Basebeletsi ba Molimo ba Paka Tšoaneleho ea Bona
‘’Me ke mang ea tšoanelehang hantle?’—2 BAKORINTHE 2:16, NW.
1. Lefatšeng la kajeno le litsekana bolumeling, ke poto efe e ka botsoang ka tieo eohle?
LEFATŠENG la kajeno le litsekana bolumeling, potso ena e ka ’na ea botsoa ka tieo eohle: Hantle-ntle ke mang eo e leng mosebeletsi ea nang le tokelo oa Molimo? Ka ho tšoanang, moapostola Pauluse o ile a botsa: ‘Ke mang ea tšoanelehang hantle bakeng sa lintho tsee?’ Ha a phephetsoa, Pauluse le bao a neng a sebetsa le bona, ba ne ba ka re, “Ke rōna!” (2 Bakorinthe 2:16, NW) Empa kajeno, ke bo-mang ba nang le motheo o tiileng, tokelo, le sebete sa ho arabela ka hore, “Ke rōna”?
2. Moko oa mantsoe a Pauluse ho 2 Ba-Korinthe 2:14-17 ke ofe?
2 Pele re arabela potso eo, a re ke re nahaneng ka mantsoe ana a Pauluse ho Bakreste ba Korinthe: “Empa re leboha Molimo! Hobane . . . kae le kae moo re eang o re sebelisetsa ho bolella ba bang ka Morena le ho hasa Molaetsa joaloka setlolo se monko o monate. Ho Molimo, bophelong ba rōna ho na le monko o monate o hahang. Ke monko oa Kreste o ka ho rōna, monko o monate ho ba bolokehang le ho ba sa bolokeheng ba re pota-potileng. Ho ba sa bolokeheng, ho bonahala re le monko o tšabehang oa lefu le kahlolo, ha ho ba tsebang Kreste re le monko o monate o phelisang. Empa ke bo-mang ba tšoanelehang bakeng sa mosebetsi o kang oo? Ke feela bao, joaloka rōna, e leng batho ba tšepahalang, ba romiloeng ke Molimo, ba buang ka matla a Kreste, ba talimiloeng ke Molimo. Ha re tšoane le bao ba bapatsang—’me ba bangata ho bona—bao ho tsoa hoa bona ka Molaetsa e leng ho ea iphumanela ho phela hamonate.”—2 Bakorinthe 2:14-17, The Living Bible; bona The Watchtower, May 1, 1944, maqephe 133-4.
3. (a) Re lokela ho itšoara joang mohopolong oa ho bapatsa ka Lentsoe la Molimo bakeng sa ho ithuisa ka boithati? (b) Pauluse o ile a etsa joang ho qoba ho ba moroalo oa lichelete ho bao a neng a ba bolella?
3 Ho bapatsa ka Lentsoe la Molimo ka boithati, mohopolo o joalo ke o mobe hakaakang! Pauluse o ne a sa batle ho rua ka boboleli ba Lentsoe leo e le hore a ka inolofaletsa bophelo, qetellong a phomole tšebeletsong ’me a iketle ka matsatsi ’ohle a ho phela hoa hae. O ne a utloisisa ho etsa litente hore a tsebe ho fumana chelete bakeng sa ho ithusa le bao a tsamaeang le bona tšebeletsong ea Jehova. (Liketso 18:1-4) Pauluse ha a ka a fetoha moroalo oa lichelete ho bao a neng a ba bolella litaba tse molemo. Ke kahoo a neng a ka botsa Bakreste ba Korinthe: “Kapa ke sitiloe ha ke ikokobelitse, le tle le phahamisoe, ka hoba ke le boleletse Evangeli ea Molimo feela-feela na?” (2 Ba-Korinthe 11:7) Potso eo e ile ea tlameha hore e arabeloe ka che e tiileng!
4. Lipaki tsa Jehova li etsisa mohlala oa Pauluse joang mabapi le Lentsoe la Molimo?
4 Kajeno Lipaki tsa Jehova li etsisa mohlala o motle oa moapostola ka ho se bapatse ka Lentsoe la Molimo leo ho seng theko e ka le lekanang empa li etsa hore le fumanehe ho bohle. Ha li hoebe ka ntho e halalelang joalo. Ka hona ha li na baruti ba lefuoang, libui tsa tsona tsa phatlalatsa ha li lefeloe ho bua pontšeng, ’me ha ho mohla ho fetisoang likotlolo tsa likoleke libokeng tsa tsona. Haeba mang kapa mang a lakatsa ho etsa moneelo oa chelete bakeng sa mosebetsi, a ka lahlela chelete leha e le efe, leha e-ba e le ‘licheletana tse peli tse nyenyane haholo’ tse kang tsa mohlolohali, ka lebokoseng la moneelo Holong ea ’Muso kapa sebakeng se seng. (Luka 21:1-4) Meneelo e joalo e etsoang ka boithatelo e sebelisetsoa ho lefa litšenyehelo e seng ho ruisa motho leha e le ofe. Le malapa a batho ka bomong a sebelisoa ka bolokolohi bakeng sa liboka tsa Lipaki tsa Jehova.—Filemone 1, 2.
‘Ho Tšoaneleha Hantle’
5. Ke mang ea tšoanelehisitseng Lipaki tsa Jehova bakeng sa tšebeletso e halalelang?
5 Empa ke mang ea entseng hore Lipaki tsa Jehova li tšoanelehele ho phethahatsa mohlala o joalo oa Mangolo ho sa tsotellehe khanyetso le tlhoriso eohle eo li thulanang le eona nako le nako? Ha ho lea mong ea ka ikarabellang ka sena haese Ea ileng a etsa hore Pauluse le balekane ba hae ba tšoanelehele tšebeletso e halalelang. Ak’u hlokomele ho hloeka hoa sepheo sa Pauluse, ha se bapisoa le sepheo sa babapatsi ba bolumeli, joalokaha a hlalositse: “Re ntse re bua re le ba ’nete, re le ba buisoang ke Molimo, pontšeng ea Molimo, re le ho Kreste.” (2 Ba-Korinthe 2:17) Ena ke tsela eo Lipaki tsa Jehova li buang ka eona kajeno. Empa na re ipuella re le basebeletsi? Na re lokela ho phatlalatsa mangolo a re buellang a tsoang ho ba bang?
6. (a) Ke hobane’ng ha baruti ba Bokreste-’mōtoana ba nahana hore ‘ba tšoaneleha hantle?’ (b) Empa motheo oa hore motho a tšoanelehe hantle bakeng sa tšebeletso ea ’nete ea Bokreste ke ofe?
6 Pauluse o latotse hore ho tšoanelehela hoa hae tšebeletso ke ntho eo a iqapetseng eona. Empa a re: “Ho tšoaneleha hantle hoa rōna ho tsoa ho Molimo, oo ka sebele o re entseng ba tšoanelehang hantle ho ba basebeletsi ba selekane se secha.” (2 Bakorinthe 3:4-6, NW) Ho fapana le Pauluse, baruti ba Bokreste-’mōtoana ba ipolela hore ‘ba tšoaneleha hantle’ ka lebaka la ho fumana mangolo a thuto ea bolumeli a liseminari. Ka hona ba latola hore ba se nang mangolo a liseminari ke basebeletsi ba tšoanelehang ba nang le tokelo ea ho ruta. Empa hore Pauluse a kene sekolo ka ho khethehileng Bojodeng ha hoa ka hoa mo tšoanelehisa ho ba mosebeletsi oa Mokreste ea amanang le selekane se secha. Leha e le hore Jesu o kile a hloma seminari leha e le efe ea thuto ea bolumeli bakeng sa baapostola ba hae ba 12 kapa hore leha e le mang a kene ho eona. Ho joalo le kajeno, hore motho a tšoanelehe hantle bakeng sa tšebeletso ea ’nete ea Bokreste ho tlameha ho tsoe ho Jehova, Moruti e moholohali. Haele hantle, mosebeletsi ea joalo o ne a tla lokela ho fana ka bopaki bo ke keng ba latoloa.
‘Matla u a Nkile ho Mang?’
7. Ke ka tsela efe baeta-pele ba bolumeli ba fapanang le Nikodema kamoo ba ileng ba talima tokelo ea Jesu kateng?
7 Baeta-pele ba bolumeli ba ile ba phephetsa le tokelo ea Mora oa Molimo ea ho bolela litaba tse molemo le ea ho etsa mehlolo. Tempeleng, “baprista ba baholo le baholo ba sechaba ba tla ho eena, ha a ntse a ruta, ba re: Ntho tseo, u li etsa ka matla afe? ’Me matla ao u a neiloe ke mang?” (Mattheu 21:23) Ba hana ho etsa qeto e entsoeng ke ’musisi oa Mojode Nikodema ha a re ho Jesu: “Rabbi, rea tseba hobane u moruti ea tsoang ho Molimo; hobane ha ho motho ea ka etsang mehlolo eo u e etsang, ha Molimo o se ho eena.”—Johanne 3:1, 2.
8. Kamor’a lilemo tse tharo tsa tšebeletso ea Jesu, baeta-pele ba Bajode ba ile ba itšoara joang ka bopaki ba hore na ke mang le matla a hae hore na ke afe?
8 Jesu o ne a ka ’na a re ho ba mo phephetsang, ‘Tlohellang mesebetsi ea ka e ipuelle!’ Kamorao ho lilemo tse ka bang tharo tsa tšebeletso ea hae ea pontšeng, baprista ba baholo le baholo ba ne ba e-na le lipontšo tse ngata tseo ba neng ba ka thea qeto e nepahetseng ka tsona hore na Jesu ke mang le hore na o na le tokelo efe ea ho etsa mehlolo le ho ruta ’nete ka ’Muso oa Molimo. Taba feela ke hore ba ne ba le melala e sataletseng ka ho fetisisa hore ba ka amohela bopaki bohle boo Jehova a neng a fana ka bona ho paka hore Jesu e ne e le Messia ea tšepisitsoeng.
9, 10. (a) Ke hobane’ng ha ho sa lokela ho makatsa Lipaki tsa Jehova hore ehe kajeno ho belaelloa tšoaneleho ea tsona e le basebeletsi? (b) Jesu o ile a sebetsana le baeta-pele ba bolumeli ba neng ba phephetsa matla a hae joang, ’me hona ho bile le phello efe?
9 Ha ho talingoa se etsahetseng tabeng ea Jesu, ha ho makatse Lipaki tsa Jehova hore tšoaneleho ea tsona e le basebeletsi ba filoeng tokelo ba Ntate oa hae e belaelloa ke baeta-pele ba bolumeli kajeno. Kaha ba ileng ba phephetsa matla a Jesu ba ne ba hlokomolohile mesebetsi e mengata ea hae ea mohlolo, o ile a botsa potso e ileng ea ba hlabisa lihlong. ’Me barutuoa ba hae ba kajeno le bona ba ka etsa joalo tabeng ea bao ba hlokomolohang ka boomo mesebetsi ea barutuoa bao.
10 Ha baprista ba baholo le baholo ba botsa Jesu, “matla ao u a neiloe ke mang?” ha a ka a botsa potso e thata empa a re: “Ke tla le botsa taba le ’na; ekare ha le mpolella eona, le ’na ke tla le bolella matla ao ke etsang ntho tseo ka ’ona. Ana kolobetso ea Johanne e ne etsoa kae? Na e ne e tsoa leholimong, kapa bathong?” Tlaleho e-ea eketsa: “Eaba ba eletsana hammoho, ba re: ha re re: E ne etsoa leholimong, o tla re: Ha ho le joalo, ha lea ka la e lumela ke’ng? ’Me ha re ka re: E ne e tsoa bathong, re tšaba bongata, hobane bohle ba re: Johanne ke moprofeta. Eaba ba araba Jesu, ba re: Ha re tsebe. ’Me a re ho bona: Le ’na, nke ke ka le bolella matla ao ke etsang ntho tseo ka oona.” (Mattheu 21:23-27) Kajeno, Lipaki tsa Jehova li ka botsa baruti ka Mangolo ka tsela e ka bang le phello e tšoanang.a
11. Batho ba Jehova ba entse mosebetsi ofe pele ho 1914, ’me basomi ba bona ba ile ba koaloa melomo joang?
11 Ho tloha ka 1876, batho ba Jehova ba hlokomelisitse lefatše, haholo-holo Bokreste-’mōtoana, hore Mehla ea Balichaba e ne e tla fela mafelong a selemo ka 1914. (Luka 21:24) Baruti ba ne ba ke ke ba hlokomoloha mosebetsi ona oa selelekela oa lilemo tse 40 o lumellanang le oa Johanne Mokolobetsi. Ka cheseho barati ba ne ba batla ho tšoara mohlophisi oa koranta ena haeba 1914 e ne e ka feta ho se liketsahalo tsa letho tsa bohlokoa tse lumellanang le tseo a neng a hlokomelisitse ka tsona. Empa, ba ile ba koaloa melomo hakaakang ha ka la 28 Phupu, 1914, khotso e pshatlakanngoa ke Ntoa ea I ea Lefatše!
12. Ke mathata afe a ileng a tsamaea le Ntoa ea I ea Lefatše a ba a e latela?
12 Tšenyo ea ntoa le ho tlosoa hoa batho ba bangata temong li ile tsa tlisa litlala. Litšisinyeho tsa lefatše tsa reketlisa likarolo tse fapa-fapaneng tsa lefatše, li baka tšenyo e khōlō le mahlomola. Ka 1915 tšisinyeho ea lefatše ea Avezzano, Italy, ea bolaea batho ba 29 970, ’me tšisinyeho e tšabehang ka 1920 ea bolaea batho ba 200 000 Seterekeng sa Kansu, China. Ka 1923, ha e-shoa batho ba fetang 140 000 tšisinyehong ea lefatše Great Kanto Japane. Ntoa ea tla e hatiloe lirethe ke mokakallane oa Spania oo ka selemo se le seng o ileng oa bolaea batho ba fetang ba neng ba shoele lilemong tse ’nè tsa ntoa. Ho neng ho ke ke hoa habanngoa mahlo feela ke ho hlorisoa hoa bahlanka ba Jehova khohlanong eo ea pele ea lefatše, ho ileng hoa fihla tlhorong ka ho kenngoa litlamong ka leeme hoa mookameli le mongoli-ramatlotlo ba Watch Tower Society le basebetsi ’moho le bona ba tšeletseng.
13. Lipaki tsa Jehova li botsitse baruti ba Bokreste-’mōtoana eng, ’me ke eng eo basomi bana ba neng ba tla tlameha ho e lumela haeba ba arabela ka botšepehi?
13 Ho tloha bofelong ba Ntoa ea I ea Lefatše, Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa botsa baruti ba Bokreste-’mōtoana: ‘Na liketsahalo tsa tlokotsi tse ileng tsa ho hlasela lefatše la rōna ho tloha ka 1914 ke phethahatso ea boprofeta ba Jesu bo ho Mattheu 24:3-13?’ Haeba ka botšepehi baruti bao ba ka re e, ba tla lokela ho lumela hore Jesu Kreste o kene ’Musong oa hae oa leholimo ka 1914. Ka tlhaho, kaha Jesu o itse ‘lefatše le ke ke la hlola le mo bona’ ’me hona joale ke motho oa moea ea sa shoeng, ho “tla” hoa hae, kapa ‘boteng’ ba hae, ha bo bonahale. (Johanne 14:19; Mattheu 24:3; 1 Petrose 3:18) Empa ho lumela sena sohle ho ne ho tla thibela baruti ho phea khang hore liketsahalo tse sisinyang lefatše tsa 1914-18 e ne e le feela pefo e tloaelehileng ea lichaba historing.
14. (a) Haeba baeta-pele ba bolumeli ba ne ba lumela ka nepo, hona ho ne ho tla ba tlama ho kopanela mosebetsing ofe? (b) Ke ntho efe e iketselitsoeng e emeng sebakeng sa ’Muso eo ba neng ba tla tlameha ho e latola, empa ba phehelletse tsela efe?
14 Ho feta moo, haeba baruti ba Bokreste-’mōtoana ba ne ba ka lumela hore liketsahalo tsa 1914-18 li tšoaile ho qaleha hoa bofelo ba tsamaiso ea khale ea lintho, ba ne ba tla tlameha ho lumela litšobotsi tse ling tsa “pontšo” ea ‘boteng’ ba Jesu ’me ba ne ba tla tlameha ho kopanela phethahatsong ea mantsoe a hae: “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle.” (Mattheu 24:14) Hoo ho ne ho tla bolela ho se bolele Molaetsa oo ba ’nileng ba o bolela ka makholo a lilemo, empa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso o hlomiloeng leholimong bofelong ba Mehla ea Balichaba ka 1914. Ba ne ba tla lokela ho latola Selekane sa Lichaba e le “pontšo ea bopolotiki ea ’Muso oa Molimo lefatšeng” ’me ba se talime le mohlahlami oa sona, Machaba a Kopaneng, e le ‘manyala a bofeliso a emeng nģalong e halalelang.’ (Mattheu 24:15) Empa ho tla fihlela selemong sa 1985, baruti ba Bokreste-’mōtoana ba hana ho tšoaea Selekane sa Lichaba le Machaba a Kopaneng e le “manyala” ao.
15. Baruti ba emetsoe ke bokamoso bofe, empa Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa etsa eng?
15 Ka hona baruti ba Bokreste-’mōtoana ba hana ho emela ’Muso oa Jehova ka Jesu Kreste. Ka ho hlōleha ho o tšehetsa, ba tla timetsoa ‘mahlomoleng a maholo’ a haufi. Empa ho fapana le bona, Lipaki tsa Jehova li lahlile Babylona e Moholo, ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, ’me li bolela molaetsa oa ’Muso linaheng tse 203. Mosebetsi ona oo ho seng o lekanang le oona ke tšobotsi e hlahelletseng ea “pontšo” e pakang hore ka 1914 Jesu o ile a beoa teroneng e le Morena oa leholimo, ho busa har’a lira tsa hae.—Mattheu 24:3, 14, 21; Pesaleme ea 110:1, 2; Tšenolo 18:1-5.
Na ho Hlokahala Puello?
16. Ke lipotso life tse hlahang ka ho buelloa, ’me Pauluse o ile a re’ng ka see?
16 Na re ipuella ntle ho motheo hore re lipaki tse tlotsitsoeng tsa Jehova? Kapa na ka masene re tsoelipanya litaba e le hore re ka thea puello e joalo bakeng sa “linku tse ling” tsa Jesu? (Johanne 10:16) Pauluse ha a ka a etsa ntho e joalo empa o ne a ka re ho Bakorinthe bao ba fetohileng Bakreste ka lebaka la boiteko ba hae bo sa khaotseng: “Hleka re boela re qala ho ikemela na? kapa a re tšoanela ho batla, joale ka ba bang, mangolo a re emelang pel’a lōna, leha e le a ka tsoang ho lōna ho re emela pel’a ba bang? Ke lōna le leng lengolo la rōna, le ngoliloeng ka lipelong tsa rōna, le tsejoang, le baloang ke batho bohle. Lea bonahala hoba le lengolo la Kreste, le lokisitsoeng ke tšebetso ea rōna, le ngoliloeng, e seng ka enke, empa e le ka Moea oa Molimo o phelang; ha lea ngoloa matlapeng a lejoe, empa e le matlapeng a nama, a lipelo tsa lōna.”—2 Ba-Korinthe 3:1-3.
17. Ke hobane’ng ha ho ka thoe Pauluse o ne a tšoaneleha hantle bakeng sa tšebeletso, ’me ntlheng ena, ho ka thoe’ng ka Lipaki tsa Jehova?
17 Ka thuso ea moea oa Jehova, Pauluse o ngotse libuka tse ’maloa tsa Bibele ’me a sokollela ba bangata Bokresteng. Kahoo ruri o pakile hore o tšoaneleha hantle bakeng sa tšebeletso ea Bokreste. Ka ho tšoanang kajeno, haholo-holo ho tloha ha koranta ena e hatisoa ka lekhetlo la pele ka 1879, masala a tlotsitsoeng a barutuoa ba Kreste, le hoja a sa bululeloa joaloka Pauluse, a ngotse lingoliloeng tse ngata tsa Bibele. Ho tloha ka 1920, a hatisitse libuka, libukana, limakasine, le lipampitšana tse limillione ka lipuo tse ngata. Lingoliloeng tsena li tsamaisitsoe ka moneelo o tlaase, boholo ba tsona li fanoa feela ho mafutsana. Watch Tower Society e boetse e lokiselitse thuto e sa lefelloeng ea Bibele ’me e romelletse baromuoa hohle libakeng tse sa sebeletsoeng lefatšeng. Mashome a likete a arabetse molaetseng o ngotsoeng le o boleloang ka molomo ’me a tšoantšelitse boinehelo ba oona ho Jehova Molimo ka ho kolobetsoa, haholo-holo ho tloha ka 1935 ha ho hlakisoa ka lekhetlo la pele hore “bongata bo boholo” bo se nang palo ba “linku tse ling” tsa Jesu bo ka lebella bophelo bo sa feleng paradeiseng e tsosolositsoeng lefatšeng.—Tšenolo 7:9-17; Luka 23:43.
18. Haeba masala a tlotsitsoeng a phephetsoa hore a pake ho tšoaneleha hoa oona e le basebeletsi, a ka supa eng?
18 Ka lebaka leo, ho thoe’ng haeba baruti ba phephetsa masala a tlotsitsoeng hore a hlahise mangolo a bopaki a hore ke Baruti ba Bolumeli? Bahlanka bana ba Jehova ba ka fana ka bopaki ba bohlokoa ka ho fetisisa! Ba ka supa “linku tse ling” tse fetang limillione tse peli le halofo lefatšeng ka bophara ’me ba re: ‘Lengolo la rōna le re tšehetsang ke leo!’ Ba ka bua mantsoe a Pauluse ’me ba re ho litho tsa “bongata bo boholo”: “Ke lōna le leng lengolo la rōna, le ngoliloeng ka lipelong tsa rōna, le tsejoang, le baloang ke batho bohle.” (2 Ba-Korinthe 3:2) Tlohella baruti ba Bokreste-’mōtoana ba bale lengolo leo le phelang le entsoeng ka Bakreste ba inehetseng ba ba ba kolobetsoa ba sebeletsang Jehova Molimo motšehare le bosiu tempeleng ea hae le ba thusang ho ‘bolela litaba tsena tse molemo tsa ’muso lefatšeng lohle e le bopaki ho lichaba tsohle.’ (Mattheu 24:14, NW) Joaloka masala a tlotsitsoeng, ba ipaka hore ba tšoaneleha hantle bakeng sa tšebeletso ea Bokreste.
19. Ke lengolo lefe la bopaki le ikhethang le tla fetisoa Harmagedone?
19 Lengolo lena le ikhethang la puello le ke ke la hlakoloa ntoeng e haufi ea “letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle” sebakeng sa tšoantšetso se bitsoang Harmagedone. (Tšenolo 16:14-16) Ho e-na le hoo, le tla alosoa le ho bolokoa ke Molimo o Matla ’Ohle hore o tle o le bontše tsamaisong ea lintho ea kamorao ho Harmagedone tlas’a Kreste Morena. “Bongata bo boholo” boo etlaba lengolo le matla hakaakang ho bafu ba batho ba libillione bao joale Jehova Molimo a tlang ho ba tsosa ka Jesu Kreste mabitleng a khopotso lefatšeng lohle! Ka hona, lōna masala a tlotsitsoeng, tsoelang pele ho ngola! ’Me lōna, “bongata bo boholo” ba “linku tse ling” tsa Molisa ea Molemo, tsoelang pele ho thusa masala!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka mohlala, bona lirapa 13 le 14 ka tlaase.
U Re’ng ha U HIalosa?
◻ Lipaki tsa Jehova li etsisa Pauluse joang ka ho se bapatse ka Lentsoe la Molimo?
◻ Motheo oa hore motho a tšoanelehe hantle bakeng sa tšebeletso ea ’nete ea Bokreste ke ofe?
◻ Haeba baeta-pele ba bolumeli ba lumela ka nepo, ba ne ba tla tlameha ho kopanela mosebetsing ofe?
◻ Masala a tlotsitsoeng a ka supa lengolong lefe le ikhethang ho paka hore ke basebeletsi ba tšoanelehang hantle?
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Joaloka basebeletsi ba tšoanelehang, Lipaki tsa Jehova li bolela litaba tse molemo tsa Muso o hlomiloeng. Uena?