Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w85 5/1 maq. 27-31
  • Temoho ka Libukeng tse Peli tsa Marena

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Temoho ka Libukeng tse Peli tsa Marena
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Papiso e sa Rateheng
  • Khanya ea Morena Salomone
  • Litšusumetso ho Baprofeta
  • Ho Pheta tse Ling tse Tsoang ho Marena
  • Buka ea Bibele ea 11—1 Marena
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Ketelo e Ileng ea Putsoa ka ho Enneng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Na U Tla Tšepahala Joaloka Elia?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
w85 5/1 maq. 27-31

Temoho ka Libukeng tse Peli tsa Marena

KETSAHALONG e ’ngoe ha Jesu a ne a bua motseng oa habo oa Nazaretha, o ile a bua ntho e ’ngoe e ileng ea qholotsa boitšoaro bo matla ka ho makatsang. Ho bonahala baahi ba Nazaretha ba ne ba ipotsa hore na ke hobane’ng ha a sa ka a etsa mehlolo e mengata mona joalokaha a entse metseng e meng. Ha a ba bolella lebaka, Jesu a sebelisa mehlala e ’meli ea Mangolo. Seo a se buileng ke sena:

“Ka ’nete ke re ho lōna: Ha ho moprofeta ea amoheloang naheng ea habo. Ka ’nete ke re ho lōna: Basali ba bahlolohali ba bangata ba ne ba le teng Iseraeleng, mehleng ea Elia, mohla leholimo le koaloang ka lilemo tse tharo le likhoeli tse tšeletseng, ’me tlala e kholo ea e-ba teng lefatšeng lohle; ’me ha hoa ka ha e-ba eo Elia a rongoang ho eena, ha e se mosali oa mohlolohali oa Sarepta, naheng ea Sidone. Le ba-lepera ba bangata ba ne ba le teng Iseraeleng mehleng ea moprofeta Elisha, empa ha hoa ka ha e-ba e mong oa bona ea ntlafalitsoeng, ha e se Naamane oa mo-Syria.” (Luka 4:24-27) Ka mantsoe ana, ba mametseng ba tlala bohale ’me ba leka ho bolaea Jesu. Ke hobane’ng ha ba ile ba arabela ka pefo joalo?

Ho fumana karabelo, re lokela ho hetla morao Mangolong a Seheberu ’me re bale lihistori tsa Elia le Elisha. Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba tloaelane hantle le libuka tsena, ’me ho ne ho le joalo le ka bamameli ba bona ba Bajode. Ka makhetlo a ’maloa bangoli ba Bibele ba Bakreste ba buile ka liketsahalo le botho ba batho ba libukeng tsena tsa pele ho hlakisa taba, joalekaha Jesu a entse mona. Litšupiso tsena tsa hlokomeloa hang-hang le ho utloisisoa ke bamameli. Haeba re tla utloisisa ka ho feletseng lithuto tsa Jesu, le rōna re hloka ho hlokomela litšupiso tseo.

’Nete ke hore, ho ke ke ha etsahala ho utloisisa Mangolo a Bakreste a Segerike ka botlalo ntle leha re tloaelane le Mangolo a Seheberu. Histori ea baprofeta bao Jesu a buileng ka bona, Elia le Elisha, e tlalehiloe libukeng tse peli tsa Marena. Ha re keng re nahaneng ka libuka tsena tse peli ho hlakisa ntlha ena ’me re bone kamoo ho li tseba ho re fang kutloisiso e tebileng le e matla haholo ea Mangolo a Bakreste a Segerike.

Papiso e sa Rateheng

Pele ho tsohle, ke hobane’ng ha baahi ba Nazaretha ba ne ba koatile hakaale ha Jesu a bua ka mehlolo e ’meli e entsoeng pejana ke Elia le Elisha lilemo tse fetang 900 pele ho moo? Ka ho hlakileng Jesu o ne a bapisa Banazaretha le Baiseraele ba ’muso oa Iseraele o ka leboea mehleng ea Elia le Elisha, ’me ho ea ka libuka tse peli tsa Marena, Iseraele e ne e se boemong bo botle ba moea ka nako eo. Baiseraele ba ne ba itihetse borapeling ba Baale ’me ba ne ba hlorisa baprofeta ba Jehova. Ha e le hantle Elia o ne a baleha batho ba naha ea habo ha mohlolohali oa Sarepta, naheng esele, a mo nka ’me a mo fepa. Ke nakong eo a ileng a etsa mohlolo oo Jesu a buileng ka oona. (1 Marena 17:17-24) Iseraele e ne e ntse e kenelletsoe ke borapeli ba Baale ha Elisha a folisa Naamane molaoli oa makhotla a Syria lepera la hae.—2 Marena 5:8-14.

Baahi ba Nazaretha ha ba ka ba ananela hore e be ba bapisitsoe le Bajode ba bahetene ba mehleng eo. Na papiso ea Jesu e ne e loketse? Ho totobetse. Feela joalokaha bophelo ba Elisha bo ne bo le kotsing Iseraeleng, le bophelo ba Jesu joale bo ne bo le kotsing. Tlaleho e-ea re bolella: “Ba leng synagogeng ba tlala bohale kaofela, ha ba utloa lipolelo tseo. Ba ema, ba mo lelekela ka ntle ho motse, ba mo isa selomong sa thaba eo motse oa bona o hahiloeng holim’a eona, ba re, ba ea mo lihela.” Empa Jehova a sireletsa Jesu, joalokaha pejana a ile a sireletsa Elia.—Luka 4:28-30.

Khanya ea Morena Salomone

Oo ke mohlala o mong oa kamoo libuka tse peli tsa Marena li khanyang kateng, joalokaha ho bile joalo ka mantsoe a Jesu le a Bakreste ba pele. Nahana mohlala o mong. Thutong ea hae ea Thabeng, Jesu a khothaletsa bamameli ba hae ho itšetleha ka Jehova tabeng ea lintho tse hlokoang. Har’a lintho tse ling, o itse: “Le ka baka la liaparo le belaela ke’ng? Lemohang mokhoa oo likhahla tsa naha li melang ka oona; ha li sebetse, ha li ohle; empa kea le bolella hoba esita le Salomone, khanyeng eohle ea hae, ha a ka a ba le seaparo se joale ka sa e ’ngoe ea tsona.” (Mattheu 6:28, 29) Ke hobane’ng ha Jesu a buile ka Salomone mona?

Bamameli ba hae ba Bajode ba ne ba tla tseba hobane ba ne ba tloaelane le khanya ea Salomone. E hlalositsoe halelele bukeng ea Pele ea Marena (hammoho le ho Likronike tsa Bobeli). Ka mohlala, mohlomong ba ka be ba hopotse hore lijo bakeng sa ntlo ea Salomone letsatsi le leng le le leng “e ne e le likore tse mashome a mararo tsa phofo e thumisitsoeng, le likore tse mashome a tšeletseng tsa phofo e mahaila; le likhomo tse nontšitsoeng tse leshome, le likhomo tse mashome a mabeli tse fulang naheng, le linku tse lekholo, le likhama, le litšephe, le matsa, le linonyana tse nontšitsoeng.” (1 Marena 4:22, 23) Tseo e ne e le lijo tse ngata.

Ntle ho hoo, boima ba gauda e neng e tlisetsoa Salomone ka selemo se le seng bo ne bo lekana le “litalenta tsa gauda tse makholo a tšeletseng a nang le mashome a tšeletseng a metso e tšeletseng,” e leng ho fetang hantle liranta tse limillione tse 500 ka chelete ea hona joale. ’Me mekhabiso eohle ea ntlo ea Salomone e ne e le ea gauda. “Ho no ho se pitsa ea silevera: ho no ho sa thoe letho ka eona mehleng ea Salomone.” (1 Marena 10:14, 21) Kaha Jesu o ile a tsosa mehopolo ea bona linthong tsena, bamameli ba hae kapele-pele a utloisisa seo a neng a se bolela.

Jesu o buile ka Salomone leseling le leng. Bangoli ba bang le Bafarisi ba ne ba batlile hore a etse pontšo, ’me Jesu a arabela: “Mofumahali oa Boroa o tla ema kahlolong le moloko ona, a o tsoe; hobane o na a tlohe pheletsong tsa lefatše, ho tla mamela bohlale ba Salomone; ’me bonang, e moholo ho Salomone o teng mona.” (Mattheu 12:42) Ke hobane’ng ha tšupiso ee e ne e le khalemelo e matla ho baeta-pele ba bolumeli ba mametseng?

Haeba re tloaelane le buka ea pele ea Marena, rea tseba hore “mofumahali oa boroa” e ne e le mofumahali oa Sheba. Ho hlakile hore e ne e le mofumahali, motlotlehi e moholo oa sebaka se ruileng. Ha a chaketse Salomone, a tla “ka letšoele le leholo,” le oli e theko e boima le “gauda e ngata haholo le mahakoe a bohlokoa.” (1 Marena 10:1, 2) Kamehla lipuisano tsa khotso pakeng tsa babusi ba lichaba li etsoa ka baemeli. Kahoo, hore mofumahali oa Sheba, morena ea busang, a tsamaee ka boeena tsela eohle ho ea Jerusalema ho ea bona Morena Salomone ho ne ho sa tloaeleha. Ke hobane’ng ha a ile a ho etsa?

Morena Salomone o ne a ruile haholo, empa le mofumahali oa Sheba o ne a ntse a le joalo. O ne a ke ke a nka leeto le joalo feela ho ea bona morena ea ruileng. Leha ho le joalo, Salomone o ne a sa rua feela empa o ne a “feta marena ’ohle a lefatše ka leruo le ka bohlale.” (1 Marena 10:23) Tlas’a puso ea hae e bohlale “ba-Juda le ba-Iseraele, ho tloha Dane ho isa Beerseba, ba ne ba lutse ba iketlile, e mong le e mong tlas’a morara oa hae le tlas’a feiga ea hae, ka matsatsi ’ohle a Salomone.”—1 Marena 4:25.

E bile bohlale ba Salomone bo hohetseng mofumahali oa Sheba. A “utloa botumo ba Salomone bo hlahileng ka lebitso la Jehova, a tla ho mo leka ka lilotho.” Ha a fihla Jerusalema, “a fihla ho Salomone, a ’mehela tsohle tsee a li hopotseng pelong ea hae. Salomone a mo arabela lipotso tsohle tsa hae, ho se ke ha e-ba taba e le ’ngoe e hlōlang morena, ee a sa kang a mo hlalosetsa eona.”—1 Marena 10:1-3.

Le Jesu o ne a e-na le bohlale bo hlahelletseng bo “hlahileng ka lebitso la Jehova.” Ha e le hantle, o ne a ‘feta Salomone.’ (Luka 11:31) Mofumahali oa Sheba, eo e neng e se Mojode, a nka leeto le lelelele le le thata feela ho ea iponela Salomone le ho ea rua molemo bohlaleng ba hae. Kahoo, ka sebele bangoli le bafarisi ba ne ba lokela hore e be ba ile ba mamela ka kananelo ho ea “moholo ho Salomone” ha a ne a le ka pel’a bona. Empa ha ba ka ba etsa joalo. “Mofumahali oa boroa” a ba feta hōle ka ho ananela bohlale bo fanoeng ke Molimo.

Litšusumetso ho Baprofeta

Nakong ea histori e libukeng tsa Marena a Pele le a Bobeli, babusi ’musong oa meloko e 12—’me hamorao mebusong e arotsoeng oa Iseraele le oa Juda—e ne e le marena. Ka nako eo baprofeta ba Jehova ba ne ba le mafolo-folo haholo har’a batho ba Hae. Ba tsebahalang har’a bana e ne e le Elia le Elisha, bao re seng re buile ka bona. Ho bua ha Jesu ka bona Nazaretha e ne e se eona nako feela eo ba neng ba boleloa ka Mangolong a Bakreste a Segerike.

Moapostola Pauluse lengolong la hae le eang ho Bakreste ba Baheberu o ngotse ka tumelo ea bahlanka ba Molimo ba mehleng ea pejana ’me, e le mohlala o mong oa sena, a re: “Basali ba boetse ba neoa ka tsoho bafu ba bona.” (Ba-Heberu 11:35) Ha ho pelaelo o ne a hopotse Elia le Elisha, bao ka bobeli ba sebelisitsoeng ho tsosa bafu. (1 Marena 17:17-24; 2 Marena 4:32-37) Ha ba bararo ba baapostola ba Jesu e e-ba ‘lipaki tse boneng ka mahlo pontšo ea Jesu’ ponong ea phetoho, ba bona Jesu a bua le Moshe le Elia. (2 Petrose 1:16-18; Mattheu 17:1-9) Ke hobane’ng ha Elia a ile a khetheloa ho emela lehlakore la baprofeta ba pele ho Bokreste ba pakelang Jesu? Haeba u bala tlaleho ea Marena a Pele ’me u bona tumelo ea hae e khōlō le tsela e matla eo Jehova a mo sebelisitseng ka eona, u tla utloisisa karabelo.

