Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 9/07 maq. 4-5
  • Latelang Kreste ka ho Bontša ho Hlompheha

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Latelang Kreste ka ho Bontša ho Hlompheha
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Monyetla oa ho Feptjoa ke Jehova le ho Thaba
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
  • Lula U Lebeletse Jehova
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • Roka Jehova Phuthehong e Khōlō
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
  • Na U se U Itokiselitse Mokete oa Lijo Tsa Moea?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2009
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
km 9/07 maq. 4-5

Latelang Kreste ka ho Bontša ho Hlompheha

1. Sehlooho sa kopano ea selemong see se amana joang le ho bontša ho hlompheha?

1 Bibele e hlalosa hore ’Musi oa Bokahohle, Jehova, o apere ho hlompheha. (Pes. 104:1) Kamehla Jesu o ne a bua a bile a etsa lintho ka tsela e hlomphang Ntate oa hae le litokisetso tsa Ntate oa hae. (Joh. 17:4) E mong le e mong oa rōna o tla ba le monyetla oa ho etsisa Jesu le ho tlotlisa Jehova Kopanong e tlang ea Setereke ea “Latelang Kreste!

2. Re tlotlisa Jehova joang ka ho lokisetsa ho ba teng karolong e ’ngoe le e ’ngoe ea lenaneo?

2 Borapeli bo Hlomphehang: Re ka tlotlisa Jehova ka ho lokisetsa ho ba teng moketeng oa lijo tsa moea oo a re lokiselitseng oona. Na u se u buisane le mohiri oa hao le ho itlhophisetsa ho ba teng kopanong ka matsatsi ’ohle a mararo, ho akarelletsa Labohlano? Na u lokiselitse ho fihla nako e sa le teng e le hore u tle u fumane litulo le hore u tle u kopanele pineng e qalang le thapelong e qalang? Na u se u rerile hore na u tla ja eng motšehare e le hore u tle u jelle kopanong le barab’eno? Qalong ea lenaneo le leng le le leng ha molula-setulo a kōpa ka mosa hore re lule litulong pele ’mino o qala, re lokela ho khaotsa meqoqo ea rōna kapele ebe rea lula e le hore lenaneo le ka qala.

3. Ho mamela lenaneo ka hloko ho etsa hore borapeli ba rōna bo hlomphehe joang?

3 Ho mamela lenaneo ka hloko le hona ho tlotlisa Ntate oa rōna oa leholimo. Ka mor’a hore moqolotsi e mong oa litaba a shebelle boemo kopanong ea setereke ea ha habo, o ile a ngola a bolela hore bashebelli ba ka khahloa ke “boitšoaro bo botle ba bamameli, ha ba khutsitse ’me ba mametse ka tlhompho, ebile ba bontša hore ba thabela litaba tsa Bibele tseo ba li bolelloang.” O ile a boela a bua ka “palo e ikhethang ea bana ba neng ba le teng . . . , ba neng ba itšoere hantle ka tsela e makatsang kapa ba bile ba tšoarehile ka ho phetla litemana tsa Bibele e Halalelang.” Ha lenaneo le ntse le tsoela pele, hase nako ea ho bua ho sa hlokahale, ho romellana melaetsa ka cell phone, ho ja, kapa ho solla liphasejeng. Bacha ba lokela ho lula le batsoali ba bona e le hore batsoali ba ka ba thusa ho rua molemo lenaneong. (Deut. 31:12; Liprov. 29:15) Boiteko bona bo bontša ho hlompha batho ba bang le ho leboha lijo tsa bohlokoa tsa moea tseo re li feptjoang.

4. Ke hobane’ng ha re lokela ho shebahala ka tsela e hlomphehang ha re le kopanong?

4 Ponahalo e Hlomphehang: Ba bangata ba ile ba leboha likhopotso tsa puo ea kopano ea setereke e neng e e-na le sehlooho se reng “Bontša Tlhompho ea Bokreste ka Linako Tsohle,” e ileng ea hatisa hore bahlanka ba Molimo ba lokela ho ikitlaelletsa ho bontša tlhompheho ea Bokreste ka tsela eo ba aparang le ho itlhopha ka eona. Selemong sena le teng re lokela ho ela taba ena hloko haholo. Ponahalo ea rōna e bonahatsa hore na re ikutloa joang ka Jehova le ka tokelo ea ho ba Lipaki tsa hae. Kamehla re lokela ho apara joaloka ba “ipolelang hore ba fa Molimo tlhompho ea borapeli.”—1 Tim. 2:9, 10.

5. Re ka etsa joang hore ponahalo ea rōna e be e hlomphehang nakong ea boikhathollo motseng oa kopano?

5 Na re lokela ho shebahala ka tsela e hlomphehang feela ha re le kopanong? Hopola hore ba bangata ba tla re bona re qhoaetse libeche tsa rōna tsa kopano ha re le motseng oa kopano. Ponahalo ea rōna e lokela ho re khetholla ho batho ba bang. Kahoo, esita le nakong ea boikhathollo, e kang ea ha re e-ea lijong ka mor’a mananeo, re lokela ho apara ka tsela e tšoanelang basebeletsi ba tlileng kopanong ea Bokreste motseng oo ’me ha rea lokela ho apara liaparo tse kang libokate, marikhoe a makhutšoanyane, kapa likipa. Seo se tla fana ka bopaki bo bokaakang motseng oo! Jehova oa thaba ha ponahalo ea rōna e bontša hore re baboleli ba litaba tse molemo.

6. Liphello tse ntle tsa ho bontša hore re Bakreste ba hlomphehang ke life?

6 Liphello Tse Ntle: Ha re bontša hore re Bakreste ba hlomphehang likopanong tsa rōna, sena se bula menyetla ea bopaki bo sa reroang ’me ba re shebileng baa khahloa. Qetellong ea kopano e ’ngoe, ofisiri e ’ngoe e ile ea re: “Re qala ho bona batho ba itšoereng hantle hakana. Seo le leng sona, ke seo Molimo a se lebeletseng ho rōna.” Ho hlompheha ho bontša hore rea hlomphana, rea ratana ebile ho tlotlisa Jehova. (1 Pet. 2:12) Ho bontša hore re tšaba Molimo le hore re ananela tokelo ea ho rutoa ke Ntate oa rōna. (Baheb. 12:28) A re ikitlaelletseng ho bontša hore rea hlompheha ha re ntse re lebeletse Kopano ea Setereke ea “Latelang Kreste!” ea selemo sena.

[Lebokose le leqepheng la 5]

Likhopotso Tsa Kopano ea Setereke

◼ Linako Tsa Lenaneo: Lenaneo le tla qala ka 9:00 hoseng ka matsatsi ’ohle a mararo. Metsotso e seng mekae pele lenaneo le qala, molula-setulo o tla lula sethaleng ha ho ntse ho lla lipina tsa ’Muso tsa selelekela. Kaofela ha rōna re lokela ho lula fatše ka nako eo e le hore lenaneo le ka qala ka tsela e hlomphehang. Lenaneo le tla fela ka 4:15 thapama ka Labohlano le ka Moqebelo ’me ka Sontaha le fele ka 3:20 thapama.

◼ Libaka Tsa ho Paka Likoloi: Libakeng tsohle tseo likopano li tlang ho tšoareloa ho tsona tseo re tla ba le libaka tsa ho paka likoloi, libaka tseo li tla fumanoa ntle ho tefo ke batho ba fihlileng pele. Libeche tsa kopano li tla sebelisoa e le tsona likarete tsa boitsebiso ha batho ba paka. Kaha hangata ho na le libaka tse fokolang tsa ho paka likoloi, batho ba lokela ho leka ka hohle hore ba tsamaee e le sehlopha ka koloing ho fapana le hore koloi e tsamaee ka motho a le mong kapa ba babeli feela.

◼ Ho Beha Litulo: U ka beha litulo bakeng sa batho bao u tsamaeang le bona ka koloing feela kapa bao u lulang le bona lapeng.

◼ Lijo Tsa Motšehare: Ka kōpo itlele le lijo tsa motšehare ho e-na le hore u tlohe sebakeng sa kopano ho ea reka lijo nakong ea khefu ea motšehare. U ka ’na ua sebelisa cooler e nyenyane e ka khonang ho fella ka tlas’a setulo. Li-cooler tse khōlō haholo li lokela ho behoa moo bahlokomeli ba reng li behoe teng. Lijana tsa khalase le lino tse tahang ha lia lumelloa sebakeng sa kopano.

◼ Menehelo: Ho ba le litšenyehelo tse ngata ha ho lokisetsoa kopano ea setereke. Re ka bontša teboho ka ho ntša menehelo ea boithatelo bakeng sa mosebetsi oa lefatše lohle Holong ea ’Muso ea habo rōna kapa kopanong. Haeba u batla ho ntša monehelo ka cheke, re kōpa hore u batle lebitso la ak’haonte Komiting ea Kopano.

◼ Likotsi le Maemo a Tšohanyetso: Haeba motho a ka kula ka tšohanyetso sebakeng sa kopano, re kōpa hore u tsebise mohlokomeli ea haufi le uena ’me eena o tla tsebisa Lefapha la First Aid hang-hang e le hore motho ea tsebang ka tsa thuso ea pele a ka hlahloba hore na boemo bo hlahileng bo bobe hakae ebe oa thusa.

◼ Ho Rekota: Mochine oa mofuta leha e le ofe o rekotang ha oa lokela ho hokeloa motlakaseng oa sebaka sa kopano kapa thepeng ea molumo ’me o lokela ho sebelisoa feela ka tsela e ke keng ea sitisa ba bang.

◼ Ho Nka Linepe: Haeba u nka linepe nakong ea mananeo, re kōpa hore u se ke ua sebelisa khanya ea flash.

◼ Li-pager le Li-cell phone: Li lokela ho setoa ka tsela eo li ke keng tsa sitisa ba bang.

◼ Liforomo Tsa ho Latella Batho ba Thahasellang: Liforomo tsa Ka Kōpo Latela (S-43) li lokela ho tlatsoa e le hore ho fanoe ka boitsebiso ba mang kapa mang ea bonahalang a thahasella ka mor’a hore a pakeloe ka tsela e sa reroang nakong ea kopano. Bahoeletsi ba lokela ho tla le foromo e le ’ngoe kapa tse peli kopanong. Liforomo tsena li tla boela li fumanehe kopanong Lefapheng la Libuka. U ka isa liforomo tse tlatsitsoeng Lefapheng la Libuka kapa ua li neha mongoli oa phutheho ea heno ha u khutlela hae.—Bona Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea April 2005, leq. 5.

◼ Lireschorente: Libakeng tse ngata ho tloaelehile hore basebetsi ba lebohuoe ka chelete e etsang liphesente tse 10 ho ea ho tse 15 ho itšetlehile ka tšebeletso ea bona.

◼ Lipina: E ka ba hantle hore liphutheho li itlhakisetse lipina tsa kopano esale pele.

Lipina tsa Labohlano: 105, 91, 168, 205, 150, le 11.

Lipina tsa Moqebelo: 181, 31, 42, 191, 38, le 34.

Lipina tsa Sontaha: 160, 207, 200, 224, 209, le 4.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela