Na Ruri Adama le Eva ba Bile Teng?
“MONNA oa pele e ne e le Adama ’me mosali oa pele e ne le Eva; ke bona batsoali ba rōna ba pele.” Ao ke maikutlo a ileng a boleloa ka 1947 ho The Catechism for Use by French Dioceses, buka ea motheo ea ho ithuta bakeng sa ho ruta bana ba Mafora tumelo ea K’hatholike.
Empa selemo hamorao, ka 1948, Catholicisme, buka ea liphuputso ea Sefora e lumelletsoeng ke kereke ea re: “Thuto efe kapa efe e lumelang hore moea o bōpiloe ke Molimo ha e hanane le Bibele.” Selemong sona seo, Lekhotla la Tlhahlobo ea Bibele la Bopapa le boletse ha tlaleho ea Genese ea pōpo e le “tlhaloso e ratehang ea tšimoloho ea moloko oa motho” e hlalositsoeng ka “puo e bonolo ea tšoantšetso e loketseng batho ba sa rutehang.”
Ka 1981 Mopapa John Paul II o buile polelo e latelang ka pel’a Sekolo se Phahameng sa Mahlale sa Bopapa: “Bibele ka boeona ha e bue ka tšimoloho le motheo oa bokahohle e le tlaleho ea bohlale bo tebileng e mpa e hlakisa kamano e loketseng ea motho le Bokahohle.” ’Me La Bible de la Liturgie (Liturgical Bible), e ileng ea amoheloa ka molao ka 1976, e akarelletsa maikutlo a baruti ba bangata ba bolumeli ba K’hatholike tabeng ea tlaleho ea pōpo ea Genese, e re: “Ha e le hantle, hase ’nete ea histori kapa ea bohlale bo tebileng.”
Likereke tse ling tse ipolelang hore ke tsa Bokreste ha li hlōlisoe tabeng ea ho phahamisa khopolo ea ho iphetola ha lintho. Alexandre Westphal, eo e neng e le moprofesa oa histori ea bolumeli le ea thuto ea Bibele ea bolumeli Sekolong sa Maprotestanta sa Thuto ea Bolumeli Montauban, Fora, o boletse ho Dictionnaire Encyclopédique de la Bible hore tlaleho e ho Genese maloka le Adama le Eva le bana ba bona ba pele ba babeli “ha e-ea lokela ho nkoa e le tlhaloso ea liketsahalo tse hlileng tsa etsahala bophelong ba batho ba bane, empa e nkoe e le pale, e sebelisang mokhoa oa tšoantšetso le boinahanelo ba motheo, oa qaleho ea likamano tsa batho le Molimo.” (Genese 2:7–4:16) Ka 1949, Mobishopo e moholo oa Chache, o ile a teba hoo a ileng a re: “Kereke ea Bokreste ka kakaretso e amohetse khopolo ea ho iphetola ha lintho e le e nang le bopaki ba thuto ea mahlale.”
Ka hona, ka boikakaso bo boholo koranta ea beke le beke ea Sefora L’Express e bolela hore kajeno ha ho khanyetso e etsoang ke mang kapa mang, “ntle ho lithoto le liphoqo tse seng kae,” hore motho o oela sehlopheng sa liphoofolo.
Tlaleho ea Pōpo le Thuto ea Mahlale
Empa na tlaleho ea pōpo, e neng e amoheloa ka makholo-kholo a lilemo, joale e se e tšoaneloa ke ho lahloa ka sesomo? ’Nete e-ea sala, buka ea Genese ha e qaqisise hantle hore na bophelo ba limela le ba liphoofolo bo bōpiloe joang, empa sebōpeho sa tsona se lumellana ka ho feletseng le linnete tsa thuto ea mahlale.
Ka mohlala, Bibele e bontša hore batho bohle ba na le tšimoloho e tšoanang, ba tsoa ho batho ba babeli ba pele, Adama le Eva. Ha André Langaney, letsoho la hlooho ea lefapha Musée de l’Homme (Ntlo ea Polokelo ea Lintho tsa Bohlokoa tsa Motho) Paris, a tiisa hore batho ba tsoa motsong o le mong, o hlalositse tokollong e khethehileng ea koranta ea khoeli le khoeli ea Sefora Science et Vie: “Linnete tsa lintho tse phelang le tsa histori li bontša hore bonngoe ba motho bo tebile ’me bo hlōla phapang leha e le efe ea lebala la letlalo kapa litšobotsi tsa lefutso tse fumanoang maling a lihlopha tse itseng tsa baahi ba lefatše.”
Buka ea Genese e boetse e fana ka boitsebiso lipotsong tse phahametseng kutloisiso ea bo-ramahlale. Ha François Jacob, setsebi sa lintho tse phelang le mohapi oa moputso oa tlotla ea Nobel, a arabela potso e amang “qaka e khōlō ea phetoho e isang botsofaling,” eo a e botsitsoeng ke koranta ea beke le beke ea Paris L’Express, o ile a lumela hore: “Tšebetso ena ha e utloisisoe. Ka sebele, ke qaka e phethahetseng ea hore setho se ileng sa khona ho itlhahisa ka phetoho e rarahaneng ka ho khethehileng joale se ka sitoa ho ipoloka se le setle. ’Nete ea hore motho a ka hlahisoa ka sele ea lehe le emolisitsoeng e bonahala e le ketsahalo e khōlōhali e ka etsahalang lefatšeng.”
Bibele le eona, ka tsela e itseng, e bontša hore ke qaka hore motho a ka shoa. Ho latela tlaleho ea pōpo e bukeng ea Genese, mothoo ne a bōpetsoe ho phela, ‘hore a ipoloke a le boemong bo botle,’ ka ho sa feleng. Leha ho le joalo, hona ho ne ho itšetlehile ka hore a boloke likamano tse ntle le Ea mo bōpileng. Ha ka boomo batho ba pele ba fetohela seo A se hlokang ho bona, ba etsa sebe. Ke sebe se ileng sa kenyelletsa “qaka” ea ho shoa bakeng sa motho. Sebe sa ‘sebeletsa batho lefu,’ joalokaha Molimo o ne o lemositse hore se tla etsa joalo.—Ba-Roma 7:13; Genese 3:16-19.
Ka hona, ke ho utloahalang ho kholoa tlaleho ea tšimoloho ea motho e fumanoang ka Bibeleng. Ha e le hantle, sehlooho se latelang se tla fana ka bopaki bo bontšang hore Mokreste a ke ke a latola tlaleho ena ea ho bōptjoa ha motho ntle ho liphello tse kotsi bakeng sa tumelo ea hae motheong oa Bokreste—lefu la sehlabelo sa Kreste. Ak’u bale ho ea pele.