Leha ho le joalo, Elia e ne e ntse e le motho feela joaloka rōna. Jakobo o bua ka ketsahalo e ’ngoe ho Marena a Pele ha a ngola: “Thapelo ea ea lokileng e na le matla a maholo ho sebetseng ha eona. Elia e ne e le motho ea ikutloang joale ka rōna; leha ho le joalo, o kile a kōpa ka merapelo hore ho se ke ha na pula, ‘me ka lilemo tse tharo tse nang le likhoeli tse tšeletseng pula ha ea ka ea na lefatšeng. A boela a rapela, ’me leholimo la nesa pula, lefatše le lona la boela la melisa lijo tsa lona.”—Jakobo 5:16-18; 1 Marena 17:1; 18:41-46.

Ho Pheta tse Ling tse Tsoang ho Marena

Litšupiso tse ling tse ngata Mangolong a Bakreste a Segerike li fupere se tsoang libukeng tse peli tsa Marena. Setefane a hopotsa Lekhotla le Phahameng la Bajode hore Salomone o hahetse Jehova ntlo Jerusalema. (Liketso 7:47) Litaba tse ngata tsa mosebetsi oo oa ho haha li bukeng ea pele ea Marena. (1 Marena 6:1-38) Ha Jesu a bua le mosali oa Samaria, mosali a re ho eena a maketse: “Ere u le mo-Jode, u qela joang metsi ho ’na, ke le mosali oa Samaria? Athe ba-Jode ha ba kopane le ba-Samaria.” (Johanne 4:9) Ke hobane’ng ha Bajode ba ne ba sa sebelisane le Basamaria? Tlaleho e ho Marena a Bobeli e hlalosang semelo sa batho bana e hlakisa taba ena.—2 Marena 17:24-34.

Lengolo le fumanoang bukeng ea Tšenolo le eang phuthehong ea Thyatire le fupere keletso ena e matla: “Empa ke na le litaba tse seng kae tsee ke li nyatsang ho uena; ke hobane u lumella Jezebele, mosali eo ea ipitsang moprofeta, ho ruta, le ho khelosa bahlanka ba ka, hore ba tle ba etse bohlola, ’me ba je linama tse hlabetsoeng melimo ea bohata.” (Tšenolo 2:20) Jezebele e ne e le mang? Morali oa moprista oa Baale Tyre. Kamoo buka ea pele ea Marena e re bolellang kateng, o ile a nyaloa ke Morena Akabe oa Iseraele ’me ea e-ba mofumahali oa Iseraele. A hatella monna oa hae, a hlahisa borapeli ba Baale ho Iseraele e seng e ntse e koenehile, a tlisa lebotho la baprista ba Baale Iseraeleng ’me ba hlorisa baprofeta ba Jehova. Qetellong, a shoa lefu le sehlōhō.—1 Marena 16:30-33; 18:13; 2 Marena 9:30-34.

Mosali ea bontšang moea oa Jezebele ka phuthehong ea Thyatire ho bonahala a ne a leka ho ruta phutheho ho etsa boitšoaro bo bobe le ho tlōla melao ea Molimo. Moea o joalo oa tlameha ho felisoa ka phuthehong, feela joalokaha lelapa la Jezebele le ile la tlameha ho felisoa sechabeng sa Iseraele.

E, re hloka Mangolo a Seheberu e le hore re ka utloisisa Mangolo a Bakreste a Segerike. Litaba tse ngata li ne li ka hloka molemo ntle le tšehetso eo Mangolo a Seheberu a fanang ka eona. Jesu le Bakreste ba pele, hammoho le Bajode bao a buileng le bona, ba ne ba tloaelane hantle le oona.

Ke hobane’ng ha u sa iphe nako ea ho tloaelana le oona ka ho lekanang le bona? Kahoo u tla nka molemo o tletseng oa “Lengolo lohle,” le ‘bululetsoeng ke Moea oa Molimo, le le nang le molemo oa ho ruta.’—2 Timothea 3:16.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela