Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w85 6/15 maq. 20-21
  • Ngoana ea Tšepisitsoeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ngoana ea Tšepisitsoeng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ngoana ea Tšepisitsoeng
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Ngoana eo Esale a Lebelloa
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • O Ile a “Nahanisisa ka Pelong ea Hae”
    Etsisa Tumelo ea Bona
  • Re ka Ithuta’ng Mohlaleng oa Maria?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
w85 6/15 maq. 20-21

Jesu Bophelo le Tšebeletso ea Hae

Ngoana ea Tšepisitsoeng

HO E-NA le ho boela Nazaretha, Josefa le Maria ba lula Bethlehema. Ha Jesu a le matsatsi a robeli ba mo bolotsa, ka taelo ea Molao oa Molimo ho Moshe. Hape ho bonahala e le mokhoa ho rea ngoana oa moshemane lebitso letsatsing la hae la borobeli. Ka hona ba rea ngoana oa bona Jesu, kamoo lengeloi Gabariele le neng le ba laetse pejana kateng.

Ho feta khoeli, ’me Jesu o na le matsatsi a 40. Batsoali ba hae joale ba mo isa hokae? Tempeleng e Jerusalema, hōle le moo ba lulang ka lik’hilomithara tse seng kae. Ho latela Molao oa Molimo ho Moshe, matsatsi a 40 kamor’a hore ’mè a belehe mora, ho ne ho hlokahala hore a etse nyehelo ea tlhoekiso tempeleng.

Ke sona se etsoang ke Maria. Empa o tlisa linonyana tse peli tse nyenyane e le eona nyehelo ea hae. Hona ho senola ho hong ka boemo ba lichelete ba Josefa le Maria. Molao oa Moshe o bontša hore ho ne ho tla nyeheloa konyana e tona, eo e leng ea bohlokoa ho feta linonyana. Empa haeba ’mè a ne a sa khone, maebana a mabeli kapa maebana-khoroana a ne a tla lekana.

Ka tempeleng Jesu o nkoa ke monna-moholo e mong. Lebitso la hae ke Simeone. Molimo o ne o mo senoletse hore a ke ke a shoa pele a bona Jesu, kapa Messia ea tšepisitsoeng oa Jehova. Ha Simeone a e tla tempeleng ka letsatsi lena, moea o halalelang o mo lebisa ho ngoana ea nkiloeng ke Josefa le Maria.

Ha Simeone a nka Jesu, o leboha Molimo, a re: ‘O bolokile tšepiso ea hao, hobane ka mahlo a ka ke bone mokhoa oa poloko oo o o lokiselitseng.’ Josefa le Maria ba hlolloa ha ba utloa tsena. Joale Simeone o-oa ba hlohonolofatsa ’me o bolella Maria hore Mora oa hae “o beetsoe ho oa le ho tsoha ha ba bangata Iseraeleng” le hore masoabi, a kang lerumo le bohale, a tla hlaba moea oa Maria.

Ea teng ka lekhetlo lena ke moprofeta oa mosali ea lilemo li 84 ea bitsoang Anna. Ha e le hantle, ha ho mohla a leng sieo tempeleng. Ka hora eona eo o-oa atamela ’me o qala ho leboha Molimo le ho bua ka Jesu ho bohle ba mamelang.

Liketsahalo tsee tsa tempeleng li nyakallisitse Josefa le Maria hakaakang! Ka sebele, li tiisa feela ho bona hore ngoana ke Ea tšepisitsoeng ke Molimo. Luka 2:21-38; Levitike 12:1-8.

◆ Ho bonahala mokhoa oa ho rea ngoana oa moshemane lebitso e ne e le eng Iseraeleng?

◆ Ho ne ho hlokoa eng ho ’mè oa Moiseraele ha mora oa hae a ne a le matsatsi a 40, ’me ho phethahatsoa ha tlhokahalo ena ho ile ha senola boemo ba lichelete ba Maria joang?

◆ Ke mang ea ileng a hlokomela hore na Jesu ke mang ka lekhetlo lee, hona joang?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela