaelehile hoo libakeng tse ngata ho tloaelehileng ho se bone litšoantšo tsa malapa a itšoereng hantle libaesekopong, mananeong a thelevishene, litšoantšong tsa sethalleng, kapa libukeng. ’Me boitšoaro bo bobe bo tlatsetsa ’neteng ea hore selemo le selemo, lefatšeng lohle, basali ba ka bang limillione tse 55 ba ntša limpa. Hona ke ho timetsoa ha baahi ba fetang ba Argentina, Canada, kapa Fora, kapa Poland, kapa lichaba tse ling tse 145!—selemo le selemo! Ka hona ha lefapha le leng la thuto ea mahlale a bongaka le rorisa tsoelopele ea ho pholosa bophelo ba bana ba bang, lefapha le leng le fenetha ba limillione ba e-song ho tsoaloe. Joalokaha Bibele e profetile, ‘mehleng ena ea qetello’ batho ba bangata ‘ha ba na boitšoaro’ ’me ha ‘ba na lerato la hlaho.’—2 Timothea 3:3.
5. Liphello tse ling tsa boitšoaro bo bobe bo sabaletseng kajeno ke life?
5 Boitšoaro bo bobe ba likamano tsa botona kapa botšehali bo baka seoa sa mafu a tšoaetsanoang botoneng kapa botšehaling. A mangata hona joale a hana le meriana. Lefu le tletseng bohle le tsejoang e le “herpes” ea litho tsa botona kapa botšehali hona joale ha le phekolehe. ’Me bana ba tsoetsoeng ke batsoali ba nang le lona, ba eketseha ka matla. Hoo e ka bang halofo ea masea ana e-ea shoa, ’me ba ka bang halofo ba kula ’meleng kapa kelellong. Ha ho pheko e fumanoeng bakeng sa lefu la “AIDS” (bohloko bo sitisang ’mele oa motho ho itšireletsa mafung), lefu le bolaeang le tsielitseng lingaka. “AIDS” bonyane e bonahetse linaheng tse 33 “’me joale e iponahatsa e le kotsi bophelong ba lefatše” kamoo ho bolelang “Associated Press.” Lefu lena le ama haholo-holo basodoma, le re hopotsa Ba-Roma 1:27.
6. Na thuto ea mahlale ea bongaka e felisitse ka hohle ho eketseha ha mafu lefatšeng lohle?
6 Thuto ea mahlale ea bongaka e sitoa ho felisa ka hohle leqhubu la mafu a mang a mangata. Afrika feela, ba limillione ba na le malaria, borokoana, lepera, le maloetse a mang. Linaheng tse tsoetseng pele kankere, khathatso ea pelo, lefu la tsoekere, komello ea sebete, le mafu a kelello a ja setsi. Mafu a mang ho ana aa tlisoa, kapa a hakatsoa ke lipelaelo kapa litlhahisoa tse tsoaloang ke mokhatlo oa kajeno oa mesebetsi e meholo. A mang a tsoaloa ke bophelo ba bolokolohi bo feteletseng.
7. Na ho ka etsahala hore tsoelopele merianeng e re boloke re phela hantle ka ho sa feleng?
7 Haeba ho ne ho ka laoloa mafu a eketsehileng, na thuto ea mahlale ea bongaka e ne e ka re boloka re phela hantle ka ho sa feleng? Che, kamoo ho bolelang bo-ramahlale ba bangata. Ba bontša hore le hoja bophelo bo ka lelefatsoa ka lilemo tse seng kae, mafu a mang a ka ’na a bolaea haholo. Ramahlale o fihletse qeto: “Ha ho bonahale monyetla o mokaalo oa hore haufinyane re tla eketsa haholo lilemo tsa bophelo kapa ho liehisa botsofali.” Bibele e ile ea bolela khale ka nepo ho Pesaleme ea 90:10: “Matsatsi a ho phela ha rōna ke lilemo tse mashome a supileng, ho ba matla ke tse mashome a robileng meno e le ’meli; boikakaso ba tsona ke khathatso le bomalimabe, hobane bophelo ba rōna bo fela kapele, bo ikela koo.”
Bothata ba Tlala ha Boa Rarolloa
8. Bibele ka nepo e profetile joang hore mahlale a lintho tse sebelisoang a ke ke a rarolla bothata ba bofuma?
8 Ke ’nete hore mahlale a lintho tse sebelisoang a nolofalitse bophelo bakeng sa batho ba bang. Empa ba bang ba bangata ha ba na chelete e lekaneng ho reka litlhahisoa tsa mahlale a lintho tse sebelisoang. Buka World Military and Social Expenditure 1983 e tlalehile: “Batho ba 2 000 000 000 ba phela ka meputso e ka tlase ho lidolara tse 500 ka selemo.” Ea tsoela pele: “Bonyane motho a le mong ho ba bahlano o hlokofatsoa ke bofuma ba bo-ja-likata, boemo ba bona bo lesitsi ’me bo bonahala e le ho ipolaea ho khutsitseng ha batho.” Buka ena e senola hore selemo le selemo “masea a 11 000 000 a shoa pele a qeta selemo” ka baka la khaello ea lijo tse ntle kapa ka baka la ho kula.—Tšenolo 6:5-8.
9. Ke boemo bofe bo bosula bo teng linaheng tse ngata?
9 Linaheng tse ling, The Detroit News e re, “basali ba bangata ba iphumana ba e-na le bana ba bangata ho tlōla ’me ba se na mokhoa oa ho ba hlokomela . . . Hangata, bo-’mè bana ka bonolo feela ba lahla bana bao ba sa ba batleng . . . litseleng.” Ho na le bana ba limillione ba joalo. Libakeng tse ling, ho lahloa batsoali. Sengoli sa Asia se re: “Batho ba baholo ba likete ba tloha malapeng a bona hobane bana ba bona ha ba sa ba fepa. Ha ho mekhatlo ea thuso ea sechaba. Hangata bana ba batho bana ba baholo ba ba nka ka terene e be ba ba lihela sebakeng se seng kapa ba ba tlohela moo literene li emang.” Sengoli sea eketsa: “Ke phetoho e kaakang sechabeng se neng se hlonepha ba hōlileng hakana.” Ka hona mehla ea rōna e bona bonnete ba Liproverbia 30:11, e reng: “O teng moloko o mong o rohakang ntat’a oona, o sa hlohonolofatseng le ’m’a oona.”
10. Boemo ba lefatše ba lichelete bo sireletsehile hakae, bo re hopotsa boprofeta bofe ba Jesu?
10 Mebuso ea lefatše e ke ke ea rarolla bothata ba bofuma ba lefatše. Linaha tse fokolang moruong li na le melato e boima e ntseng e hōla eo li sitoang ho e lefa. Le tsona linaha tse tsoetseng pele li na le melato e tlotseng. Ho bontšang sena, libanka tse ngata li ile tsa oa United States selemong se fetileng. Eare ha e ’ngoe ea tse khōlōhali e le tsietsing, tlokotsi ea thibeloa feela ke ho kenella ha ’muso ka lidolara tse libillione. Tšabo e ne e le hore haeba banka e khōlō hakaalo e ka oa, “lefu le ne le tla fetela le libankeng tse ling, ho tšosa tsamaiso eohle ea lichelete,” kamoo ho tlalehileng The New York Times. Kahoo, ho ntse ho thatafala ho ea pele ho qhela tlokotsi. Ha e le hantle, selemo le selemo pono ea Guardian ea Engelane e ntse e ba matla haholoanyane: “Lefatše le ntlheng ea tlokotsi ea batho le koluoa ea lipolotiki . . . Mafatše kaofela a bone ha tšepo ea oona bakeng sa nako e tlang e nyamela.”—Luka 21:25, 26.
Phello ea Mahlale a Lintho tse Sebelisoang Ntoeng
11. Ke bothata bofe hape boo mebuso e ke keng ea bo rarolla bo fetelelitsoeng ke mahlale a lintho tse sebelisoang?
11 Mahlale a lintho tse sebelisoang a fetelelitse ho hong hape hoo mebuso e sitoang ho ho emisa: ntoa. Ke mahlale a lintho tse sebelisoang a entseng ntoa ea I ea Lefatše polao e mpe hakana ka tšebeliso e khōlō ea mechine-kane, likepe tse tsamaeang ka tlas’a metsi, lifofane tsa ntoa, litanka, le libetsa-mollo. Sengoli sa Lenyesemane Richard Rees se itse: “Ntoa ea 1914-18 e hlahisitse linnete tse peli: ea pele, hore mahlale a lintho tse sebelisoang a hatetse pele hoo a ka lulang a le teng ha feela lefatše le kopane ’me, ea bobeli, hore mekhatlo e teng ea bopolotiki le kahisano lefatšeng e thatafalitse ho kopana ha oona.” Ntoa ea II ea Lefatše ea paka taba ea hae, lihlomo tse ncha tsa bolaea batho ba ka bang limillione tse 55.
12. Ke litšoso life tse talimaneng le lelapa la motho kajeno?
12 Kajeno lihlomo tsa ntoa li tšabeha ho feta, ’me mebuso e hōle le ho kopana. Ka “nuclear” sengoli Herman Wouk se itse: “Bohlale, mosebetsi le lichelete tse sebelisitsoeng . . . bohlanyeng bona ke taba e thata ho nahanoa. Hoja lichaba tsa se hlole li ithuta ntoa, batho ba ka be ba khona sohle.” Molepi oa linaleli Carl Sagan o itse ka ntoa ea “nuclear”: “Ha ho belaetse hore tsoelopele ea lefatše la rōna e ka timela.” ’Me ha tšokelo ena ea tlokotsi ea lefatše lohle e leketlile holim’a moloko oa motho, likhohlano tse ling tse se nang palo li bolaea ba bangata haholo. Setsi sa Boitsebiso ba Boitšireletso United States se tlalehile hore ka 1984 ho bile le lintoa tse sa tšoaneng tse 42 le borabele bo tsoelang pele ka nako e tšoanang! Mebuso e ke ke ea emisa le leqhubu la tlōlo ea molao le pefo linaheng tsa eona, re se re sa re ho tlisa khotso ea lefatše.
13. Na pefo ea lefatše mehleng ea rōna e tšoanela boprofeta ba Bibele?
13 Hona hohle ho tšoanela boprofeta bo ho Tšenolo 6:4 bo buang ka ho palama ha e mong oa ‘banna ba lipere ba bane ba Tšenolo’ ho tloha ka 1914: “Ha tsoa pere e ’ngoe e khunong, ’me ea e kaletseng a fuoa matla a ho felisa khotso lefatšeng, hore batho ba bolaeane, ’me a neoa lerumo le leholo.”
Lebaka la Hore Boiteko ba Batho bo Hlōlehe
14, 15. Lebaka la sehlooho leo ka lona batho ba ke keng ba finyella lipakane tsa bona hona joale ke lefe?
14 Ke hobane’ng ha ho e-na le lebaka la ho tšaba hore se finyelloang ke batho se ke ke sa qhela tlokotsi? Hantle-ntle, ke hobane’ng ha batho ba sitoa ho finyella lipakane tsa bona? Bibele e supa lebaka le leng la sehlooho: “Ka baka leo, joale ka ha sebe se kene lefatšeng ka motho a le mong, ’me lefu le kene ka sebe, ka mokhoa o joalo lefu le aparetse batho bohle, kahobane ba sitiloe bohle.” (Ba-Roma 5:12) Batsoali ba rōna ba pele, Adama le Eva, ba bōpiloe ba phethehile ’meleng le kelellong. Empa phetheho eo e ne e itšetlehile ka hore ba lule ka meeling ea melao e molemo ea Molimo. Melaong eo ba ne ba neiloe ho ikhethela ho hongata ka bolokolohi. Empa Genese khaolo ea 3 e bontša hore batsoali ba rōna ba pele ba ile ba feteletsa boikhethelo bo lokolohileng. Ba lakatsa ho lokoloha ho Molimo le melao ea oona, ba batla ho itherela hore na se setle kapa se sebe ke sefe, tokelo eo e leng ea Molimo feela. Hoba ba khethe joalo, ba ile ba ikemela. Bibele e re: “Jehova o na le lōna mohla le nang le eena. . . . ha le ka mo furalla, o tla le furalla le eena.” (2 Likronike 15:2) Kamor’a hore Adama le Eva ba ikarole ho Molimo, ba qala ho senyeha. Ba imeloa ke ho kula, masoabi, ’me ha qetella ka lefu.—Genese 2:16, 17.
15 Hoba batsoali ba rōna ba pele ba fetohe ba sa phethahalang, molao oa lefutso oa etsa hore bana bohle ba bona ba futse ho se phethahale. Mopesaleme a lumela: “Ke tsoaletsoe bokhopong, ’mè o nkemoletse sebeng.” (Pesaleme ea 51:5) Ha ho tsela eo ka eona thuto ea mahlale ea bongaka e ka hlōlang liphello tsa ho se phethahale ho futsitsoeng. Ho batla mokhoa oa bongaka oa ho felisa ho kula le lefu ke ho batla ntho e ’ngoe eo batho ba ke keng ba e finyella.
16. Ho se phethahale ho amme likelello tsa batho joang?
16 Ho futsa ho se phethahale hape ho ama likelello tsa rōna. Bohle re tsoetsoe re e-na le tšekamelo ea ho etsa se fosahetseng. Joale, hona ha ho bolele hore batho ba ke ke ba laola liketso tsa bona. Ba ka li laola, ha ba ikhalemela. Liproverbia 3:6 e bontša sena, e re: “U . . . kenye [Jehova] mererong ea hao eohle, ’me o tla u tsamaisa litseleng tsohle tsa hao.” Leha ho le joalo, ha batho ba hlokomoloha khalemelo e loketseng, ke moo ba kenang khathatsong e tebileng. ’Me ha batho ka bomong le lichaba ba suthela hōle haholo le melao ea Molimo, ba etsa ka tšenyeho haholoanyane, ba khotsofatsa tšekamelo ea tlhaho ea boithati. Ntlheng ena bahlophisi ba New York Times ba hlalosa: “Ha u nyemotsa feela lihlooho tsa litaba tsa kajeno u-ua ipotsa hore na lefatše le habile hokae. . . . Bona ho etsahalang ha batho, mekhatlo le lichaba li etelletsa pele lithahasello tsa tsona tsa boithati ka pel’a eng kapa eng. . . . ’Nete e hlakileng linaheng tsohle ke hore ho etsa lintho ka boithati ha ho na molemo.”
Tšusumetso ea Satane
17, 18. Ke lebaka lefe hape le leholo le thusang ho hlalosa hore na ke hobane’ng ha batho ba ke ke ba finyella lipakane tsa bona?
17 Lebaka le leng la sehlooho le thusang ho hlalosa hore na ke hobane’ng ha batho ba ke ke ba finyella lipakane tsa bona le ho qhela tlokotsi ke tšusumetso e hlokomeloang ho 2 Ba-Korinthe 4:4, e buang ka “molimo oa lefatše lena.” Ba bang ba sa tloaelanang le Bibele ba ka ’na ba nahana hore molimo oo ho buuoang ka oona mona ke Molimo o Matla ’Ohle. Empa temana eona ena e phaella ka hore molimo ona ’o foufalitse likelello tsa ba sa lumelang.’ Ka sebele, ’Mōpi ea lerato o ne a ke ke a etsa joalo. Molimo oo ho buuoang ka oona ke molimo o le mong le o boleloang ho 1 Johanne 5:19, e reng: “Lefatše lohle le rapaletse ka tlase ho e mobe.”
18 Molimo o laolang lefatše lena la hona joale o khetholloa ho Tšenolo 12:9 e le ‘ea bitsoang Diabolose, le Satane, ea thetsang lefatše kaofela.’ Lebitso la Satane le bolela “Mohanyetsi,” kapa “Sera.” Lebitso Diabolose le bolela “Moetselletsi,” kapa “Ea Nģosang ka Bohata.” Mabitso ana ke a loketseng, hobane borabele ba Adama le Eva bo susumelitsoe ke lerabele lena le sebakeng sa moea. Ke lona leo bonneteng le itseng ho Eva: ‘Ha le hloke melao ea Molimo. Le ka itherela hore na se setle le se sebe ke sefe.’ Leha ho le joalo, kelello ea Satane ea senyeha ka baka la ho ikhula ho Molimo. Hona ho ka bonoa ka mesebetsi ea hae, ak’u shebe lefatše le tlas’a taolo ea hae! Histori e mpe, le e khopo ea batho e hlakisa hore e hlohlelletsoa ke bobe le bokhopo.
Tšepo ke Efe?
19. Babohi ba bang ba entse tlhahiso ea lipheko life bakeng sa maloetse a lefatše lee?
19 Babohi ba bang ba lefatše lena le se nang taolo ba hlokometse ho hong ho khahlisang ka pheko maloetseng a batho. The Gazette ea Montreal e itse: “Hoo e ka bang lihlopha tse 150 tsa mapolotiki a lichaba li tosetsa hosele, li lebisa lefatše ho hlokeng taolo. Empa boholo ba mathata a lefatše bo aparetse lefatše ka lebaka la hobane mekhoa ea ho tsamaea le ho buisana e honyelitse lefatše ho le etsa motse o le mong.” Eaba e buella hore: “Ho tla hlokahala ’muso o itseng oa lefatše.” Setsebi sa kahisano Erich Fromm se boletse hore maloetse a lefatše lena a ka phekoloa “feela haeba tsamaiso eohle [ea kahisano le lipolotiki] kamoo e bileng kateng lilemong tse fetileng tse 6 000 tsa histori e ka nkeloa sebaka ke e fapaneng ho hang.”—Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.
20. (a) Ke hobane’ng ha lipakane tse lakatsoang li ke ke tsa tlisoa ke boikitlaetso ba batho? (b) Re lokela ho tšepa mang bakeng sa nako e tlang?
20 Babohi ba joalo ha ba ho hlokomele, empa tsamaiso eohle ea kahisano le lipolotiki e tla ‘nkeloa sebaka ke e fapaneng ho hang’! Haufinyane ho tla ba le ’muso o le mong oa lefatše bakeng sa batho bohle. Empa o ke ke oa tlisoa ke boikitlaetso ba batho. Batho boinotšing ba sitoa ho qhela tlokotsi. Ruri ba ke ke ba nkela tsamaiso ena ea hona joale sebaka ka e molemonyana, joalokaha ho paka histori. Ba ke ke ba tlosa lefutso la ho se phethahale, ho kula, le lefu. ’Me ba ke ke ba tlosa Satane le bademona ba hae. Ho e-na le hoo, tsela e fetileng ea liketsahalo tsa batho e pakile ’nete ea mantsoe a bululetsoeng: “Motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae.” (Jeremia 10:23) Ke kahoo Lentsoe la Molimo le eletsang: “Le se ke la itšepela marena, leha e le bana ba batho ba sitoang ho pholosa motho!” (Pesaleme ea 146:3) Joale u tšepe mang? Liproverbia 3:5 e-ea re phehella: “U tšepe Jehova ka pelo ea hao eohle, u se ke ua itšepa hlalefo ea hao.” Ke hobane’ng ha re lokela ho tšepa Jehova joalo? Hobane a ka etsa se hlōtseng batho, joalokaha sehlooho se latelang se tla paka.
Lipotso tsa Tlhahlobo
◻ Ke lintho life tsa bohlokoa tse sa finyelloang ke batho?
◻ Mahlale a lintho tse sebelisoang a fetelelitse liphello tsa ntoa joang?
◻ Ke hobane’ng ha boiteko ba batho bo hlōlehile hangata hakana?
◻ Ha ho talingoa tlaleho ea motho, tsela e bohlale ke efe?
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Thuto ea mahlale a bongaka ha e-ea felisa ka hohle leqhubu la mafu le lefu
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Mebuso ea batho e ke ke ea felisa bofuma ba lefatše