Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 10/04 leq. 5
  • Le Halalele Boitšoarong Bohle ba Lōna

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Le Halalele Boitšoarong Bohle ba Lōna
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Bolokang Boitšoaro ba Lōna bo le Botle Har’a Lichaba”
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2014
  • Matsatsi a Mararo a ho Khatholoha Moeeng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
  • Lula U Lebeletse Jehova
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • E-ba Mohlala Mesebetsing e Metle
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
km 10/04 leq. 5

Le Halalele Boitšoarong Bohle ba Lōna

1 Joaloka bahlanka ba Molimo ea halalelang, Jehova, re leka ka matla ho halalela boitšoarong bohle ba rōna. (1 Pet. 1:15, 16) Sena se bolela hore re ikitlaelletsa ho boloka litekanyetso tsa Jehova likarolong tsohle tsa bophelo ba rōna. Kopano ea setereke ea selemong sena e tla re fa monyetla o khethehileng oa ho bonahatsa boitšoaro bo halalelang.

2 Litokisetso Tsa Marobalo: Lefapha la marobalo la sebaka ka seng le qetile nako e ngata le batlela baeti marobalo a loketseng. Ebang u tla fihlela hoteleng, ntlong ea baeti, sebakeng sa lik’haravene kapa lelapeng la motho, ka kōpo beheletsa feela marobalo ao u rerang ho a sebelisa. Ha ho hlokahala, beheletsa esale pele ka chelete e hlokahalang. Lihoteleng le matlong a mang a baeti linako tsa ho fihla le tsa ho tsamaea li phethesela haholo, kahoo ho ka ananeloa haholo ha re ka bonahatsa litholoana tsa moea. Haeba ho hlokahala hore u hlakole litokisetso tsa hao tsa marobalo, etsa joalo kapele-pele. Hopola ho fa basebetsi mpho ea chelete bakeng sa mosebetsi oa bona o motle.

3 Mekhoa ea rōna e metle e ka fana ka bopaki bo matla. Selemong se fetileng, ka mosa mocha e mong oa Paki o ile a kōpa lintho tsa ho ngola ho tlelereke ea hotele eaba oa e leboha. Tlelereke e ile ea khahloa ke sena, ’me ea utluoa e re: “Bacha ba mosa joalo baa hlokoa.” Leha ho le joalo, maemong a seng makae, bana ba sa behoang leihlo ba ’nile ba bonoa ba sesa, ba bapalla lilefting, ba entse lerata ’me ba matha liphasejeng. Batsoali ha baa lokela ho tlohela bana ba bona ba sa behoa leihlo empa ba lokela ho ba hlokomela e le ho tiisa hore boitšoaro ba bona bo tlisetsa Jehova thoriso.—Liprov. 29:15.

4 Lireschorenteng: Morekisi e mong reschorenteng e haufi le kopano o ile a re: “Lipaki ha li tšoane le batho ba bang. Li hlompha batho ba bang.” Boitšoaro bo botle bo akarelletsa ho qoba ho etsa lerata le ho tšehela holimo hoo re ka sitisang batho ba bang ba jang. Hape re lokela ho hopola hore libakeng tse ngata ke tloaelo ho fa basebetsi mpho ea chelete, ho ea ka tšebeletso e fanoeng. Esita leha re e-ja ’me re e-noa, re batla ho etsa lintho tsohle bakeng sa thoriso ea Molimo.—1 Bakor. 10:31.

5 Kopanong: Ka ho khetheha boitšoaro ba rōna bo botle bo lokela ho bonahala sebakeng sa kopano. Ka kōpo latela tataiso ea bahlokomeli, moo ho pakoang likoloi le ka holong. (Baheb. 13:17) Malapa a lokela ho lula hammoho ho e-na le ho tlohela bana, esita le bacha, hore ba lule le bacha ba bang. Thepa leha e le efe ea ho rekota ha ea lokela ho hokelloa motlakaseng kapa thepeng ea molumo ’me e lokela ho sebelisoa feela ka tsela e sa sitiseng ba bang. Haeba u rera ho nka litšoantšo, khanya ea flash ha ea lokela ho sebelisoa nakong ea mananeo. Li-pager le licell phone li lokela ho setoa ka tsela eo li ke keng tsa sitisa ba bang. Haeba u bona kotsi e hlahang sebakeng sa kopano, ka kōpo tsebisa mohlokomeli kapa Lefapha la First Aid.

6 Boitšoaro ba rōna bo re khetholla ho batho ba bang ’me bo tlotlisa Molimo oa rōna. (1 Pet. 2:12) Kopanong, liketso tsa Lipaki Tsa Jehova li tla bonoa ke batho. Ka lebaka leo, ikemisetse ho halalela boitšoarong bohle ba hao.

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

1. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho halalela boitšoarong bohle ba rōna?

2. Re ka bonahatsa boitšoaro bo botle joang moo re tla fihlela teng?

3. Boitšoaro ba bacha ba Lipaki bo ka ’na ba khahla ba bang joang?

4. Re ka nahanela ba bang joang ha re e-ja lireschorenteng?

5. Boitšoaro bo botle sebakeng sa kopano bo akarelletsa eng?

6. Boitšoaro ba rōna kopanong bo tlotlisa Molimo joang?

[Lebokose le leqepheng la 5]

Bonahatsa Boitšoaro bo Halalelang

◼ Boloka melao eohle ea hotele

◼ Beha bana leihlo

◼ Nahanela ba bang

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela