Matsatsi a Mararo a ho Khatholoha Moeeng
1. Re ka lebella ho rua molemo ofe kopanong ea setereke ea selemo see?
1 Naheng ena e omeletseng moeeng, e leng lefatše la Satane, Jehova o tsoela pele ho khatholla bahlanka ba hae. (Esa. 58:11) E ’ngoe ea lintho tseo Jehova a li lokisetsang e le hore a re matlafatse, ke likopano tsa setereke tsa selemo le selemo. Ha kopano ea selemo sena e ntse e atamela, re ka itokisa joang e le hore re khatholloe re be re khatholle ba bang moeeng?—Liprov. 21:5.
2. Ke litlhophiso life tseo re lokelang ho tiisa hore re li entse?
2 Haeba ha u e-s’o qalelle, joale ke nako ea ho itokisa le ho hlophisa kemiso ea hao ea mosebetsing e le hore u be teng kopanong matsatsing ao a mararo. Na u se u hakantse hore na u tla nka nako e kae ho ea kopanong letsatsi ka leng e le hore u ka fihla pele lenaneo le qala ’me u fumane moo u lulang teng? Ka sebele ha re batle ho fetoa le hanyenyane feela ke lijo tsa moea tse matlafatsang tseo Jehova a re lokiselitseng tsona! (Esa. 65:13, 14) Na u se u entse litlhophiso tsa marobalo hammoho le tsa lipalangoang?
3. Ke likeletso life tse ka re thusang hore rōna hammoho le ba malapa a rōna re rue molemo ka botlalo lenaneong la kopano?
3 Ke eng e tla u thusa hore kelello ea hao e se ke ea lelera nakong ea lenaneo? Ha ho khoneha, robala ka nako matsatsing a kopano. Tsepamisa mahlo ho sebui. Phetla temana e ’ngoe le e ’ngoe Bibeleng. Ngola lintlha ka bokhutšoanyane. Ho ka ba molemo hore malapa a lule hammoho e le hore batsoali ba thuse bana hore ba mamelisise. (Liprov. 29:15) Mohlomong lelapa la lōna le ka tšohla lintlha-khōlō tsa lenaneo hammoho mantsiboeeng a letsatsi ka leng la kopano. E le hore lelapa la hao le tsoele pele ho khatholoha esita le ka mor’a kopano, mantsiboeeng a Borapeli ba Lelapa le ka behella ka thōko nako ea ho tšohla lintlha tse itseng tseo ka ho khetheha li sebetsang lelapeng la lōna.
4. Re ka thusa ba bang phuthehong ea habo rōna joang hore ba khatholloe ke likopano tsa setereke?
4 Thusa Batho ba Bang Hore ba Khatholohe: Re batla hore batho ba bang le bona ba khatholloe ke likopano tsena. Na ho na le bahoeletsi ba hōlileng phuthehong ea heno kapa batho ba bang ba hlokang thuso e le hore ba be teng kopanong? Na u ka khona ho ba thusa? (1 Joh. 3:17, 18) Baholo, haholo-holo balebeli ba lihlopha, ba lokela ho tiisa hore bahoeletsi bao baa thusoa ha ho hlokahala.
5. Re tla aba limemo tsa kopano joang? (Sheba le lebokose le ka holimo.)
5 Joaloka lilemong tse fetileng, libeke tse tharo pele likopano li qala, re tla tsoa letšolo la ho mema batho. Liphutheho li lokela ho ikemisetsa ho aba limemo tsohle tseo li nang le tsona ’me li sebetse boholo ba tšimo ea tsona. Haeba lelapa la hao le e-na le limemo tse setseng nakong ea letšolo, tloong le tsona kopanong e le hore le ka li sebelisa neng kapa neng ha ho hlaha monyetla oa hore le pake. Ho tla fanoa ka leseli le eketsehileng mabapi le ntlha ena kopanong ka Labohlano. Limemo tseo lelapa la hao le bonang eka le ke ke la li sebelisa motseng oa kopano, li lokela ho nehoa bahlokomeli ha le fihla kopanong. Re kōpa hore setho ka seng se ipolokele memo e le ’ngoe, kaha se tla lokela ho e sebelisa nakong ea puo ea ho qetela ka Sontaha.
6. Re ka bontša mekhoa e metle ka litsela life ha re le kopanong?
6 Mekhoa e Metle ea Khatholla: Nakong ena eo batho ba bangata e leng “baithati” ba bileng ba bontšang hore ha ba tsotelle maikutlo a batho ba bang, ho khatholla hakaakang ho ba har’a Bakreste-’moho le rōna ba lekang ho bontša mekhoa e metle! (2 Tim. 3:2) Re bontša mekhoa e metle ka hore ha ho buloa, re kene libakeng tsa kopano ka mokhoa o iketlileng le o laolehileng le ka hore re beheletse litulo bakeng sa batho bao re tsamaeang le bona ka koloing feela kapa bao re lulang le bona lapeng, esita le batho bao hona joale re ba khannelang lithuto tsa Bibele. Re mamela taelo ea molula-setulo ha a re kōpa hore re ee litulong tsa rōna hore re mamele ’mino oa selelekela o kenyelletsang karolo ka ’ngoe ea lenaneo. Re bontša mekhoa e metle haeba re etsa hore liselefouno kapa li-pager tsa rōna li be boemong boo li sa tl’o sitisa batho ba bang ho mamela nakong ea lenaneo. Re boetse re bontša mekhoa e metle ka hore re se ke ra bua, ra romela melaetsa ka selefouno, ra ja, kapa ra ea holimo le tlaase liphasejeng ho sa hlokahale nakong ea lenaneo.
7. Re ka khathollana joang le barab’abo rōna kopanong?
7 Ho ba Har’a Batho ba Khathollang: Ha re le likopanong re ba le linako tse khathollang tsa ho ba bonngoeng mokhatlong oa bara ba motho oa Bakreste. (Pes. 133:1-3) U ka ikemisetsa ho ‘atoloha’ ’me u kopane le bara le baralib’abo rōna ba liphutheho tse ling ba tlileng kopanong. (2 Bakor. 6:13) U ka ipehela pakane ea hore bonyane letsatsi ka leng u tsebe motho a le mong kapa lelapa le le leng. Khefu ea motšehare e fana ka monyetla o motle oa ho etsa sena. Kahoo, itlele le lijo tse bobebe tsa motšehare ’me u thabele ho ja le ho qoqa le batho ba bang sebakeng sa kopano ho e-na le ho ea reka lijo kapa ho ea ja reschorenteng e haufinyane. Sena se ka ’na sa etsa hore u fumane metsoalle e mecha e tla lula e le metsoalle ea hao ka nako e telele.
8. Ke hobane’ng ha re lokela ho ithaopela ho sebetsa kopanong, hona re ka etsa seo joang?
8 Ruri hoa khatholla ho sebetsa le barapeli-’moho le rōna tšebeletsong e halalelang! Na u ka ithaopela ho thusa lefapha le leng kapa phutheho ea heno ha e hloekisa moo e abetsoeng teng? (Pes. 110:3) Haeba hona joale ha u e-s’o fuoe mosebetsi, re kōpa hore u nahane hore na u ke ke ua itlhahisa Lefapheng la Boithaopo kopanong. Thabo ea ho sebetsa ’moho ea khaphatseha ebile ntja-peli ha e hlōloe ke sebata.
9. Ke hobane’ng ha re lokela ho ameha haholo ka boitšoaro ba rōna le ka tsela eo re shebahalang ka eona nakong ea kopano?
9 Boitšoaro ba Rōna bo Khatholla Bashebelli: Re itšoara joaloka batho ba tlileng kopanong ka matsatsi ’ohle a mararo, eseng feela nakong ea lenaneo. Batho ba re bonang ha re le motseng oa kopano ba lokela ho elelloa phapang pakeng tsa rōna le batho bao e seng Lipaki ’me ba ikutloe ba khatholohile. (1 Pet. 2:12) Tsela eo re aparang ka eona le eo re itlhophang ka eona e lokela ho tlotlisa Jehova, ebang re sebakeng seo kopano e tšoareloang ho sona, moo re robalang teng kapa lireschorenteng. (1 Tim. 2:9, 10) Haeba re qhoaela libeche tsa rōna, batho ba re shebeletseng ba tla khona ho bona hore re Lipaki Tsa Jehova. Sena se ka ’na sa re fa monyetla oa ho ba tsebisa ka kopano le ho ba pakela ka ho eketsehileng.
10. Re ka etsa joang ho tiisa hore basebetsi ba lihoteleng le lireschorenteng ba lula ba talima likopano tsa rōna ka tsela e nepahetseng?
10 Re ka sebelisana joang le batho ba sebetsang lihoteleng kapa matlong a baeti le lireschorenteng? Ha rea lokela ho beheletsa likamore tse ngata ho feta tseo re tla hle re li sebelise, hobane sena se ka sitisa batho ba bang ba tlang kopanong ho fumana marobalo. Haeba basebetsi ba hotele kapa ba ntlo ea baeti ba phathahane nakong eo re fihlang kapa re tsamaeang ka eona, re lokela ho ba mamella ’me re be mosa. (Bakol. 4:6) Ka mor’a hore basebetsi ba lireschorenteng le lihoteleng kapa matlong a baeti ba re nkise mekotla, ba re hloekisetse ba be ba re etsetse litšebeletso tse ling, re lokela ho ba siela chelete eo ka tloaelo ba lebohuoang ka eona.
11. Ke liphihlelo life tse bontšang hore boitšoaro ba Bokreste bo fella ka hore ho fanoe ka bopaki bo botle?
11 Boitšoaro ba rōna bo botle nakong ea likopano bo etsa hore batho ba bang ba ikutloe joang? Ho latela sehlooho sa koranta e ’ngoe, mookameli oa sebaka se itseng seo likopano li tšoareloang ho sona o ile a re: “Batho bana ba mosa haholo. Re thabela ho ba le bona selemo le selemo.” Selemong se fetileng motho e mong eo e seng Paki o ile a lahleheloa ke sepache a le hoteleng e neng e sebelisoa ke Lipaki tse tlileng kopanong. Ha motho ea se thotseng a se khutlisetsa ho mookameli oa hotele se ntse se e-na le lintho tsohle, mookameli eo o ile a re ho mong’a sona: “U lehlohonolo hore ebe Lipaki Tsa Jehova li ne li e-na le kopano ea tsona haufi le mona, ebile li le hoteleng ena ka bongata. Ho seng joalo, mohlomong u ne u ke ke ua hlola u se bona.”
12. Ha kopano e ntse e atamela, re lokela ho ikemisetsa ho etsa’ng, hona hobane’ng?
12 Likopano tsa selemong sena li atamela ka potlako. Barab’abo rōna ba qetile nako e ngata ba ba ba ikitlaetsa hore lenaneo le sebaka seo kopano e tla tšoareloa ho sona e be tse khathollang. Ikemisetse ho ba teng ka matsatsi ’ohle a mararo u be u itokisetse ho mamela lenaneo le lokiselitsoeng ke Jehova le mokhatlo oa hae. Ikemisetse ho khatholla batho ba bang ka mekhoa e metle, moqoqo o monate hammoho le boitšoaro bo botle. Ka tsela eo uena hammoho le ba bang le ka ikutloa joaloka motho e mong ea neng a tlile kopanong selemong se fetileng, ea ileng a ngola tjena, “Ha ke hopole nkile ka ikutloa ke khotsofetse ka tsela ena!”
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 4]
Joaloka lilemong tse fetileng, libeke tse tharo pele likopano li qala, re tla tsoa letšolo la ho mema batho
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]
Tsela eo re aparang ka eona le eo re itlhophang ka eona e lokela ho tlotlisa Jehova, ebang re sebakeng seo kopano e tšoareloang ho sona, moo re robalang teng kapa lireschorenteng
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 7]
Ikemisetse ho khatholla batho ba bang ka mekhoa e metle, moqoqo o monate hammoho le boitšoaro bo botle
[Lebokose le maqepheng a 4]
Likhopotso Tsa Kopano ea Setereke ea 2011
◼ Linako Tsa Lenaneo: Lenaneo le tla qala ka 9:00 hoseng ka matsatsi ao a mararo. Kaofela ha rōna re lokela ho lula fatše ha ’mino oa selelekela o qala, e le hore lenaneo le ka qala ka tsela e hlomphehang. Lenaneo le tla fela ka 4:15 thapama ka Labohlano, ka Moqebelo le fele ka 4:30 thapama ’me ka Sontaha le fele ka 3:05 thapama.
◼ Libaka Tsa ho Paka Likoloi: Likopanong tsohle moo re tla beng re laola libaka tsa ho paka, likoloi li tla pakoa ntle ho tefo ho latela nako eo li fihlang ka eona. Kaha hangata libaka tsa ho paka likoloi lia fokola, batho ba lokela ho leka kahohle hore ba tsamaee e le sehlopha ka koloing.
◼ Marobalo: Bahoeletsi bao ho hlokahalang hore ba tlatse kōpo ea marobalo ba ka fumana liforomo tsa Kōpo ea Kamore Bakeng sa Litlhoko Tse Khethehileng (CO-5). Komiti ea Tšebeletso ea Phutheho e lokela ho hlahloba hore na mohoeletsi oa tšoaneleha, ka ho latela tataiso e foromong eo hammoho le e lengolong la la 14 December, 2010, le eang ho lihlopha tsohle tsa baholo. Tokisetso ena e etselitsoe bahoeletsi ba boemong bo botle ka phuthehong, hammoho le bana ba bona ba itšoereng hantle.
◼ Ho Beheletsa Litulo: U ka beheletsa litulo bakeng sa batho bao u tsamaeang le bona ka koloing feela kapa bao u lulang le bona lapeng, esita le batho bao hona joale u ba khannelang lithuto tsa Bibele.—1 Bakor. 13:5.
◼ Lijo Tsa Motšehare: Ka kōpo itlele le lijo tsa motšehare ho e-na le hore u tlohe sebakeng sa kopano ho ea reka lijo nakong ea khefu ea motšehare. U ka ’na ua sebelisa cooler e nyenyane e ka fellang ka tlas’a setulo. Li-cooler tse khōlō haholo li lokela ho behoa moo bahlokomeli ba reng li behoe teng. Lijana tsa khalase le lino tse tahang ha lia lumelloa sebakeng sa kopano.
◼ Menehelo: Re ka bontša hore re leboha litokisetso tsa kopano ka ho ntša menehelo ea boithatelo ea ho tšehetsa mosebetsi oa lefatše lohle Holong ea ’Muso ea habo rōna kapa kopanong. Haeba u batla ho ntša monehelo ka cheke, re kōpa hore u kopane le Komiti ea Kopano hore u fumane lebitso la ak’haonte. Likopanong tse ling ho tla ba le mochine oo ho oona menehelo e ka ntšoang ka debit card kapa credit card. Re kōpa u teane le Komiti ea Kopano hore u utloe hore na mochine oo o hokae.
◼ Likotsi le Maemo a Tšohanyetso: Haeba motho a ka kula ka tšohanyetso sebakeng sa kopano, re kōpa hore u tsebise mohlokomeli ea haufi le uena ’me eena o tla tsebisa Lefapha la First Aid hang-hang e le hore motho ea tsebang ka tsa thuso ea pele a ka hlahloba hore na boemo bo hlahileng bo bobe hakae ebe oa thusa.
◼ Meriana: Haeba u hloka meriana e fanoang ke ngaka, re kōpa hore u tiise hore u tla le e lekaneng, kaha e ke ke ea e-ba teng kopanong.
◼ Lieta: Selemo se seng le se seng batho ba bangata ba tsoa kotsi ka lebaka la lieta. Ho molemo hore motho a roale lieta tse loketseng maemo, tse mo lekanang hantle tse tla mo lumella hore a hloe litepisi habonolo, a tsamaee libakeng tse ling tse ka bang kotsi tse joaloka ho feta holim’a li-grating.
◼ Ho Rekota: Mechine e rekotang ha ea lokela ho hokeloa motlakaseng oa sebaka sa kopano kapa thepeng ea molumo ’me e lokela ho sebelisoa feela ka tsela e ke keng ea sitisa ba bang.
◼ Likoloeana Tsa Bana: Likoloeana tsa bana ha lia lokela ho kena ka holong eo kopano e tšoaretsoeng ho eona. Leha ho le joalo, le ka tlela bana litulo tseo ba lulang ho tsona ka koloing tse ka behoang ka mokhoa o sireletsehileng setulong se haufi le batsoali.
◼ Lintho Tse Nkhisang Hamonate: Likopano tse ngata li tšoareloa libakeng tse koalehileng moo moea o fehloang ka mechine. Ka lebaka leo, e ka ba mosa hore re se ke ra sebelisa lintho tsa ho inyanyatsa tse bohale tse ka ’nang tsa hlōla batho ba nang le bothata ba matšoafo kapa bo bong.—1 Bakor. 10:24.
◼ Liforomo Tsa Ka Kōpo Latela (S-43): Re lokela ho sebelisa liforomo tsa Ka Kōpo Latela (S-43) ha re fana ka boitsebiso bo amang mang kapa mang ea bonahalang a thahasella ka mor’a hore re mo pakele ha monyetla o hlaha nakong ea kopano. Bahoeletsi ba lokela ho tla le foromo e le ’ngoe kapa tse peli kopanong. U ka isa liforomo tse tlatsitsoeng Lefapheng la Libuka kapa ua li fa mongoli oa phutheho ea heno ka mor’a kopano.—Sheba Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea November 2009, leq. 4.
◼ Lireschorente: Tlotlisa lebitso la Jehova ka ho itšoara hantle ha u le lireschorenteng. Ho tloaelehile hore ha basebetsi ba qeta ho thusa motho, a ba lebohe ka chelete e etsang liphesente tse 10 ho ea ho tse 15.
◼ Tšebeletso ea Boithaopo: Thabo eo re e fumanang ka ho ba teng kopanong e tla tota haeba re ka ithaopela ho phetha mesebetsi ea bohlokoa e amanang le kopano. (Lik. 20:35) Mang kapa mang ea lakatsang ho etsa tsoho-la-monna a ka itlaleha Lefapheng la Boithaopo kopanong. Bana ba ka tlaase ho lilemo tse 16 le bona ba ka khatha tema ea bohlokoa ha ba sebetsa ba hlokometsoe ke motsoali kapa mohlokomeli kapa motho e mong e moholo ea lumeletsoeng ke e mong oa batsoali.
◼ Lipina: Liphutheho li ka lakatsa ho prakthisa lipina tse tla binoa kopanong esale pele. Lipina tsa Labohlano: 5, 18, 31, 30, 86 le 19. Lipina tsa Moqebelo: 93, 40, 59, 24, 89 le 134. Lipina tsa Sontaha: 109, 99, 133, 69, 64 le 2.
[Lebokose le leqepheng la 5]
Re Tla Tsamaisa Limemo Joang?
E le hore re sebetse tšimo eohle ea phutheho, ha rea lokela ho ea lolololo. Re ka ’na ra re: “Lumelang. Re tsoile letšolo la ho aba memo ena lefatšeng lohle. Ea hao ke ena. U tla fumana lintlha tse eketsehileng ha u bala memo ena.” Karolo e ka pele ea memo ena ea thahasellisa, kahoo u e shebise ka ho mong’a ntlo ha u mo neha memo. E-ba mafolofolo. Ha le aba limemo tsena nakong ea mafelo-beke, tsamaisang le limakasine moo ho loketseng.