Ntho ea Bohlokoahali Bophelong ba Hao ke Efe?
O NE a tumme ka hore ke moruihali lefatšeng. Chelete ea hae e ne e baloa ka libillione tsa lidolara. Ba bangata ba ne ba mo talima e le ea fihletseng tlhoro ea katleho. Empa lilemo tse peli pele J. Paul Getty a e-shoa, o itse: “Chelete e batla e se na kamano efe kapa efe le thabo. Mohlomong e amana le ho se thabe.”
Telekisong ea seo ba bangata ba nahanang hore ke sa bohlokoa bophelong, morui ea tummeng oa oli ka sebele o ne a atlehile ho ea tekanyong e phahameng. Empa na o ne a utloahala e le motho ea kang o fumane thabo ka seo a se sebelelitseng ka thata hakaale ho se fumana? Kapa na o utloahala joaloka motho ea qetellang a hlokometse hore seo a sebelelitseng ka thata hakana e ne e se sa bohlokoa hakaalo?
Setšoantšo le Ntho ea Sebele
U nahana hore ntho ea bohlokoahali bophelong ba hao ke eng? Batho ba bang ba ka ’na ba re bolokolohi ke seo ba se ratang haholo. Ba bang ba ka ’na ba re ho hoholo bophelong ba bona ke katleho. Ba bang ba ntse ba bea seo ba se finyelletseng ka pele ho ntho efe kapa efe.
Le hoja ba sa batle ho lumela, litsela le liketso tse ngata tsa bophelo ba batho li senola hore chelete le boithabiso e hlile ke tsona lintho tsa bohlokoahali bophelong ba bona. Ba ikemiselitse ho rua kapa ba sekametse ho ‘beng le nako e monate,’ hoo ba sa tsotelleng ho hlokomoloha malapa a bona, bophelo ba bona, le bophelo ba bona ba moea ha ba etsa joalo. ’Me ka ho thahasellisang, Bibele e profetile hore “mehleng ea qetello” batho e ne e tla ba “baithati, ba ratang chelete” le “ba ratang boithabiso ho e-na le ho rata Molimo.”—2 Timothea 3:1, 2, 4, NW.
Ntho ea Bohlokoa ho Feta
Jesu Kreste, mothei oa Bokreste, o ile a botsa potso e batlang maikutlo. A botsa: “Ebe motho a ka boelloa ke eng, haeba a ka rua lefatše lohle, empa a senyeheloa ke bophelo ba hae?” (Mareka 8:36, Phetolelo e Ncha ea Sesotho) Nahana ka hoo. Motho a ka khona ho etsa eng ntle ho bophelo? Letho!—Moeklesia 9:5, 10.
E ka ’na eaba u ntse u le monyenyane ’me u ikutloa hore u na le nako e ngata ea ho etsa lintho tsohle tseo u batlang ho li etsa. Empa na u hlile u na le eona? Lintoa, tlōlo ea molao, mafu, le likotsi li holofalitse banna le basali ba shahlileng ba bangata—ka tšohanyetso e bile ba sa lebella. Ho etsahetse’ng ka merero eohle ea bona le lipakane tsohle tsa bona?
E ka ’na eaba u na le lelapa kapa u-ua tsofala. Joale u ka ’na ua ikutloa hore u tlameha ho senya nako le boiteko tsa hao tsohle u ikahela bokamoso bo sireletsehileng le baratuoa ba hao pele u ka nahana ka ntho e ’ngoe esele. Empa u nahana hore ntho e sireletsehileng ke’ng? Joalokaha u tseba, ho phahama ha theko ea lintho, ho oa ha moruo, le ho se hiroe li qetile lichelete tseo ba bangata ba neng ba li boloketse bakeng sa hosesane, ba sala ba tsielehile ’me ba se na matlo. Ntle ho moo, ka maemo a sa tsitsang ho pota lefatše, u na le bonnete bofe ba hore lintho tseo u li sebelelitseng ka thata li ke ke tsa felisoa ke ho fetoha ho hong ho sa lebelloang ha liketsahalo?
Kahoo, ntle ho pelaelo u-ua bona hore ke habohlokoa ho hlahloba lipakane tsa hao tsa botho. Joale, u nahana hore ntho ea bohlokoahali bophelong ba hao ke efe?