Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w91 6/1 leq. 29
  • Boitšoaro bo Khabisang Tšebeletso ea Rōna ea Bokreste

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Boitšoaro bo Khabisang Tšebeletso ea Rōna ea Bokreste
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tichere e Khahloa ke Boitšoaro bo Botle
  • Liphello tse Ntle tsa Boitšoaro ba Bokreste Kopanong
  • Likopano Bopaki ba Boena ba Rōna
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Rua Molemo ka Botlalo Kopanong ea Setereke ea “Thuto ea Bomolimo” ea 1993
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Kopano ea Setereke ea “Manģosa a Khotso ea Bomolimo” ea 1996
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Le Halalele Boitšoarong Bohle ba Lōna
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
w91 6/1 leq. 29

Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha

Boitšoaro bo Khabisang Tšebeletso ea Rōna ea Bokreste

MOAPOSTOLA Petrose o eletsa Bakreste: “Bolokang boitšoaro ba lōna bo le botle har’a lichaba.” (1 Petrose 2:12, NW) Moapostola Pauluse o bontša hore ka boitšoaro ba rōna bo botle, re “khabisa thuto ea ’Moloki oa rōna, Molimo, linthong tsohle.” (Tite 2:10, NW) Lefatšeng lohle Lipaki tsa Jehova li tumme ka ho ba le boitšoaro bo botle. Hlokomela mehlala e meng.

Tichere e Khahloa ke Boitšoaro bo Botle

◻ Ofisi ea lekala la Mokhatlo oa Watch Tower e Costa Rica e tlaleha hore bacha ba bangata naheng eo ba behile mohlala o motle. Moena e mong o bolela se ileng sa mo hulela ’neteng. O re: “Ntho e ileng ea nkhohela haholo ke boitšoaro bo botle ba bacha le batho ba baholo empa haholo-holo ba bacha. Ha ke ne ke sa le tichere, ke ile ka ba le monyetla oa ho shebela Lipaki tse sekolong sa ka haufi-ufi. ’Me kaha ke ne ke lula le lelapa la Lipaki tsa Jehova, ke ile ka hlokomela boitšoaro ba bana ba moo.

“Ke ile ka hlokomela phapang e teng pakeng tsa liithuti tseo tsa Lipaki le liithuti tse ling sekolong sa ka. Ka mehla Lipaki li ne li fihla ka nako ’me li itšoere hantle, le ka mohla li ne li sa bue leshano, ’me ka mehla li ne li etsa mosebetsi oa tsona o etsetsoang hae. Ke ile ka boela ka hlokomela hore li ne li tšepahala ha li ngola litlhahlobo, esita le hoja hangata liithuti tse ling li ne li qhekella. Ho feta moo, li ne li e-na le mekhoa e metle ’me li ntlhompha joaloka tichere ea tsona. Ke khahluoe ke Lipaki tse nyenyane tse sekolong le tse lehaeng leo ke neng ke lula ho lona, ke ile ka qala ho hlahloba bolumeli bona ’me qetellong ka amohela ’nete.”

Liphello tse Ntle tsa Boitšoaro ba Bokreste Kopanong

◻ E mong oa Lipaki tsa Jehova phuthehong e karolong e ka bophirima ea El Salvador o ile a ba le takatso ea ho abelana litaba tse molemo tsa ’Muso le baena ba hae ba babeli bao a tsoaloang le bona. E mong o ile a mamela ’me a qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. E mong e ne e le setho sa kereke ea Evangeli e bitsoang Khosana ea Khotso, ’me o ile a re ho ngoan’abo oa Paki: “U se ke ua bua le ’na; u sebeletsa lithahasello tsa Diabolose.”

Ha ho fihla nako ea kopano ea setereke, ea neng a ntse a ithuta o ile a mema ngoan’abo hore a ee le eena kopanong. Ngoana eo oabo o ile a re: “Ho lokile, ke tla ea; ke ela feela ho ea bona moo nka tšoarang Lipaki teng.” Bana ba motho ba babeli ba ile ba ea kopanong hammoho. Palo e khōlō ea ba neng ba le teng moo le tsamaiso e ntle e ile ea khahla ea neng a kena kereke ea Evangeli, ea ileng a bolela hore le ka mohla o ne a e-s’o bone ntho e joalo ka eo. Ha a fihla hae, o ile a re ho ngoan’abo: “Ntšoare ka letsoho.” Ngoan’abo o ile a ’motsa: “See se bolela eng?” Karabo e ile ea re: “Uena ntšoare ka letsoho feela.” Ba ile ba tšoarana ka matsoho, ’me enoa ea neng a kena kereke ea Evangeli o ile a re: “Ho tloha hona joale ke tlil’o ithuta le Lipaki tsa Jehova. Ka sebele, ke ne ke ntse ke sa tsebe hore ke fetoa ke eng.” Hona joale le eena ke mohoeletsi ea mafolo-folo le ea chesehang oa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela