Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • gt khao. 6
  • Ngoana ea Tšepisitsoeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ngoana ea Tšepisitsoeng
  • Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ngoana ea Tšepisitsoeng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Ngoana eo Esale a Lebelloa
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • O Ile a “Nahanisisa ka Pelong ea Hae”
    Etsisa Tumelo ea Bona
  • O Ile a “Nahanisisa ka Pelong ea Hae”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
Bala Tse Ling
Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
gt khao. 6

Khaolo ea 6

Ngoana ea Tšepisitsoeng

HO E-NA le hore Josefa le Maria ba khutlele Nazaretha, ba lula Bethlehema. Ha Jesu a na le matsatsi a robeli, baa mo bolotsa joalokaha Molao oa Molimo ho Moshe o laela. Hape ho bonahala eka ke moetlo hore ngoana oa moshemane a reoe lebitso letsatsing la borobeli. Kahoo ba rea ngoana oa bona Jesu, joalokaha lengeloi Gabriele le laetse pejana.

Ho feta nako e fetang khoeli, ’me Jesu o se a na le matsatsi a 40. Joale batsoali ba hae ba mo isa hokae? Ba mo isa tempeleng Jerusalema e bohōle ba lik’hilomithara tse seng kae feela ho tloha moo ba lulang teng. Ho latela Molao oa Molimo ho Moshe, ho ne ho hlokahala hore matsatsi a 40 ka mor’a hore ’mè a belehe mora, a etse nyehelo ea tlhoekiso tempeleng.

Ke sona seo Maria a se etsang. O tlisa linonyana tse peli tse nyenyane e le nyehelo ea hae. Sena se senola ho hong ka boemo ba lichelete ba Josefa le Maria. Molao oa Moshe o bontša hore ho ne ho lokela hore ho nyeheloe konyana e tona, eo e leng ea bohlokoa haholo ho feta linonyana. Empa haeba ’mè a ne a sa khone ho etsa sena, maeba a mabeli kapa maebana-khoroana a ne a lekane.

Ka tempeleng Jesu o nkoa ke monna-moholo e mong. Lebitso la hae ke Simeone. Molimo o ne o mo senoletse hore a ke ke a shoa pele a bona Kreste, kapa Messia ea tšepisitsoeng oa Jehova. Ha Simeone a e-tla tempeleng letsatsing lena, moea o halalelang o mo lebisa ho ngoana ea nkiloeng ke Josefa le Maria.

Ha Simeone a nka Jesu, o leboha Molimo, o re: “Joale, Monghali, u lese mohlanka oa hao, a ee ka khotso, ka polelo ea hao; hobane mahlo a ka a bone poloko ea hao, eo u e lokisitseng pontšeng ea lichaba kaofela, hore e be leseli le tla bonesa lichaba, le khanya ea Iseraele, sechaba sa hao.”

Josefa le Maria baa hlolloa ha ba utloa sena. Joale Simeone oa ba hlohonolofatsa ’me o bolella Maria hore mora oa hae “o beetsoe ho oa le ho tsoha ha ba bangata Iseraeleng” le hore masoabi, a kang sabole e bohale, a tla hlaba sephefumolohi sa hae.

Moprofeta oa mosali ea lilemo li 84 ea bitsoang Anna o teng ketsahalong ena. Ha e le hantle, ha ho mohla a leng sieo tempeleng. Ka eona nako eo oa atamela ’me o qala ho leboha Molimo le ho bua ka Jesu ho bohle ba mametseng.

Liketsahalo tsee tsa tempeleng li nyakallisa Josefa le Maria hakaakang! Ka sebele, tsena tsohle li ba tiisetsa hore ngoana enoa ke Ea Tšepisitsoeng ke Molimo. Luka 2:21-38; Levitike 12:1-8.

▪ Ho bonahala eka moetlo e ne e le hore ngoana oa moshemane oa Moiseraele a reoe lebitso neng?

▪ Ho ne ho hlokahala eng ho ’mè oa Moiseraele ha mor’a hae a e-⁠na le matsatsi a 40, ’me ho phethahatsa tlhokahalo ena ho senola boemo ba lichelete ba Maria joang?

▪ Ketsahalong ee ke bo-mang ba hlokomelang hore na Jesu ke mang, hona ba bontša see joang?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela