Lula U Lebeletse Jehova
1. Sehlooho sa kopano se reng, hona ke hobane’ng ha se le nakong?
1 Esaia o ile a ngola tjena: “Jehova ke Molimo oa kahlolo. Ho thaba bohle ba mo lebeletseng.” (Esa. 30:18b) Ho na le litlaleho tse ngata tsa Bibele tse bolelang kamoo Molimo a ileng a ahlola lira tsa hae kateng le ho lopolla bahlanka ba hae ba tšepahalang. Barapeli ba Jehova ba kajeno ba ithuta lithuto life litlalehong tse joalo? Hona joale re ka etsa eng e le hore re itokisetse “letsatsi le leholo le le tšosang la Jehova”? (Joele 2:31, 32) Kopano ea rōna ea Setereke e seng e le haufi ea “Topollo e Atametse!” e tla re susumelletsa ho nahana ka lipotso tseo le ho itlhahloba. E tla re thusa ho lula re lebeletse Jehova.
2. Re ka bontša joang hore re ananela kopano ea rōna ea setereke?
2 Na u entse litokisetso tsa ho ba teng e le hore u ka rua molemo ka matsatsi ao a mararo a kopano? Ka mohlala, na u se u ikōpile mosebetsing e le hore u ka ba teng kopanong? U se ke ua lebella hore ho tla iketsahalla ka mohlolo. Rapella taba eo. Ebe ka mor’a moo ua ikōpa. (Neh. 2:4, 5) Ka ho tšoanang, ha rea lokela ho lieha ho tiisa litokisetso tsa lipalangoang, bolulo le lintho tse ling tsa bohlokoa. Ho hlophisa lintho hantle joalo ho bontša hore re ananela tafole ea Jehova ea moea. Baholo ba lokela ho falimehela ho thusa ba hlokang thuso ea ho etsa litokisetso tsa kopano, haholo-holo batho ba hōlileng ka phuthehong.—Bagal. 6:10.
3. Ke litšobotsi life tseo batho ba Jehova ba lokelang ho li bonahatsa ha ba le motseng oo kopano e tšoaretsoeng ho oona?
3 Boitšoaro bo Botle bo Tlotlisa Molimo: Ha re bokana re le bangata likopanong, boitšoaro ba rōna bo botle e ba bopaki sechabeng. Ho hlokahala eng hore re finyelle see? Ha re le lihoteleng, libakeng tsa ho jela le libakeng tse ling tsa khoebo tse metseng ea kopano, batho bao re sebetsanang le bona ba lokela ho ikutloa ba khatholotsoe ke litšobotsi tsa rōna tsa Bokreste, tse kang tiisetso, mosa, boitšoaro le kahlolo e molemo. (Bagal. 5:22, 23; Bafil. 4:5) Kaofela ha rōna, re lokela ho bonahatsa lerato ‘le sa itšoareng ka mokhoa o sa hlompheheng, le sa batleng lithahasello tsa lona, le sa halefeng.’ Esita leha ho hlaha mathata kapa litšitiso, re tla batla ho ‘etsa lintho tsohle bakeng sa thoriso ea Molimo.’—1 Bakor. 10:31; 13:5.
4. Batsoali ba ka thusa bana ba bona joang hore ba itšoare ka tsela e tlotlisang Jehova?
4 Ka mor’a kopano e ’ngoe, motsamaisi e mong oa hotele o ne a hloletsoe ke boitšoaro le chebahalo ea bacha ba rōna hoo a ileng a bolela hore o lakatsa eka “kamehla Lipaki Tsa Jehova e ka ba baeti hoteleng ea hae.” Ruri eo ke taba e thabisang! Seo se bontša hore batsoali ba koetlisa bana ba bona le ho ba laola hantle. E ne e ke ke ea e-ba bohlale hore batsoali ba lumelle bana ba bona ho lula kamoreng ea hotele ho se motho ea ba behileng leihlo. Bana ba lokela ho lula ba behiloe leihlo. (Liprov. 29:15) E se eka boitšoaro ba bona bo botle bo ka tlotlisa Jehova le ho thabisa pelo ea hae!—Liprov. 27:11.
5. Re ka tlotlisa Jehova joang ka moaparo le boitlhopho ba rōna?
5 Moaparo le Boitlhopho bo Hlomphehang: Kaofela ha rōna re ka tlatsetsa lebitsong le letle ha re le kopanong ka ho qoba litaele tsa moaparo le tsa boitlhopho tsa lifeshene, tse feteletseng, tse sa hlompheheng kapa tse bontšang ho se tsotelle. Re ka etsa seo ha re ea motseng oa kopano le ha re khutla, ha re thusa ho lokisa sebaka sa kopano le ha re le mananeong a kopano. Ntho ea pele eo re amehileng ka eona re le bahlanka ba Molimo ke lebitso la Jehova le botumo ba hae, eseng lintho tseo re li ratang le tse re khotsofatsang. Lihlooho tsa malapa li na le boikarabelo ba ho tiisa hore litho tsa malapa a tsona li shebahala ka tsela e bontšang boitlhompho le ho hlaphoheloa kelellong ka linako tsohle.—1 Tim. 2:9.
6. Ke hobane’ng ha tsela eo re shebahalang ka eona ha re hahloa ke moea e lokela ho lula e hlompheha joalokaha re le mananeong a kopano?
6 Ka ho tšoanang, ke habohlokoa ho lula re shebahala ka tsela e hlomphehang ha re hahloa ke moea lihoteleng, mabenkeleng le libakeng tsa ho jela. Ke hantle hore re apare liaparo tsa rōna tsa kopano ha re ea libakeng tsa ho jela ka mor’a mananeo. Ho qhoaela libeche tsa rōna tsa kopano ho re bulela menyetla ea ho paka ka tsela e sa reroang.—2 Bakor. 6:3, 4.
7. Re ka etsa’ng hore ho be le tlhophiso le thabo e khōloanyane kopanong? (Bona “Likhopotso Tsa Kopano ea Setereke.”)
7 Esaia o ile a bolela mantsoe ana esale pele: “Jehova o tla lebella hore a le bontše mohau, ka hona o tla ema hore a le bontše mohau.” (Esa. 30:18a) Ho ananela mohau oa Jehova le mosa oa hae o sa tšoanelang ho lokela ho re susumelletsa ho mo tlotlisa ka boitšoaro le ka moaparo oa rōna ha re bokane likopanong tsa rōna. E se eka Kopano ea Setereke ea “Topollo e Atametse!” e ka tlotlisa Molimo le ho re thusa ho lula re mo lebeletse!
[Lebokose le leqepheng la 5]
Likhopotso Tsa Kopano ea Setereke
◼ Linako Tsa Lenaneo: Lenaneo le tla qala ka 9:00 hoseng ka matsatsi ’ohle a mararo. Metsotso e seng mekae pele lenaneo le qala, molula-setulo o tla lula sethaleng ha ho ntse ho lla lipina tsa ’Muso tsa selelekela. Kaofela ha rōna re lokela ho lula fatše ka nako eo e le hore lenaneo le ka qala ka tsela e hlomphehang. Lenaneo la Labohlano le tla fela ka 4:25 thapama, ka Moqebelo le fele ka 4:15 thapama ’me ka Sontaha le fele ka 3:20 thapama.
◼ Libaka Tsa ho Paka Likoloi: Libakeng tsohle tseo likopano li tlang ho tšoareloa ho tsona moo ho nang le libaka tse sirelelitsoeng tsa ho paka likoloi, libaka tseo li tla fumanoa ntle ho tefo ke batho ba fihlileng pele. Batho ba tla lumelloa ho paka ke ba nang le libeche tsa kopano. Kaha hangata ho na le libaka tse fokolang tsa ho paka likoloi, batho ba lokela ho leka ka hohle hore ba tsamaee e le sehlopha ka koloing ho fapana le hore koloi e tsamaee ka motho a le mong kapa ba babeli feela.
◼ Ho Beha Litulo: U ka beha litulo bakeng sa batho bao u tsamaeang le bona ka koloing feela kapa bao u lulang le bona lapeng.
◼ Lijo Tsa Motšehare: Ka kōpo itlele le lijo tsa motšehare ho e-na le hore u tlohe sebakeng sa kopano ho ea reka lijo nakong ea khefu ea motšehare. U ka ’na ua sebelisa cooler e nyenyane e ka khonang ho fella ka tlas’a setulo. Li-cooler tse khōlō haholo li lokela ho behoa moo bahlokomeli ba reng li lule teng. Lijana tsa khalase le lino tse tahang ha lia lumelloa sebakeng sa kopano.
◼ Menehelo: Ho ba le litšenyehelo tse ngata ha ho lokisetsoa kopano ea setereke. Re ka bontša teboho ka ho ntša menehelo ea boithatelo e eang mosebetsing oa lefatše lohle Holong ea ’Muso ea habo rōna kapa ha re le kopanong. Haeba u batla ho ntša monehelo ka cheke, re kōpa hore u batle lebitso la ak’haonte Komiting ea Kopano.
◼ Likotsi le Maemo a Tšohanyetso: Haeba motho a ka kula ka tšohanyetso kopanong, re kōpa hore u tsebise mohlokomeli ea haufi le uena ’me eena o tla tsebisa Lefapha la First Aid hang-hang e le hore motho ea tsebang ka tsa thuso ea pele a ka hlahloba hore na boemo bo hlahileng bo bobe hakae ebe oa thusa.
◼ Ho Rekota: Mochine oa mofuta leha e le ofe o rekotang ha oa lokela ho hokeloa motlakaseng oa sebaka sa kopano kapa thepeng ea molumo ’me o lokela ho sebelisoa feela ka tsela e ke keng ea sitisa ba bang.
◼ Ho Nka Linepe: Haeba u nka linepe nakong ea mananeo, re kōpa hore u se ke ua sebelisa khanya ea flash.
◼ Li-pager le Li-cell phone: Li lokela ho setoa ka tsela eo li ke keng tsa sitisa ba bang.
◼ Liforomo Tsa ho Latella Batho ba Thahasellang: Liforomo tsa Ka Kōpo Latela (S-43) li lokela ho sebelisetsoa mang kapa mang ea bonahalang a thahasella ka mor’a hore a pakeloe ka tsela e sa reroang nakong ea kopanong. Bahoeletsi ba lokela ho tla le foromo e le ’ngoe kapa tse peli kopanong. Liforomo tsena li tla boela li fumanehe kopanong Lefapheng la Libuka. U ka isa liforomo tse tlatsitsoeng Lefapheng la Libuka kapa ua li neha mongoli oa phutheho ea heno ha u khutlela hae.—Bona Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea April 2005, leq. 5.
◼ Lireschorente: Libakeng tse ngata ho tloaelehile hore basebetsi ba lebohuoe ka chelete e etsang liphesente tse 10 ho ea ho tse 15 ho itšetlehile ka mosebetsi oa bona.
◼ Lipina: Liphutheho li ka ’na tsa lakatsa ho itlhakisetsa lipina tsa kopano esale pele.
Lipina tsa Labohlano: 91, 40, 59, 38, 74 le 92.
Lipina tsa Moqebelo: 71, 85, 204, 106, 43 le 195.
Lipina tsa Sontaha: 19, 207, 8, 14, 181 le 212.