Na U ne U ka Jala Taba ea Bo-ba-re?
MEHLENG E HARE taba e sa kholeheng ea bo-ba-re ea jaleha har’a Bakreste-’motoana ba Europa. Ho ne ho ho hoeshetsoa ho thoe selemo se seng le se seng ka Paseka, Bajode ba bolaea Mokreste ’me ba sebelisa mali a hae litšebeletsong tsa bona. Ka linako tse ling ho ne ho thoe ba koetela bana ba Bakreste ’me ba ba hlokofatsa hampe pele ba ba bolaea ’me ba sebelisa mali a bona. Ho tla fihlela lekholong lena la lilemo, nakong ea puso ea Nazi Jeremane, taba ena ea bo-ba-re e ne e sebelisoa e le phepi ea ho hlorisa Bajode.
Taba ena e ile ea fuputsoa ’me ea shanofatsoa ka makhetlo, empa e ile ea phehella ka lilemo tse ka bang sekete. Haeba motho e mong a ne a u boleletse eona, na u ne u ka be u kopanetse ho e jaleng? Ka tšepo, bohle re ne re tla ba le kelello e lekaneng kapa kutloelo bohloko ea ho se etse joalo. Empa litaba tsa bo-ba-re ke lintho tse phehellang le tse rarahaneng. Hang ha li qalile, li thibeha ka thata. Le kajeno, mashano a bo-ba-re a hlaha ’me a aparela joalo ka mollo oa hlaha.
Ka mohlala, Procter & Gamble, feme e khōlō e rekisang sesepa le lintho tse ling tsa ntlo United States, haufinyane e ile ea tlatlapuoa ka leshano la hore letšoao la eona la khoebo ke letšoao la Bademona. Boba-re ba bang ba kile ba jala hore mabenkele a mang a tsebisahalang a lijo tse chesang a kenya libōkō ka har’a “hamburger”! Lilemong tse ’maloa tse fetileng ho ne ho lumeloa ka bophara hore setho sa sehlopha se binang “The Beatles” se shoele kotsing ea koloi ’me se nketsoe sebaka ke e mong ea tšoanang le sona. Le litokollong tsa Watchtower Society bo-ba-re ba kileng ba kenella—ka mohlala, ba bolela hore e mong oa litsebi tsa litšoantšo o ne a ntse a kenya ka sekhukhu litšoantšo tsa bademona litšoantšong ’me qetellong a fumanoa ’me a khaoloa!
Na u kile ua kopanela ho jaleng taba leha e le efe e joalo? Haeba ho joalo, mohlomong ka ho se tsebe—u ne u jala leshano, kaha kaofela e ne e le bohata. Ka sebele taba ea bo-ba-re mabapi le litokollo tsa Mokhatlo e ne e le kotsi, hape e ne e le e ka ekang Bakreste ba chesehang ba sebetsang lihora tse telele ho hlahisa mosebetsi oa ho etsa litšoantšo e le hore limakasine, libukana, le libuka e be tse hohelang hakana. Hona ho ne ho ka tšoana le ho bua ka bothoto hore Molimo, ha o hlola ’mele ea leholimo, ka boomo o ile a etsa ponahalo ea ‘motho khoeling.’
Lilemong tse ngata tse fetileng, Jehova Molimo o ile a bolella Baiseraele: “U ke ke ua jala taba ea bo-ba-re e se nang motheo.” (Exoda 23:1, The New English Bible) Ho ne ho e-na le lebaka le letle la taelo eo. Litaba tse joalo tsa bo-ba-re li na le liphello tse mpe. Li etsa ea li jalang ea leshano, ntho eo Jehova a e hloileng. (Liproverbia 6:16-19) Li ama botumo ba taba eo ho buuoang ka eona. ’Me li thetsa motho ea mamelang bo-ba-re, mohlomong li mo susumelletsa ho etsa ka booatla. (Numere 13:32–14:4) Ke ho hloka lerato ho thetsa metsoalle ea rōna ka tsela e joalo. Ho banana le taelo ea Molimo: “Le se ke la thetsana ka mashano, leha e le ho phoma ba bang.”—Levitike 19:11; Liproverbia 14:25.
Ka baka leo, haeba re fetisetsa ho ba bang taba eo re e utloileng, re lokela ho ba hlokolosi hore e na le bonnete. Empa re ka etsa hoo joang? Ntho e ’ngoe e tla re thusa ke ho utloisisa boleng ba taba ea bo-ba-re.
Taba ea Bo-ba-re e Qala Joang?
Taba ea bo-ba-re ke “puo kapa maikutlo a jetsoeng ka bophara a se nang mohloli o tsebisahalang”; kapa “polelo kapa tlaleho e buehang eo ho sa tsejoeng mohloli oa bonnete ba eona.” (Webster’s New Collegiate Dictionary) Litaba tsa bo-ba-re li ka ’na tsa jaloa ka molomo kapa li ka ’na tsa hlaba ka mokhoa oa ho ikhakanya ka “molao,” le ka likoranta kapa sea-le-moea. ’Nete ea hore ntho e ’ngoe e ne e hlahile thelevisheneng kapa pampiring ea litaba ha e bolele hore ke ’nete.
Litaba tsa bo-ba-re li qala joang? Hangata ho thata ho bolela. Puo feela e builoeng ke motho e mong e ka ’na ea nkuoa, ea phetoa-phetoa le ho fetelletsoa. Tlhahiso ea hore ntho e ’ngoe e ka ’na ea etsahala habonolo e ka fetoha tiiso ea hore e tla etsahala, ’me joale e ka ’na ea fetoloa ha thoe e etsahetse. Le metlae e ka qala taba ea bo-ba-re haeba motho e mong a e nka ka ho teba ’me a e pheta-pheta.
Taba ea bo-ba-re e tla hlaha habonolo moo tšabo e leng teng. Ha Ezekiele a ne a profeta boemo Jerusalema ha bofelo ba eona bo atamela, o itse: “Tšenyeho e tla ba oela holimo, ’me ba tla batla khotso ba sa atlehe. Mofere-fere o tla latellana le taba ea bo-ba-re e tla latellana.” (Ezekiele 7:25, 26, NE) Ha tšabo e tšoara sechaba, Jerusalema e ne e tla ba setsi sa litaba tsa bo-ba-re.
Litaba tsa bo-ba-re li ka boetse tsa qaloa ka boomo. Ha masole a neng a lebetse lebitla la Jesu ea bolailoeng ka ho khokhotheloa a tlaleha liketsahalo tse makatsang tseo a li boneng tsohong ea Jesu, baholo ba Bajode ba a bolella hore a jale taba ea bohata. Ba re: “E-reng: Barutuoa ba hae ba tlile bosiu, ba mo utsoitse re robetse.” Masole a mamela. “Eaba balebeli ba nka lichelete, ba etsa kamoo ba laetsoeng kateng; ’me taba eo e tumme har’a Bajode ho fihlela kajeno.”—Mattheu 28:13-15.
Lebaka la ho Jaleha ha Taba ea Bo-ba-re
Potso e thahasellisang haholo ke ena: Ke hobane’ng ha litaba tsa bo-ba-re, hang ha li qalehile, li phehellang ho jaleha hakaale? Hangata ke hobane feela batho ba batla ho li kholoa. Batlalehi ba bang ba litaba ba etsa mosebetsi ka ho pheta-pheta taba tsa bo-ba-re ka batho ba bang ba phahameng. Ba ne ba tla hloka mosebetsi kapele haeba ho ne ho se batho ba thahasellang litaba tse joalo. Batho ba bangata ba tšoana le Bagerike ba mehleng ea Pauluse, kamehla ba thahasella ho utloa “litaba tse hlahang [tse ncha].”—Liketso 17:21 bapisa NW.
Ntho e boetseng e jalang litaba tsa bo-ba-re, ke hobane li tšoanela maikutlo a fosahetseng le khethollo. Taba ea bohata ea bo-ba-re ka Bajode ba bolaeang Bakreste ha ho pelaelo e oetse litsebeng tse amohelang hobane balichaba ba ne ba sa utloisise Bajode. Ba ne ba ba tšaba kapa ba ba shoela mōna. Litaba tsa boba-re hape li ka bontša ho hloka botsitso ka taba e ’ngoe e itseng. Taba ea bo-ba-re ka libōkō tse kenngoang har’a “hamburger” e ka ’na ea ba e ile ea phehella hobane batho ba tšoenyehile ka ho se tsebe ka linoko le eo e leng sephiri sa feme ena. ’Me taba ea boba-re ka feme ea Procter & Gamble e ka ’na ea ba e ile ea mela hobane batho ba bangata haholo kajeno ba hohetsoe ke bodemona le bonohe.
Litaba tsa bo-ba-re li boetse li tota moo mebuso kapa babusi ba etsang ka lekunutu. ’Me li ka boetse tsa matlafatsoa ke ho lumela seo motho a se nahanang. Ka mashome a lilemo, litaba li ’nile tsa tsamaisoa hore lifofa-sebakeng tse sa tsejoeng li lutse fatše, ho boleloa hore li ne li nkile libopuoa tse mosa tse tsoang mekhatlong e tsoetseng pele ea mahlale qitikoeng e ’ngoe ea lefatše. Lekholong lena la bo20 la lilemo le likhathatso, batho ba bang ba ka ’na ba ho fumana ho tšelisa ho lumela hore libopuoa tsena li hlile li teng.
Ho feta moo, taba ea bo-ba-re e ka ’na ea khanya kapa ea bonahala e tiisitsoe ke ho hlalosa litaba hampe. Lekholong la pele la lilemo bo-ba-re ba ne ba re moapostola Pauluse o ne a khothalletsa Bajode ho koenehela Moshe. (Liketso 21:21, 24) Taba eo e ne e le bohata, ’me e ka ’na ea ba e ile ea fehloa ke hore Pauluse, a mamela qeto ea baapostola le baholo Jerusalema, o rutile hore Bakreste ba Balichaba ho ne ho sa lokela hore ba kene tlas’a Molao oa Moshe.—Liketso 15:5, 28, 29.
Arola ’Nete ho Bohata
Joale, na ntho e ’ngoe le e ’ngoe e jaloang ka molomo ke taba ea bohata ea bo-ba-re? Che. Morao koana mehleng ea Joshua, Rahaba oa Jeriko o ile a bolella lihloela tsa Iseraele: “Hobane re utloile kamoo Jehova a omisitseng metsi a Leoatle le Lefubelu pel’a lōna, mohla le tsoang Egepeta, le kamoo le entseng ho marena a mabeli a ba-Amore, ba mose oane oa Jordane.” (Joshua 2:10, 11) Litaba tsena tseo Rahaba a li utloileng e ne e le ’nete.
Ka ho tšoanang, ha Jesu a etsa mehlolo naheng ea Iseraele, Bibele e re: “Botumo ba hae ba utloahala Syria eohle; ha tlisoa ho eena bohle ba seng monate ke maloetse a mefuta-futa, le ba tšoeroeng ke mafu, le ba nang le bademona, le ba jeoang ke sethoathoa, le ba omeletseng litho; ’me a ba folisa.” (Mattheu 4:23, 24) Litlaleho tsena tse buang ka Jesu le tsona e ne e le ’nete.
Joale re ka ahlola joang hore na taba ke ’nete kapa e mpa feela e le taba ea bo-ba-re? Lintho tse ling ke tsena tseo re lokelang ho li hopola ha motho e mong a arolelana le rōna karolo e khethehileng ea litsebiso:
Ke mang ea u boleletseng taba ena? Na ke mofuta oa motho eo ho seng mohla a buang ntho e ’ngoe ntle leha a kholisehile ka litaba tsa hae? Kapa na kamehla o leka ho itšunya-tšunya litabeng tsa batho ba bang? Na o leka ho ba oa pele ea tlang ka litaba tse monate? Mohloli oa taba o etsa phapang e khōlō hore na e ka ’na ea ba ’nete kapa che. ’Me hona ho hopotsa ntlha e amanang le eo: Ba boemong ba ho tšepjoa kapa ba boikarabelo, ba kang baholo ka phuthehong kapa basali ba hōlileng tsebong ba Bakreste, ba lokela ho kholiseha hantle ka litaba tsena pele ba li fetisa, haeba le teng ho hlokahala hore ba li fetise. Batho ba ka ’na ba kholoa seo ba se buang le ho se pheta.—Liketso 20:28; Tite 2:3.
Na ea u boleletseng taba ee o boemong ba ho tseba linnete? Litaba tse tloaelehileng tsa bo-ba-re li atisa ho qala ka ntho e kang ena: “Ke utloile ka rangoane ea tsebang monna ea sebetsang . . .” Haeba u utloa kenyelletso ea mofuta o joalo, hlokomela! Bana ba bang ba bapala papali eo ba e etsang sakana-la-nkope ’me e mong o sebela ea ka pele ha hae polelo e khutšoaane. Ea ka pel’a hae o sebela ea hlahlamang, le eo o a e fetisa. Ha polelo eo e se e potile lesakana-lankope, bana ba qaboha ha ba bona kamoo e seng e fetohile kateng. Ba bangata ba rōna re bapetse papali eo, empa na re ithutile ho hong ka eona? Ha litaba li tloha ho motho e mong ho ea ho e mong, ka ho ke keng ha qojoa lia fetoha ’me kapele ha li sa tšoana le mokhoa oa tsona oa pele. Ka hona haeba u ke ke ua supa mohloli oa sebele oa taba, mohlomong ho hotle ho nka hore e sothiloe kapa e bile ke ea bohata kaofela.
Na taba ke ketselletso? Haeba taba e senya lebitso le letle la motho, mosebetsi, moloko kapa mokhatlo, sebetsana le eona ka hloko haholo. Hona ke ’nete le haeba u sa ikutloe u e-na le botsoalle ka ho khetheha ho sehlopha seo kapa motho eo. Moetselletsi ke moetselletsi ’me mashano ke mashano ho sa tsotellehe hore na ke bo-mang ba buuoang hampe. Jesu o ile a nyatsa bangoli le bafarisi pepenene, empa na u ka nahana a se a jala litaba tse etselletsang tsa bo-ba-re ka bona?—1 Petrose 2:21, 22.
Na taba e na le mabaka? Na ka sebele ho ka hla ha etsahala hore lifofa-sebakeng tse sa tsejoeng li chakele qitikoe ea rōna? Kapa hore feme e khōlō ea khoebo e ne e ka sebelisana le Diabolose? Kapa hore litsebi tse inehetseng tse etsang litšoantšo ka sebele li ka pata lifahleho litšoantšong tsa limakasine? Litaba tse utloahalang li ke ke tsa etsahala hakana li lokela ho nkoa hanyenyane haholo.
Khaotsa Taba ea Bo-ba-re, Jala ’Nete
Hona ha ho bolele hore lintho tse makatsang ha ho mohla li etsahalang. Ka linako tse ling lia etsahala. Empa ha re li utloa re lokela ho etsa ka bohlale e seng ka ho thetsoa feela re be re se re kholoa taba e ’ngoe le e ’ngoe e tlang. Ha litaba li hasana ho pota Palestina hore ’metli ea tsoang Nazaretha o ne a etsa mehlolo, litlaleho tseo e ne e le ’nete, joaloka ha ho etsahetse. (Mattheu 4:24) Leha ho le joalo, ha Johanne Mokolobetsi a ba utloa, a romela barutuoa ba hae ho ea batlisisa hantle hore na ho ne ho etsahala eng. (Mattheu 11:2, 3) Boo e ne e le boitšoaro bo leka-lekaneng.
Ha moapostola Thomase a utloa ka tsoho ea Jesu, a belaela. (Johanne 20:24, 25) Empa tabeng ena o ne a lokela e be o hlokometse hore hona e ne e se taba ea bo-ba-re e se nang motheo. O ne a tseba ka litsoho tseo Jesu ka boeena a li entseng, ’me o ne a utloile Jesu a bua ka lefu la hae le tlang le tsoho. (Mattheu 16:21; Johanne 11:43, 44) Ho feta moo, ba neng ba mo tlalehela e ne e le batho bao a tsebang hore o ne a ka ba tšepa. ’Me ba ne ba sa phete taba e seng e phetoa ke motho oa boraro. E ne e le lipaki tse boneng, ’me ba ne ba le teng hore a ka ba botsa ho bona haeba mohlomong ba ne ba le phoso.
E, litaba tse ling tseo re li utloang e ka ’na eaba ke ’nete. Empa kelello e tla re bolella hore sechabeng sefe le sefe, motseng ofe kapa ofe kapa tlhophisong efe kapa efe, litaba tsa bo-ba-re li ka jaloa, haholo-holo litaba tsa bo-ba-re tse bontšang litakatso tsa motheo kapa tšabo ea batho ba moo. ’Me kamehla ho teng menyetla e matla ea hore taba ea bo-ba-re e sothe ’nete. Ka hona, haeba u utloa taba ’me ho ke ke ha suptjoa mohloli oa eona, e nahanele ’me u kholisehe ka linnete pele u e fetisetsa ho ba bang. Hopola, “lipolelong tse ngata, tšito ha e hlokoe; ka baka leo, ea itšoarang molomo o bohlale.” (Liproverbia 10:19) U se ke ua ba mocha oa taba ea bo-ba-re, empa ho e-na le hoo, taba eo e “qetelle” ho uena, u se e fetise. Kahoo u tla phethahatsa mantsoe a moapostola Pauluse: “Ka baka leo, le ke le tele leshano, e mong le e mong a bolele ’nete ho oa habo; hobane re litho ba bang tsa ba bang.”—Ba-Efese 4:25.
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 22]
Litaba tsa bo-ba-re lia phehella. Hang ha li qalile, li thibeha ka thata
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 23]
Haeba u jala taba ea bo-ba-re, e ka ’na eaba u jala leshano
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 24]
Ha se ntho e ’ngoe le e ’ngoe e jaloang ka molomo eo e leng taba ea bohata ea bo-ba-re
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 25]
Na motho ea u boleletseng taba o ne a le boemong ba ho tseba linnete?