Lerato la Lelapa Leso ho Molimo Ho sa Tsotellehe Teronko le Lefu
Kamoo ho boletseng Magdalena Kusserow Reuter
KHAITSELI ea ka Wilhelm e ne e lokela ho bolaoa ke Manazi hoseng ka le hlahlamang. Molato? Ho thibeloa ke metheo ea bolumeli ho sebeletsa sesoleng sa Jeremane. O ne a le lilemo li 25 ’me a hlokomela hantle ho atamela hoa polao ea hae ka ho thunngoa ke lebotho le bolaeang. Mantsiboeeng ao a la 26 ’Mesa, 1940, kaofela a re ngolla lengolo le latelang la tumeliso ’me kamorao ho moo a ikela tlung ka khotso ’me a robala hamonate.
“Batsoali, le banab’eso ba ratehang:
Kaofela lea tseba kamoo le leng ba bohlokoa kateng ho ’na, ’me khafetsa ke hopotsoa hona nako le nako ha ke sheba foto ea lelapa. Kamoo kamehla lintho li neng li tsamaea ka kutloano kateng lapeng. Leha ho le joalo, ka holim’a tsohle re tlameha ho rata Molimo, joalokaha Moetapele [Führer] oa rōna Jesu Kreste a laetse. Haeba re mo emela, o tla re putsa.”
Bosiung ba hae ba ho qetela moratuoa oa rōna Wilhelm o ne a nahana ka rōna—batsoali ba hae ba Bakreste le bana babo ba bahlano ba bashanyana le likhaitseli tsa hae tse hlano, lelapa le leholo le le kopaneng ka ho sa tloaelehang. Ho feta nako ea meferefere, joaloka lelapa re ile ra etsa hore kamehla lerato la rōna ho Molimo le tle pele.
Lelapa Leso la Thabo e Khōlō
Batsoali ba ka, Franz le Hilda Kusserow, e ne e bile Liithuti tsa Bibele tse chesehang, kapa Bibelforscher (Lipaki tsa Jehova), ho tloha ha ba kolobetsoa ka 1924, selemo seo ke hlahileng ka sona ke le ngoana oa bona oa bosupa. Lilemo tsa bocha tseo rōna bana ba 11 re li phetseng le batsoali ba rōna ebile nako e babatsehang. Kaha ntate o ile a tlohela mosebetsi oa boipheliso kapele bophelong, o ile a khona ho nehela nako e ngata ho rōna. Hona o ho entse tumellanong le metheo ea Bibele. Ha ho letsatsi le kileng la feta re sa amohela keletso le taeo ea Bibele. Batsoali ba rōna ba ile ba hlokomela hore ho ke ke hoa itlisa hore bana ba fetohe barorisi ba Jehova feela hobane batsoali ba bona e le bona.
Ka 1931 Ntate a latela memo ea Watchtower Society ea ho fallisetsa lelapa la hae le leholo sebakeng seo ho sona ho neng ho se phutheho ka nako eo. Paderborn le libakeng tse potolohileng—ho ne ho akarelletsoa metse le metsana e ka bang 200—re ne re e-na le mosebetsi o mongata oa ho bolela molaetsa oa ’Muso. Moholoane oa ka bananeng, Annemarie, o ne a sebeletsa e le pula-maliboho e khethehileng, ’me Ntate le khaitseli ea ka, Siegfried, e lilemo li 15 e le bo-pulamaliboho ba kamehla.
Batho ba ne ba ka bona matšoao a maholo a ferefiloeng ka mahlakoreng a mabeli a ntlo eso e Bad Lippspringe leha ba le hōle. Mono, ka Sejeremane, Ntate o ne a ngotse: LESEN SIE ‘DAS GOLDENE ZEITALTER’ (BALA ‘THE GOLDEN AGE,’ lebitso la pele la makasine oa Tsoha!). Ntlo e ne e hahiloe pel’a seporo sa libese se kopanyang Paderborn le Detmold. Neng le neng ha bese e tsamaeang seporong e ne e ema ka pel’a ntlo, moqhobi oa eona o ne a ee a hoelehetse: “Bese e eme, GOLDEN AGE!” ’Me ha e le ho bua ’nete, ntlo eso, e neng e hahiloe sebakeng sa liakere tse tharo ’me e pota-potiloe ke serapa se setle le lihlahla le lifate, ho rōna ea fetoha setsi sa thuto le tšebeletso, tsohle li likoloha thabong e khōlō ea ’Muso oa Molimo o tlang.—Mattheu 6:9, 10.
Tsohle ka Kutloano
Lelapa le hlohonolofalitsoeng ka bana ba bangata hakaalo le ne le hloka tsamaiso Hangata ho ne ho e-na le meroho le litholoana tse lokeloang ho kotuloa. Re ne re lokela ho hlokomela litsuonyana le makau, le konyana ea lelapa e ne e hloka ho fepjoa ka botlolo. Ntja “Fiffi” le katse “Pussi,” le tsona e le “litho” tsa lelapa tse ratoang, li ne li hloka tlhokomelo. Ka hona Ntate a etsa kemiso ea mosebetsi oa ho hloekisa ntlo, ho sebetsa serapeng, le ho hlokomela liphoofolo. Ngoana e mong le e mong o ne a kopanela mesebetsing e sa tšoaneng, eo bashanyana le banana ba neng ba e fapanyetsana ka beke le beke.
Ntate o boetse a kenyelletsa nako ea boikhathollo, e neng e akarelletsa ’mino, ho penta, le ho etsa lintho tse ling tse ’maloa, tsohle li tsamaisoa ke ’Mè, eo mosebetsi oa hae e neng e le tichere. Re ne re e-na le liviolo tse hlano, piano, okono, likoriana tse peli, katara, le liphala tse ’maloa. E, batsoali ba rōna ba ne ba sa hlokomele mosebetsi oa rōna oa sekolo oo re o etsang hae feela, empa ba ne ba boetse ba entse hore ’mino le ho bina ebe karolo ea lenaneo la rōna la thuto.
Hoo ke nahanang hore ke hoa bohlokoahali kajeno ke hore ha hoa ka hoa e-ba le letsatsi le fetang re sa fumana taeo e itseng ea moea, hore na re tafoleng ho arabeloa lipotso tsa rōna kapa ka tsela ea ho ithuta litemana tse fapaneng tsa Bibele ka hlooho. Ntate o ne a boetse a hatella hore re ithute ho itlhalosa hantle. Ka mantsoe a mang, re ne re e-na le bophelo bo botle ba lelapa, ho feta bo ka boleloang ke pale efe kapa efe. Bonneteng, le rōna re ne re e-na le mefokolo, ’me hangata Ntate o ne a re khalemela ka mantsoe a hlabang ho feta kahlolo leha e le efe ea ho shapuoa. Kamehla o ne a re ruta ho ikopela tšoarelo bakeng sa liphoso tsa rōna le ho ba ba tšoarelang ba bang. Ka nako eo re ne re sa hlokomele hore na koetliso ena e ne etlaba ea bohlokoa hakae.
Setho sa ho fela sa lelapa, Paul-Gerhard e monyenyane, o hlahile ka 1931. O ile a amoheloa ke baholoane ba hae, Wilhelm, Karl-Heinz, Wolfgang, Siegfried, le Hans-Werner le ’na le likhaitseli tsa hae, Annemarie, Waltraud, Hildegard, le Elisabeth.
Mahlomola aa Qala
Ho e ka bang nakong ena Adolf Hitler o ne a fumana matla Jeremane. Ho ne ho bonahala eka Ntate o ne a tseba hore mathata a tseleng, ’me nako le nako o ne a re lokisetsa lilemo tse thata tse tlang. A re bontša Bibeleng hore Lipaki tse ling tse tšepahalang li ne li tla hlorisoa, li kenngoe teronkong, le ho bolaoa. (Mattheu 16:25; 2 Timothea 3:12; Tšenolo 2:10) Ke hopola ke nahana hore hona ho ne ho ke ke hoa etsahalla lelapa leso. Ke ne ke sa tsebe hore na bokamoso bo re tšoaretse eng.
Sehlōhō e bile ho shoa hoa khaitseli ea ka Siegfried ea ileng a khangoa ke metsi ka tsietsi a le lilemo li 20. Joale selemo ka 1933 ra beoa leihlo ke National Socialists, eo hona joale e tsebahalang e le Manazi. Sepolesa sa lekunutu sa laela hore matšoao a ntlong eso a pentoe. Empa matsatsing ao pente e ne e se na matla hoo u neng u ntse u ka ’na oa bona “GOLDEN AGE” e ntse e bonahala! ’Me moqhobi oa bese o ne a ntse a tsoela pele ho hoelehetsa: “Bese e eme, GOLDEN AGE!”
Butle-butle likhatello tsa ’na tsa e-ba matla. Lipaki tsa habo rōna, tse neng li tšoeroe hampe ke “Gestapo,” tsa batla tšireletso lapeng leso. Penchele ea ntate e ile ea khaoloa hobane a ne a hana ho re “Heil Hitler.” Pakeng tsa 1933 le 1945, “Gestapo” e ile ea phenya-phenya ntlo eso ka makhetlo a ka bang 18. Empa na hoo hohle ho ile hoa re tšosa, rōna bana? Ngoan’eso oa ngoanana Waltraud o-oa hopola: “Esita leha mahloriso a ne a phahama, re ne re ikutloa re matlafalitsoe ke batsoali ba rōna, ba neng ba ithuta Bibele le rōna kamehla. Ra ’na ra latela kemiso ea Ntate.”
Ba ho Fela Tlas’a Khetello
Letsatsi le leng le le leng ba banyenyane ho rōna ba ne ba e-ea sekolong ka matsoalo. Matichere a ne a re laela hore re lumelise folaga, re bine lipina tsa Nazi, ’me re phahamise matsoho a rōna ha re re “Heil Hitler.” Kaha re ne re hana, re ne re rohakoa. Empa ke eng e ileng ea re thusa ho ema re tiile? Bohle re lumela hore lekunutu e ne e le hore Ntate le ’Mè letsatsi le letsatsi ba ne ba buisana le rōna ka mathata a motho ka mong ha a hlaha. (Ba-Efese 6:4) Ba ne ba re bontša kamoo re ka itšoarang kateng le kamoo re ka itšireletsang ka Bibele. (1 Petrose 3:15) Hangata re ne re ikoetlisa, re botsa lipotso ’me re li arabela.
Ngoan’eso oa ngoanana Elisabeth o hopola teko eo a bileng le eona e sehlōhō: “Motsotso o thatahali ho rōna oo re ke keng ra o lebala le kamohla e bile ha, selemo ka 1939, mookameli oa sekolo a qosa rōna bana ka hore re hlokomolohiloe moeeng le boitšoarong ’me a lokisetsa ka lekhotla hore re ntšoe sekolong ’me re isoe sebakeng se sa tsejoeng. Ke ne ke le lilemo li 13, Hans-Werner li le 9, ’me Paul-Gerhard e monyenyane li le 7 feela.”
Haufinyane tjena, kamor’a lilemo tse fetang 40, Paul-Gerhard o ile a amohela lengolo le tsoang ho e mong oa ba boholong eo letsoalo la hae le neng le ntse le mo khathatsa. O ngotse: “Ke lepolesa le ileng la le isa sekolong sa litlokotsebe uena le banabeno ba babeli. Ke ile ka nehelana ka lōna hona mantsiboeeng ao.” Nahana, bana bao ba bararo ba se nang boitšireletso ba koeteloa sekolong ho sa thoe letho ho batsoali ba bona!
’Mè o ile a leka ho fumana hore na ba nketsoe hokae. Qetellong, kamor’a libeke tse seng kae, a ba utloela sekolong sa litlokotsebe Dorsten. Motsamaisi o ile a hlokomela kapele hore bana bana ba mekhoa e metle le hore ba ne ba sa lokela ho ba moo, ka hona kamor’a likhoeli tse ’maloa ba ile ba lokolloa. Empa ba se ke ba fihla hae. Ho ile hoa etsahala’ng?
Likhaitseli tsa ka le ngoan’eso oa ngoanana ba ile ba khaoletsoa ke “Gestapo” ’me ba tlosoa Dorsten ho isoa Nettelstadt haufi le Minden ’me ba kenngoa sekolong sa koetliso ea Nazi. Ba ne ba sa lumelloe ho eteloa ke beng ka bona, empa ’mè a leka matsapa ’ohle ho matlafatsa bana ba hae, ho akarelletsa le ho ba romella mangolo a patiloeng. Ka nako e ’ngoe o bile a khona ho kopana le bona ’me a bua le bona ka sekhukhu. Hamorao bana ba ile ba aroloa ’me ba isoa libakeng tse fapaneng. Leha ho le joalo, ba boloka botšepehi, ’me ba hana ho lumelisa folaga kapa ho re “Heil Hitler.” Ba ne ba supa Liketso 4:12, moo ho itsoeng ka Jesu Kreste: “Ha ho poloko [Heil, ka Sejeremane] ho e mong.”
Lelapa Lohle le Beoa Tekong
Nakong ena, Ntate o ne a sebellelitse likahlolo tse peli teronkong. Ka la 16 Phato, 1940, o ile a lokolloa teronkong, hore feela hamorao a romelloe hape likhoeli tse robeli bakeng sa kahlolo ea hae ea boraro teronkong e khōlō Kassel-Wehlheiden. Empa nakong ena e khutšoaane ea bolokolohi, e ne e le thabo e kaakang ho eena ho kolobetsa ba bararo ho rōna—Hildegard ea lilemo li 19, Wolfgang ea lilemo li 18, le ’na, ea lilemo li 16 ka nako eo.
Ntate o boetse a kenngoa teronkong ka nako eo ’Mè le Hildegard ba ntseng ba le litlamong. Le ’na ka isoa khotla, ’me ka ahloleloa ho ba mong teronkong ea bacha ba litlokotsebe Vechta ha ke le lilemo li 17. Mono ho ne ho se letho leo ke le etsang. Ho tsoha hoseng le ho lula feela letsatsi lohle u shebile mabota a masoeu ho ne ho se bonolo. Ke ile ka leka ho hopola kahohle kamoo nka khonang seo ke ithutileng sona ’me ke ile ka hlolloa ke matlotlo a moea ao ke a fumanang. Ka hopola lipina tsohle tsa ’Muso le ho nahana ka lihlooho tsa Bibele. Ke ile ka leboha hakaakang koetliso e hlokolosi eo batsoali ba ka ba mphileng eona!
Ha likhoeli tsa ka tse qalang tse tšeletseng teronkong li le haufi le ho fela, motsamaisi oa teronko a mpitsetsa ofising ea hae ’me a hlalosa hore ke ne ke tla lokolloa haeba nka saena pampiri ke latola seo ke se lumelang hore ke thuto ea bohata. Ka boela ka ba le monyetla oa ho sireletsa tumelo ea ka. Karabelo ea hae ea e-ba ho khutsa. Eaba o bua ka lentsoe le hlomohileng a re o tlameha ho nkhutlisetsa ho “Gestapo.” Likhoeli tse ’nè hamorao ke ile ka isoa kampong ea mahloriso Ravensbrück.
’Mè le Hildegard ba ne ba ntse ba le teronkong e ’ngoe. Ke ile ka kopana le bona hamorao ha ba isoa Ravensbrück. Joale ’na le ’Mè re ile ra khona ho lula hammoho ho fihlela ntoa e fela. Annemarie le Waltraud le bona ba ne ba ntse ba le teronkong. Setho se seng le se seng sa lelapa joale se ne se bile teronkong kapa sa koeteloa. Ntlo e khōlō Bad Lippspringe, eo ka nako e ’ngoe e neng e tletse litšeho le ho bina hoa bana ba lokolohileng, joale e ne e le feela. Matšoao a neng a le mahlakoreng a mabeli a ntlo a ne a ile a pentoa hangata-ngata. “GOLDEN AGE” e ne e se e sa bonahale.
Ravensbrück—Metsoalle le Lira
Ha ke fihla Ravensbrück, ho sa tsotellehe ho tšoaroa hoa ka ke ne ke lebelletse ho kopana le Lipaki tse ling. Empa ke ne ke tla li fumana joang har’a likete tseo tsohle tsa batšoaruoa? Mokhoa o mong oa kamohelo e ne e le ho runoa hloohong. Motšoaruoa ea neng a hlahloba hlooho ea ka o ile a mpotsa ka lentsoe le tlaase “Ke hobane’ng ha u le moo?” Ka arabela, “ke Bibelforscher.” Ka thabo a arabela, “U amoheloa ho tloha botebong ba pelo, ngoan’eso ea ratehang!” Ke ile ka isoa bolokong ba Bibelforscher moo Khaitseli Gertrud Poetzinger a ileng a nkhoaela ka lehafing.
Letsatsing le hlahlamang ke ile ka bitsetsoa ofising ea molaoli oa kampo. ‘Deskeng’ ea hae ho ne ho e-na le Bibele e khōlō e phetliloeng ho Ba-Roma khaolo ea 13. A ntaela hore ke bale temana ea pele, e reng: “Motho ka mong a ikokobetse ka tlas’a borena.” Hoba ke qete a re: “Joale u tla ntlhalosetsa hore na ke hobane’ng ha u sa rate ho ikokobeletsa borena.” Ka arabela: “Hore ke tle ke hlalose sena, ke tla tlameha ho bala khaolo eohle.” Ha ke rialo a koahela Bibele hampe ’me a re ke tsamaee. Kahoo ka qala lilemo tsa ka tse tharo le halofo Ravensbrück.
Ntle ho tšoaro e sehlōhō ea balebeli ba SS, mohlomong mariha ebile karolo e sehlōhōhali ea phihlelo eo. Re ne re ema ka mela serameng se batang hore re baloe hoseng ho hong le ho hong. Hoo ho ne ho qala ho tloha ka hora ea 4 hoseng ’me ho ne ho ka ’na hoa nka lihora tse peli ho ea ho tse hlano! Re ne re sa lumelloe ho kenya matsoho lipokothong, ’me ka tšoaroa ke serame matsohong le maotong ’me ka hloka tlhokomelo ea meriana.
Empa re ne re boetse re sebelisa lihora tseo tse senngoang meleng re hahana moeeng. Ha balebeli ba SS ba le hole hoo ba ke keng ba utloa, kaofela re ne re ee re phete temana e mong kamor’a e mong ’me kahoo re likolohisa menahano ea rōna Lentsoeng la Molimo. Ka lekhetlo le leng kaofela re ile ra ithuta Pesaleme ea 83, ho e pheta e mong kamor’a e mong, re le hlokolosi hore ho se be molebeli ea re tšoarang. Thuso ena ea moea e ile ea re thusa ho mamella. Empa ha re khutleleng selemo ka 1940.
Moshoela-tumelo Oa Pele
Khaitseli ea ka ea matsibolo Wilhelm o ile a ahloleloa lefu ’me a bolaoa phatlalatsa serapeng sa sepetlele Münster. E bile moshoela-tumelo oa pele oa lelapa. ’Na le ’Mè re ile ra mo chakela pejana ho lefu la hae. Re ile ra khahloa ke ponahalo ea hae e sebete. O ile a re ’Mè a nke jase ea hae, a re, “Ha ke e hloke hona joale.”
Hitler o ile a lahla boipiletso ba boraro ba Wilhelm khahlanong le ho ahloleloa hoa hae lefu ’me Hitler ka seqo a saena lengolo la hae la polao. Empa esita leha mahlo a Wilhelm a se a tlamiloe, o ile a fuoa monyetla oa ho qetela oa ho latola tumelo ea hae. A hana. Takatsao ea hae ea ho qetela? Hore ba lokela ho thunya hang-hang. Moeletsi oa hae ea khethiloeng ke lekhotla hamorao o ile a ngolla lelapa: “O ile a shoa kapele, a tobana le lefu a eme tsoe. Boikutlo ba hae bo ile ba makatsa lekhotla le rōna bohle haholo. O shoele tumellanong le tumelo ea hae.”
’Mè hang-hang a ea Münster ho ea batla setopo. O ne a ikemiselitse ho ea mo patela Bad Lippspringe. Joalokaha a boletse, “Re tla fana ka bopaki bo boholo ho batho ba neng ba mo tseba.” A phaella, “Ke tla etsa hore Satane a lefe ho bolaea Wilhelm oa ka.” A kōpa hore Ntate a lokolloe matsatsi a mane teronkong ho ea lepatong, ’me ho makaleng hoa rōna o ile a a fuoa!
Ntate a rapela lepatong, ’me Karl-Heinz, ea hlahlamang mora e moholo, a bua mantsoe a Bibele a tšelisang letšoele le leholo la ba llang ba bokaneng lebitleng la Wilhelm. Libeke tse seng kae hamorao, ntle ho nyeoe, Karl-Heinz le eena o ile a romeloa kampong ea mahloriso, pele a isoa Sachsenhausen ’me hamorao a isoa Dachau.
Moshoela-tumelo oa Bobeli
Khaitseli ea ka e mong e moholo, Wolfgang, o ne a ile a emela Molimo oa ’nete ha a kolobetsoa, le hoja a ne a tseba hore ho ka ’na hoa boetse hoa isa lefung la hae. Empa o ne a ke ke a lebala mehlala e totobetseng ea ho tiea ka lehlakoreng la ntate oa hae le bana babo ba bashanyana, ka sebele le bohle ba lelapa. Ka la 27 Tlhakubele, 1942, selemo le halofo hoba a kolobetsoe, eena ka boeena o ne a lutse seleng Berlin a ngola lengolo le latelang la tumeliso:
“Joaloka mora oa lōna oa boraro le ngoan’abo lōna, ke tlameha ho le sia hosasa hoseng. Le se ke la utloa bohloko, hobane nako e-ea tla eo re tla ba hammoho hape! . . . Thabo ea rōna etlaba khōlō hakaakang ka nako eo, ha re boela re kopana. . . . Hona joale re ’nile ra harasanngoa, ’me e mong le e mong o tlameha ho mamella teko; ka nako eo re tla putsoa.”
Hitler o ne a entse qeto ea hore lefu la ho thunngoa le ne le le molemo haholo bakeng sa ba hanyetsang ka baka la metheo ea bolumeli. A laela hore ba khaoloe hlooho. Joalokaha moshoela-tumelo oa bobeli oa lelapa, Wolfgang a ile a khaoloa hlooho teronkong e khōlō Brandenburg. O ne a le lilemo li 20 feela.
Lerato ho Molimo Le Ntse Le e-tla Pele
Ho etsahetse’ng ka litho tsa lelapa tse ileng tsa phonyoha mehla ea Nazi? Waltraud le Hans-Werner ebile bona ba pele ho khutlela Bad Lippspringe qetellong ea Ntoa ea II ea Lefatše. Hoa latela Hildegard, Elisabeth, le Paul-Gerhard. Ntate, a khaohile leoto, a tla hae a kentsoe pakeng tsa linku tse palamisitsoeng kariki ea liphoofolo.
Waltraud o sa hopola: “Re ile ra thaba haholo ho bona Ntate a lokollotsoe ’me a boetse a e-na le rōna hape. Empa o ne a kula haholo. Ka Phupjane 1945, mooki a tlisa khaitseli ea rōna e kulang hampe Karl-Heinz ho tsoa likampong tsa mahloriso Dachau. Ka Phupu 1945, Annemarie, ka tsela e potolohang, a fihla a e-tsoa teronkong e khōlō Hamburg-Fuhlsbüttel. Litho tsa ho qetela tsa lelapa, ’Mè le Magdalena, kamor’a mathata a mangata ba khutla Ravensbrück ka Loetse 1945. Re ne re e-na le moqoqo o mongata hakaakang!”
Na nako ee ea mahloriso le ho lahleheloa hoa lelapa e ile ea bolaea lerato la rōna ho Molimo? Le hanyenyane! Le hoja Ntate a ne a kula, ha a ka ba le motsotso oa ho khutsa ho fihlela a hlophisitse mosebetsi, ho akarelletsa tšebeletso ea ho bolela ka ntlo le ntlo, le ho lokisetsa ho tšoara liboka. Ha a ntse a etsa kemiso ea lelapa, e neng e fana ka tlhokomelo bakeng sa ba kulang le bakeng sa ho iphelisa, re ne re sa lebale hore lerato la rōna ho Molimo le lokela ho tla pele. Re ile ra nahana ka menyetla ea tšebeletso ea nako e tletseng. Ke kahoo ’na le Elisabeth re ileng ra ba bo-pula-maliboho ba khethehileng ka 1946, ha Annemarie le Paul-Gerhard ba ne ba sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba kamehla.
