Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 8/09 maq. 5-7
  • Na U se U Itokiselitse Mokete oa Lijo Tsa Moea?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U se U Itokiselitse Mokete oa Lijo Tsa Moea?
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2009
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Monyetla oa ho Feptjoa ke Jehova le ho Thaba
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
  • Likopano Tsa Setereke—Nako ea ho Rapela ka Thabo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2010
  • Matsatsi a Mararo a ho Khatholoha Moeeng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
  • Latelang Kreste ka ho Bontša ho Hlompheha
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2009
km 8/09 maq. 5-7

Na U se U Itokiselitse Mokete oa Lijo Tsa Moea?

1. Mokete o lokisetsoa joang?

1 Ho lokisetsa mokete ke mosebetsi! U lokela ho reka lijo, li phehoe hamonate batho ba ntan’o feptjoa. Lijo li lokela ho fuoa batho ka tsela e hlophisehileng. Ntle ho moo, sebaka seo ho tla jelloa ho sona se lokela ho lokisoa esale pele. Baeti le bona ba lokela ho itlhopha, haholo-holo haeba mokete o le hōle. Le hoja mokete o le mosebetsi, ha batho ba se ba ja lijo tse lutlisang mathe le tse matlafatsang ba le ’moho le metsoalle le lelapa, hoa totobala hore mosebetsi oo e ne e se tšenyo ea nako. Haufinyane Lipaki Tsa Jehova lefatšeng lohle li tla bokana e le lihlopha tse khōlō le tse nyenyane moketeng oa lijo tsa moea oo e leng khale li o lebeletse—e leng Kopano ea Setereke ea “Le Lule le Lebetse!” Ho se ho entsoe mosebetsi o moholo ho lokisetsa lenaneo le lintho tse ling. Kaofela re mengoe. E le hore re be teng ’me re rue molemo o moholo, le rōna re lokela ho itokisa.—Liprov. 21:5.

2. U lokela ho etsa’ng hore u be teng ka matsatsi ’ohle a kopano?

2 Rua Molemo o Moholo: Na u se u hlophisitse lintho e le hore u be teng kopanong eohle? Haeba ho hlokahala, tsebisa mohiri oa hao hore u tla ea kopanong ho tloha letsatsing la eona la pele. Na u se u lokisitse taba ea lipalangoang le marobalo? Baholo ba lokela ho etsa bonnete ba hore ho se ho entsoe litokisetso bakeng sa ba hōlileng le ba fokolloang ke bophelo esita le ba bang ba ka hlokang thuso.—Jer. 23:4; Bagal. 6:10.

3. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho ea kopanong ea machaba eo re sa mengoang ho eona?

3 Libakeng tse ling ho tla tšoaroa likopano tsa machaba. Hlokomela hore ho na le liphutheho le Lipaki tse tsoang linaheng tse ling tseo ka ho khetheha li memetsoeng ho ea likopanong tsena. Ha ofisi ea lekala e etsa litokisetso tsena, e ile ea nahana ka hloko hore na ho mengoe batho ba bakae, ho nahanetsoe hore na sebaka seo se na le litulo tse kae le hore na ke lihotele tse kae tse fumanehang. Ho ka ’na ha tlala haholo haeba bahoeletsi ba ea kopanong ea machaba eo ba sa mengoang ho eona.

4. Ke likhopotso life tse tla re thusa hore re be re itokisitse ha lenaneo le qala letsatsi le leng le le leng?

4 Itokisetse ho fihla kopanong esale hoseng letsatsi le leng le le leng e le hore u fumane setulo pele lenaneo le qala. Hlahloba lenaneo la kopano ka metsotso e seng mekae pele ho qaloa. Sena se tla u thusa hore u lokise pelo ea hao bakeng sa lintlha tse tla tšohloa. (Esdr. 7:10) Ha molula-setulo a bolela hore ho tla ba le lehlaso la ’mino, o mamele ’me u itokisetse ho kopanela pineng e bulang le thapelo.

5. Malapa a ka etsa’ng hore a rue molemo o moholo lenaneong?

5 Haeba litho tsa lelapa li lula ’moho kopanong, batsoali ba tla khona ho etsa bonnete ba hore bana ba bona ba mametse lenaneo ka hloko. (Deut. 31:12) Bohle ba khothalletsoa hore ba phetle Bibele ha ho baloa mangolo. Ho ngola lintlha tse khutšoanyane ho ka u thusa hore u mamele ka hloko. Hamorao, li tla u hopotsa lintlha tse khōlō tsa lipuo. Ho ka etsahala hore u ikutloe u batla ho qoqa kapa u batla ho tloha moo u lutseng teng ho sa hlokahale nakong ea lenaneo. Qoba mekhoa e joalo. Haeba u na le selefouno, etsa hore e se ke ea u sitisa kapa ea sitisa ba bang nakong ea lenaneo. Ha lenaneo la letsatsi ka leng le fela, ho ka ba joang ha u ka qoqa le ba bang ka lintlha tseo u li thabetseng lenaneong?

6. Ke eng e ikhethang likopanong tsa rōna, ’me re ka etsa’ng e le hore re rue molemo o moholo ho tsona?

6 Kopanong ea setereke re na le monyetla o ikhethang oa ho thabela botsoalle bo haufi-ufi le bara le barali babo rōna. Botsoalle bona ha bo eo lefatšeng. (Pes. 133:1-3; Mar. 10:29, 30) Ho ka ba molemo hore re itsebise ba lutseng haufi le rōna ’me re qoqe le bona nakong ea khefu ea lijo tsa motšehare. Ona ke o mong oa melemo ea ho itlela le lijo tse bobebe tsa motšehare le ho jella sebakeng sa kopano ho e-na le ho ea reka lijo. Etsa bonnete ba hore ha u lahleheloe ke monyetla ona oa ho khothatsana.—Bar. 1:11, 12.

7. Re lokela ho itokisetsa ho apara joang?

7 Moaparo: Hoa thahasellisa hore ebe Jehova o ile a laela Baiseraele hore ba iketsetse mophetho o litjellane molekeng oa liaparo tsa bona, o kentsoeng khoele e putsoa ka holim’a mophetho oo. (Num. 15:37-41) Ha ba bona mophetho ona, ba ne ba hopola hore ke sechaba se khethetsoeng ho rapela Jehova. Kajeno, liaparo tse hlomphehang, tse itekanetseng, tseo re li aparang ha re le likopanong li re khetholla lefatšeng. Seo se fana ka bopaki bo matla ho ba re shebileng, le nakong ea ha re il’o reka lijo ka mor’a lenaneo. Ka lebaka leo, nahana ka hloko hore na u tla apara eng.

8. Ke joang re ka pakelang ba bang sebakeng seo kopano e tšoaretsoeng ho sona?

8 Fana ka Bopaki: Haeba re lokiselitse esale pele, re ka khona ho pakela batho ba sebakeng seo kopano e tšoaretsoeng ho sona. Mora e mong oabo rōna ea ileng a ea reschorenteng le mosali oa hae ka mor’a lenaneo, o ile a supa beche ea hae ea kopano eaba o re ho motho ea sebetsang moo: “Na u bone batho ba bangata ba qhoaetseng libeche tsee?” Motho eo o ile a re o ba bone empa o ne a ipotsa hore na ho etsahala’ng. Ba ile ba qoqa, ’me mor’abo rōna a mo mema hore a be teng kopanong.

9. Re ka bontša joang hore re leboha Mong’a mokete, e leng Jehova?

9 Le hoja barab’abo rōna e le bona ba fanang ka lipuo, ba tšoarang lipuisano le ho etsa lipontšo, ke Ntate oa rōna ea leholimong, Jehova, eo ka lerato a etsang mokete ona oa lijo tsa moea selemo le selemo. (Esa. 65:13, 14) Re bontša hore re leboha Mong’a mokete ona ka hore re be teng letsatsi le leng le le leng ’me re je lijo tsohle tsa moea tse behoang ka pel’a rōna. Na u se u entse litokisetso?

[Lebokose le leqepheng la 6]

Likhopotso Tsa Kopano ea Setereke

◼ Linako Tsa Lenaneo: Tsena ke linako tsa lenaneo la kopano ea setereke: Labohlano 9:00 hoseng ho fihlela ka 4:15 thapama, Moqebelo 9:00 hoseng ho fihlela ka 4:30 thapama, le Sontaha 9:00 hoseng ho fihlela ka 3:30 thapama. Linako tsa kopano ea machaba ke tsena: Labone 1:20 thapama ho fihlela ka 4:30 thapama, Labohlano 9:00 hoseng ho fihlela ka 4:40 thapama, Moqebelo 9:00 hoseng ho fihlela ka 4:15 thapama, le Sontaha 9:00 hoseng ho fihlela ka 3:50 thapama. Ha ho etsoa tsebiso e re bolellang ka ’mino oa selelekela, bohle re lokela ho lula fatše e le hore lenaneo le ka qala ka tsela e hlomphehang.

◼ Libaka Tsa ho Paka Likoloi: Libakeng tsohle tseo likopano li tlang ho tšoareloa ho tsona tseo re tla ba le libaka tsa ho paka likoloi, libaka tseo li tla fumanoa ntle ho tefo ke batho ba fihlileng pele. Kaha hangata ho na le libaka tse fokolang tsa ho paka likoloi, batho ba lokela ho leka ka hohle hore ba tsamaee e le sehlopha ka koloing.

◼ Marobalo: Bahoeletsi ba hlokang marobalo ba ka fumana liforomo tsa Kōpo ea Kamore. Komiti ea Tšebeletso ea Phutheho e lokela ho hlahloba hore na mohoeletsi oa tšoaneleha, e sebelisa litaelo tse foromong esita le lengolo la la 15 July, 2009, le ngoletsoeng lihlopha tsohle tsa baholo. Tokisetso ena e etsoa feela molemong oa bahoeletsi ba boemong bo botle, hammoho le bana ba bona ba itšoereng hantle.

◼ Ho Beheletsa Litulo: U ka beha litulo bakeng sa batho bao u tsamaeang le bona ka koloing feela kapa bao u lulang le bona lapeng.

◼ Lijo Tsa Motšehare: Ka kōpo itlele le lijo tsa motšehare ho e-na le hore u tlohe sebakeng sa kopano ho ea reka lijo nakong ea khefu ea motšehare. U ka ’na ua sebelisa cooler e nyenyane e ka khonang ho fella ka tlas’a setulo. Li-cooler tse khōlō haholo li lokela ho behoa moo bahlokomeli ba reng li behoe teng. Lijana tsa khalase le lino tse tahang ha lia lumelloa sebakeng sa kopano.

◼ Menehelo: Re ka bontša teboho ka ho ntša menehelo ea boithatelo bakeng sa mosebetsi oa lefatše lohle Holong ea ’Muso ea habo rōna kapa kopanong. Haeba u batla ho ntša monehelo ka cheke, re kōpa hore u batle lebitso la ak’haonte Komiting ea Kopano.

◼ Likotsi le Maemo a Tšohanyetso: Hangata batho ba letsetsa mafapha a boemo ba tšohanyetso ka mabaka a fokolang. Haeba motho a ka kula ka tšohanyetso sebakeng sa kopano, re kōpa hore u tsebise mohlokomeli ea haufi le uena ’me eena o tla tsebisa Lefapha la First Aid hang-hang e le hore motho ea tsebang ka tsa thuso ea pele a ka hlahloba hore na boemo bo hlahileng bo bobe hakae ebe oa thusa.

◼ Lieta: Selemo se seng le se seng batho ba bangata ba tsoa kotsi ka lebaka la lieta. Ho molemo hore motho a roale lieta tse itekanetseng, tse mo lekanang hantle tse tla mo lumella hore a hloe litepisi habonolo, a tsamaee holim’a li-grating, joalo-joalo.

◼ Ho Rekota: Mechine e rekotang ha ea lokela ho hokeloa motlakaseng oa sebaka sa kopano kapa thepeng ea molumo ’me e lokela ho sebelisoa feela ka tsela e ke keng ea sitisa ba bang.

◼ Likoloeana Tsa Bana le Litulo Tsa Jareteng: Likoloeana tsa bana le litulo tsa jareteng ha lia lokela ho kena ka holong eo kopano e tšoaretsoeng ho eona. Leha ho le joalo, litulo tseo bana ba lulang ho tsona ka koloing tse ka fellang setulong se haufi le batsoali kapa tsa tlamelloa ho sona lia amoheleha.

◼ Lintho Tse Nkhisang Hamonate: Likopano tse ngata li tšoareloa libakeng tse koalehileng moo re itšetlehileng ka moea o fehloang ke mechine. Ka lebaka leo, e ka ba mosa hore re se ke ra sebelisa lintho tsa ho inyanyatsa le li-perfume tse bohale tse ka ’nang tsa hlōla batho ba nang le bothata ba matšoafo kapa bo bong.—1 Bakor. 10:24.

◼ Liforomo Tsa ho Khutlela ho Batho ba Thahasellang: Re lokela ho sebelisa liforomo tsa Ka Kōpo Latela (S-43) bakeng sa ho fana ka boitsebiso ba mang kapa mang ea bonahalang a thahasella ka mor’a hore re mo pakele ka tsela e sa reroang nakong ea kopano. Bahoeletsi ba lokela ho tla le foromo e le ’ngoe kapa tse peli kopanong. U ka isa liforomo tse tlatsitsoeng Lefapheng la Libuka kapa ua li fa mongoli oa phutheho ea heno ha u khutlela hae.—Sheba Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea April 2005, leq. 5.

◼ Lireschorente: Tlotlisa lebitso la Jehova ka ho itšoara hantle ha u le lireschorenteng. Libakeng tse ngata ho tloaelehile hore basebetsi ba lebohuoe ka chelete e etsang liphesente tse 10 ho ea ho tse 15 ho itšetlehile ka tšebeletso ea bona.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela