Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 3/1 leq. 7
  • Jehova ‘O-oa Melisa’ Fiji

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jehova ‘O-oa Melisa’ Fiji
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Tsebahatsa ’Muso oa Molimo Lihlekehlekeng Tsa Fiji
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Boitšoaro bo Khabisang Tšebeletso ea Rōna ea Bokreste
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Ea Lipaki Tsa Jehova-Tlaleho ea Buka ea Selemo ea 1998
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 1998
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 3/1 leq. 7

Baboleli ba ’Muso baa Tlaleha

Jehova ‘O-oa Melisa’ Fiji

MAHLOHONOLO a Jehova a totobetse ho baboleli ba tšepahalang ba ’Muso lihlekehlekeng tse ntle tsa Fiji. Hona joale ho na le lipaki tse 1 049 tsa Jehova lihlekehlekeng tsena, keketseho ea karolo ea 10 lekholong ho feta selemong se fetileng. Ba ile ba lema ba ba ba nosetsa ’me Molimo oa melisa.a—1 Ba-Korinthe 3:6, 7.

Ofisi ea lekala la Mokhatlo oa Watch Tower e tlaleha hore “batho ba thahasella thuto ea Bibele ka tsela e sa lebelloang.” Litho tsa phutheho e ’ngoe li ile tsa sebetsa motseng o mong o ka thōko moo ba neng ba ile ba amoheloa ka mokhoa o foofo pejana. Empa ketsahalong ena, hlooho ea motse e ile ea phatlalatsa hore baahi bohle ba motse ba tšoanetse ho lula malapeng a bona ho mamela Lipaki tsa Jehova, ’me kamor’a moo mafumahali a fe baena lino-mapholi holong ea motse. Ha pulamaliboho ea kamehla e khutlela moo libeke tse peli hamorao, e ile ea fumana batho ba 28 ba itokiselitse ho ithuta Bibele. Ha esale ho tloha ka nako eo motse ona o ’nile oa chakeloa hang kamor’a beke tse peli ho thusa ba khahlehang. Ketelong e ’ngoe le e ’ngoe “ba eketsehileng ba kopanela lithutong.”

E mong oa ba bacha ba 68 ba kolobelitsoeng kopanong e sa tsoa feta ea setereke e ne e bile tichere ea sekolo sa Sontaha ka lilemo tse robong. O ne a tsoa lelapeng le chesehelang bolumeli. O ile a fumanoa ke Lipaki tse peli boboleling ba tsona ba ntlo le ntlo, ’me “kamor’a lipuisano tse telele le maeto a mangata a ho boela, thuto e ile ea qetella e qalisitsoe.” Kamor’a ho ithuta Bibele ka likhoeli tse peli, o ile a itokolla mosebetsing oa hae e le tichere ea sekolo sa Sontaha, a emela ’nete ’me a kolobetsoa selemo hamorao. Ha a pheta mantsoe a moapostola Pauluse, o itse: “Le fela le utloile ka mosebetsi oa ka o mafolofolo bolumeling ba bohata ha ke ne ke sa chesehela haholo meetlo ea bo-ntate. Empa joale ke fumane ’nete ’me ke thabetse ho sebeletsa Jehova le lōna.”—Bapisa Ba-Galata 1:13, 14.

Ka 1984 Fiji ebile le likopano tse peli tsa setereke ka lekhetlo la pele. Baholo ba mashome a mabeli a metso e ’meli ba tsoang sehlekehlekeng se seholo ba ile ba ithaopela ho tšehetsa lenaneo kopanong ea bobeli e nyenyane sehlekehlekeng se seng ka litšenyehelo tsa bona. Ofisi ea lekala e ile ea hlophisa leeto ’me ea lebella hore baena ba 90 ba tsoang sehlekehlekeng se seholo ba tle. Ho e-na le hoo, ba 115 ba ile ba tla ka sefofane se khethehileng ’me ba 320 ba tla ka sekepe se hiriloeng. Ka lebaka la boitšoaro bo botle ba Lipaki, moqhobi e mong oa sefofane o ile a re: “Ke makalitsoe ke boitšoaro ba bona, ba itokiselitse ho latela litaelo. Ha ke phatlalatsa hore ba tlameha ho theoha ka lebaka la phoso ea mechine, ba ile ba theoha ba thōtse ba sa korotle, ba sa belaele. Ha ba boetse ba palama, ba ile ba etsa joalo ka thabo, ba ipotlile, ba sa qhoebeshane. Ke lakatsa eka baeti bohle ba lifofane ba ka be ba tšoana le lōna.”

Molaoli e moholo oa sekepe se hiriloeng o ile a tsota: “Ho molemo ho ba le lōna joaloka baeti hobane le fapane hōle le sehlopha sa bacha ba Bakreste seo re sa tsoa se tšelisetsa sehlekehlekeng se seng. . . . Le batho ba hloekileng le ba tsebang ho sebetsa ’moho le batho.” Moeti ea palameng le bona o ile a re: “Ke bone ntho e e-song ho nketsahalle pele . . . Ke ne ke robetse faatše moo ho batang ha e mong oa likhaitseli tsa lōna a mpha moalo ’na le mosali oa ka. Ke ’nile ka tsoma bolumeli bo tjena.” Motho enoa o ile a ea kopanong ho bona le ho ithuta ho eketsehileng.

Ha e le hantle boitšoaro bo botle ba baena bana bohle ke seo motho a tšoanetseng ho se lebella ho Bakreste ba ’nete. Jesu o itse: “Efela sefate ka seng se monate se bea litholoana tse monate.” (Mattheu 7:17) Ke thabo ho bona keketseho eo Jehova a ntseng a e fa barapeli ba hae ba tšepehang ba Fiji. ’Me ntle ho tikatiko ba bangata ba tla amohela litaba tse molemo ha ba ntse ba tsoela pele ho utloa le ho lemoha boitšoaro bo babatsehang ba batho ba Jehova.

[Mengolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ntle ho pelaelo Jehova o tla tlisa keketseho e khōlō kaha Lipaki joale li khanna lithuto tsa mahae tsa Bibele tse 1 107, keketseho ea karolo ea 42 lekholong ho feta selemong se fetileng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela