Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w85 6/1 maq. 5-7
  • Adama le Eva—Tšōmo kapa ’Nete?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Adama le Eva—Tšōmo kapa ’Nete?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sebe le Topollo
  • Likoto tse Peli tsa Bopaki bo Matla
  • Bohlale ba Lefatše kapa Bohlale ba Molimo?
  • Lefu, Sera sa ho Qetela, le Etsoa Lefeela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Lefu le Tsoho ea Jesu li ka U Tsoela Molemo Joang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Thekollo ea Kreste Tsela ea Molimo ea Poloko
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Jesu oa Pholosa—Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
w85 6/1 maq. 5-7

Adama le Eva—Tšōmo kapa ’Nete?

“NA HASE ho hanyetsa Bibele ka ho feteletseng ho bolela hore Adama le Eva ba tsoile liphoofolong?” Potso ena, e botsitsoeng ke koranta ea letsatsi le letsatsi ea Roma e K’hatholike La Croix, e bea ka bokhutšoaane bothata boo Bakreste ba bangata ba bo emetseng ka maoto. Baa ipotsa hore na molemo oa Bokreste ke ofe haeba ho belaelloa pōpo.

Bakeng sa kutloisiso e molemo ea mathata a amehang, ho tla hlokahala hore re hlahlobe seo Bibele e se buang ka taba ea sebe le lefu. Pele ho tsohle, re tlameha ho khutlela tlalehong ea se etsahetseng tšimong ea Edene.

Sebe le Topollo

Genese khaolo ea 2, e bolela hore Molimo o neile motho oa pele taelo. O ne a sa lokela ho ja sefateng se itseng se bitsoang “sefate sa ho tseba botle le bobe.” (Genese 2:17) Kamoo The Jerusalem Bible e hlalosang botlaaseng ba leqephe, ha motho a tlōla molao oa Molimo, a nka tokelo eo e neng e se ea hae, “matla a ho iketsetsa qeto ea hore na ho hotle ke hofe le ho hobe ke hofe le ho iketsetsa kamoo ho loketseng, ho tseka ho itsamaisa ka ho feletseng boitšoarong hoo motho a hanang ho hlokomela boemo ba hae e le boleng bo bōpiloeng.”

Ka ho hlompholla molao oa Molimo, Adama a etsa sebe ’me a kenya ho se phethehe molokong oa motho, ho felletseng ka lefu joalokaha Molimo o ne o hlile oa bolela. Ba lahlehetsoe ke phetheho ea bona, banyalani ba babeli ba pele ba batho ba ne ba ka fetisetsa ho se phethahale ho bana ba bona. Bana bohle ba kamoso ba Adama le Eva—ka mantsoe a mang, moloko ’ohle oa motho—o ne o tla felella lefung.—Genese 3:6; Pesaleme ea 51:5; Ba-Roma 5:14, 18, 19.

Batho ba ne ba tla ke ba fumane hape tšepo ea ho phela ka ho sa feleng e lahliloeng ke Adama joang? Molao-motheo oa ‘bophelo ka bophelo’ o boletsoeng Molaong oa Molimo o fanoeng ka Moshe o hlakisitse se neng se hlokahala: ho ne ho tlameha hore ho nyeheloe bophelo bo phethahetseng bakeng sa bophelo bo phethahetseng boo Adama a bo lahlileng. (Deuteronoma 19:21) Jesu, lejoe la motheo la Bokreste, o ne a tšoaneleha ka botlalo bakeng sa hona. A lokolohile sebeng ’me a phethahetse, ke eena feela ea neng a ka nyehela bophelo bo phethahetseng ba botho e le “topollo bakeng sa bohle” e lekanang le se lahlehileng. (1 Timothea 2:5, 6) Kreste o bontšitse hore morero ona e ne e le oa sehlooho oo a tlileng lefatšeng ka baka la ’ona, ha a re: “Mor’a motho, ea sa kang a tlela ho sebeletsoa, empa e le ho sebeletsa le ho neela bophelo ba hae ho ba topollo ea ba bangata.”—Mattheu 20:28.