Liketsahalo tsa Kamorao
Empa liketsahalo tsa kamor’a mahloriso bophelong ba rōna li ile tsa totobala. Ka Mphalane 1946, Karl-Heinz a bolaoa ke lefuba a le lilemo li 28. Ka Phupu 1950 ntate eo ke mo ratang a qeta tsela ea hae ea lefatšeng ka kholiseho ea hore mesebetsi ea hae e tla mo latela. ’Mè le eena, ea neng a e-na le tšepo ea leholimo, a shoa ka 1979. (Bona Tšenolo 14:13.) Elisabeth o ile a tlameha ho tlohela tšebeletso ea hae ea nako e tletseng empa a tsoela pele a tšepahala ho fihlela a e-shoa ka 1980. Ka 1951 ’Mè o ne a ile a nka tšebeletso ea bopula-maliboho ’me, le hoja a ne a fetile lilemo tse 60, o ile a khona ho tsoela pele ka lilemo tse tharo le halofo. ’Me e bile thabo e kaakang pele ho lefu la hae, hore a bone boholo ba litloholo tsa hae bo nka tšebeletso ea nako e tletseng.
Khaitseli ea ka ea ho fela, Paul-Gerhard, o ne a sebetsa khatisong Bethele Jeremane ho fihlela a memeloa ho ea sekolong sa boromuoa Gileade. O fetile sehlopha sa bo19 ka 1952. Kamor’a lilemo tse ’maloa tse tsoelang pele tsa tšebeletso ea nako e tletseng, o ile a tlameha ho tlohela ha mosali oa hae a ne a kula hampe-mpe. Le hoja mosali a ntse a le liphateng, eena o sebeletsa e le moholo, ’me morali oa bona Brigitte hona joale o sebeletsa e le pula-maliboho e khethehileng. Mora oa bona Detlef o butse maliboho ka lilemo tse 14. Bana ba Elisabeth ba babeli, Jethro le Wolfgang, le bona ba bile tšebeletsong ea nako e tletseng ka lilemo tse ngata.
Ka 1948 le ’na ka ea sebeletsa Bethele ea Wiesbaden. Ka hare ho lelapa la Bethele ke ne ke ikutloa ke sireletsehile, joaloka lapeng feela. Re ne re sebetsa ka thata, hangata re sebetsa ho fihlela bosiu, re laolla thepa e khōlō ea libuka tse tsoang ntlo-khōlō Brooklyn. Ka 1950 ka nyalana le George Reuter, le eena a sebetsa Bethele. Kahoo, nako e ncha ea qala ho ’na, ka liphihlelo tse babatsehang lehlakoreng la monna oa ka tšebeletsong ea potoloho, ea setereke, le ea boromuoa Togo, Afrika, le Luxembourg, ’me hona joale re ka boroa ho Spain.
Lelapa lohle? Ka 1960, Annemarie, Waltraud, le Hildegard, hammoho le ’Mè, ba fallela motseng o moholo oa Jeremane moo ba neng ba ka sebetsa le liphutheho tse buang Senyesemane le Setaliana. Hildegard, ea phetseng lilemo tse ka bang hlano literonkong le kampong ea mahloriso, qetellong a felisoa ke lefu ka 1979. Annemarie le Waltraud ba ’nile ba tsoela pele ka moea oa bona oa boitelo le mosebetsi o inehetseng.
Kannete, lelapa la bo rōna, leo lerato la lona ho Molimo le neng le e-tla pele, le latsoitse mantsoe a Jesu a hore “Diabolose o se a ea kenya ba bang . . . teronkong,” ho leka ho tšepahala hoa bahlanka ba Molimo le “ho isa lefung.” Empa le kamohla ha re e-so lebale seo Jesu le eena a se buileng: “Ea hlōlang a ke ke a etsoa hampe ke lefu la bobeli.”—Tšenolo 2:10, 11.
Ka hona re na le mabaka oohle a ho lebella ho boela re kopana mehleng e tlang ea “GOLDEN AGE”—e se e sa ngoloa feela leboteng. Tlas’a ’Muso oa Molimo etlaba ntho ea sebele!—Tšenolo 20:11–21:7.
[Setšoantšo se leqepheng la 11]
Setšoantšo sa ho qetela se nkiloeng sa lelapa lohle. Ho tloha ho le letšehali ho ea ho le letona, kamorao: Siegfried, Karl-Heinz, Wolfgang, Ntate, ’Mè, Annemarie, Waltraud, Wilhelm, Hildegard. Ka tlaase: Paul-Gerhard, Magdalena, Hans-Werner, le Elisabeth
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Ntlo ea lelapa e hahiloeng seemelong sa bese e tsamaeang seporong “GOLDEN AGE”