Ho Bua ka Batho ba Bang—Kamoo U ka Qobang ho Intša Kotsi Hammoho le ba Bang
HA FEELA batho ba sa ntsane ba le teng, ho tla ’ne ho buuoe ka bona. Esita le lefatšeng le lecha le phethahetseng leo ho profetiloeng ka lona ka Bibeleng mohlomong ho bua ka ba bang ho tla ’ne ho be teng.a (2 Petrose 3:13) Moqoqo o tloaelehileng oa ka mehla o buang ka metsoalle le batho bao re ba tsebang ke karolo ea bohlokoa ea tsela eo re buang ka eona le eo re bolokang likamano tse ntle ka eona.
Leha ho le joalo, le ka mohla ha ho lebaka la ho lokafatsa ho bua ka ba bang ho kotsi ho tletseng lonya kapa ketselletso! Puo e joalo e ntša kotsi ’me ea lematsa; e ka boela ea senya bophelo, likamano le botumo. Kahoo u ka qoba ho tšela moeli le ho ameha tabeng ea ho bua ka ba bang ho kotsi joang? U ka itšireletsa joang ho see? Tse ling tsa likeletso tse molemo ka ho fetisisa tabeng ea ho bua ka ba bang li ngotsoe ka Bibeleng. A re ke re lekoleng tse ling tsa tsona.
Laola Leleme la Hao: Ho ’nile ha boleloa hore “puisano ke ho sebelisoa ha kelello, empa ho bua ka ba bang ke ho sebelisoa ha leleme feela.” Ka sebele, hangata puo e kotsi ha e bontše lonya feela, empa e bontša ho hlōleha ho nahana pele motho a bua. Ba bang ba bua ka litaba tsa batho ba bang; baa li eketsa, baa li fetelletsa le ho li sotha ka ntle le ho nahana ka liphello. Ba senolela ba bang liphoso tsa metsoalle ea bona, balekane ba bona, le bana ba bona ba sa hlokomele kotsi eo ba ka e bakang.
Kahoo Bibele e fana ka keletso ena: “Lipolelong tse ngata, tšito ha e hlokoe; ka baka leo, ea itšoarang molomo o bohlale.” (Liproverbia 10:19) Ka mantsoe a mang, nahana pele u bua. Nahana pele u bua ntho e itseng ka motho e mong. Ipotse: ‘Na ke ne ke tla bua ntho e joalo haeba motho eo a ne a le teng? Ke ne ke tla ikutloa joang ha ho ne ho builoe ka ’na?’ (Mattheu 7:12) Pesaleme ea 39:1 e re: “Ke tla falimehela litsela tsa ka, ke tle ke se ke ka seba ka leleme la ka; ke tla bea sethibelo molomong oa ka.”
Ka sebele, ho ka ’na ha e-ba le maemo ao ho ’ona ho thōla ho ka bonahalang eka ho hang ho ke ke ha etsahala. Ka mohlala, u ka ’na ua ba le pelaelo e matla ka phoso e tebileng e entsoeng khahlanong le uena kapa lelapa la hao. Mohlomong ha u na bopaki leha e le bofe, empa u utloa ho hlokahala hore u etse ho hong ka taba eo. Na e tla ba ketselletso ho bua ka see le motsoalle eo u mo tšepang kapa motho e mong ea boholong? Na u moetselletsi ea lonya haeba u atamela motho e mong bakeng sa keletso? Ka ho hlakileng ha ho joalo. Bibele ea lumela hore ke bohlale ho tšoara puisano ea lekunutu. Ha e le hantle kahlolo e molemo le ho leka-lekana ke tsa bohlokoa ha ho sebetsanoa le maemo a joalo a ka ’nang a baka likhopiso.—Liproverbia 15:22.
U se ke ua Mamela ha ho Buuoa ka ba Bang ka Mokhoa o Kotsi: Ho ne ho tla etsahala eng ka ‘melomo e meholo,’ haeba ho ne ho se na ‘litsebe tse khōlō’? Bao nako le nako ba amehang puong ea booatla ke karolo e ’ngoe feela ea bothata; ba thabelang ho mamela puo e joalo le bona ba molato. Ho mamela feela ho ka ’na ha bontša hore ka ho khutsa ha hao u amohela seo ’me ho ka tlatsetsa tabeng ea ho bua ka bang ho kotsi. Liproverbia 17:4 e re: “Motho e mobe o theeletsa melomo e khopo tsebe; leleme le sebang le mameloa ke ea leshano.”
Kahoo, ha ho bua ka motho e mong ho tsoa taolong, mohlomong ho tla hlokahala hore u bontše sebete ’me u re: ‘Ha re mpe re fetole seo re buang ka sona.’ ’Me haeba metsoalle ea hao ea hona joale e hlōleha ho tlohela tšekamelo ea ho bua ka ba bang e kotsi, mohlomong u ka nahana ka ho iphumanela metsoalle e mecha. Bibele e re: “Le ka mohla motho ea buang ka ba bang a ke ke a boloka lekunutu. Khaohana le batho ba buang haholo.” (Liproverbia 20:19, Today’s English Version) Mohlomong ka mor’a nako e khutšoanyane feela ba tla be ba se ba ntse ba bua ka uena.
U se ke ua Arabela ka ho Fetelletseng ha ba Bang ba Bua ka Uena: Batho ba bangata ba thabela ho bua ka ba bang ha feela ho sa ba ame. Ka lehlakoreng le leng, ak’u nahane haeba e le uena eo ho buuoang ka eena hampe. Ka linako tse ling ho bonolo ho fumana mohloli oa pale ’me u lokise taba ka moea o khutsitseng. Empa ho thoe’ng haeba u sa khone ho etsa joalo?
Ho halefa ha hao ho ke ke ha finyella letho. Ha e le hantle, Bibele e re: “Motho ea halefang kapele o tla etsa ka booatla.” (Liproverbia 14:17, NW) Kahoo Salomone o fana ka keletso ena: “Se hlokomele mantsoe ’ohle a buoang . . . hobane pelo ea hao e tseba makhetlo a mangata ao le uena u sebileng ba bang ka ’ona.” (Moeklesia 7:21, 22) Ho bua ka ba bang ke ’nete ea bophelo, ’me ka nako e ’ngoe mohlomong uena ka bouena u ’nile ua kenella tabeng ea ho bua ka ba bang ka mafolo-folo. Na ka sebele ee ke taba eo u lokelang ho tšoenyeha ka eona? Na mohlomong e tla fela ka mor’a nakoana? Ho na le ‘nako ea ho tšeha,’ ’me mohlomong ho bontša hore u khona ho tšeha, ho qhelela taba eo ka thōko ka ho tšeha e ka ba tsela e molemo ea ho felisa puo ea bo-ba-re.—Moeklesia 3:4.
U se ke ua Mpefatsa Boemo: Haeba pale ena e hana ho fela, ipotse: ‘Na mohlomong ke ’na ea etsang hore ba bang ba bue ka ’na? Na mohlomong ke itšoere ka mokhoa o belaetsang, mokhoa o fanang ka ponahalo ea hore ho na le ho hong ho phoso ka ’na?’ Nahana ka maemo a latelang:
◻ Mosali e mong basebetsi-’moho ba ’mitsa ea botsoa le ea ke keng a tšeptjoa sephiring—le hoja a etsa mesebetsi ea hae ka tsela e khotsofatsang. Joale ke hobane’ng ha a tumme hampe tjee? Lebaka le leng ke hore o bontša boikutlo ba ho se tsotelle boo ka phoso bo ka hlalosoang e le ho ba botsoa. Mokhoa oa hae oa boitlhopho ha oa lokela mosebetsi oo a o sebetsang. Lebaka la ho qetela, ha a bontše bohlale ha a arabela melaetsa ea hae ea botho thelefonong, o buela holimo hoo a hapang tlhokomelo ea basebetsi bohle ba ofisi. Kahoo ba bua ka eena!
◻ Ralebenkele ke eena eo ho buuoang ka eena hohle motsaneng oo a lulang ho ’ona. Lipuo tsa bo-ba-re li bolela hore ha a tšepahale ho mosali oa hae. Monna enoa o latola qoso ena ea bohata ka matla. Lebaka la lipuo tsee tsa bo-ba-re ke lefe? O tumme ka hore o tloaelane le bareki ba basali ka mokhoa o fetelletseng.
◻ Ngoanana ea ka tlaase ho lilemo tse 20 o hlalosoa e le ea itšoereng hampe. Batho ba bang ba bolela hore o ratana le bahlankana ba bangata le hore o sebelisa cocaine. Lipale tsena tsohle ke tsa bohata. Empa o tsebahala ka ho tloaelana le batho ba sebelisang lithethefatsi. O apara ka mokhoa o fetelletseng, o lokisa moriri le ho sebelisa makeup ka mokhoa o fetelletseng.
Haeba ho buuoa ka uena ka mokhoa o tletseng lonya, mohlomong ho ka ba molemo ho hlahloba hore na mohlomong boitšoaro ba hao, mokhoa oo u sebelisanang le ba bang ka ’ona, esita le moaparo le boitlhopho tsa hao hase tsona tse mpefatsang boemo. Mohlomong ho etsa liphetoho bophelong ba hao ho tla felisa lipuo tsa bo-ba-re. Bibele e re: “Mollo o tima ke ho hlokeha ha patsi; ho joalo likomang, li fela ha mosebi a le sieo.” (Liproverbia 26:20) Ka ntle ho moo, haeba liketso tsa hao e le tse sa bontšeng boitšoaro bo botle, ka mehla ho na le kotsi ea sebele ea hore motho a hle a oele phosong—a etse hore puo ea bo-ba-re e hle e be ’nete.—Bapisa le Ba-Galata 6:7, 8; 1 Ba-Korinthe 10:12.
‘Hlokomela Litaba tsa Hao’
Ho bua ka ba bang ke ntho e tla lula e le teng. Leha ho le joalo, re lokela ho ela hloko matla a sena a ka ntšang kotsi. U ka qoba ho ikutloisa bohloko bo boholo hammoho le ba bang ka ho latela mantsoe ana a bohlale: “Tsohle tsee e leng tsa ’nete, tsohle tse hlomphehang, tsohle tse lokileng, tsohle tse ratehang, tsohle tse botumo bo botle, tsohle tseo bokhabane bo bong le poko e ’ngoe e leng teng ho tsona, le ke le hopole tsona . . . , ’me Molimo oa khotso o tla ba le lōna.”—Ba-Filippi 4:8, 9.
E, Molimo ka booona o thahasella tsela eo re buang ka batho ba bang ka eona. Jesu Kreste o ile a hlokomelisa: “Ka tsatsi la kahlolo, batho ba tla tsekisoa polelo e ’ngoe le e ’ngoe ea bosaoana eo ba e boletseng. Hobane u tla beoa ea lokileng ka lipolelo tsa hao, ’me ka lipolelo tsa hao u tla tsuoa.”—Mattheu 12:36, 37; bapisa le Pesaleme ea 52:2-5.
Na u batla ho ba le likamano tse molemo le ba bang, khotso ea kelello, ’me habohlokoa ka ho fetisisa, boemo bo botle le Molimo? Joale, latela keletso e bululetsoeng ea Lentsoe la Molimo: “Ikitlaetseng ho phela ka khotso, ho hlokomela litaba tsa lōna.” (1 Ba-Thessalonika 4:11, BPN) Bontša thahasello ho batho ba bang, empa u etse joalo ka tsela e mosa le e hlomphehang. Kahoo u tla lulella hōle le ho bua ka ba bang ho kotsi ka ho felletseng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng, bona buka U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc., khaolo 19.
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Furalla puo e e ka utloisang ba bang bohloko
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Na boitšoaro ba hao bo seng bohlale bo neha ba bang lebaka la ho bua ka uena?