Tlhokahalo eona ena—ke hore, topollo e tlameha ho nyeheloa ke e mong ea phahametseng motho ea sa phethahalang—e boetse e hlakisoa ho Pesaleme ea 49:7, moo re balang ka bophelo ba motho: “Ha ho le a mong oa bona ea ka tsebang ho lopolla ngoan’abo, leha e le ho ntšetsa Molimo topollo bakeng sa hae.” Ke hobane’ng ha ho se le ea mong ea ka ‘lopollang ngoan’abo’? Feela hobane ha ho bophelo bo sa phethahalang bo neng bo tla ke bo lefe bophelo bo phethahetseng bo lahliloeng ke Adama.

Likoto tse Peli tsa Bopaki bo Matla

Ka ho batlisisa seo moapostola Pauluse le Kreste ka seqo ba se buileng tabeng ena, re ka ikahlolela e le rōna hore na tlaleho ea Adama le Eva e ne e le tšoantšetso kapa che le hore na ruri ba bile teng kapa che.

Moapostola Pauluse o bontša ho tšoana pakeng tsa karolo e nkiloeng ke Adama le e nkiloeng ke Jesu, a hlalosa: “E bile ka motho [Adama] a le mong sebe se keneng lefatšeng, ’me lefu ka sebe . . . Hobane haeba ke ka phoso ea motho eo a le mong lefu le ileng la thea puso ea lona, ka moetsalibe a le mong, bao ba tlang ho fumana mohau oa Molimo le neo ea oona ea ho loka ka tekanyo e khōlō, ba tla phela le ho rena ka motho a le mong, Jesu Kreste.” (Ba-Roma 5:12, 17, NE) Pauluse o bua joalo le ho le leng la mangolo a hae, moo a bitsang Jesu “Adama oa morao,” kahoo a bontša hore ke Jesu feela ea neng a ka lopolla se lahliloeng ke Adama. Joale, hoba Jesu a tsohele bophelong ba moea maholimong, e ne e ka ba “moea o phelisang” molemong oa bohle ba bolokoang. (1 Ba-Korinthe 15:45) Joale, haeba Adama e ne e mpa e le tšoantšetso ea botho feela, kapa “sehlopha sa batho,” joalokaha ho hlalosa se ngotsoeng botlaaseng ba leqephe ho Traduction Œcuménique de la Bible ea Sefora, motheo oa khang ea moapostola Pauluse e ne e tla ofe?

Leha ho le joalo, bopaki ba bohlokoa ka ho fetisisa mabapi le bonnete ba tlaleho ea Genese e buang ka Adama le Eva bo fanoe ke Kreste ka seqo, ea ileng a bua ka eona ha a botsoa ke baeta-pele ba bolumeli ba mehleng ea hae. A re: “Na ha lea ka la bala [ho Genese] hobane ea ba entseng tšimolohong, o ba entse e le e motona le e motšehali, a re: Ka baka leo, monna o tla tlohela ntat’ae le ’m’ae, a khomarele mosali oa hae, ’me ba babeli e tla ba nama e le ’ngoe feela? . . . Seo Molimo o se kopantseng hammoho, se se ke sa aroloa ke motho.” (Mattheu 19:4-6) Na re ka nahana Jesu a thea thuto ea hae ka bohalaleli ba lenyalo holim’a ntho e ’ngoe eo e neng e le boinahanelo kapa tšōmo?

Bohlale ba Lefatše kapa Bohlale ba Molimo?

Moprista oa Mojesuti oa Lefora Teilhard de Chardin o ile a tlisa e ’ngoe ea liphetoho tse khōlōhali monahanong oa K’hatholike. A nka hore ho iphetola ha lintho ke ho nyolohela butle-butle bophelong ba moea. Ka khopolo ea hae, mefuta ea bophelo e-ea fetoha, e feta libopehong tsa liphoofolo le tsa batho, e qetella e kopane le Kreste. Le hoja qalehong kereke e ile ea e nyatsa, khopolo e ile ea amoheloa ke baruti ba bangata ba K’hatholike. Leha ho le joalo, e ne e hanana le bopaki ba Mangolo ka ho totobetseng le ho phaella thohako holim’a Molimo, e latola bohlokoa ba topollo bakeng sa hore batho ba khutleloe ke bophelo bo phethahetseng.

Khopolo-’mōtoana ena ea thuto ea mahlale e bile le liphello tse tebileng haholo kerekeng. Joalokaha ho hlalositsoe bukeng L’épopée des adamites (Tšōmo ea Adama) ea Jean Rondot: “Liphetoho tsohle tsa borabele kapa tsa litoantšano ka Kerekeng, har’a baruti le phutheho, li hlile tsa hōla ho kena ka lekhalong le butsoeng ke Teilhard. Le mona ho ile ha lumelloa bolokolohi bo itseng tlhalosong ea Mangolo (le haeba bo bolela ho fetola moea oa se ngotsoeng), ke hobane’ng ha bo ke ke ba sebelisoa hamolemohali e be ho hahuoa bolumeli bo bocha ho latela se ratoang ke motho ka mong?”

Tholoana ea phetoho ena e bonahala ka ho khethehileng kajeno. Ka 1980 phuputso e ileng ea hlophisoa ke mokhatlo oa bohlokoa oa Mafora e bontšitse hore ke karolo ea 40 lekholong feela ea Mak’hatholike a Fora e khōloang Adama le Eva le sebe sa pele. Pelaelo e ne e boetse e silafalitse libaka tse ling tsa bohlokoa, kaha ke karolo ea 59 lekholong feela ea Mak’hatholike a Fora eo joale e kholoang thuto ea bohlokoa ea Bokreste ea tsoho ea Jesu Kreste.

Ho e-na le ho khomarela haufi thuto ea Mangolo, likereke tse sa tšoaneng tse amohetseng khopolo ea ho iphetola ha lintho li senola hore, ka holimo ho tsohle, li batla ho amohela likhopolo tsa bohlale tse ratehang le tse teng. Pauluse o ile a lemosa Bakreste ba pele khahlanong le monahano o joalo. A hopotsa Bakorinthe hore Bokreste ha ho moo bo amanang le likhopolo kapa lifilosofi tse neng li le teng mehleng ea hae. A ngola: “Ea bohlale o kae na? Ea matla Mangolong o kae na? Mophea-khang oa mehla ena o kae na? Na Molimo ha oa ka oa etsa bohlale ba lefatše lena bohlanya na? . . . Ba-Jode ba kōpa mohlolo, ’me ba-Gerike ba batla bohlale; empa ha e le rōna, re bolela Kreste ea thakhisitsoeng, . . . bohlanya ho ba-Gerike [balichaba].”—1 Ba-Korinthe 1:20-23.

Ka ho tšoanang kajeno, ho phehella ‘bohlale bo joalo ba lefatše’ ho ke ke ha nea motho tsebo ea Molimo kamohelo ea Oona. (Bapisa Johanne 17:3.) Pholoho e isang bophelong bo sa feleng e ka fumanoa ke bohle ba amohetseng sehlabelo sa Kreste ka botlalo, topollo eo a e lefileng ho rekolla bophelo bo phethahetseng bo lahliloeng ke Adama. Ke feela motheong oa sehlabelo sena batho ba ka atamelang Molimo ’me ba tšoareloa libe tsa bona. Moapostola Petrose o ne a kholisehile ka botlalo ka sena ha a bolela ka pel’a baeta-pele ba bolumeli ba neng ba bokane Jerusalema: “Ha ho poloko ho e mong [ntle ho Jesu]; hobane ha ho lebitso le leng tlas’a leholimo, leo batho ba le neiloeng, leo re ka bolokehang ka lona.”—Liketso 4:12.

Batho ba makholo a likete ba se ba beile tšepo ea bona ‘moeeng ona o phelisang.’ Ba emetse ka cheseho nako e tlang e haufi ea ha Paradeise e tla tsosolosoa lefatšeng ’me ba tla khona ho phethahatsa tšepo e lahliloeng ke Adama, ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng. Haeba ha u e-so ho etse joalo, u ka fumana tsebo ena ea bohlokoa ea Bibele ka ho ithuta le Lipaki tsa Jehova, ntle ho tefello, le ka ho ba teng libokeng tsa bona tsa Bokreste. Ke kahoo u tlang ho ithuta se hlokoang e le hore u ka ba e mong oa barutuoa ba Jesu. Ka eena, “Adama oa morao,” u ka rua mahlohonolo a babatsehang a Molimo.—1 Ba-Korinthe 15:45; Tšenolo 21:3, 4.

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

Jesu o ne a lekana hantle le motho ea phethahetseng Adama

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela